Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 11/1 maq. 13-18
  • Le ’Ne le Sebeletse Poloko ea Lōna!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ’Ne le Sebeletse Poloko ea Lōna!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa ho ‘Ikaha’ oo re o Etsang
  • Marena a Juda—A Ile a Ikhethela
  • Jehova oa U Tšepa!
  • O re Hlomphile ka ho re fa Tokelo ea Hore re Ikhethele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “A ’na a Khomarela Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Mohlala o Motle oa Ezekiase
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 11/1 maq. 13-18

Le ’Ne le Sebeletse Poloko ea Lōna!

“Baratuoa, . . . le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.”—BAFILIPPI 2:12.

1, 2. Ke likhopolo life tse tloaelehileng tse entseng hore batho ba bangata ba ikutloe eka ba ke ke ba laola kamoo bophelo ba bona bo fellang kateng?

“NA U tsoetsoe u le joalo?” Haufinyane tjena, potso eo e ile ea ngoloa sekoahelong sa makasine e tummeng. Ka tlas’a sehlooho ho ne ho e-na le mantsoe a reng: “Botho, boikutlo, esita le lintho tseo u li khethang bophelong. Liphuputso tse ncha li bontša hore lintho tsena haholo-holo li liphatseng tsa hao tsa lefutso.” Lipolelo tse joalo li ka etsa hore ba bang ba ikutloe hore ha ho letho le lekaalo leo ba ka le etsang ho laola bophelo ba bona.

2 Ba bang ba tšaba hore khōliso e mpe eo ba e fumaneng ho batsoali ba bona kapa ho se rute hantle ha matichere a bona ka tsela e itseng ho ba ahloletse hore ba phele bophelo bo se nang thabo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba reretsoe ho pheta liphoso tsa batsoali ba bona, ho nka khato ho latela boikutlo ba bona bo bobe ba tlhaho, ho se tšepahale ho Jehova—ka bokhutšoanyane, ho etsa khetho e mpe. Na seo ke sona se rutoang ke Bibele? Ntle le pelaelo ho na le batho ba bang ba chesehelang bolumeli ba tsitlellang hore Bibele e ruta ntho e tjena, thuto ea bolumeli ea ho rereloa bokamoso esale pele. Ho ea ka thuto ena, ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba hao khale Molimo a e rerile esale pele.

3. Bibele e na le molaetsa ofe o khothatsang mabapi le matla a rōna a ho jara boikarabelo bakeng sa bokamoso ba rōna?

3 Likhopolo tsena tsohle tse fapaneng li na le molaetsa o le mong o tšoanang: Ha u na khetho e kaalo, ha u na taolo e kaalo tabeng ea hore na bophelo ba hao bo tla fella joang. Ona ke molaetsa o nyahamisang, na ha ho joalo, ’me ho nyahama ho eketsa bothata. Liproverbia 24:10 e re: “Ha u tepella mohl’a tsietsi, matla a hao a manyenyane.” Leha ho le joalo, re khothalletsoa ho ithuta hore ho ea ka Bibele, re ka ‘sebeletsa poloko ea rōna.’ (Bafilippi 2:12) Re ka matlafatsa kholiseho ea rōna joang thutong ee e khothatsang ea Mangolo?

Mosebetsi oa ho ‘Ikaha’ oo re o Etsang

4. Le hoja 1 Bakorinthe 3:10-15 e bua ka ho haha ka thepa e sa cheng, see ha se bolele eng?

4 Nahana ka papiso ea moapostola Pauluse e fumanoang ho 1 Bakorinthe 3:10-15. Mono o bua ka mosebetsi oa Bokreste oa ho haha, ’me molao-motheo oa papiso ea hae o ka sebetsa tšebeletsong ea ka hare le ea ka ntle. Na ka tsela e sa tobang o bolela hore taba ea hore na qetellong morutuoa o khetha ho sebeletsa Jehova ’me o tšepahalla qeto eo ke boikarabelo bo feletseng ba ba mo rutileng le ba mo koetlisitseng? Che. Pauluse o ne a hatisa bohlokoa ba hore tichere e hahe ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang. Empa joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, o ne a sa bolele hore seithuti kapa morutuoa ha a na khetho tabeng ena. Ke ’nete hore papiso ea Pauluse e lebisa tlhokomelo mosebetsing oo re o etsang ho ba bang, eseng ho ikaheng ka borōna. Sena se totobetse hobane Pauluse o bolela hore mosebetsi oa ho haha o entsoeng hlaahlaafethe oa felisoa ha ka nako e tšoanang sehahi sona se bolokeha. Empa ka linako tse ling, Bibele e sebelisa mokhabo-puo o tšoanang mosebetsing oo re o etsang ho rōna ka borōna.

