Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/1 maq. 22-23
  • Bethele Motse oa Botle le Bobe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bethele Motse oa Botle le Bobe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bethele e Fetoha Setsi sa Bokoenehi
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Talima “Ntlo ea Molimo” ka Kananelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/1 maq. 22-23

Bethele Motse oa Botle le Bobe

METSE e meng e tuma hantle—kapa hampe—ka lebaka la liketsahalo tse etsahalang ho eona. Leha ho le joalo, oa Bethele oona ke o sa tloaelehang kaha o ile oa tsebahala ka botle le bobe. Mopatriareka Jakobo o ile a reha motse oo Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo.” Empa lilemo tse sekete hamorao, moprofeta Hosea o ile a bitsa motse oo “Ntlo ea ho Baka Mahlomola.” Ho tlile joang hore motse oo o tlohe botleng o ee bobeng? ’Me re ka ithuta eng historing ea oona?

Ho amahanngoa ha Bethele le batho ba Molimo ho qalile ka 1943 B.C.E. ha Abrahama a sa ntsane a phela. Nakong eo, motse oo o ne o tsejoa e le Luse, e leng lebitso la oona la pele la Sekanana. O ne o le lerallaneng, lik’hilomithara tse ka bang 17 ka leboea ho Jerusalema. Nahana ka Abrahama le mora oa mor’abo, Lota, ba shebile tlaase makhulong a nonneng a Phula ea Jordane ba le qhooeng, lithabeng tse potolohileng Bethele. Ka masene, Abrahama o ile a hlokomelisa Lota ka bothata ba ho aba makhulo bakeng sa mehlape ea bona e meholo: “Oho! qabang e se ke ea e-ba teng mahareng a ka le uena, kapa mahareng a balisa ba ka le balisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong. Ha ke re, naha kaofela e pel’a hao na? Khaohana le ’na; ha ekaba u leba ka ho le letšehali, ’na ke tla leba ho le letona, ’me ha u ka nka ho le letona, ’na ke tla nka ho le letšehali.”—Genese 13:3-11.

Abrahama ha aa ka a tsitlallela hore ke eena ea nang le tokelo ea ho khetha pele. Ho e-na le hoo, o ile a lumella monna enoa e mocha ho khetha karolo e molemonyana. Re ka etsisa mohlala oa Abrahama oa boikutlo bo botle. Re ka felisa likhang tse ka bakang khohlano ka ho nka khato ea pele ea ho bua ka moea o khutsitseng le ho itšoara ka mokhoa o hlokang boithati.—Baroma 12:18.

Lilemo tse ’maloa hamorao ha Jakobo setloholo sa Abrahama a ne a robetse Luse, o ile a ba le toro e sa tloaelehang. O ile a bona ‘lere e emisitsoe fatše, ntlha ea eona e fihla leholimong, a bona le mangeloi a Molimo a nyoloha, a bile a theoha ka eona. A bona le Jehova a eme holim’a eona.’ (Genese 28:11-19; bapisa le Johanne 1:51.) Toro eo e ne e le ea bohlokoa haholo. Mangeloi ao Jakobo a neng a a bona a ne a tla mo sebeletsa ho phethahatseng tšepiso eo Molimo a neng a e entse ho eena mabapi le peō ea hae. Boemo ba Jehova bo phahameng ka holim’a lere bo ne bo bontša hore o ne a tla tataisa mangeloi mosebetsing ona.

Tiiso ena ea tšehetso ea Molimo e ile ea susumetsa Jakobo ka ho tebileng. Ha a phaphama torong ea hae, o ile a bitsa sebaka seo Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo,” ’me a ikana ho Jehova: “Ke tla u ntšetsa karolo ea leshome ea tsohle tsee u tlang ho ’nea tsona.”a (Genese 28:20-22) Kaha o ne a hlokomela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona e tsoa ho Molimo, o ne a lakatsa ho mo buseletsa ka seatla se bulehileng e le ho bontša kananelo ea hae.

Bakreste kajeno le bona ba sebeletsoa ke mangeloi. (Pesaleme ea 91:11; Baheberu 1:14) Le bona ba ka bontša ho ananela tlhohonolofatso eohle eo ba e fumanang ka “ho rua lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo.”—2 Bakorinthe 9:11, 12.

Ha nako e ntse e ea, litloholo tsa Jakobo li ile tsa fetoha sechaba. Moeta-pele oa tsona Joshua o ile a hlōla morena oa mohetene oa Bethele ho elella qalong ea ho hlōloa ha Kanana. (Joshua 12:16) Nakong ea Baahloli, moprofeta oa mosali Debora o ne a lula haufi le Bethele ’me o ile a tsebisa sechaba lentsoe la Jehova. Samuele le eena o ne a tloaetse ho etela Bethele ha a ntse a ahlola sechaba sa Iseraele.—Baahloli 4:4, 5; 1 Samuele 7:15, 16.

Bethele e Fetoha Setsi sa Bokoenehi

Empa ho amahanngoa ha Bethele le borapeli bo hloekileng ho ile ha khaotsa ka mor’a hore ’Muso o arohane ka 997 B.C.E. Morena Jeroboame o ile a etsa Bethele setsi sa borapeli ba namane, namane eo ho neng ho thoe e emela Jehova. (1 Marena 12:25-29) Ke ka lebaka leo, ha Hosea a profeta ka ho timetsoa ha Bethele, a ileng a bua ka eona e le “Bethe-Avene,” e bolelang “Ntlo ea ho Baka Mahlomola.”—Hosea 10:5, 8.

Le hoja Bethele e ne e fetohile setsi sa ho baka mahlomola moeeng, liketsahalo tse amanang le eona li ile tsa tsoela pele ho fana ka lithuto tsa bohlokoa. (Baroma 15:4) Thuto e ’ngoe e joalo ke e mabapi le moprofeta ea sa boleloang ka lebitso ea ileng a romeloa Bethele a tsoa Juda ho ea bolela esale pele ka thipitlo ea lialetare tsa eona le baprista ba eona. Jehova o ile a boela a mo bolella hore a khutlele Juda—e neng e le lik’hilomithara tse seng kae feela ho leba boroa—a sa je leha e le ho noa. Moprofeta enoa o ile a bolela boprofeta bona ka sebete ka pel’a Jeroboame, morena oa Iseraele, a bitsetsa aletare ea Bethele bomalimabe. Empa joale ha aa ka a mamela Molimo ka ho ja ntlong ea moprofeta ea hōlileng oa Bethele. Hobane’ng? Moprofeta ea hōlileng oa bohata o ile a mo thetsa ka ho re lengeloi la Jehova le mo laetse hore a amohele moprofeta-’moho le eena ka mofuthu. Ho se mamele ha moprofeta enoa ea tsoang Juda ho ile ha etsa hore a shoe pele ho nako.—1 Marena 13:1-25.

Haeba molumeli-’moho a etsa tlhahiso ea hore re etse ntho e ’ngoe e bonahalang e belaetsa, re lokela ho itšoara joang? Hopola hore esita le keletso e fanoang ka sepheo se setle e ka ba kotsi haeba e fosahetse. (Bapisa le Matheu 16:21-23.) Ka ho batla tataiso e tsoang ho Jehova ka thapelo le ka ho ithuta Lentsoe la hae, re tla qoba ho etsa phoso e kotsi e entsoeng ke moprofeta eo ea sa boleloang ka lebitso.—Liproverbia 19:21; 1 Johanne 4:1.

Lilemo tse ka bang 150 hamorao, moprofeta Amose le eena o ile a etela leboea ho ea profeta khahlanong le Bethele. Amose o ile a nyatsa ka matla bamameli ba hae ba tletseng bora, ho akarelletsa le moprista Amatsia, eo ka boikhohomoso a ileng a bolella Amose hore ‘a balehele lefatšeng la Juda.’ Empa Amose o ile a bolella Amatsia ka sebete ka litlokotsi tse neng li tla tlela ba ntlo ea moprista. (Amose 5:4-6; 7:10-17) Mohlala oa hae o re hopotsa hore Jehova a ka matlafatsa basebeletsi ba hae ba ikokobelitseng.—1 Bakorinthe 1:26, 27.

Qetellong, Morena Josiase ea tšepahalang oa Juda o ile a heletsa ‘aletare e Bethele, a chesa nģalo e phahameng, a e tula ea e-ba lerōle; a ntoo chesa le ashera ea teng.’ (2 Marena 23:15, 16) Baholo kajeno ba ka etsisa mohlala oa hae o motle ka ho latela litaelo tsa Molimo ka cheseho le ka ho etella pele ho bolokeng phutheho e hloekile.

Liketsahalo tsena tsa histori ea Bethele li bontša ka ho hlakileng liphello tsa ho loka le bokhopo, tsa ho mamela le ho se mamele Jehova. Lilemo tse seng kae pejana, Moshe o ne a ile a beha khetho ena ka pel’a sechaba sa Iseraele: “Ke beile pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.” (Deuteronoma 30:15, 16) Ho nahanisisa ka histori ea Bethele ho tla re khothalletsa ho ikhetholla le “Ntlo ea Molimo,” sebaka sa borapeli ba ’nete, ho fapana le “Ntlo ea ho Baka Mahlomola.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka bobeli Jakobo le Abrahama ba ile ba ithaopela ho fana ka karolo ea leshome.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Lithako tse sebakeng sa Bethele, moo Jeroboame a ileng a theha setsi sa borapeli ba namane teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela