Na Lithapelo Tsa Hao li ‘Lokisitsoe Joaloka Libano’?
“E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao.”—PESALEME EA 141:2, NW.
1, 2. Ho chesa libano ho ne ho tšoantšetsa eng?
JEHOVA MOLIMO o ile a laela moprofeta oa hae Moshe hore a lokise libano tse halalelang tse tla sebelisoa tabernakeleng ea Iseraele ea borapeli. Ho latela molao oa Molimo, ho ne ho hlokahala motsoako o monko o monate o entsoeng ka lintho tse ’nè. (Exoda 30:34-38) Ka sebele o ile oa ipaka o le monko o monate.
2 Selekane sa molao seo sechaba sa Iseraele se ileng sa kenngoa ho sona se ne se lumella hore ho chesoe libano kamehla. (Exoda 30:7, 8) Na tšebeliso ea libano e ne e e-na le moelelo o itseng o khethehileng? E, hobane mopesaleme o ile a bina: “E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao [Jehova Molimo], ho phahama ha matsoho a ka ho lokisoe joaloka nyehelo ea lijo-thollo ea mantsiboea.” (Pesaleme ea 141:2, NW) Bukeng ea Tšenolo, moapostola Johanne o hlalosa ba pota-potileng terone ea Molimo ea leholimo e le ba nang le likotlolo tsa khauta tse tletseng libano. Tlaleho ena e bululetsoeng e re: “’Me libano li bolela lithapelo tsa bahalaleli.” (Tšenolo 5:8) Ka hona he, ho chesa libano tse monko o monate ho ne ho tšoantšetsa lithapelo tse amohelehang tseo bahlanka ba Jehova ba li etsang motšehare le bosiu.—1 Bathesalonika 3:10; Baheberu 5:7.
3. Ke eng se ka re thusang ho ‘lokisa lithapelo tsa rōna joaloka libano ka pel’a Molimo’?
3 E le hore lithapelo tsa rōna li amohelehe ho Molimo, re lokela ho mo rapela ka lebitso la Jesu Kreste. (Johanne 16:23, 24) Empa re ka ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa rōna joang? Ha e le hantle, ho hlahloba mehlala e itseng ea Mangolo ho lokela ho re thusa ho lokisa lithapelo tsa rōna joaloka libano ka pel’a Jehova.—Liproverbia 15:8.
Etsa Lithapelo ka Tumelo
4. Tumelo e amana joang le thapelo e amohelehang?
4 E le hore lithapelo tsa rōna li nyolohele ho Molimo e le libano tse monko o monate, re lokela ho rapela ka tumelo. (Baheberu 11:6) Ha baholo ba Bakreste ba fumana motho ea kulang moeeng ea amohelang thuso ea bona ea Mangolo, “thapelo [ea bona] ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole.” (Jakobo 5:15) Lithapelo tse etsoang ka tumelo li thabisa Ntate oa rōna oa leholimo, ’me ho joalo le ka thuto ea Lentsoe la Molimo e etsoang ka boikutlo ba thapelo. Mopesaleme o ile a bontša boikutlo bo botle ha a ne a bina: “Ke tla emisetsa litaelo tsa hao matsoho a ka, hobane kea li rata, ke nahane likomelo tsa hao. U nthute kutloisiso e ntle le tsebo, hobane ke lumetse litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:48, 66) A re ‘otlolleng matsoho a rōna’ ha re rapela ka boikokobetso ’me re sebeliseng tumelo ka ho boloka litaelo tsa Molimo.
5. Re lokela ho etsa eng haeba re hloka bohlale?
5 Nka hore re hloka bohlale bo hlokahalang bakeng sa ho sebetsana le teko e itseng. Mohlomong ha rea tiiseha hore boprofeta bo itseng ba Bibele boa phethahala hona joale. Ho e-na le ho lumella sena ho re hlokisa botsitso moeeng, a re rapelleng bohlale. (Bagalata 5:7, 8; Jakobo 1:5-8) Ka sebele, re ke ke ra lebella hore Molimo a re arabe ka tsela ea mohlolo. Ho hlokahala hore re bontše hore lithapelo tsa rōna ha li na boikaketsi ka ho etsa seo a lebeletseng hore batho bohle ba hae ba se etse. Ho hlokahala hore re kopanele thutong ea Mangolo e hahang tumelo ka thuso ea lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47; Joshua 1:7, 8) Hape ho hlokahala hore re tsoele pele tsebong ka hore kamehla re nke karolo libokeng tsa batho ba Molimo.—Baheberu 10:24, 25.
6. (a) Ke eng seo kaofela ha rōna re lokelang ho se hlokomela ka mehla ea rōna le ka ho phethahala ha boprofeta ba Bibele? (b) Ho phaella ho rapelleng ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, ke eng seo re lokelang ho se etsa?
6 Kajeno, Bakreste ba bang ba phehella lithahasello le mesebetsi tse bontšang hore ha ba hlokomele hore hona joale re hare-hare “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Ka ho loketseng balumeli-’moho le rōna ba ka rapella hore ba joalo ba tsosolose kapa ba matlafatse tumelo ea bona bopaking ba Mangolo ba hore ho ba teng ha Kreste ho qalile ka 1914 ha Jehova a ne a mo hlomamisa e le Morena oa leholimo le hore o busa har’a lira tsa hae. (Pesaleme ea 110:1, 2; Matheu 24:3) Kaofela ha rōna re lokela ho hlokomela hore liketsahalo tseo tse boletsoeng esale pele tse kang ho felisoa ha bolumeli ba bohata—“Babylona e Moholo”—ho hlasela ha Gogo oa Magogo batho ba Jehova ha bosatane, le ho pholosoa ha bona ke Molimo ea Matla ’Ohle ntoeng ea Armagedone ho ka fihla ka tšohanyetso e makatsang ’me lintho tsena kaofela li ka etsahala ka nako eo ha ho bapisoa e leng e khutšoanyane. (Tšenolo 16:14, 16; 18:1-5; Ezekiele 38:18-23) Ka hona a re rapelleng thuso ea Molimo e le hore re ka lula re falimehile moeeng. E se eka kaofela re ka rapela ka tieo bakeng sa ho halaletsoa ha lebitso la Jehova, hore ’Muso oa hae o tle le hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. E, e se eka re ka tsoela pele ho sebelisa tumelo ’me re fane ka bopaki ba hore lithapelo tsa rōna ha li na boikaketsi. (Matheu 6:9, 10) Ka sebele, e se eka bohle ba ratang Jehova ba ka batla ’Muso le ho loka ha hae pele ’me ba be le karolo e khōlō ka hohle kamoo ho ka khonehang boboleling ba litaba tse molemo pele bofelo bo fihla.—Matheu 6:33; 24:14.
Rorisa Jehova ’me U mo Lebohe
7. Ke eng se u khahlang ka thapelo ea Davida eo karolo ea eona e tlalehiloeng ho 1 Likronike 29:10-13?
7 Tsela ea bohlokoa ea ho ‘lokisa lithapelo tsa rōna joaloka libano’ ke ka ho rorisa Molimo ho tloha pelong le ho mo leboha. Morena Davida o ile a etsa thapelo e joalo ha eena le sechaba sa Iseraele ba ne ba etsa menehelo ea kaho ea tempele ea Jehova. Davida o ile a rapela: “Ho ke ho bokoe uena, Jehova Molimo oa Iseraele ntat’a rōna, ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao. ’Muso ke oa hao, Uena Jehova, uena Eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim’a tsohle. Maruo le khanya li teng ka lebaka la hao, ’me u laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe; letsohong la hao ho na le matla le bonatla, ’me letsohong la hao ho na le bokhoni ba ho hōlisa le ho fana ka matla ho bohle. ’Me joale, Uena Molimo oa rōna, rea u leboha le ho rorisa lebitso la hao le letle.”—1 Likronike 29:10-13, NW.
8. (a) Ke mantsoe afe a thoriso a ho Pesaleme ea 148 ho ea ho ea 150 ao ka ho khetheha a u amang pelo? (b) Haeba re e-na le boikutlo bo bontšitsoeng Pesalemeng ea 27:4, ke eng seo re tla se etsa?
8 Ke lipolelo tse monate hakaakang tsa thoriso le teboho! E ka ’na eaba lithapelo tsa rōna ha li etsoe ka bokheleke bo joalo, empa e ka ba tse tlohang pelong ka tsela e tšoanang. Buka ea Lipesaleme e tletse lithapelo tsa teboho le thoriso. Mantsoe a khethiloeng ka hloko a thoriso a fumanoa Pesalemeng ea 148 ho ea ho ea 150. Teboho e eang ho Molimo e bontšoa ka ho hlaka lipesalemeng tse ngata. Davida o ile a bina: “Ntho e teng eo ke e kōpang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke lule ka tlung ea Jehova ka litšiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokhabane ba Jehova, ke lekolisise tempele ea hae.” (Pesaleme ea 27:4) A re etseng lintho tumellanong le lithapelo tse joalo ka ho kopanela ka cheseho mesebetsing eohle ea matšoele a Jehova a bokaneng. (Pesaleme ea 26:12) Ho etsa sena le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ho tla etsa hore re be le mabaka a mangata a ho atamela Jehova ka thoriso le teboho tse tlohang pelong.
Kōpa Thuso ea Jehova ka Boikokobetso
9. Morena Asa o ile a rapela joang, hona e le ka phello efe?
9 Haeba re sebeletsa Jehova ka pelo eohle joaloka Lipaki tsa hae, re ka tiiseha hore o utloa lithapelo tsa rōna tse kōpang thuso. (Esaia 43:10-12) Nahana ka Morena Asa oa Juda. Lilemo tse 10 tse qalang tsa puso ea hae ea lilemo tse 41 (977-937 B.C.E.) li ile tsa tuma ka khotso. Joale Juda e ile ea hlaseloa ke lebotho la ntoa la banna ba milione le tlas’a Zera oa Moethiopia. Le hoja Asa le banna ba hae ba ne ba fokola haholo ka palo, ba ile ba ea kopana le bahlaseli bana. Leha ho le joalo, pele ntoa e qala Asa o ile a rapela ka tieo. O ne a hlokomela matla a Jehova a ho lopolla. Ha a kōpa thuso, morena enoa o ile a re: “Re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke uena Jehova, Molimo oa rōna: motho ea shoang a se ke a u sita.” Phello e ile ea e-ba tlhōlo e feletseng ha Jehova a pholosa Juda ka lebaka la lebitso la hae le leholo. (2 Likronike 14:1-15) Ebang Molimo o re lopolla tekong kapa o re matlafatsa hore re e mamelle, ha ho pelaelo hore o utloa lithapeli tsa rōna tsa ho kōpa thuso ea hae.
10. Ha re sa tsebe kamoo re ka sebetsanang le bothata bo itseng kateng, thapelo ea Morena Jehoshafate e ka ipaka e le molemo joang?
10 Haeba re sa tsebe kamoo re ka sebetsanang le bothata bo itseng kateng, re ka kholiseha hore Jehova o tla utloa ha re kōpa thuso ka tieo. Sena se ile sa bontšoa mehleng ea Morena Jehoshafate oa Judea, eo puso ea hae ea lilemo tse 25 e qalileng ka 936 B.C.E. Ha Juda e ne e sokeloa ke mabotho a kopaneng a Moabe, Amone le sebaka se lithaba sa Seire, Jehoshafate o ile a kōpa ka tieo: ‘Oho, Molimo oa rōna, na u ke ke ua ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rōna a ho loana le sera seno se seholohali se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka khona re etse’ng, empa mahlo a rōna a talimile uena.’ Jehova o ile a araba thapelo eo e etsoang ka boikokobetso, a loanela Juda ka ho ferekanya mabotho a sera hoo a ileng a bolaeana. Ka lebaka leo, lichaba tse potolohileng li ile tsa tšoha, ’me ho ile ha rena khotso Juda. (2 Likronike 20:1-30) Ha re hloka bohlale bo hlokahalang bakeng sa ho talimana le bothata bo itseng, joaloka Jehoshafate re ka rapela: ‘Ha re tsebe hore na e ka khona re etse’ng, empa mahlo a rōna a talimile uena, Jehova.’ Moea o halalelang o ka etsa hore re hopole lintlha tsa Mangolo tse hlokahalang bakeng sa ho rarolla bothata boo, kapa Molimo a ka re thusa ka tsela e phahametseng kutloisiso ea motho.—Baroma 8:26, 27.
11. Re ka ithuta eng ka thapelo liketsong tsa Nehemia tse mabapi le lerako la Jerusalema?
11 Re ka ’na ra tlameha ho tiisetsa thapelong e le hore Molimo a re thuse. Nehemia o ile a sareloa, a lla, a itima lijo le ho rapela ka matsatsi a mangata mabapi le lerako la Jerusalema le entsoeng lesupi le maqakabetsi ao baahi ba Juda ba neng ba le ho ’ona. (Nehemia 1:1-11) Ho hlakile hore lithapelo tsa hae li ile tsa nyolohela ho Molimo joaloka libano tse monko o monate. Ka letsatsi le leng Morena oa Persia Artaxerxese o ile a botsa Nehemia ea nyahameng a re: “Kōpo ea hao u kōpa’ng?” Nehemia oa tlaleha: “Eaba ke rapela Molimo oa maholimo.” Thapelo eo e khutšoanyane le e etsetsoang ka pelong e ile ea arajoa, hobane Nehemia o ile a lumelloa ho phethahatsa takatso ea pelo ea hae ka ho ea Jerusalema ho ea haha lerako la eona le entsoeng lesupi.—Nehemia 2:1-8.
E-re Jesu a U Rute ho Rapela
12. U ka akaretsa lintlha tsa sehlooho tsa thapelo ea Jesu ea mohlala joang ka mantsoe a hao?
12 Har’a lithapelo tsohle tse tlalehiloeng ka Mangolong, e rutang ka ho khetheha ke thapelo ea mohlala eo Jesu Kreste a ileng a e etsa joaloka libano tse monko o monate. Kosepele ea Luka e re: “E mong ea itseng oa barutuoa ba hae a re ho eena: ‘Morena, re rute ho rapela, feela joalokaha Johanne le eena a rutile barutuoa ba hae.’ Joale a re ho bona: ‘Neng kapa neng ha le rapela, le re, “Ntate, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle. Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi. ’Me u re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna ka borōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato ho rōna; ’me u se ke ua re kenya molekong.”’” (Luka 11:1-4; Matheu 6:9-13) A re hlahlobeng thapelo ena, e sa rereloang hore e phetoe ka hlooho empa e reretsoeng hore e sebeletse e le tataiso.
13. U ka hlalosa moelelo oa mantsoe a reng, “Ntate, lebitso la hao a le halaletsoe,” joang?
13 “Ntate, lebitso la hao a le halaletsoe.” Ho bitsa Jehova Ntate ke tokelo e khethehileng ea bahlanka ba hae ba inehetseng. Joalokaha bana ba atamela ntate oa bona ea mohau ba sa tsilatsile mabapi le ntho leha e le efe eo ba amehileng ka eona, re lokela hore kamehla re nke nako e itseng re rapela Molimo ka tsela e nang le seriti le tlhompho. (Pesaleme ea 103:13, 14) Lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša hore re amehile ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova hobane re lakatsa ho bona le tlositsoe sekhobo sohle se ’nileng sa bokelloa ho lona. E, re batla hore lebitso la Jehova le khethoe ’me le nkoe le halalela kapa le khethehile.—Pesaleme ea 5:11; 63:4; 148:12, 13; Ezekiele 38:23.
14. Ho rapela ka mantsoe a reng, “’Muso oa hao a o tle,” ho bolela’ng?
14 “’Muso oa hao a o tle.” ’Muso ke bobusi ba Jehova bo bonahatsoang ka puso ea leholimo ea Mesia e matsohong a Mora oa hae le “bahalaleli” ba kopaneng le Jesu. (Daniele 7:13, 14, 18, 27; Tšenolo 20:6) O tla tloha o ‘e-tla’ khahlanong le bahanyetsi bohle ba bobusi ba Molimo lefatšeng, o ba felise. (Daniele 2:44) Joale thato ea Jehova e tla etsoa lefatšeng, joalokaha e etsoa leholimong. (Matheu 6:10) Sena se tla tlisa thabo e kaakang ho libōpuoa tsohle tseo ka botšepehi li sebeletsang ’Musi oa Bokahohle!
15. Ho kōpa “bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi” ho Jehova ho bolela’ng?
15 “Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho ea ka tlhokahalo ea letsatsi.” Ho kōpa lijo “bakeng sa letsatsi” ho Jehova ho bontša hore ha re kōpe lijo ka bongata empa re kōpa feela seo re se hlokang bakeng sa letsatsi ka leng. Le hoja re e-na le tšepo ea hore Molimo o tla fana ka se hlokahalang, re boetse rea sebetsa ’me re sebelisa mekhoa efe kapa efe e loketseng eo re ka e fumanang e le hore re ka fumana lijo le lintho tse ling tseo re li hlokang. (2 Bathesalonika 3:7-10) Ka sebele, re lokela ho leboha Mofani oa rōna oa leholimo hobane lerato la hae, bohlale le matla ke tsona tse etsang hore re fumane lintho tsena tse hlokahalang.—Liketso 14:15-17.
16. Ke joang re ka fumanang tšoarelo ea Molimo?
16 “U re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna ka borōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato ho rōna.” Kaha ha rea phethahala ’me re baetsalibe, re ke ke ra finyella ka ho feletseng litekanyetso tsa Jehova tse phethahetseng. Kahoo, ho hlokahala hore re rapelle hore a re tšoarele motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Empa haeba re batla hore ‘Ea Utloang merapelo’ a sebelise molemo oa sehlabelo seo libeng tsa rōna, re lokela ho baka re be re ikemisetse ho amohela taeo leha e le efe eo a re laeang ka eona. (Pesaleme ea 65:2; Baroma 5:8; 6:23; Baheberu 12:4-11) Ho feta moo, re ka lebella hore Molimo a re tšoarele hafeela re “tšoaretse ba nang le melato ho rōna,” ba re siteloang.—Matheu 6:12, 14, 15.
17. Ke eng se boleloang ke mantsoe a reng, “U se ke ua re kenya molekong”?
17 “U se ke ua re kenya molekong.” Ka linako tse ling Bibele e re Jehova o etsa lintho e le ha a mpa a lumella hore li etsahale. (Ruthe 1:20, 21) Molimo ha a re leke hore re etse sebe. (Jakobo 1:13) Liteko tsa ho etsa bobe li simoloha ho Diabolose, ’meleng ea rōna ea boetsalibe le lefatšeng lena. Satane ke Moleki ea lekang ho re susumetsa ka mano hore re siteloe Molimo. (Matheu 4:3; 1 Bathesalonika 3:5) Ha re kōpa re re, “U se ke ua re kenya molekong,” re kōpa Molimo hore a se ke a lumella hore re hlōlehe ha re lekoa hore re se ke ra mo mamela. A ka re tataisa e le hore re se ke ra inehela le hore re se ke ra hlōloa ke Satane, “ea khopo.”—Matheu 6:13; 1 Bakorinthe 10:13.
Sebetsa Tumellanong le Lithapelo Tsa Hao
18. Ke joang re ka sebetsang tumellanong le lithapelo tsa rōna tsa ho kōpa hore re be le lenyalo le bophelo ba lelapa bo thabileng?
18 Thapelo ea mohlala ea Jesu e ile ea akarelletsa lintlha tse ka sehloohong, empa re ka rapela mabapi le taba leha e le efe. Ka mohlala, re ka ’na ra rapela mabapi le takatso ea rōna ea ho ba le lenyalo le thabileng. Re ka rapella boitšoaro e le hore re ka lula re hloekile boitšoarong ho fihlela re kena lenyalong. Empa joale a re sebetseng tumellanong le lithapelo tsa rōna ka ho qoba lingoliloeng le boithabiso tse buang ka boitšoaro bo bobe. Hape a re ikemisetseng ho ‘nyalana feela Moreneng.’ (1 Bakorinthe 7:39; Deuteronoma 7:3, 4) Hang ha re kene lenyalong, ho tla hlokahala hore re sebetse tumellanong le lithapelo tsa rōna tsa ho kōpa hore re fumane thabo ka ho sebelisa keletso ea Molimo. ’Me haeba re e-na le bana, ha hoa lekana ho rapella hore e tle e be bahlanka ba Jehova ba tšepahalang. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho kenya linnete tsa Molimo likelellong tsa bona ka ho ba ruta Bibele le ka ho kopanela le bona libokeng tsa Bokreste kamehla.—Deuteronoma 6:5-9; 31:12; Liproverbia 22:6.
19. Re lokela ho etsa’ng haeba re rapella tšebeletso ea rōna?
19 Na re rapella litlhohonolofatso tšebeletsong? Joale a re sebetseng tumellanong le lithapelo tse joalo ka ho kopanela ka tsela e nang le morero mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Haeba re rapella menyetla ea ho thusa ba bang ho kena tseleng e eang bophelong bo sa feleng, ho hlokahala hore re boloke litlaleho tse ntle tsa ba thahasellang ’me re ikemisetse ho kenyelletsa ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele kemisong ea rōna. Ho thoe’ng haeba re lakatsa ho kenela mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng re le bo-pula-maliboho? Joale a re nkeng mehato tumellanong le lithapelo tsa rōna ka ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa rōna oa boboleli le ka ho sebetsa le bo-pula-maliboho tšebeletsong. Ho nka mehato e joalo ho tla bontša hore re sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna.
20. Re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?
20 Haeba re sebeletsa Jehova ka botšepehi, re ka kholiseha hore o tla araba lithapelo tsa rōna tse tumellanong le thato ea hae. (1 Johanne 5:14, 15) Ka sebele, re ithutile lintlha tse molemo tlhahlobong ea lithapelo tse ling tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Sehloohong sa rōna se latelang re tla hlahloba lintlha tse ling tsa Mangolo tse tataisang bakeng sa ba lakatsang ho ‘lokisa lithapelo tsa bona joaloka libano ka pel’a Jehova.’
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka tumelo?
◻ Thoriso le teboho li lokela ho phetha karolo efe lithapelong tsa rōna?
◻ Ke hobane’ng ha ka kholiseho re ka kōpa thuso ea Jehova ka thapelo?
◻ Lintlha tse ling tsa sehlooho tsa thapelo ea mohlala ke life?
◻ Re ka sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Joaloka Morena Jehoshafate, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re rapele tjena: ‘Ha re tsebe hore na e ka khona re etse’ng, empa mahlo a rōna a talimile uena, Jehova’
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Na u rapela tumellanong le thapelo ea Jesu ea mohlala?