5. Ke Mangolo afe a bontšang hore Bakreste ka bobona ba lokela ho ‘ikaha’?

5 Ka mohlala, nahana ka Jude 20, 21: “Empa lōna, baratuoa, ka ho ikaha tumelong ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, le ho rapela ka moea o halalelang, le ipoloke leratong la Molimo.” Mona Jude o sebelisa lentsoe la Segerike bakeng sa ho ‘haha’ le tšoanang le leo Pauluse a le sebelisang ho 1 Bakorinthe khaolo 3, empa ho bonahala ntlha ea hae e le hore re ikaha motheong oa tumelo ea rōna. Luka, ha a tlaleha papiso ea Jesu ea monna ea entseng motheo oa ntlo ea hae letlapeng, o sebelisa lentsoe la Segerike bakeng sa “motheo” le tšoanang le leo Pauluse a le sebelisang papisong ea hae ea ho haha ha Bokreste. (Luka 6:48, 49) Ho feta moo, Pauluse o sebelisa mokhabo-puo oa ho tiisoa “motheong” ha a khothalletsa Bakreste-’moho le eena ho hatela pele moeeng. E, Lentsoe la Molimo le ruta hore rōna ka borōna re etse mosebetsi oa ho ‘ikaha.’—Baefese 3:15-19; Bakolose 1:23; 2:7.

6. (a) Bontša kamoo morutuoa e mong le e mong oa Mokreste e leng phello ea morero o kopanetsoeng oa kaho. (b) Morutuoa e mong le e mong o na le boikarabelo bofe?

6 Na ho haha Mokreste ke mosebetsi oa motho a le mong? Nka hore u etsa qeto ea ho haha ntlo. U ea ho setsebi sa meralo ea ho haha bakeng sa lipolane. Le hoja u rerile ho iketsetsa boholo ba mosebetsi, u hira rakonteraka hore a sebetse le uena ’me a u eletse ka mekhoa e molemohali. Haeba a rala motheo o tiileng, a u thusa hore u utloisise lipolane, a etsa tlhahiso ka thepa e molemo ka ho fetisisa e ka rekoang, a bile a u ruta ho hongata ka ho haha, u ka ’na ua lumela hore o entse mosebetsi o motle. Empa ho ne ho tla etsahala joang haeba u ne u ka hlokomoloha keletso ea hae, ua reka thepa e sa bitseng chelete e ngata kapa ea boleng bo tlaase, ua ba ua fapoha lipolaneng tsa setsebi sa meralo ea ho haha? Ka sebele u ne u ke ke ua beha rakonteraka kapa setsebi sa meralo ea ho haha molato haeba ntlo e heleha! Ka ho tšoanang, morutuoa e mong le e mong oa Mokreste ke phello ea mosebetsi o kopanetsoeng oa kaho. Jehova ke setsebi se hloahloa sa meralo ea ho haha. O tšehetsa Mokreste ea tšepahalang eo, joaloka e mong oa “basebetsi-’moho le Molimo,” a rutang le ho haha seithuti. (1 Bakorinthe 3:9) Leha ho le joalo, seithuti le sona sea ameha. Qetellong, sea ikarabella bakeng sa tsela ea sona ea bophelo. (Baroma 14:12) Haeba se batla ho ba le litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste, se lokela ho sebetsa ka thata hore se li fumane, se li hahe ka ho sona.—2 Petrose 1:5-8.

7. Bakreste ba bang ba tobana le liphephetso life, hona ba ka tšelisoa ke eng?

7 Na joale see se bolela hore liphatsa tsa lefutso, tikoloho le boleng ba matichere a rōna ha li re letho? Le hanyenyane. Lentsoe la Molimo le talima e ’ngoe le e ’ngoe ea tsena e le ea bohlokoa ebile e e-na le tšusumetso. Litšekamelo tse ngata tsa boetsalibe, tse mpe, ke tsa tlhaho ’me ho ka ba thata haholo ho li loantša. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12; 7:21-23) Koetliso ea batsoali le tikoloho ea lapeng li ka ba le tšusumetso e khōlō ho ngoana—e ntle kapa e mpe. (Liproverbia 22:6; Bakolose 3:21) Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ka liphello tse mpe tseo thuto ea bona e bileng le tsona ho ba bang. (Matheu 23:13, 15) Kajeno, bohle re angoa ke lintlha tse joalo. Ka mohlala, ba bang ba batho ba Molimo ba tobana le liphephetso ka lebaka la ho hōla ka thata. Batho bana ba hloka mosa oa rōna le qenehelo. ’Me ba ka tšelisoa ke molaetsa oa Bibele oa hore ha baa rereloa ho pheta liphoso tsa batsoali ba bona kapa hore ba se ke ba tšepahala. Nahana kamoo marena a mang a Juda ea boholo-holo a ileng a hlakisa ntlha ena kateng.

Marena a Juda—A Ile a Ikhethela

8. Jothame o ile a fumana mohlala o mobe joang ho ntat’ae, leha ho le joalo o ile a etsa khetho efe?

8 Oziase e bile morena oa Juda a le lilemo li 16 feela ’me a busa ka lilemo tse 52. Ho pholletsa le karolo e khōlō ea nako ena, o ile “a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka tsohle tse entsoeng ke ntat’ae Amatsia.” (2 Marena 15:3) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka tlhōlo e hlollang ntoeng ka makhetlo-khetlo. Leha ho le joalo, ka masoabi katleho ena e ile ea mathela Oziase hloohong. O ile a ikhohomosa ’me a fetohela Jehova ka ho nyehela libano aletareng e ka tempeleng, e leng mosebetsi oo e neng e le oa baprista feela. Oziase o ile a khalemeloa ka matla empa o ile a arabela ka khalefo feela. Joale o ile a kokobetsoa—a otloa ka lepera ’me a qobelloa ho phela matsatsi ’ohle a bophelo ba hae a le thōko le batho. (2 Likronike 26:16-23) Jothame mora oa hae o ile a itšoara joang ho sena sohle? Mohlankana enoa a ka be a ile a susumetsoa ke ntat’ae habonolo ’me a khopisoa ke khalemelo ea Jehova. E ka ’na eaba batho ka kakaretso e ne e le tšusumetso e mpe kaha ba ne ba ntšetsa pele mekhoa e fosahetseng ea bolumeli. (2 Marena 15:4) Empa Jothame o ile a iketsetsa khetho. O ile “a etsa ho lokileng mahlong a Jehova.”—2 Likronike 27:2.

9. Tse ling tsa litšusumetso tse ntle tseo Akaze a ileng a li fumana e bile life, empa bophelo ba hae bo ile ba fella joang?

9 Jothame o ile a busa ka lilemo tse 16, a lula a tšepahala ho Jehova ka nako eo eohle. Ka lebaka leo, mora oa hae Akaze o ne a e-na le mohlala o babatsehang oa ntate ea tšepahalang. Hape Akaze o ne a e-na le litšusumetso tse ling tse ntle. O ile a hlohonolofatsoa ka hore a phele ha baprofeta ba tšepahalang Esaia, Hosea le Mikea ba ne ba profeta ka mafolofolo naheng eo. Leha ho le joalo, o ile a etsa khetho e mpe. “Ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, joalo ka Davida ntat’ae.” O ile a etsa litšoantšo tsa Baale ’me a li rapela a ba a chesetsa melimo ea bohetene ba bang ba bara ba hae mollong oa sehlabelo. Ho sa tsotellehe litšusumetso tse ntle, o ile a hlōleha ka tsela e soabisang joaloka morena le joaloka mohlanka oa Jehova.—2 Likronike 28:1-4.

10. Akaze e ne e le ntate oa mofuta ofe, empa mora oa hae Ezekiase o ile a etsa khetho efe?

10 Ho ea ka pono ea borapeli bo hloekileng, ho thata ho nahana hore ho ka ba le ntate e mobe ho feta Akaze. Leha ho le joalo, mora oa hae Ezekiase o ne a se na monyetla oa ho ikhethela hore na ntat’ae e tla ba mang! E ka ’na eaba bara ba banyenyane bao Akaze a ileng a ba bolaea ha a etsetsa Baale sehlabelo e ne e le barab’abo Ezekiase. Na semelo see se sebe se ile sa rerela Ezekiase hore a phele bophelo ba ho se tšepahale ho Jehova? Ho fapana le moo, Ezekiase e ile ea e-ba e mong oa marena a seng makae a Juda ao ruri e neng e le a maholo—ea e-ba motho ea tšepahalang, ea bohlale, le ea ratoang. “Jehova a ba le eena.” (2 Marena 18:3-7) Ha e le hantle, ho na le lebaka la ho lumela hore ha Ezekiase e sa ntse e le khosana e nyenyane e bile mongoli ea bululetsoeng oa Pesaleme ea 119. Haeba ho joalo, ha ho thata ho bona lebaka leo ka lona a neng a ka ngola mantsoe ana: “Moea oa ka o llisoa ke ho hlomoha.” (Pesaleme ea 119:28) Ho sa tsotellehe mathata a hae a bakang mesarelo, Ezekiase o ile a lumella Lentsoe la Jehova hore le mo tataise bophelong. Pesaleme ea 119:105 e re: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” E, Ezekiase o ile a iketsetsa khetho—khetho e nepahetseng.

11. (a) Ho sa tsotellehe tšusumetso e ntle ea ntat’ae, bofetoheli ba Manasse ho Jehova bo bile boholo hakae? (b) Manasse o ile a etsa khetho efe ho elella qetellong ea bophelo ba hae, hona re ka ithuta eng ho see?

11 Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore ho e mong oa marena a molemohali a Juda, ho ile ha hlaha e mobe ka ho fetisisa. Mora oa Ezekiase Manasse o ile a khothalletsa borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, le pefo e ngata ka tekanyo e neng e e-s’o ka e e-ba teng. Tlaleho e bolela hore “Jehova a bua le Manasse le sechaba sa hae,” mohlomong ka baprofeta. (2 Likronike 33:10) Ho latela neano ea Sejuda, Manasse o ile arabela ka ho sakha Esaia likoto. (Bapisa le Baheberu 11:37.) Ebang seo ke ’nete kapa che, Manasse o ile a hlōleha ho mamela litemoso leha e le life tsa Molimo. Ha e le hantle, o ile a etsa hore ba bang ba bara ba hae ba chesoe ba ntse ba phela ho etsa mahlabelo, feela joalokaha ntat’ae-moholo Akaze a ile a etsa. Leha ho le joalo, ha monna enoa ea khopo a tobana le liteko tse matla hamorao bophelong, o ile a baka ’me a fetola litsela tsa hae. (2 Likronike 33:1-6, 11-20) Mohlala oa hae o re ruta hore haeba motho a ile a etsa khetho e mpe sena ha se hlile ha se bolele hore a ke ke a lopolloa. A ka fetoha.

12. Ke lintho life tse fapaneng tseo Amone le Josiase mora oa hae ba ileng ba li khetha mabapi le tšebeletso ea Jehova?

12 Mora oa Manasse Amone a ka be a ithutile ho hongata pakong ea ntat’ae. Empa o ile a etsa khetho e fosahetseng. Ha e le hantle Amone o ile a “atisa melato” ho fihlela ha qetellong a bolaoa. Mora oa hae Josiase o ne a fapane le eena ka tsela e khathollang. Ho hlakile hore Josiase o ile a khetha ho ithuta ho se ileng sa etsahalla ntat’ae-moholo. O ile a qala ho busa a le lilemo li robeli feela. Ha a le lilemo li 16 feela, o ile a qala ho batla Jehova ’me ka mor’a moo a ipaka e le morena ea behang mohlala, ea tšepahalang. (2 Likronike 33:20–34:5) O ile a etsa khetho—khetho e nepahetseng.

13. (a) Re ithuta eng ho marena a Juda ao re buisaneng ka ’ona? (b) Koetliso ea batsoali ke ea bohlokoa hakae?

