Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/1 maq. 13-18
  • Ho Sireletsa Tumelo ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sireletsa Tumelo ea Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho ba le Kahlolo e Molemo ha Lōna a ho Tsejoe ke Batho Bohle”
  • Nako ea ho Khutsa, Nako ea ho Bua
  • Ho Thoe’ng ka Liphatlalatso Tsa Liketselletso?
  • Ho Sireletsa ka Molao Litaba Tse Molemo
  • Kamoo Bakreste ba Hlōlang Nyeliso ea Pontšeng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ba Hloiloe ka Lebaka la Tumelo ea Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/1 maq. 13-18

Ho Sireletsa Tumelo ea Rōna

“Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, ka mehla le loketse ho etsa tšireletso ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna.”—1 PETROSE 3:15.

1, 2. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa makatsoe ke khanyetso, empa li lakatsa eng?

LINAHENG tse ngata, ka kakaretso Lipaki tsa Jehova li nkoa e le batho ba tsebahalang ka botšepehi le ba phelang ka bohloeki. Ba bangata ba li talima e le baahisani ba molemo ba sa bakeng khathatso leha e le efe. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore Bakreste bana ba ratang khotso ba ’nile ba feta tlas’a mahloriso a leeme—linakong tsa ntoa le tsa khotso. Ha ba makatsoe ke khanyetso e joalo. Ha e le hantle, ba e lebeletse. Ho phaella moo, baa tseba hore Bakreste ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba “hloiloe,” joale ke hobane’ng ha ba lekang ho ba balateli ba Kreste ba ’nete kajeno ba lokela ho lebella ho tšoaroa ka tsela e fapaneng? (Matheu 10:22) Ntle ho moo, Bibele e re: “Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.”—2 Timothea 3:12.

2 Lipaki tsa Jehova ha li batle mahloriso, leha e le hore li thabela ho ba mathateng—ho fuoa kotlo ea tefiso, ho koalloa teronkong, kapa ho tšoaroa ka thata—ho ka ’nang ha tlisoa ke mahloriso. Li lakatsa “ho phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng” e le hore li ka bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ntle ho tšitiso. (1 Timothea 2:1, 2) Li thabela bolokolohi ba bolumeli boo li nang le bona linaheng tse ngata e le hore li ka ntšetsa pele borapeli ba tsona, ’me li hlokolosi ho etsa sohle seo li ka se khonang ho ba “le khotso le batho bohle,” ho akarelletsa le babusi ba mebuso ea batho. (Baroma 12:18; 13:1-7) Joale, ke hobane’ng ha li “hloiloe”?

3. Ke lebaka lefe le leng leo ka lona Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa hlouoa ka leeme?

3 Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlouoa ka leeme ka mabaka a tšoanang le ao Bakreste ba pele ba ileng ba a hlorisetsoa. La pele, Lipaki tsa Jehova li sebelisa litumelo tsa tsona tsa bolumeli ka litsela tse etsang hore li se ke tsa rateha ho ba bang. Ka mohlala, li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho, empa batho ba bang hangata ba utloisisa cheseho ea tsona hampe, ba talima boboleli ba tsona e le “bo sokollang ka mabifi.” (Bapisa le Liketso 4:19, 20.) Hape ha li nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki le lintoeng tsa lichaba, ’me ka linako tse ling sena se ile sa hlalosoa hampe ka hore Lipaki ke baahi ba sa tšepahaleng.—Mikea 4:3, 4.

4, 5. (a) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa joang ka liqoso tsa bohata? (b) Ke bo-mang bao hangata e bileng bahlohlelletsi ba ka sehloohong ba ho hlorisoa ha bahlanka ba Jehova?

4 La bobeli, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa ka liqoso tsa bohata—mashano a totobetseng le litlhaloso tse sothiloeng tsa litumelo tsa tsona. Ka lebaka leo, linaheng tse ling li ’nile tsa fetoha liphofu tsa ho hloka toka. Ho feta moo, hobane li batla phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali tumellanong le takatso ea tsona ea ho mamela taelo ea Bibele ea ho ‘ila mali,’ ka phoso li ’nile tsa bitsoa “babolai ba bana” le “sehlotšoana sa borapeli sa batho ba ipolaeang.” (Liketso 15:29) Empa ’nete ke hore Lipaki tsa Jehova li nka bophelo e le ba bohlokoa haholo, ’me li batla ho iphumanela tlhokomelo ea meriana e molemo ka ho fetisisa bakeng sa tsona le bana ba tsona. Qoso ea hore bana ba bangata ba Lipaki tsa Jehova baa shoa selemo le selemo ka lebaka la ho hana tšelo ea mali ha e na motheo ka ho feletseng. Ho feta moo, kaha ’nete ea Bibele ha e be le liphello tse tšoanang ho litho tsohle tsa lelapa, Lipaki li ’nile tsa qosoa ka hore li qhala malapa. Leha ho le joalo, ba tloaelaneng le Lipaki tsa Jehova baa tseba hore li nka bophelo ba lelapa e le ba bohlokoa haholo ’me li leka ho latela litaelo tsa Bibele tsa hore banna le basali ba ratane ’me ba hlomphane le hore bana ba mamele batsoali ba bona ebang ke balumeli kapa che.—Baefese 5:21–6:3.

5 Maemong a mangata, ho ’nile ha fumaneha hore bahlohlelletsi ba ka sehloohong ba mahloriso a bahlanka ba Jehova ke bahanyetsi ba bolumeli ba lekileng ho thibela mesebetsi ea Lipaki ka ho sebelisa tšusumetso ea bona ho ba boholong lipolotiking le ho mecha ea phatlalatso. Rōna Lipaki tsa Jehova re lokela ho arabela joang khanyetsong e joalo—ebang ke e hlahisoang ke litumelo le mekhoa ea rōna kapa ke liqoso tsa bohata?

“Ho ba le Kahlolo e Molemo ha Lōna a ho Tsejoe ke Batho Bohle”

6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba le pono e leka-lekaneng ka ba kantle ho phutheho ea Bokreste?

6 Ho tloha qalong feela, re lokela ho ba le pono e nepahetseng—pono ea Jehova—ka ba sa kopaneleng le rōna litumelong tsa rōna tsa bolumeli. Ho seng joalo, re ka ’na ra mema lehloeo kapa ho nyatsoa ke ba bang ho sa hlokahale. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna a ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilippi 4:5) Kahoo, Bibele e re khothalletsa ho ba le pono e leka-lekaneng ka ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste.

7. Ho ameha eng tabeng ea hore re ipoloke ‘re se na letheba lefatšeng’?

7 Ka lehlakoreng le leng, Mangolo a re eletsa ka ho hlaka hore ‘re ipoloke re se na letheba lefatšeng.’ (Jakobo 1:27; 4:4) Mona, lentsoe “lefatše,” joaloka libakeng tse ling tse ngata ka Bibeleng, le bolela letšoele la batho bao eseng Bakreste ba ’nete. Re phela ka har’a batho bana; re kopana le bona mesebetsing, sekolong le metseng. (Johanne 17:11, 15; 1 Bakorinthe 5:9, 10) Leha ho le joalo, re lula re se na letheba lefatšeng ka ho qoba maikutlo, lipuo le boitšoaro tse khahlanong le litsela tse lokileng tsa Molimo. Hape ke habohlokoa ho hlokomela kotsi ea ho ba le botsoalle bo haufi-ufi le lefatše lena, haholo-holo le bao ba bontšang ho se hlomphe litekanyetso tsa Jehova.—Liproverbia 13:20.

8. Ke hobane’ng ha keletso ea ho lula re se na letheba lefatšeng e sa re fe lebaka la ho khella ba bang fatše?

8 Leha ho le joalo, keletso ea ho lula re se na letheba lefatšeng ho hang ha e re fe lebaka leha e le lefe la ho khella batho ba bang bao eseng Lipaki tsa Jehova fatše. (Liproverbia 8:13) Hopola mohlala o tšohliloeng sehloohong se fetileng, oa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Mofuta oa bolumeli oo ba ileng ba o hlahisa ha oa ka oa amoheleha ho Jehova; leha e le hona hore o ile oa tlatsetsa ho beng le kamano e ntle le bao eseng Bajuda. (Matheu 21:43, 45) Ho ea ka maikutlo a bona a ho itokafatsa ka boiphahamiso, banna bana ba chesehang ka ho feteletseng ba ile ba shebela Balichaba fatše. Ha re latele maikutlo a fokolang joalo, a ho khesa bao eseng Lipaki. Joaloka moapostola Pauluse, takatso ea rōna ke hore bohle ba utloang molaetsa oa ’nete oa Bibele ba fumane kamohelo ea Molimo.—Liketso 26:29; 1 Timothea 2:3, 4.

9. Pono ea Mangolo e leka-lekaneng e lokela ho ba le phello efe tseleng eo re buang ka eona ka ba sa kopaneleng le rōna tumelong?

9 Pono ea Mangolo e leka-lekaneng e lokela ho ama tsela eo re buang ka eona ka bao eseng Lipaki. Pauluse o ile a laela Tite hore a hopotse Bakreste ba sehlekehlekeng sa Kreta hore ba ‘se bue ka mokhoa o kotsi ka le ea mong, ba se rate ntoa, ba be le kahlolo e molemo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.’ (Tite 3:2) Hlokomela hore Bakreste ba ne ba lokela ho se bue ka mokhoa o kotsi “ka le ea mong”—esita le ka bao eseng Bakreste, Kreta, bao ba bang ba bona ba neng ba tsebahala ka ho bua leshano, ho ba menyollo le ho ba botsoa. (Tite 1:12) Kahoo, re ne re tla be re sa lumellane le Mangolo haeba re sebelisa mantsoe a nyenyefatsang ba sa kopaneleng le rōna tumelong. Boikutlo ba ho phahamela ba bang bo ke ke ba hohella ba bang borapeling ba Jehova. Ho e-na le hoo, ha re talima le ho tšoara ba bang tumellanong le melao-motheo e nang le kahlolo e molemo ea Lentsoe la Jehova, re “khabisa thuto” ea Molimo.—Tite 2:10.

Nako ea ho Khutsa, Nako ea ho Bua

10, 11. Jesu o ile a bontša joang hore o tseba ha e ne e le (a) ‘nako ea ho khutsa’? (b) ‘nako ea ho bua’?

10 Moeklesia 3:7 e re “nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.” Joale, phephetso ke ena: ho etsa qeto ea hore na re iphapanyetsa bahanyetsi neng le hore na re bua neng ho sireletsa tumelo ea rōna. Re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa eo kamehla a neng a sebelisa kahlolo e phethahetseng—Jesu. (1 Petrose 2:21) O ne a tseba ha e le ‘nako ea ho khutsa.’ Ka mohlala, ha baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ne ba mo qosa ka bohata ho Pilato, Jesu “ha aa ka a araba.” (Matheu 27:11-14) Ha aa ka a batla ho bua letho le neng le ka ’na la sitisa ho phethahatsoa ha thato ea Molimo ka eena. Ho e-na le hoo, o ile a khetha hore liketso tsa hae li ipuelle. O ne a tseba hore esita le ’nete e ne e ke ke ea fetola likelello le lipelo tsa bona tse ikhohomosang. Kahoo, o ile a hlokomoloha qoso ea bona, a hana ho sekisetsa morerong oa hae oa ho khutsa.—Esaia 53:7.

11 Leha ho le joalo, Jesu o ne a boetse a tseba ha e le ‘nako ea ho bua.’ Ka lekhetlo le leng, o ile a bua ka bolokolohi le ka sebete ho hanyetsa bahanyetsi ba hae, a shanofatsa liqoso tsa bona tsa bohata. Ka mohlala, ha bangoli le Bafarisi ba ne ba leka ho mo senya lebitso ka pel’a letšoele ka ho mo qosa ka hore o leleka bademona ka thuso ea Beelzebube, Jesu ha aa ka a khetha ho hlokomoloha qoso eo ea bohata. O ile a shanofatsa leshano leo, ka ho etsa papiso e hlakileng le e matla haholo. (Mareka 3:20-30; bona le Matheu 15:1-11; 22:17-21; Johanne 18:37.) Ka ho tšoanang, ka mor’a hore Jesu a ekoe ’me a tšoaroe, o ile a hulanyetsoa ka pele ho Sanhedrine, moo Moprista ea Phahameng Kaifase a ileng a botsa ka bolotsana: “Ke u antša ka Molimo ea phelang hore u re bolelle hore na u Kreste Mora oa Molimo!” Le mona e ne e le ‘nako ea ho bua,’ kaha ho khutsa ho ne ho ka ’na ha utloisisoa ka hore o latola hore ke eena Kreste. Kahoo, Jesu o ile a araba: “Ke eena.”—Matheu 26:63, 64; Mareka 14:61, 62.

12. Ke maemo afe a ileng a susumelletsa Pauluse le Barnabase ho bua ka sebete Ikoniamo?

12 Hape nahana ka mohlala oa Pauluse le Barnabase. Liketso 14:1, 2 e re: “Ikoniamo ba kena hammoho ka synagogeng ea Bajuda ’me ba bua ka mokhoa oo ka oona letšoele le leholo la Bajuda hammoho le Bagerike le ileng la fetoha balumeli. Empa Bajuda ba neng ba sa lumele ba hlohlelletsa le ho susumetsa ka mokhoa o fosahetseng lisoule tsa batho ba lichaba khahlanong le barab’abo rōna.” The New English Bible e baleha tjena: “Empa Bajuda ba sa sokolohang ba hlohlelletsa Balichaba ’me ba sotha likelello tsa bona khahlanong le Bakreste.” Ba sa khotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letšolo la liqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Balichaba ho hloea Bakreste.a E tlameha ebe ba ne ba hloile Bokreste hakaakang! (Bapisa le Liketso 10:28.) Pauluse le Barnabase ba ile ba hlokomela hore eo e ne e le ‘nako ea ho bua,’ esere barutuoa ba bacha ba nyahamisoa ke ho nyatsoa ke sechaba. “Ka hona [Pauluse le Barnabase] ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka matla a ho laela a Jehova,” ea ileng a bontša ho ba amohela ka ho ba fa matla a ho etsa lipontšo tsa mehlolo. Sena se ile sa fella ka hore ba bang ba ile “ba ema le Bajuda empa ba bang ba ema le baapostola.”—Liketso 14:3, 4.

13. Ha re sebetsana le ho nyatsuoa, hangata ke neng e bang ‘nako ea ho khutsa’?

13 Joale, re lokela ho itšoara joang ha re nyatsuoa? Seo sohle se itšetlehile ka maemo. Maemo a mang a re hloka hore re sebelise molao-motheo o reng ho na le ‘nako ea ho khutsa.’ Sena sea hlokahala haholo-holo ha bahanyetsi ba ikemiselitseng ba leka ho re hulela ho pheheng likhang tse se nang morero. Ha rea lokela ho lebala hore batho ba bang ba mpa ba sa batle ho tseba ’nete. (2 Bathesalonika 2:9-12) Ho leka ho behelana mabaka le bao lipelo tsa bona li khomaretseng ka boikhohomoso ho hlokeng tumelo ke hoa lefeela. Ho feta moo, haeba re ne re ka ikenya-kenya ka ho feletseng ho pheheng likhang tsa moqosi e mong le e mong oa bohata ea re hlaselang, re ne re tla khelosoa mosebetsing oa bohlokoa le o putsang ka ho fetisisa—e leng oa ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ba hlileng ba batlang ho ithuta ’nete ea Bibele. Kahoo, ha re thulana le bahanyetsi ba sekametseng ka matla ho jaleng mashano ka rōna, keletso e bululetsoeng ke hore: “Le ba qobe.”—Baroma 16:17, 18; Matheu 7:6.

14. Re ka sireletsa tumelo ea rōna ka litsela life ho ba bang?

14 Ka sebele sena ha se bolele hore ha re sireletse tumelo ea rōna. Etsoe, ho boetse ho na le ‘nako ea ho bua.’ Ka nepo re amehile ka batho ba tšepahalang ba ’nileng ba pepesetsoa liqoso tse senyang lebitso tseo re qosoang ka tsona. Re ikemiselitse ho hlalosetsa ba bang ka kholiseho ea rōna e tlohang botebong ba pelo ka ho hlakileng; ka sebele, re thabela monyetla oo. Petrose o ile a ngola: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, ka mehla le loketse ho etsa tšireletso ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Ha batho ba thahasellang e le kannete ba batla bopaki ba tumelo eo re e baballang, ha ba re botsa ka liqoso tsa bohata tse hlahisoang ke bahanyetsi, ke boikarabelo ba rōna ho sireletsa tumelo ea rōna, re fana ka likarabo tse utloahalang tsa Bibele. Ho phaella moo, boitšoaro ba rōna bo botle bo ka bolela ho hongata. Ha bashebelli ba se nang leeme ba hlokomela hore re hlile re phela tumellanong le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo, ba hlokomela ka potlako hore liqoso tse etsoang khahlanong le rōna ke tsa bohata.—1 Petrose 2:12-15.

Ho Thoe’ng ka Liphatlalatso Tsa Liketselletso?

15. Ke mohlala ofe o bontšang kamoo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa hlaseloa ke mecha ea litaba ka boitsebiso bo sothehileng?

15 Ka linako tse ling, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlaseloa ke mecha ea litaba ka boitsebiso bo sothehileng. Ka mohlala, ka la 1 August 1997, koranta e ’ngoe ea Russia e ile ea phatlalatsa sehlooho se seng se nang le liqoso tsa bohata, har’a lintho tse ling, se bolela hore ka ntle ho tikatiko Lipaki li batla hore litho tsa tsona li ‘lahle basali, banna le batsoali ba tsona haeba bana ba sa utloisise ba bile ba sa kopanele tumelo ea tsona.’ Motho leha e le mang ea tloaelaneng le Lipaki tsa Jehova oa tseba hore qoso ena ke ea bohata. Bibele e bontša hore Bakreste ba lokela ho tšoara litho tsa malapa a bona ka lerato le tlhompho, ’me Lipaki li leka ka matla ho latela tataiso ena. (1 Bakorinthe 7:12-16; 1 Petrose 3:1-4) Leha ho le joalo, sehlooho seo se ile sa hatisoa, ’me kahoo babali ba bangata ba fumana boitsebiso bo fosahetseng. Re ka sireletsa tumelo ea rōna joang ha re qosoa ka bohata?

16, 17 le lebokose le leqepheng la 16. (a) Molula-Qhooa o kile oa re’ng mabapi le ho arabela boitsebiso bo fosahetseng bo jaloang ke mecha ea litaba? (b) Ke maemong afe ao ho ’ona Lipaki tsa Jehova li ka ’nang tsa arabela litlaleho tse fosahetseng tsa mecha ea litaba?

16 Mona le teng, ho na le ‘nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.’ Molula-Qhooa o kile oa ho hlalosa ka tsela ena: “Ho re na re hlokomoloha boitsebiso bo fosahetseng bo mecheng ea litaba kapa re sireletsa ’nete ka mekhoa e loketseng ho itšetlehile ka maemo, mohlohlelletsi oa litšomo, le pakane ea hae.” Maemong a mang ho ka ’na ha e-ba molemo ho hlokomoloha litlaleho tse fosahetseng, ho etsa joalo e le ho emisa ho phatlalla ha mashano.

17 Maemong a mang e ka ’na eaba ke ‘nako ea ho bua.’ Mohlomong moqolotsi kapa motlalehi oa litaba ea tšepahalang o ’nile a fuoa boitsebiso bo fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova ’me mohlomong a ka ’na a amohela boitsebiso ba ’nete ka rōna. (Bona lebokose le reng “Ho Hlakola Tšenyo ea Lebitso.”) Haeba litlaleho tse fosahetseng tse hasoang ke mecha ea litaba li hlohlelletsa lehloeo le sitisang mosebetsi oa rōna oa boboleli, baemeli ba ofisi ea lekala ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ka ’na ba nka bohato ho sireletsa ’nete ka litsela tse ling tse loketseng.b Ka mohlala, baholo ba tšoanelehang ba ka ’na ba abeloa hore ba hlahise linnete, joaloka mananeong a TV, e leng moo ho hlōleha ho hlahella teng ho ka ’nang ha fana ka maikutlo a hore Lipaki tsa Jehova ha li na karabo. Ka bohlale Lipaki ka bonngoe li sebelisana ’moho le tataiso ea Mokhatlo oa Watch Tower le baemeli ba oona litabeng tse joalo.—Baheberu 13:17.

Ho Sireletsa ka Molao Litaba Tse Molemo

18. (a) Ke hobane’ng ha re sa hloke ho fuoa ke mebuso ea batho tumello ea ho bolela? (b) Re latela tsela efe ha re sa fuoe tumello ea ho bolela?

18 Taelo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e tsoa leholimong. Jesu, ea laetseng hore re etse mosebetsi ona, o filoe “matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18-20; Bafilippi 2:9-11) Ka hona, ha re hloke ho fuoa ke mebuso ea batho tumello ea ho bolela. Leha ho le joalo, rea hlokomela hore ho ba le bolokolohi ba bolumeli hoa thusa ho haseng molaetsa oa ’Muso. Linaheng tseo re nang le bolokolohi ba ho ntšetsa pele borapeli ba rōna, re tla sebelisa tsamaiso ea molao ho bo sireletsa. Moo re ’nileng ra haneloa ka bolokolohi bo joalo, re tla leka ka matla ho bo fumana, re sebelisa moralo o teng oa molao. Pakane ea rōna, hase ho ntlafatsa maemo a sechaba, empa e le ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’c—Bafilippi 1:7.

19. (a) Ke’ng se ka ’nang sa etsahala ka lebaka la ho ‘lefa ha rōna lintho tsa Molimo ho Molimo’? (b) Boikemisetso ba rōna ke ho etsa eng?

19 Re le Lipaki tsa Jehova, re amohela Jehova e le ’Musi oa Bokahohle. Molao oa hae o phahame ka ho fetisisa. Ka hloko re mamela mebuso ea batho, kahoo re ‘lefa lintho tsa Sesare ho Sesare.’ Empa re ke ke ra lumella letho ho re sitisa ho phetha boikarabelo ba rōna ba bohlokoa ka ho fetisisa—‘ho lefa lintho tsa Molimo ho Molimo.’ (Matheu 22:21) Re utloisisa ka ho feletseng hore ho etsa seo ho tla re etsa “ba hloiloeng” ke lichaba, empa sena re se amohela e le karolo ea litšenyehelo tsa ho ba morutuoa. Pale ea molao ea Lipaki tsa Jehova ea lekholong lena la bo20 la lilemo e paka boikemisetso ba rōna ba ho sireletsa tumelo ea rōna. Ka thuso le tšehetso ea Jehova, re tla tsoela pele re “sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo.”—Liketso 5:42.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

HO HLAKOLA TŠENYO EA LEBITSO

“Yacuiba, Bolivia, sehlopha sa moo sa baevangeli se ile sa lokisetsa hore setsi sa TV se bontše filimi eo ho bonahalang e ne e entsoe ke bakoenehi. Ka lebaka la liphello tse mpe tsa lenaneo leo, baholo ba ile ba etsa qeto ea ho etela litsi tse peli tsa TV ’me ba ithaopela ho lefella hore sechaba se bontšoe video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name le ea The Bible—A Book of Fact and Prophecy. Ka mor’a hore a bone livideo tsa Mokhatlo, mong’a setsi sa seea-le-moea o ile a khopeha ka lebaka la liketselletso tsa lenaneo la bakoenehi ’me a ithaopela ho etsetsa Lipaki tsa Jehova tsebiso e sa lefelloeng e etsoang lipakeng tsa mananeo mabapi le kopano ea tsona ea setereke e neng e e-tla. Palo ea ba bileng teng e ne e phahame ka tsela e sa tloaelehang, ’me ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba ile ba qala ho botsa lipotso tse tiileng ha Lipaki li ba etela ha li le tšebeletsong.”—Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997, leqepheng la 61-2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Matthew Henry’s Commentary on the Whole Bible e hlalosa hore bahanyetsi ba Bajuda “ba ile ba hla ba ikemisetsa ho ea ho [Balichaba] ba joalo kaha ba ne ba e-na le botsoalle bo itseng, ’me ba ba bolella sohle seo ka likelello tsa bona kapa lehloeo la bona ba neng ba ka se qapa, e le hore ba ba hlohleletse eseng feela ho khella khopolo ea Bokreste fatše empa hape le ho e hloea.”

b Ka mor’a hore koranta ea Russia e phatlalatse sehlooho se nang le liqoso tsa bohata (tse boletsoeng serapeng sa 15), Lipaki tsa Jehova li ile tsa ipiletsa ho Russian Federation Presidential Judicial Chamber for Media Disputes li kōpa hore e hlahlobe liqoso tseo tsa bohata tse boletsoeng sehloohong seo. Haufinyane tjena lekhotla le ile la ntša qeto e nyatsang koranta eo ka ho hatisa sehlooho se nyefolang joalo.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 1998, leqepheng la 26-7.

c Bona sehlooho se reng “Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Molao,” leqepheng la 19-22.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova e le tse “hloiloeng”?

◻ Re lokela ho talima ba sa kopaneleng tumelong ea rōna ea bolumeli joang?

◻ Tabeng ea ho sebetsana le bahanyetsi, Jesu o ile a beha mohlala ofe o bontšang ho leka-lekana?

◻ Ha re nyatsuoa, re ka sebelisa molao-motheo oa hore ho na le ‘nako ea ho khutsa le nako ea ho bua’ joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a bua phatlalatsa ho shanofatsa liqoso tsa bohata tsa bahanyetsi ba hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela