Na U ka Lumela Bibele?
HO LUMELA Bibele e ntse e le ntho e atileng haholo, esita le lefatšeng la kajeno. Ka mohlala, patlisisong ea morao-rao ea Gallup e entsoeng ho Maamerika, karolo ea 80 lekholong e boletse hore e lumela hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Ho sa tsotellehe hore na lipalo li phahame joalo sebakeng sa heno kapa che, u ka utloisisa hore balumeli ba joalo ba lebeletse hore ba rutoe Bibele kerekeng. Empa hangata ha ba e rutoe. Ka mohlala, nka thuto ea hore moea o hlokofatsoa kamor’a lefu.
Na thuto ea pelekatori kapa ea mollo oa lihele ho na le moo e rutoang teng ka Bibeleng? Kajeno, litsebi tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li tla arabela ka hore che. New Catholic Encyclopedia e re: “Ha ho se ho sekasekiloe lintho tsohle, thuto ea K’hatholike ea pelekatori e thehiloe neanong, eseng Mangolong a Halalelang.” Mabapi le lihele, A Dictionary of Christian Theology ea hlalosa: “[Testamenteng e Ncha] ha re fumane mollo oa lihele e le karolo ea boboleli bo neng bo etsoa ke batho ba boholo-holo.”
Ha e le hantle, haufinyane litabeng ho ile ha buuoa haholo ka moifo oa thuto ea bolumeli oa Kereke ea Chache ha o ne o buella taba ea hore thuto ea mollo oa lihele e lahloe ka ho feletseng. Dr. Tom Wright, eo e leng hlooho ea Litchfield Cathedral, o bolela hore likhopolo tse inahaneloang tsa nakong e fetileng ka lihele “li entse Molimo sebata se tšabehang ’me tsa siea maqeba a sa foleng likelellong tsa batho ba bangata.” Tlaleho ea moifo oo e hlalosa lihele e le “ntho e sieo ho hang.”a Ka ho tšoanang, New Catholic Encyclopedia e bontša sena mabapi le pono ea Mak’hatholike: “Kajeno thuto ea bolumeli e talima bothata ba lihele e le ho arohana le Molimo.”
Ha e le hantle, seo Bibele e se rutang ka moea se hanyetsana le lithuto tsa pelekatori le mollo oa lihele. Hangata Bibele e bua ka ho shoa ha meea. “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ho latela Bibele, bafu ha ba ikutloe, ha ba utloe bohloko. “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Tšepo eo Bibele e fanang ka eona ka bafu ke ea tsoho nakong e tlang. Ha motsoalle oa Jesu Lazaro a shoele, Jesu o ile a bapisa lefu le boroko. Maretha khaitseli’a Lazaro o ile a bolela ka ho hlaka tšepo e rutoang ka Bibeleng ha a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” Ka ho tsosa Lazaro bafung, Jesu o ile a tiisa tšepo eo bakeng sa moloko oa batho.—Johanne 5:28, 29; 11:11-14, 24, 44.
Bo-rahistori ba bolela hore thuto ea hore motho o na le moea o ka thōko o sa shoeng, ha ea simoloha ka Bibeleng empa e simolohile filosofing ea Magerike. New Catholic Encyclopedia e hlokomela hore Baheberu ba boholo-holo ba ne ba sa nahane hore motho o entsoe ka ’mele oa nama le ka moea o se nang ’mele oa sebele. E re ka tumelo ea Baheberu: “Ha phefumoloho ea ho phela e ne e kena ho motho oa pele eo Molimo a mo entseng ka mobu, e ile ea e-ba ‘sebōpuoa se phelang’ (G[enese] 2.7). Lefu le ne le sa nkoe e le ho arohana ha metsoako e ’meli e ikhethang e leng ho motho, joaloka filosofing ea Magerike; phefumoloho ea ho phela ea tloha ’me motho e ba ‘sebōpuoa se shoeleng’ (L[evitike] 21.11; [N]umere 6.6; 19.13). Tabeng ka ’ngoe lentsoe ‘sebōpuoa’ e ne e tla ba [neʹphesh] ea Seheberu, eo hangata e fetoleloang e le ‘moea’ empa, ha e le hantle, e le motho ka ho feletseng ka boeena.”
Eona encyclopedia eo e bolela hore haufinyane litsebi tsa K’hatholike “li boletse hore [Testamente e Ncha] ha e rute taba ea ho se shoe ha moea ho ea ka kutloisiso ea Histori ea [Magerike].” E phetha ka ho re: “Tharollo ea bohlokoa ea bothata bona e ke ke ea fumanoa khopolo-tabeng ea filosofi empa e tla fumanoa mphong e phahametseng matla a tlhaho ea Tsoho.”
Bibele Kapa Neano?
Leha ho le joalo, ho tlile joang hore likhopolo tseo e seng tsa Bibele li kenelle lithutong tsa kereke? Likereke tse ngata li bolela hore Bibele ke mohloli oa tsona o ka sehloohong oa boitsebiso bakeng sa ho tšehetsa taba. Ka mohlala, eseng khale haholo Mopapa John Paul II o ile a bua ka tlhokahalo ea hore ‘batšepehi ba amohele Mangolo e le a nang le ’nete ka ho feletseng hape e le tekanyetso e phahameng ka ho fetisisa ea tumelo ea rōna.’ Leha ho le joalo, ke ntho e lumeloang hohle hore lithuto tsa Bokreste-’mōtoana kajeno ha li tšoane le tsa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Likereke tse ngata li talima liphetoho e le karolo ea ho ntlafatsa thuto ea kereke butle-butle. Ho feta moo, Kereke e K’hatholike e na le boikutlo ba hore neano ea kereke e na le matla a tšoanang le a Mangolo. New Catholic Encyclopedia e bolela hore kereke “ha e nke ntho e le ’nete motheong oa Mangolo feela, ka ntle ho neano, kapa motheong oa neano feela, ka ntle ho Mangolo.”
Ho latela histori, likereke li ile tsa nkela lithuto tsa Mangolo sebaka ka lithuto tse thehiloeng neanong feela. Ha e le hantle, hona joale likereke tse ngata li bolela hore lithuto tsa Bibele li fosahetse. Ka mohlala, New Catholic Encyclopedia e bolela hore “ho totobetse hore lipolelo tse ngata tsa Bibele hase ’nete ha li ahloloa ho ea ka tsebo ea kajeno ea saense le histori.” Ha e bua ka thuto ea Bibele ea hore bafu ha ba ikutloe, e phaella ka ho re: “Esita le litabeng tsa bolumeli, [Testamente ea Khale] e fana ka bopaki bo sa fellang mabapi le tsebo ea . . . bophelo ka mor’a lefu.” Encyclopedia e qotsa Pesaleme ea 6:5 (temana ea 6 Libibeleng tse ling) e le mohlala oa sena: “Lefung ha u sa hopoloa; ke mang ea ka u rorisang nģalong ea bafu [kapa, Hades]?” Liseminara tse ling tsa Maprostanta le likoleche ha li sa ruta hore Bibele ha e na liphoso. Ka lehlakoreng le leng, Kereke e K’hatholike e lumela hore e na le matla kapa tokelo ea ho laela thutong, ao e a sebelisang ho hlalosa se rutoang ka Bibeleng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ho thoe’ng haeba litlhaloso tse joalo li bonahala li hanyetsana le Mangolo?’
Bohlokoa ba Mangolo
Khafetsa Jesu o ile a qotsa Mangolo e le a nang le matla a ho qetela, hangata o ne a kenyelletsa lintlha tsa hae ka ho re: “Ho ngoliloe.” (Matheu 4:4, 7, 10; Luka 19:46) Ka sebele, ha Jesu a ne a bua ka boemo ba motho ba lenyalo, ha aa ka a sebelisa khopolo-taba ea filosofi ea Magerike e le mohloli oa hae oa boitsebiso, empa o ile a sebelisa tlaleho ea pōpo ea Genese. (Genese 1:27; 2:24; Matheu 19:3-9) Ka ho hlakileng, Jesu o ile a nka Mangolo e le a bululetsoeng ke Molimo ’me e le a thehiloeng ’neteng. Ha a rapela Molimo o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.b
Bibele e tlaleha ka khalemelo e thata eo Jesu a ileng a e neha baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Ka masene le behella taelo ea Molimo ka thōko e le hore le boloke neano ea lōna. . . . Ka tsela eo le etsa lentsoe la Molimo lefeela ka neano ea lōna.” (Mareka 7:6-13) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a hanela khatello ea hore a kenyelletse filosofi ea Magerike kapa lineano tse fosahetseng thutong ea hae. O ile a lemosa: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” (Bakolose 2:8; 1 Bakorinthe 1:22, 23; 2:1-13) Ho ne ho e-na le lineano, kapa lithuto, tseo Pauluse a ileng a khothaletsa Bakreste hore ba li boloke, empa tsena li ne li thehiloe Mangolong ’me li ne li lumellana ka ho feletseng le ’ona. (2 Bathesalonika 2:13-15) Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo . . . hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
Pauluse o ile a bonela pele taba ea ho kheloha Mangolong. O ile a lemosa Timothea: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, . . . ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete.” A khothalletsa Timothea: “Uena, leha ho le joalo, u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle.” (2 Timothea 4:3-5) Empa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba “le likelello tse bulehileng.” Dikishinari ea Segerike e hlalosa lentsoe lena la Bibele e le “ho ikemisetsa ho ithuta le ho hlahlobisisa ntho e itseng ka ho hloka leeme.” Luka o ile a sebelisa polelo ena ho hlalosa bamameli ba Pauluse ba Berea ea lekholong la pele la lilemo. Lithuto tsa Pauluse li ne li le ncha ho bona, ’me ba ne ba sa batle ho khelosoa. Ha Luka a ba babatsa, o ile a ngola: “[Baberea] ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng haholoanyane ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka taba-tabelo e khōlō ka ho fetisisa ea kelello, ka hloko ba hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li ne li le joalo.” Ho ba le likelello tse bulehileng ha hoa ka ha etsa hore Baberea e be batho ba tletseng lipelaelo, ba sa rateng ho lumela ntho leha e le efe. Ho e-na le hoo, liphello tsa patlisiso ea bona e tšepahalang e bile hore “ba bangata ba bona e ile ea e-ba balumeli.”—Liketso 17:11, 12.
Melemo ea ho Phela ka Bibele
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsejoa ka ho khomarela ha bona Bibele le ka lerato la bona la boitelo. Leha ho le joalo, kajeno batho ba bangata ba na le “ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:5) Ponahalo leha e le efe ea Bokreste kajeno e sa lumellaneng le ponahalo ea pele e ke ke ea ba le matla a sebele a ho hlahisa se molemo bophelong ba batho. Na see se ka thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha karolong e khōlō ea Bokreste-’mōtoana, re bona pefo e ntseng e eketseha, boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, ho qhalana ha malapa, le lerato la lintho tse bonahalang? Linaheng tse ling tsa “Bokreste,” lintoa tse sehlōhō tsa merabe li etsahala esita le pakeng tsa litho tsa bolumeli bo le bong.
Na moea oa ho ba le likelello tse bulehileng oa Baberea o felile? Na ho na le sehlopha leha e le sefe sa batho kajeno se lumelang Bibele le se phelang ka eona?
Encyclopedia Canadiana ea hlokomela: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosoa le ho thehoa hape ha Bokreste ba boholo-holo boo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba bo sebelisa lekholong la pele le la bobeli la lilemo la mehla ea rōna.” New Catholic Encyclopedia ha e bua ka Lipaki ea hlokomelisa: “Li nka Bibele e le eona feela mohloli oa tumelo ea tsona le tekanyetso ea boitšoaro.”
Ha ho pelaelo hore lena ke lona lebaka le ka sehloohong leo ka lona Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tsebahalang ka katleho ea tsona ea moea, khotso, le thabo. Ka hona re khothalletsa babali ba rōna hore ba ithute ho eketsehileng ka lithuto tsa Bibele tse phelisang hantle moeeng. Tsebo e khōloanyane e ka etsa hore motho a tšepe Bibele haholoanyane ’me a be le tumelo e matla haholo ho Molimo. Melemo ea ka ho sa feleng ea tumelo e joalo e tšoanela boiteko.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a National Public Radio—“Morning Edition”
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho tšepahala ha Bibele, bona bukana e bitsoang Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Moapostola Pauluse le ba bang ba ne ba bolela ’marakeng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lipaki tsa Jehova “li nka Bibele e le eona feela mohloli oa tumelo ea tsona le tekanyetso ea boitšoaro”