13 Tlhahlobo ena e khutšoanyane ea marena a supileng a Juda e ruta thuto ea bohlokoa. Maemong a mang, marena a mabe ka ho fetisisa a ile a e-ba le bara ba molemo ka ho fetisisa ha ka lehlakoreng le leng, marena a molemo ka ho fetisisa a ile a e-ba le bara ba babe ka ho fetisisa. (Bapisa le Moeklesia 2:18-21.) Sena ha se fokotse bohlokoa ba koetliso ea batsoali. Ka sebele batsoali ba koetlisang bana ba bona ho ea ka tsela ea Jehova ba fa bana ba bona monyetla o molemo ka ho fetisisa oa hore e be bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. (Deuteronoma 6:6, 7) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko bo molemo ka ho fetisisa ba batsoali ba tšepahalang, bana ba bang ba khetha ho latela tsela e fosahetseng. Bana ba bang, ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe ka ho fetisisa ea batsoali, ba khetha ho rata le ho sebeletsa Jehova. Ka tlhohonolofatso ea hae, ba atlehisa bophelo ba bona. Na ka linako tse ling u ke u ipotse hore na uena u tla hlaheloa ke hofe? Joale, nahana ka tse ling tsa litšepiso tsa Jehova tsa botho tsa hore u ka etsa khetho e nepahetseng!

Jehova oa U Tšepa!

14. Re tseba joang hore Jehova o utloisisa mefokolo ea rōna?

14 Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Liproverbia 15:3 e re: “Mahlo a Jehova a linģalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.” Morena Davida o ile a re ka Jehova: “Mahlo a hao a mpone ke e-s’o tsoaloe; tsohle tsa ka li ne li se li ngotsoe bukeng ea hao, le pele ke e-ba teng.” (Pesaleme ea 139:16, BPN) Kahoo Jehova oa tseba hore na ke litšekamelo life tse mpe tseo u loanang le tsona—ebang u li futsitse kapa u li fumane ka lebaka la litšusumetso tse ling tseo u neng u ke ke ua li laola. O utloisisa hantle kamoo li u ammeng kateng. O utloisisa mefokolo ea hao hamolemo le ho feta kamoo uena u e utloisisang kateng. Hape o mohau. Ha ho mohla a lebellang hore re etse ho fetang hoo re ka khonang ho ho etsa.—Pesaleme ea 103:13, 14.

15. (a) Mohloli o mong oa matšeliso bakeng sa ba utloisitsoeng bohloko ke ba bang ka boomo ke ofe? (b) Jehova o bontša tlhompho ho e mong le e mong oa rōna ka ho re fa boikarabelo bofe?

15 Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a re nke re le bahlaseluoa ba maemo ba sitoang ho iketsetsa letho. Haeba re bile le liphihlelo tse bohloko nakong e fetileng, re ka tšelisoa ke bonnete ba hore Jehova o hloile boitšoaro bo joalo ba ka boomo bo ntšang kotsi. (Pesaleme ea 11:5; Baroma 12:19) Empa na joale o tla re nka re sa ikarabelle haeba re fetoha ’me ka boomo re etsa khetho e fosahetseng? Ho hlakile hore ha ho joalo. Lentsoe la hae le re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Jehova o bontša tlhompho ho sebōpuoa se seng le se seng sa hae se bohlale ka hore a se fe boikarabelo ba ho etsa se nepahetseng le ho mo sebeletsa. Ho joalokaha Moshe a ile a bolella sechaba sa Iseraele: “Kajeno, ke bitsa leholimo le lefatše hore e be lipaki ho lōna. Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.” (Deuteronoma 30:19) Jehova o kholisehile hore le rōna re ka etsa khetho e nepahetseng. Re tseba joang?

16. Re ka atleha ho ‘sebeletsa poloko ea rōna’ joang?

16 Hlokomela seo moapostola Pauluse a se ngotseng: “Ka lebaka leo, baratuoa ba ka, . . . le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo; etsoe Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.” (Bafilippi 2:12, 13) Lentsoe la pele la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘sebeletse’ le bolela ho phetha ntho e itseng. Kahoo ha ho le ea mong oa rōna ea reretsoeng ho hlōleha kapa ho khaotsa. E tlameha ebe Jehova Molimo o kholisehile hore re ka phetha mosebetsi oo a re fileng oona—mosebetsi o lebisang polokong ea rōna—ho seng joalo a ka be a sa bululela polelo e joalo. Empa re ka atleha joang? Hase ka matla a rōna. Haeba rōna ka borōna re ne re e-na le matla a lekaneng, ho ne ho ke ke ha hlokahala “tšabo le thothomelo.” Ho e-na le hoo, Jehova o ‘sebetsa ho rōna,’ moea oa hae o halalelang o sebetsa likelellong tsa rōna le lipelong tsa rōna, o re thusa ‘ho rata le ho sebetsa.’ Ka thuso eo e lerato, na ho na le lebaka leha e le lefe la hore re se ke ra etsa khetho e nepahetseng bophelong ’me re phele ka eona? Che!—Luka 11:13.

17. Re ka etsa liphetoho life ho rōna ka borōna, hona Jehova o re thusa joang ho etsa joalo?

17 Ho tla ba le litšitiso tseo ho tla hlokahala hore re li hlōle—mohlomong litloaelo tse mpe tseo re bileng le tsona bophelong bohle ba rōna le litšusumetso tse kotsi tse ka sothang monahano oa rōna. Leha ho le joalo, ka thuso ea moea oa Jehova, re ka li hlōla! Joalokaha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Korinthe, Lentsoe la Molimo le matla ka ho lekaneng ho phethola esita le “lintho tse metseng ka matla.” (2 Bakorinthe 10:4) Ha e le hantle, Jehova a ka re thusa hore re etse liphetoho tse khōlō ho rōna ka borōna. Lentsoe la hae le re phehella hore re “lahle botho ba khale” ’me re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Baefese 4:22-24) Na e hlile moea oa Jehova o ka re thusa ho etsa liphetoho tse joalo? Ka sebele! Moea oa Molimo o hlahisa litholoana ka ho rōna—litšoaneleho tse ntle, tsa bohlokoa tseo kaofela re batlang ho li hlaolela. Ea pele ho tsena ke lerato.—Bagalata 5:22, 23.

18. Motho e mong le e mong ea nahanang a ka khona ho etsa khetho efe ka botlalo, hona see se lokela ho re thusa ho ikemisetsa ho etsa’ng?

18 Ho na le ’nete e khōlō, e lokollang ho sena. Jehova Molimo o na le matla a se nang meeli a lerato, ’me re entsoe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26; 1 Johanne 4:8) Kahoo re ka khetha ho rata Jehova. ’Me lerato leo—eseng mokhoa oo re neng re phela ka oona pele, eseng liphoso tseo re nang le tsona, eseng tšekamelo eo re e futsitseng ea ho etsa se fosahetseng—ke sona senotlolo sa bokamoso ba rōna. Lerato ho Jehova Molimo ke seo Adama le Eva ba neng ba se hloka bakeng sa hore ba lule ba tšepahala Edene. Lerato le joalo ke sona seo e mong le e mong oa rōna a se hlokang bakeng sa ho pholoha Armagedone le ho feta teko ea ho qetela bofelong ba Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. (Tšenolo 7:14; 20:5, 7-10) E mong le e mong oa rōna, ho sa tsotellehe maemo a rōna, a ka hlaolela lerato le joalo. (Matheu 22:37; 1 Bakorinthe 13:13) A re ikemisetseng ho rata Jehova le ho haha leratong leo ka ho sa feleng.

U Nahana Joang?

◻ Ke likhopolo life tse tloaelehileng tse hanyetsang thuto e nepahetseng ea Bibele mabapi le boikarabelo ba motho ka mong?

◻ Ke mosebetsi ofe oa ho ikaha oo Mokreste ka mong a lokelang ho o etsa?

◻ Mehlala ea marena a Juda e bontša joang hore motho ka mong o iketsetsa khetho?

◻ Jehova o re tiisetsa joang hore re ka etsa khetho e nepahetseng bophelong, ho sa tsotellehe litšusumetso tse mpe tse re potolohileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na bokamoso ba hao bo reriloe ke liphatsa tsa lefutso?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho sa tsotellehe mohlala o mobe oa ntat’ae, Morena Josiase o ile a khetha ho sebeletsa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela