Bo-maccabee e ne e le Bo-mang?
HO BA bangata, mehla ea bo-Maccabee ke mohloli oa boitsebiso bo buang ka nako e bileng teng lipakeng tsa ha ho phethoa libuka tsa ho qetela tsa Mangolo a Seheberu le ho tla ha Jesu Kreste. Hantle feela joalokaha makolopetso a itseng a senoleha ha ho hlahlojoa ka hloko tsamaiso e rarahaneng ea tsamaiso ea sefofane ka mor’a hore se soahlamane, ho ka ’na ha fumanoa temohisiso e itseng ka ho hlahloba mehla ea bo-Maccabee—mehla ea ho fetoha ha maemo sechabeng sa Bajuda.
Bo-Maccabee e ne e le bo-mang? Ba ile ba ama Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda joang pele Mesia ea neng a boletsoe esale pele a e-tla?—Daniele 9:25, 26.
Leqhubu le Leholo la Tsamaiso ea Segerike
Alexandere e Moholo o ile a hlōla linaha ho tloha Greece ho fihlela India (336-323 B.C.E.). ’Muso oa hae o moholo ke oona o ileng oa jala Tsamaiso ea Segerike—puo le setso sa Greece. Liofisiri tsa Alexandere le masole a hae ba ile ba nyala basali ba libaka tseo, ba kopanya setso sa Magerike le litso tsa linaha tse ling. Ka mor’a lefu la Alexandere, balaoli ba mabotho a hae ba ile ba arolelana ’muso oa hae. Mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., Antiochus III oa leloko la Magerike a Seleusia, a le Syria, o ile a hapa Iseraele ho bo-Ptolemy ba Magerike ba Egepeta. Tsamaiso ea Magerike e ile ea ama Bajuda ba Iseraele joang?
Rahistori e mong oa ngola: “Kaha Bajuda ba ne ba ke ke ba qoba ho kopana le baahisani ba bona ba fetohileng Magerike, hape ba ne ba sa kopane hangata le Bajuda ba habo bona ba lulang libakeng tse ling, ba ne ba ke ke ba phema ho amohela setso sa Magerike le tsela eo Magerike a nahanang ka eona. . . . Ho phela mehleng eo ea Tsamaiso ea Magerike ka bohona ho ne ho akarelletsa ho amohela setso sa Magerike!” Bajuda ba ile ba sebelisa mabitso a Magerike. Ba ile ba amohela litloaelo le moaparo oa Magerike ka tekanyo e sa tšoaneng. Matla a poteletseng a ho amohela lintho tsena a ne a eketseha.
Bobolu ba Baprista
Har’a Bajuda, baprista ke bona bao ho neng ho e-na le monyetla o moholo ka ho fetisisa oa hore ba susumetsoe ke Tsamaiso ea Magerike. Ho ba bangata ba bona, ho amohela Tsamaiso ea Segerike ho ne ho bolela ho lumella Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda hore e hōle ha nako e ntse e feta. Mojuda e mong ea neng a nahana joalo e ne e le Jason (ea bitsoang Joshua ka Seheberu), moena oa moprista ea phahameng, Onias III. Nakong eo Onias a neng a ile Antioke, Jason o ile a fa Magerike a boholong tjotjo. Hobane’ng? Ho a qeka hore a khethe Jason ho ba moprista e moholo sebakeng sa Onias. ’Musi oa Mogerike oa Seleusia, Antiochus Epiphanes (175-164 B.C.E.) o ile a amohela kōpo eo a sa tsila-tsile. Pele ho moo, babusi ba Magerike ba ne ba sa kena-kenane le boprista bo phahameng ba Bajuda, empa Antiochus o ne a batla chelete bakeng sa phutuho ea sesole. O ne a boetse a thabetse ho ba le moeta-pele oa Mojuda ea neng a tla buella Tsamaiso ea Segerike ka mafolofolo a eketsehileng. Ho latela kōpo ea Jason, Antiochus o ile a fa Jerusalema botumo ba motse oa Magerike (polis). Bakeng sa seo, Jason eena o ile a haha sebaka sa lipapali tsa ka tlung moo bacha ba Bajuda, esita le baprista, ba neng ba hlōlisana teng lipapaling.
Bomenemene bo ile ba tsoala bomenemene bo bong. Lilemo tse tharo hamorao, Menelaus eo e ka ’nang eaba e ne e se oa leloko la boprista, o ile a fana ka tjotjo e phahameng haholoanyane ’me Jason a baleha. Menelaus o ile a nka chelete e ngata polokelong ea matlotlo a tempele hore a lefe Antiochus ka eona. Kaha Onias III (eo e neng e le mophaphathehi Antioke) o ile a bua khahlanong le sena, Menelaus o ile a rera hore a bolaoe.
Ha taba ea bo-ba-re ea hore Antiochus o shoele e nama, Jason o ile a khutlela Jerusalema le banna ba sekete moo a lekang ho amoha Menelaus boprista bo phahameng. Empa Antiochus o ne a sa shoa. Ha a utloa ka ketso eo ea Jason le ka morusu o neng o le har’a Bajuda oa ho hanyetsa leano la hae la ho kenya Tsamaiso ea Segerike, Antiochus o ile a iphetetsa.
Antiochus o Nka Khato
Bukeng ea hae ea The Maccabees, Moshe Pearlman oa ngola: “Le hoja litlaleho li sa hlaka, ho bonahala eka Antiochus o ne a entse qeto ea hore ho lumella Bajuda ka tokoloho ea bolumeli e bile phoso ea bopolotiki. Ho ea ka eena, borabele boo ba morao-rao ba Jerusalema bo ne bo sa simoloha tšusumetsong ea bolumeli feela, empa bo ne bo simolohile maikutlong a neng a tšehetsa Baegepeta a neng a tletse Judea, ’me maikutlo ana a bopolotiki a ne a hlalositsoe ka tsela e kotsi hobane har’a batho ba hae, ke Bajuda feela ba neng ba batlile ba bile ba lumelletsoe tekanyo e khōlō ea ho ba ba arohileng bolumeling. . . . O ile a etsa qeto ea hore sena se ne se tla khaotsoa.”
Setsebi sa lipolotiki le seithuti, Abba Eban oa Moiseraele, o akaretsa se ileng sa latela: “Ka ho latellana ho potlakileng lilemong tsa 168 le 167 [B.C.E.], Bajuda ba ile ba bolaoa ka sehlōhō, ho ile ha utsuoa thepa ea Tempele, bolumeli ba Bajuda ba thibeloa. Ba bollang ba ile ba ahloleloa lefu, joalokaha ba bolokang Sabatha ba ile ba ahloleloa lefu. Thohako ea ho qetela e ile ea e-ba ka December 167, ha ka taelo ea Antiochus, aletare ea Zeuse e ne e hahoa ka har’a Tempele, ’me Bajuda ba tlangoa hore ba etsetse molimo oa Bagerike sehlabelo ka nama ea kolobe—eo ka ho hlakileng e neng e sa hloeka ho latela molao oa Bajuda.” Nakong ena, Menelaus le Bajuda ba bang ba neng ba fetohetse Bogerikeng ba ile ba tsoela pele maemong a bona, ba sebeletsa tempeleng e seng e silafetse.
Ha Bajuda ba bangata ba ntse ba amohela Tsamaiso ea Segerike, sehlopha se secha se ipitsang Bahasid—se neng se tletse borapeli—se ile sa khothalletsa hore ho bolokoe Molao oa Moshe ka tieo. Kaha batho feela ba tloaelehileng ba ne ba se ba tennoe ke baprista ba neng ba fetohetse Bogerikeng, ba ile ba tšehetsa Bahasid haholoanyane. Mehla ea boshoela tumelo e ile ea kena ha Bajuda ho pholletsa le naha ba qobelloa hore ba boloke litloaelo tsa bahetene le ho etsa mahlabelo a bona kapa ba shoe. Libuka tsa mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele a Maccabees li fana ka litlaleho tse ngata tsa banna, basali le bana ba ileng ba khetha ho shoa ho e-na le ho sekisetsa.
Bo-Maccabee ba Nka Khato
Liketso tse feteletseng tsa Antiochus li ile tsa susumelletsa Bajuda ba bangata hore ba loanele bolumeli ba bona. Modiʼin, ka leboea-bophirimela ho Jerusalema, haufi le motse oa kajeno oa Lod, moprista ea bitsoang Mattathias o ile a bitsetsoa bohareng ba motse. Kaha Mattathias o ne a hlomphuoa ke baahi ba moo, lenģosa la morena le ile la leka ho mo kholisa hore a kopanele sehlabelong sa bohetene—hore a boloke bophelo ba hae le ho behela baahi bohle mohlala. Ha Mattathias a hana, Mojuda e mong o ile a tla ka pele, a ikemiselitse ho sekisetsa. Ka lebaka la ho tlala khalefo, Mattathias o ile a phamola sehlomo ’me a mo bolaea. Ba tšositsoe ke boitšoaro boo bo mabifi ba monna eo ea hōlileng, masole a Magerike a ile a lieha ho nka khato. Ka metsotsoana feela, Mattathias o ne a bolaile ofisiri ea Mogerike. Bara ba bahlano ba Mattathias, le baahi ba motse oo ba ile ba hlōla masole a Magerike pele a ka itšireletsa.
Mattathias o ile a hooa: ‘E mong le e mong ea chesehelang Molao a ntatele.’ Ho phema boiphetetso, eena le bara ba hae ba ile ba balehela sebakeng se ka thōko se maralla. Ha litaba tsa seo ba se entseng li hasana, Bajuda (ho kopanyelletsa le Bahasid ba bangata) ba ile ba ea ikopanya le bona.
Mattathias o ile a khetha mora oa hae Judah hore a tsamaise lebotho la sesole. Mohlomong ka lebaka la sebete seo lebotho la ntoa la Judah le neng le le sona, o ile a bitsoa Maccabee, e bolelang “noto.” Mattathias le bara ba hae ba ile ba bitsoa Mahasmone, lebitso le nkiloeng motseng oa Heshmone kapa ho moholo-holo ea neng a bitsoa ka lebitso leo. (Joshua 15:27) Leha ho le joalo, kaha Judah Maccabee e ile ea e-ba motho ea tummeng nakong eo ea borabele, lelapa lohle le ile la bitsoa bo-Maccabee.
Ho Fumana Tempele Hape
Selemong sa pele sa phetohelo ena, Mattathias le bara ba hae ba ile ba khona ho hlophisa lebotho le lenyenyane la ntoa. Liketsahalong tse ’maloa, masole a Magerike a ile a hlasela lihlopha tsa masole a Mahasid ka Sabatha. Le hoja a ne a ka khona ho itšireletsa, a ne a ke ke a tlōla molao oa Sabatha. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba bolaoa. Mattathias—eo joale a neng a se a nkoa e le ea nang le matla a ho laela bolumeling—o ile a theha molao o neng o lumella Bajuda hore ba itšireletse ka Sabatha. Molao ona ha oa ka oa fana ka matla a macha feela borabeleng boo, empa o ile oa boela oa beha mohlala Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda oa ho lumella baeta-pele ba bolumeli hore ba feto-fetole molao oa Sejuda hore o ikamahanye le maemo. Talmud e bonahatsa mokhoa ona ho seo e ileng ea se bolela hamorao: “A ba ke ba hlompholle Sabatha e le ’ngoe e le hore ba tle ba tlotlise Lisabatha tse ngata.”—Yoma 85b.
Ka mor’a lefu la ntate oa hae ea neng a se a hōlile, ntle le ho hanyetsoa, Judah Maccabee e ile ea e-ba moeta-pele oa phetohelo eo. Ha a lemoha hore ha a na matla a ho hlōla sera sa hae ntoeng ea pontšeng, o ile a qapa mekhoa e mecha e kang ntoa ea sekhukhu ea mehleng ea kajeno. O ile a hlasela mabotho a Antiochus libakeng tseo a neng a ke ke a sebelisa mekhoa ea ’ona e tloaelehileng ea ho itšireletsa. Kahoo, letotong la lintoa tse ileng tsa loanoa, Judah o ile a atleha ho hlōla mabotho a neng a le maholo haholo ho lebotho la hae.
Ba talimane le bora bo neng bo le ka har’a ’muso le matla a neng a eketseha a Roma, babusi ba ’Muso oa Seleusia ba ne ba se ba sa ameha haholo ka ho qobella melao-taelo e khahlanong le Bojuda. Sena se ile sa betlela Judah tsela ea hore a phehelle tlhaselo ea hae ho fihlela lihekeng tsa Jerusalema. Ka December 165 B.C.E. (kapa mohlomong ka 164 B.C.E.), eena le masole a hae ba ile ba hapa tempele, ba hloekisa lijana tsa eona ’me ba boela ba e nehela—lilemo tse tharo hantle ka mor’a hore e silafatsoe. Bajuda ba ikhopotsa ketsahalo ena selemo se seng le se seng nakong ea Hanukkah, mokete oa nehelo.
Lipolotiki li Pupetsa Borapeli
Lipakane tsa phetohelo eo li ne li finyeletsoe. Ho ne ho tlositsoe lithibelo tse neng li behiloe khahlanong le Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Ho ne ho tsosolositsoe borapeli le mahlabelo tempeleng. Joale a khotsofetse, Mahasid a ile a tlohela lebotho la ntoa la Judah Maccabee ’me a khutlela malapeng a ’ona. Empa Judah o ne a e-na le likhopolo tse ling. O ne a e-na le lebotho la ntoa le koetlisitsoeng hantle, kahoo, ke hobane’ng ha a ne a sa le sebelise hore a thehe ’muso o ikemetseng oa Bajuda? Mabaka a bolumeli a neng a bakile phetohelo joale a ile a nkeloa sebaka ke litšusumetso tsa lipolotiki. Ka hona, ntoa e ile ea tsoela pele.
Moo a batlang tšehetso ea ho loantša puso ea Seleusia, Judah Maccabee o ile a theha selekane le Roma. Le hoja a ile a bolaoa ntoeng ka 160 B.C.E., barab’abo ba ile ba tsoela pele ho loana. Mor’abo Judah, Jonathan, o ile a tsamaisa litaba ka tsela e ileng ea etsa hore babusi ba Baseleucia ba lumele hore a khetheloe ho ba moprista ea phahameng le ’musi oa Judea, le hoja a ne a ntse a le ka tlas’a bobusi ba bona. Ha Jonathan a se a qhekelletsoe, a tšoeroe le ho bolaoa ka lebaka la ’momori o neng o entsoe ke Baasyria, mor’abo Simeon—oa ho qetela ho bara ba Maccabee—o ile a busa. Tlas’a puso ea Simeon, mesaletsa ea ho qetela ea puso ea Seleusia e ile ea tlosoa (ka 141 B.C.E.). Simeon o ile a nchafatsa selekane le Roma, ’me baeta-pele ba Bajuda ba mo amohela e le ’musi le moprista ea phahameng. Ka tsela ena, leloko la Mahasmone le ile la thehoa matsohong a bo-Maccabee.
Bo-Maccabee ba ile ba tsosolosa borapeli tempeleng pele Mesia a e-tla. (Bapisa le Johanne 1:41, 42; 2:13-17.) Empa joalokaha liketso tsa baprista ba neng ba fetohetse Bogerikeng li ile tsa felisa tšepo ea batho bopristeng, e ile ea fokola le ho feta tlas’a Mahasmone. Ka sebele, puso ea baprista ba neng ba sekametse lipolotiking ho e-na le pusong ea morena ea tšepahalang oa leloko la Davida ha ea ka ea tlisetsa Bajuda litlhohonolofatso tsa sebele.—2 Samuele 7:16; Pesaleme ea 89:3, 4, 35, 36.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Mattathias, ntate oa Judah Maccabee, o ile a hooa: ‘E mong le e mong ea chesehelang Molao a ntatele’
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mattathias appealing to the Jewish refugees/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications