Ho Jara Boikarabelo ba ho Hlokomela Lelapa
“BO-NTATE, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka mantsoe ao a bululetsoeng, ka ho hlakileng moapostola Pauluse o ile a beha boikarabelo ba ho hlokomela lelapa moo bo loketseng—ho ntate.
Malapeng a mangata ntate ha a hlokomele bana ba hae a le mong. Mosali oa hae, ’mè oa bana ba hae, ka thabo o arolelana moroalo ona le monna oa hae. Kahoo, Morena Solomone o ile a re: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao.”—Liproverbia 1:8.
Tlhokomelo Nameng le Moeeng
Batsoali ba ratang bana ba bona ha ba ba hlokomolohe ka boomo. Ka sebele, ha Bakreste ba ne ba ka etsa joalo hoo ho ne ho tla tšoana le ho latola tumelo ea bona, joalokaha re etsa qeto ena re itšetlehile ka mantsoe a Pauluse ho Timothea: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Bakreste ba hlokomela hore ho hōlisa bana ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova” ho hloka se fetang ho ba hlokomela nameng.
Nahana ka khothatso ea Moshe ho sechaba sa Iseraele ha se ne se entse liahelo lehoatateng la Moabe, pele feela ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ha a le moo o ile a ba phetela melao ea Molimo ’me a ba laela: “Kenyang ke hona mantsoe ana ao ke le bolellang ’ona ka lipelong tsa lōna, le meeeng ea lōna.” (Deuteronoma 11:18) Pejana o ne a ile a ba hopotsa hore ba lokela ho rata Jehova ka lipelo tsa bona tsohle, moea le matla, ’me a phaella: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao.” (Deuteronoma 6:5, 6) E ne e le habohlokoa hore batsoali ba Baiseraele ba lumelle mantsoe a Molao oa Molimo ho kena ka lipelong tsa bona. Ka lipelo tse tletseng kananelo ea lintho tsa moea, batsoali ba Baiseraele ba ne ba ka mamela ka katleho mantsoe a latelang a Moshe: “U lokela ho a [mantsoe a Molao oa Molimo] kenya ka botebo baneng ba hao, ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao, leha u tsamaea tseleng, leha u robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:7; 11:19, NW; bapisa le Matheu 12:34, 35.
Hlokomela hore bo-ntate ba ne ba lokela ho ‘kenya mantsoe ao ka botebo’ ka ho bana ba bona ’me ba “bue ka ’ona.” Merriam-Webster’s Collegiate Dictionary e hlalosa ho “kenya ka botebo” e le “ho ruta le ho hatisa ka ho pheta-pheta kapa ka likeletso.” Ha batsoali ba ne ba bua ka Molao oa Molimo kamehla—hoseng, motšehare le bosiu—sena se ne se fetisetsa ho hongata ho bana ba bona. Ha bana ba ne ba hlokomela lerato leo batsoali ba bona ba neng ba rata Molao oa Molimo ka lona, le bona ba ne ba susumelletseha ho sebeletsa ho ba haufi le Jehova. (Deuteronoma 6:24, 25) Hoa thahasellisa hore ebe Moshe ka ho khetheha o ile a laela bo-ntate ho ruta bana ba bona ‘ha ba lutse matlung a bona.’ Thuto e joalo e ne e le karolo ea tlhokomelo ea lelapa. Empa ho thoe’ng ka kajeno?
“Ha U Lutse Tlung ea Hao”
Janet, ’mè oa Mokreste ea nang le bana ba bane oa hlalosa: “Ha ho bonolo.”a Paul, monna oa hae oa lumela: “Ho hlokahala hore u phehelle.” Joaloka batsoali ba bang ba bangata ba Lipaki, Paul le Janet ba leka ka matla ho ithuta Bibele le bana ba bona bonyane hang ka beke. Paul ha a hlalosa oa lumela: “Re leka ho ba le puisano ea lelapa ea Bibele Mantaha o mong le o mong mantsiboea ka nako e behiloeng. Empa hase kamehla re atlehang.” E le moholo phuthehong ea habo, ka linako tse ling o ’nile a biletsoa ho ea sebetsa litaba tse potlakileng. Ngoana oa hae oa matsibolo le ea mo hlahlamang ke basebeletsi ba nako e tletseng. Ba hlokomela hore ho ba le litholoana ha ba le tšebeletsong linakong tsa mantsiboea. Kahoo, e le lelapa, ba fetotse nako ea thuto ea bona ea lelapa. Paul oa hlalosa: “Ka linako tse ling re tšoara thuto ea rōna hang-hang ka mor’a lijo tsa mantsiboea.”
Le hoja ka bohlale batsoali ba tenyetseha linakong tsa ho tšoara thuto ea lelapa la bona, ba leka ho etsa hore e lule e le ea kamehla. Morali oa bona Clare, oa hlokomela: “Haeba nako ea thuto ea rōna e lokela ho fetoloa, kamehla Ntate o ngola nako eo e fetoletsoeng ho eona lemating la sehatsetsi, e le hore kaofela re tsebe hore na e tla tšoaroa neng.”
Ho bokana bakeng sa thuto ea lelapa ea Bibele ea kamehla ho boetse ho fana ka monyetla o motle oa hore ba banyenyane ka lapeng ba bolelle batsoali ba bona seo ba amehileng ka sona le mathata a bona. Thuto e joalo e ba le liphello tse molemo ha e tenyetseha hore bana ba banyenyane ba se ke ba bala feela likarabo tsa lipotso tse botsoang bukeng ea ho ithuta Bibele eo ba e sebelisang. Martin, ea nang le bara ba babeli, oa hlalosa: “Lelapa la rōna ke setsi sa puisano.” O re: “Ha le kopana hang ka beke ho buisana ka taba ea Mangolo, le hlokomela hore na lelapa la lōna le tsoela pele joang moeeng. Ho hlahella lintho tsa mefuta-futa puisanong ena. Le hlokomela se etsahalang sekolong, ’me ho thahasellisang le ho feta, le hlokomela hore na bana ba lōna ba hlaolela boitšoaro ba mofuta ofe.” Mosali oa hae, Sandra, oa lumela ebile o ikutloa hore le eena o fumana ho hongata thutong ea lelapa. Oa pheta: “Ha monna oa ka a khanna thuto, ke ithuta ho hongata ka ho mamela tsela eo ka eona bara ba ka ba arabang lipotso tsa hae.” Joale Sandra o feto-fetola litlhaloso tsa hae bakeng sa ho thusa bara ba hae. O thabela thuto haholoanyane hobane o nka karolo. E, linako tsa thuto ea lelapa li etsa hore batsoali ba lemohisise mokhoa oo bana ba bona ba nahanang ka oona.—Liproverbia 16:23; 20:5.
Tenyetseha ’me U Tiisetse
Ha nako ea thuto ea lelapa e fihla, u ka ’na ua hlokomela hore e ka ’na eaba ngoana e mong o falimehile ebile oa thahasella, athe e mong o hloka ho qekoa hore a tsepamise mohopolo ’me a rue molemo. ’Mè e mong oa Mokreste oa hlalosa: “Bophelo ba lelapa bo joalo! U tseba seo u lokelang ho se etsa u le motsoali. Ka hona, ha u phehella ho se etsa, Jehova oa thusa ’me o hlahisa litholoana.”
Nako ea ho mamela ha ngoana e ka ’na ea fapana haholo ho latela lilemo tsa hae. Motsoali ea nang le temoho o nahanela sena. Banyalani ba bang ba na le bana ba bahlano, bao lilemo tsa bona li tlohang ho tse 6 ho ea ho tse 20. Ntate oa bona, Michael, o re: “Fa oa ho fela monyetla oa ho araba lipotso pele. Ebe u lumella ba baholoanyane ho ekelletsa makolopetso le ho kenyelletsa lintlha tseo ba li lokiselitseng.” Tsela ena ea ho sebetsana le bana ba bona ka temoho e etsa hore batsoali ba ba rute bohlokoa ba ho nahanela ba bang. Martin oa hlokomela: “Mora oa rōna e mong a ka ’na a utloisisa, empa e mong o hloka thuso e eketsehileng hore a utloisise. Ke hlokomela hore nako ea thuto e ba sebaka sa koetliso bakeng sa ho bontša ho se fele pelo ha Bokreste le litholoana tse ling tsa moea.”—Bagalata 5:22, 23; Bafilippi 2:4.
Itokisetse ho ikamahanya le matla a ho etsa lintho a sa tšoaneng a bana ba hao le tekanyo ea khōlo ea bona. Simon le Mark, bao hona joale e leng bacha, ba ile ba hlokomela hore ha ba sa le banyenyane, ba ne ba hlile ba thabela ho ithuta buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le batsoali ba bona. Baa hopola: “Ntate o ne a etsa hore re etsise batho ba sa tšoaneng hantle feela joaloka tšoantšisong.” Ntate oa bona o hopola ha eena le bara ba hae ba oa ka matsoho le mangole ba etsa tšoantšiso ea papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. (Luka 10:30-35) “E ne e le ea sebele ebile e le monyaka o moholo.”
Bana ba bangata ba hanyetsa kemiso ea thuto ea lelapa. Na see se lokela ho thibela batsoali ho khanna thuto ka nako e behiloeng? Che, le hanyenyane. Liproverbia 22:15 e re: “Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana.” ’Mè e mong ea se nang molekane o ile a nahana hore oa hlōleha joaloka mokhanni oa thuto ea lelapa ha ho bonahala ka linako tse ngata litšitiso li ferekanya lenaneo lena. Empa o ile a tiisetsa. Hona joale bana ba hae ba mo hlompha haholo ’me ba ananela lerato le kameho tseo a li bontšitseng ka ho phehella ho khanna thuto ea lelapa ea kamehla.
Ho Thusa Bashanyana le Banana “ba se Nang Bo-ntate”
Baholo ba Bakreste ba lokela ho ‘lisa mohlape oa Molimo.’ (1 Petrose 5:2, 3) Ho etela malapa nako le nako liphuthehong tseo ba leng ho tsona ho ba fa menyetla ea ho babatsa batsoali ba jarang boikarabelo ba bona ba Bokreste. Boikarabelo ba ho ruta bana ba batsoali ba se nang balekane ke ba mang? Le ka mohla u se ke ua lebala hore boikarabelo ba ho ruta bana ke ba motsoali.
Bohlale ba Bokreste bo tla thusa baholo hore ba qobe maemo a neng a ka senya litekanyetso tsa bona tsa Bokreste haeba ba ne ba ka phetha karolo ea motsoali ea sieo. Le hoja barab’abo rōna ba babeli ba ka khona ho etela morali’abo rōna oa Mokreste ea se nang molekane, ka linako tsohle ba tla ba hlokolosi mabapi le seo ba se lokisetsang bakeng sa ho tšehetsa tokisetso ea thuto ea lelapa. Nako le nako, ho mema bana (ka sebele, le motsoali ea se nang molekane) ho kopanela thutong ea lelapa la moholo ho ka ’na ha ipaka e le ho hahang le ho molemo. Leha ho le joalo, le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova ke Ntate oa hao e moholo oa leholimo. Ka sebele o teng bakeng sa ho tataisa le ho thusa ’mè ha a khannela bana ba hae thuto, le hoja a ho etsa a le mong.
Ho thoe’ng ka boemo boo ho bona mocha a sekametseng linthong tsa moea, empa batsoali ba sa amehe hakaalo kapa ho hang ba sa amehe ka boikarabelo ba bona ba moea? Ha ho hlokahale hore bahlanka ba Jehova ba tšepahalang le ka mohla ba nyahame. Mopesaleme o ile a bina: “Ea malimabe, moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena [Jehova Molimo]. Uena ka bouena u fetohile mothusi oa hae.” (Pesaleme ea 10:14, NW) Ka lehlakoreng le leng, baholo ba lerato ka phuthehong ba tla etsa sohle seo ba ka se khonang ho khothatsa batsoali ha ba ntse ba hlokomela bana ba bona. Ba ka ’na ba etsa tlhahiso ea hore lelapa le buisane ebe ba ba teng bakeng sa ho fa lelapa litlhahiso tse molemo mabapi le kamoo le ka ithutang hammoho kateng. Ha e le hantle, ba ke ke ba amoha batsoali boikarabelo ba bona, boo ho latela Mangolo bo behiloeng mahetleng a bona.
Bana bao batsoali ba bona ba sa lumelang ba hloka tšehetso e eketsehileng. Ho ba kopanyelletsa thutong ea lelapa la hao ho ka ’na ha ipaka ho le molemo haeba batsoali ba bona ba lumela. Robert, eo hona joale e leng motho e moholo ea nang le lelapa la hae, o ne a ea libokeng tsa Bokreste le batsoali ba hae ha a sa ntse a le lilemo li tharo feela. O ne a hopola lintho tse ratehang mabapi le liboka tseo esita le ka mor’a hore batsoali ba hae ba khaotse ho kopanela le phutheho ea Bokreste. Ha a le lilemo li leshome, o ile a kopana le moshanyana oa Paki ea ileng a ea le eena libokeng. Batsoali ba moshanyana enoa oa Paki ka thabo ba ile ba hlokomela Robert joaloka khutsana ea moea ’me hamorao ba ithuta le eena. Ka lebaka la tlhokomelo ena e lerato, o ile a tsoela pele ka potlako ’me hona joale o thabela ho sebeletsa e le moholo ka phuthehong.
Leha batsoali ba thibela bana ba bona ho tsoela pele, bana bao ha ba bang. Jehova o lula e le Ntate oa leholimo ea tšepahalang. Pesaleme ea 68:5 e re: “Ntat’a [bashanyana ba se nang bo-ntate, NW] . . . ke Molimo moahong o halalelang oa oona.” Bashanyana le banana ba se nang bo-ntate moeeng baa tseba hore ba ka retelehela ho eena ka thapelo, ’me o tla ba tšehetsa. (Pesaleme ea 55:22; 146:9) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o kang ’mè o phetha boikarabelo ba oona ba ho lokisetsa lijo tsa moea tse hlabosang tse ajoang ka lingoliloeng tsa oona le liboka tsa liphutheho tsa Bokreste tse fetang 85 000 lefatšeng lohle. Kahoo, ka thuso ea moea e tsoang ho Ntate oa rōna, Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae o kang ’mè, esita le “ba se nang bo-ntate” ba tla thabela thuto ea Bibele ka tekanyo e itseng.
Batsoali ba Bakreste bao kamehla ba khannelang bana ba bona thuto ea lelapa ea Bibele ba lokela ho babatsoa. Batsoali ba se nang balekane, ba tiisetsang ho koetliseng bana ba bona litseleng tsa Jehova, ba tšoaneloa ke tlhokomelo e khethehileng le thoriso bakeng sa boiteko ba bona. (Liproverbia 22:6) Bohle ba amehang ka bana ba se nang bo-ntate ba moea baa tseba hore sena se khahlisa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Ho hlokomela litlhoko tsa lelapa tsa moea ke boikarabelo bo boima. Empa ‘u se ke ua tela, kaha ka nako e loketseng u tla kotula haeba u sa khathale.’—Bagalata 6:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Thuto ea lelapa e fana ka monyetla o motle oa hore bana ka lapeng ba bolelle batsoali ba bona seo ba amehileng ka sona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Harper’s