Na U ka Tšepa Letsoalo la Hao?
TLAS’A maemo a tloaelehileng, sesupa-tsela ke kofuto e tšepahalang. Lenaka la sona, le tsamaisoang ke khoheli ea lefatše, le lula le supile leboea. Kahoo, batsamai ba ka itšetleha ka sesupa-tsela bakeng sa tataiso haeba ho se na matšoao a ba tataisang. Empa ho etsahala’ng haeba ho behoa makenete haufi le sesupa-tsela? Lenaka le tla sheba ho makenete ho fapana le ho supa leboea. Ha e sa le motataisi ea tšepahalang.
Ho ka etsahala ntho e tšoanang le ka letsoalo la motho. ’Mōpi o kentse ka ho rōna matla ana a kelello e le hore a sebeletse e le motataisi ea ka tšeptjoang. Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, letsoalo le lokela ho lula le re supisa tsela e lokileng ha re lokela ho etsa liqeto. Le lokela ho re susumelletsa ho bonahatsa litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. (Genese 1:27) Hangata le etsa joalo. Ka mohlala, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola hore esita le ba bang ba se nang molao o senotsoeng oa Molimo “ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” Hobane’ng? Hobane “matsoalo a bona a ntse a ba pakela.”—Baroma 2:14, 15.
Leha ho le joalo, hase kamehla letsoalo le sebetsang ha le lokela ho etsa joalo. Ka lebaka la ho se phethahale ha botho, re na le tšekamelo ea ho etsa lintho tseo re tsebang hore li fosahetse. Pauluse o ile a lumela: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Baroma 7:22, 23) Haeba ka makhetlo a ’maloa re inehela tšekamelong e fosahetseng, butle-butle matsoalo a rōna a ka ’na a e-ba shoohlo ’me qetellong a khaotsa ho re bolella hore boitšoaro bo joalo bo fosahetse.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se phethahale, re ka lumellanya matsoalo a rōna le litekanyetso tsa Molimo. Ha e le hantle, ke habohlokoa hore re etse joalo. Hase feela hore letsoalo le hloekileng, le koetlisitsoeng hantle, le lebisa kamanong e mofuthu ea botho le Molimo empa ke la bohlokoa bakeng sa polokeho ea rōna. (Baheberu 10:22; 1 Petrose 1:15, 16) Ho feta moo, letsoalo le letle le tla re thusa ho etsa liqeto tse bohlale bophelong, tse tla re lebisa khotsong le thabong. Mopesaleme o ile a re ka motho ea nang le letsoalo le joalo: “Pelong ea hae o na le molao oa Molimo oa hae, maoto a hae a ke ke a thella.”—Pesaleme ea 37:31.
Ho Koetlisa Letsoalo
Ho koetlisa letsoalo ho akarelletsa ho fetang feela ho tšoara ka hlooho letoto la melao ebe u tseparela ho eona. Seo ke sona se neng se etsoa ke Bafarisi mehleng ea Jesu. Baeta-pele bana ba bolumeli ba ne ba tseba Molao ’me ba qapile neano e nang le makolopetso a mangata, eo ho neng ho thoe e reretsoe ho thusa batho hore ba se ke ba tlōla Molao. Kahoo, ba ile ba potlakela ho ipelaetsa ha barutuoa ba Jesu ba ne ba kha lijo-thollo ’me ba ja litlhaku ka Sabatha. ’Me ba ile ba nyatsa Jesu ha a ne a phekola monna ea nang le letsoho le omeletseng ka Sabatha. (Matheu 12:1, 2, 9, 10) Ho ea ka neano ea Bafarisi, liketso tsena ka bobeli li ne li bolela ho tlōla taelo ea bone.—Exoda 20:8-11.
Ho hlakile hore Bafarisi ba ne ba ithutile Molao. Empa na matsoalo a bona a ne a lumellana le litekanyetso tsa Molimo? Le hanyenyane! Kaha ka mor’a ho nyatsa-nyatsa seo ba neng ba nahana hore ke tlōlo e tšabehang ea molao oa Sabatha, Bafarisi ba ile ba eletsana khahlanong le Jesu “e le hore ba ka mo timetsa.” (Matheu 12:14) Ak’u nahane—baeta-pele bana ba bolumeli ba itokafatsang ba ne ba halefisoa ke taba ea ho ja lijo-thollo tse qetang ho khuoa le ea ho folisa ka Sabatha; empa ba ne ba sa khathatsoe ke letsoalo ha ba rera lefu la Jesu!
Baprista ba ka sehloohong ba ile ba bonahatsa monahano o tšoanang o sothehileng. Banna bana ba bolileng ha baa ka ba ikutloa ba le molato ho hang ha ba fa Judase likotoana tse 30 tsa silivera tse tsoang polokelong ea matlotlo a tempele bakeng sa ho eka Jesu. Empa ha ka tšohanyetso Judase a khutlisa chelete eo, a e akhela ka tempeleng, matsoalo a baprista bao ba ka sehloohong a ile a thulana le qaka tabeng ea se lumelloang ke molao. Ba ile ba re: “Ha ho lumelloe ke molao hore [lichelete tsa tšepe] li akheloe ka polokelong ea matlotlo e halalelang, hobane ke theko ea mali.” (Matheu 27:3-6) Ho hlakile hore baprista ba ka sehloohong ba ne ba tšoenyehile ka hore chelete ea Judase e ne e se e sa hloeka. (Bapisa le Deuteronoma 23:18.) Empa, sona sehlopha seo sa banna se ne se bona ho se letho le phoso ka ho sebelisa chelete ho reka ho ekoa ha Mor’a Molimo!
Ho Lumellana le Monahano oa Molimo
Mehlala e ka holimo e bontša hore ho koetlisa letsoalo ho hloka ho fetang feela ho tlatsa kelello ka letoto la lintho tse lokelang ho etsoa le tse sa lokelang ho etsoa. Ke ’nete hore ho tseba melao ea Molimo hoa hlokahala, ’me ho e mamela ke habohlokoa bakeng sa ho bolokeha. (Pesaleme ea 19:7-11) Leha ho le joalo, ho phaella ho ithuteng melao ea Molimo, re lokela ho hlaolela pelo e lumellanang le monahano oa Molimo. Kahoo, re ka bona ho phethahala ha boprofeta ba Jehova ka Esaia, bo reng: “Mahlo a lōna e tla ba mahlo a bonang Morupeli oa lōna e Moholo. ’Me litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke ena. Tsamaeang ho eona,’ ebang le ea ka ho le letona kapa ebang le ea ka ho le letšehali.”—Esaia 30:20, 21; 48:17, NW.
Ke ’nete hore sena ha se bolele hore ha re tobane le ho etsa qeto e tebileng, lentsoe la sebele le tla re bolella hore na re etse joang. Leha ho le joalo, ha monahano oa rōna o lumellana le monahano oa Molimo litabeng, matsoalo a rōna a tla hlomelloa hamolemonyana ho re thusa ho etsa liqeto tse tla mo thabisa.—Liproverbia 27:11.
Nahana ka Josefa, ea phetseng lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. Ha mosali oa Potifaro a mo phehella hore a etse bofebe le eena, Josefa o ile a hana, a re: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” (Genese 39:9) Mehleng ea Josefa, ho ne ho se na molao oa Molimo o ngotsoeng o thibelang ketso ea bofebe. Ho feta moo, Josefa o ne a lula Egepeta, hōle le moo a neng a ka fumana taeo ea lelapa labo kapa melao ea bapatriareka. Joale, ke eng se ileng sa nolofalletsa Josefa ho hanela teko? Ka mantsoe a tobileng, e bile letsoalo la hae le koetlisitsoeng. Josefa o ile a amohela pono ea Molimo ea hore monna le mosali e lokela ho ba “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Ka hona o ile a hlokomela hore e ne e tla ba ho fosahetseng ho nka mosali oa monna e mong. Monahano oa Josefa o ne o lumellana le monahano oa Molimo tabeng ena. Bofebe bo ne bo le khahlanong le boikutlo ba hae ba boitšoaro.
Kajeno, ho na le batho ba seng bakae ba kang Josefa. Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo atile, ’me ba bangata ha ba ikutloe ba ikarabella ho ’Mōpi oa bona, ho bona ka bobona, kapa esita le ho balekane ba bona ba lenyalo tabeng ea ho lula ba hloekile boitšoarong. Boemo bo batla bo tšoana le bo hlalositsoeng bukeng ea Jeremia: “Ha ho e mong ea soabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse joang? Bohle ba matha tseleng ea bona joalo ka pere e mathelang ntoeng.” (Jeremia 8:6) Kahoo, ho na le tlhokahalo e khōlō ho feta leha e le neng pele ea hore re lumellane le monahano oa Molimo. Re na le tokisetso e babatsehang bakeng sa ho re thusa ho etsa seo.
Thuso Bakeng sa ho Koetlisa Letsoalo
Mangolo a bululetsoeng a “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Ho ithuta Bibele ho tla re thusa ho koetlisa seo Bibele e se bitsang “matla a [rōna] a ho lemoha,” e le hore re khetholle se lokileng ho se fosahetseng. (Baheberu 5:14) Ho tla re nolofalletsa ho hlaolela lerato bakeng sa lintho tseo Molimo a li ratang le ho nyonya lintho tseo a li hloileng.—Pesaleme ea 97:10; 139:21.
Kahoo, sepheo sa ho ithuta Bibele ke ho fumana moelelo le kutloisiso ea ’nete ho fapana le ho tseba feela litlhaloso tsa eona tse rarahaneng. Tokollong ea oona ea March 1, 1977, Molula-Qhooa o ile oa re: “Ho ithuteng ha rōna Mangolo re lokela ho leka ho hapa kelello ea toka, lerato le ho loka tsa Molimo le ho hloma tsena ka ho tebileng lipelong tsa rōna e le hore li ka fetoha karolo ea rōna joaloka ho ja le ho phefumoloha. Re lokela ho leka ho falimeha ka ho eketsehileng kelellong ea boikarabelo ba boitšoaro ka ho hlaolela temoho e matla ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ho feta mona, re lokela ho etsa letsoalo la rōna hore le ikutloe ka matla boikarabelong ba lona ho Monehi-Molao ea phethahetseng le Moahloli. (Esa. 33:22) Ka hona ha re ntse re ithuta lintho tsa Molimo, re lokela ho leka ho mo etsisa tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo.”
Ho ba le “Kelello ea Kreste”
Ho ithuta Bibele ho tla boela ho re thuse ho fumana “kelello ea Kreste,” boikutlo ba kelello ba ho mamela le ba boikokobetso boo Jesu a bo bonahalitseng. (1 Bakorinthe 2:16) Ho etsa thato ea Ntate oa hae e ne e le monyaka, e se feela kemiso e lokelang ho lateloa ka tloaelo, motho a sa nahane. Boikutlo ba hae bo ile ba hlalosoa ka tsela ea boprofeta ke mopesaleme Davida, ea ileng a ngola: “Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang, molao oa hao o ngoliloe pelong ea ka.”a—Pesaleme ea 40:8.
Ho ba le “kelello ea Kreste” ke habohlokoa bakeng sa ho koetlisa letsoalo. Ha a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng, Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tsa Ntate oa hae le botho ba hae ka hohle kamoo ho neng ho ka khoneha kateng ka har’a meeli ea botho. Kahoo, o ne a ka re: “Ea mponeng o bone Ntate ka ho tšoanang.” (Johanne 14:9) Boemong bo bong le bo bong boo a ileng a tobana le bona ha a le lefatšeng, Jesu o ile a etsa feela kamoo Ntate oa hae a neng a batla hore a etse kateng. Ka hona, ha re ithuta ka bophelo ba Jesu, re fumana setšoantšo se hlakileng sa seo Jehova Molimo a leng sona.
Re bala hore Jehova ‘o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o tletse mohau.’ (Exoda 34:6) Nako le nako, Jesu o ile a bonahatsa litšobotsi tsena ha a sebelisana le baapostola ba hae. Ha ka makhetlo ba ngangisana ka hore na e moholo ke mang, ka mamello Jesu o ile a ba ruta ka lipolelo le ka mohlala hore “mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e lokela ho ba lekhoba la lōna.” (Matheu 20:26, 27) Ona ke mohlala o le mong feela o bontšang hore re ka lumellana le monahano oa Molimo ka ho hlahloba bophelo ba Jesu.
Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu, re tla hlomelloa hamolemonyana ho etsisa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. (Baefese 5:1, 2) Letsoalo le lumellanang le monahano oa Molimo le tla re tataisa tseleng e lokileng. Jehova o tšepisa ba mo tšepileng: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo.”—Pesaleme ea 32:8.
Ho Rua Molemo Letsoalong le Koetlisitsoeng
Ka ho tseba ho tsoa tseleng ha batho ba sa phethahalang, Moshe o ile a lemosa Baiseraele: “Beang lipelo tsa lōna tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le li laele bana ba lona, ba tle ba itiise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao oo.” (Deuteronoma 32:46) Le rōna re lokela ho ngola molao oa Molimo lipelong tsa rōna. Haeba re etsa joalo, mohlomong matsoalo a rōna a tla tataisa mehato ea rōna le ho re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng.
Ka sebele, re lokela ho ba hlokolosi. Maele a Bibele a re: “Mohlomong, ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.” (Liproverbia 14:12) Ke hobane’ng ha ho atisa ho ba joalo? Hobane, joalokaha Bibele e bolela: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jeremia 17:9) Ka hona, ho hlokahala hore kaofela ha rōna re latele keletso e ho Liproverbia 3:5, 6: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lengolong la hae le eang ho Baheberu, moapostola Pauluse o ile a sebelisa mantsoe a Pesaleme ea 40 ho Jesu Kreste.—Baheberu 10:5-10.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Compass: Courtesy, Peabody Essex Museum, Salem, Mass.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Joaloka sesupa-tsela, letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le ka re supisa tsela e nepahetseng