Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 1/15 maq. 25-27
  • Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lineano li Simolohile Hokae?
  • “Ke Mang ea Ileng a U fa Matla aa a ho Laela?”
  • Molao o Maqakabetsing—Tharollo e Ncha
  • Ke Hobane’ng ha Molao oa Molomo o ile oa Ngoloa Fatše?
  • Mishnah le Molao oo Molimo a Ileng a o fa Moshe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Molao Pele ho Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Loka ha ho Tlisoe ke Lineano Tsa Molomo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Le ’ne le Batle ’Muso le ho Loka ha Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 1/15 maq. 25-27

Molao oa Molomo—Ke Hobane’ng ha o Ile oa Ngoloa?

KE HOBANE’NG ha Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sitoa ho amohela Jesu e le Mesia? Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo ea tlaleha: “Ka mor’a hore [Jesu] a kene ka tempeleng, baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba sechaba ba tla ho eena ha a ntse a ruta ’me ba re: ‘Ke ka matla afe a ho laela u etsang lintho tsee? ’Me ke mang ea ileng a u fa matla aa a ho laela?’” (Matheu 21:23) Ho ea ka pono ea bona, Ea Matla ’Ohle o ne a file sechaba sa Bajuda Torah (Molao) ’me e ne e neha banna ba itseng matla a ho laela a fanoeng ke Molimo. Na Jesu o ne a e-na le matla a joalo?

Jesu o ile a bontša tlhompho e feletseng ho Torah le ho bao e ba fang matla a sebele a ho laela. (Matheu 5:17-20; Luka 5:14; 17:14) Empa khafetsa o ne a nyatsa ba neng ba tlōla litaelo tsa Molimo. (Matheu 15:3-9; 23:2-28) Banna ba kang bao ba ne ba latela lineano tse ileng tsa tsebahala e le molao oa molomo. Jesu o ile a hana matla a oona a ho laela. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba ile ba hana hore ke eena Mesia. Ba ne ba lumela hore motho ea tšehetsang lineano tsa ba nang le matla a ho laela har’a bona ke eena feela ea neng a ka tšehetsoa ke Molimo.

Molao ona oa molomo o simolohile hokae? Ho tlile joang hore Bajuda ba o nke o e-na le matla a lekanang le a Molao o ngotsoeng o tlalehiloeng ka Mangolong? ’Me haeba o ne o reretsoe hore e be neano ea molomo, ke hobane’ng ha qetellong o ile oa ngoloa?

Lineano li Simolohile Hokae?

Baiseraele ba ile ba kena kamanong ea selekane le Jehova Molimo Thabeng ea Sinai ka 1513 B.C.E. Ba ile ba fumana melao ea selekane seo ka Moshe. (Exoda 24:3) Ho latela litaelo tsena ho ne ho tla etsa hore ba ‘halalele joalokaha Jehova Molimo oa bona a ne a halalela.’ (Levitike 11:44) Tlas’a selekane sa Molao, borapeli ba Jehova bo ne bo kopanyelletsa mahlabelo a neng a nyeheloa ke baprista ba khethiloeng. Ho ne ho lokela hore ho be le setsi sa borapeli—seo qetellong e ileng ea e-ba tempele e Jerusalema.—Deuteronoma 12:5-7; 2 Bakorinthe 6:4-6.

Molao oa Moshe o ile oa fana ka motheo o akaretsang oa hore na Iseraele e le sechaba e ka rapela Jehova joang. Leha ho le joalo, boitsebiso bo bong bo ne bo sa boleloa ka ho hlakileng. Ka mohlala, Molao o ne o thibela ho sebetsa ka Sabatha, empa o ne o sa etsa phapang e hlakileng lipakeng tsa mosebetsi le liketso tse ling.—Exoda 20:10.

Haeba Jehova a ne a bone ho tšoaneleha hore a etse joalo, a ka be a ile a fana ka litaelo tse qaqileng tse arabang potso e ’ngoe le e ’ngoe e ka botsoang. Empa o ne a bōpile batho ba e-na le letsoalo, ’me a ba file bolokolohi ba ho mo sebeletsa ba e-na le monyetla oa ho tenyetseha melaong eo a e behileng. Molao o ne o entse tokisetso ea hore linyeoe tse hlokang boahloli li sebetsoe ke baprista, Balevi le baahloli. (Deuteronoma 17:8-11) Ha linyeoe li ntse li eketseha, ho ile ha e-ba le liketsahalo tse tšoanang tseo e ileng ea e-ba motheo oa kahlolo, ’me ha ho pelaelo hore tse ling tsa tsona li ile tsa tloha molokong o mong tsa fetela ho o mong. Mekhoa ea ho hlokomela mesebetsi ea boprista tempeleng ea Jehova le eona e ile ea fetisoa ho tloha ho ntate ho ea ho mora. Ha sechaba ka kakaretso se ntse se e-ba le phihlelo e eketsehileng, lineano tsa sona le tsona li ile tsa eketseha.

Leha ho le joalo, Molao o ngotsoeng o neng o fuoe Moshe o ile oa lula e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba Iseraele. Exoda 24:3, 4 e re: “Eaba Moshe o ea, a phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le litaelo tsohle tsa hae, ’me sechaba sa araba ka ntsoe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsoeng ke Jehova re tla li etsa. Moshe a ngola mantsoe ’ohle a Jehova.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Molimo o ile a theha selekane sa hae le Baiseraele tumellanong le litaelo tsena tse ngotsoeng. (Exoda 34:27) Ha e le hantle, ha ho moo Mangolo a buang ka ho ba teng ha molao oa molomo.

“Ke Mang ea Ileng a U fa Matla aa a ho Laela?”

Ka ho hlakileng, Molao oa Moshe o ile oa siea matla a sehlooho a ho laela a bolumeli matsohong a baprista, ba tsoang lelokong la Arone. (Levitike 10:8-11; Deuteronoma 24:8; 2 Likronike 26:16-20; Malakia 2:7) Leha ho le joalo, ho theosa le makholo a lilemo baprista ba bang ba ile ba fetoha ba sa tšepahaleng le ba senyehileng. (1 Samuele 2:12-17, 22-29; Jeremia 5:31; Malakia 2:8, 9) Mehleng ea ho busa ha Bagerike, baprista ba bangata ba ile ba sekisetsa litabeng tsa bolumeli. Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Bafarisi—bao e neng e le sehlopha se secha Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda se neng se sa tšepe boprista—ba ile ba qala ho theha lineano tseo ka tsona motho feela ea tloaelehileng a neng a ka inka a halalela joaloka moprista. Lineano tsena li ile tsa khahla ba bangata, empa e ne e le ho eketsa Molao ho neng ho sa amohelehe.—Deuteronoma 4:2; 12:32 (13:1 liphetolelong tsa Sejuda).

Bafarisi e ile ea e-ba bona litsebi tse ncha tsa Molao, ba etsa mosebetsi oo ba neng ba utloa eka baprista ha ba o etse. Kaha Molao oa Moshe o ne o sa lumelle matla a bona a ho laela, ba ile ba qapa mekhoa e mecha ea ho hlalosa Mangolo ka tsela e poteletseng le ka mekhoa e meng eo ho bonahalang e ne e lumellana le maikutlo a bona.a E le bahlokomeli le babuelli ba ka sehloohong ba lineano tsena, ba ile ba rala motheo o mocha oa matla a ho laela Iseraele. Lekholong la pele la lilemo C.E., Bafarisi e ne e le bona ba li hulang pele Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.

Ha ba ntse ba bokella lineano tsa molomo tse neng li le teng ’me ba batla moelelo o itseng oa Mangolo e le hore ba thehe lineano tsa bona tse eketsehileng, Bafarisi ba ile ba bona ho hlokahala hore ba eketse matla a ho laela mosebetsing oa bona. Ho ile ha hlaha khopolo e ncha mabapi le tšimoloho ea lineano tsena. Bo-rabi ba ile ba qala ho ruta: “Moshe o ile a fumana Torah Sinai ’me a e fetisetsa ho Joshua, Joshua a e fetisetsa ho baholo, ’me baholo ba e fetisetsa ho baprofeta. ’Me baprofeta ba ile ba e fetisetsa ho banna ba seboka se seholo.”—Avot 1:1, Mishnah.

Ha bo-rabi ba ne ba re, “Moshe o ile a fumana Torah,” ba ne ba sa bue ka melao e neng e ngotsoe feela empa ba ne ba bua le ka lineano tsohle tsa bona tsa molomo. Ba ne ba bolela hore lineano tsena—tse qapiloeng le ho hōlisoa ke batho—Molimo o ne a li file Moshe, Sinai. ’Me ba ile ba ruta hore Molimo o ne a sa lumella batho hore ba hlalose se sieo (ho Torah), empa o ne a hlalositse ka molomo lintho tse siiloeng ke Molao o ngotsoeng. Ho ea ka bona, Moshe o ile a fetisetsa molao ona oa molomo melokong e latelang, eseng ho baprista, empa ho baeta-pele ba bang. Bafarisi ka bobona ba ile ba ipolela e le majalefa a tlhaho a letoto lena “le sa kang la khaoha” la neheletsano ea matla a ho laela.

Molao o Maqakabetsing—Tharollo e Ncha

Jesu, eo baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba ile ba belaella matla a hae a ho laela ao a a fuoeng ke Molimo, o ne a ile a bolela esale pele ka timetso ea tempele. (Matheu 23:37–24:2) Ka mor’a hore Baroma ba timetse tempele ka 70 C.E., lintho tseo Molao oa Moshe o neng o li hloka, tse kopanyelletsang mahlabelo le tšebeletso ea boprista, li ne li se li ke ke tsa hlola li bolokoa. Molimo o ne a thehile selekane se secha motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. (Luka 22:20) Selekane sa Molao oa Moshe se ne se felisitsoe.—Baheberu 8:7-13.

Ho e-na le hore ba bone liketsahalo tsena e le bopaki ba hore Jesu e ne e le Mesia, Bafarisi ba ile ba fumana tharollo e ’ngoe. Ba ne ba se ba iphamoletse karolo e khōlō ea matla a ho laela a baprista. Kaha tempele e ne e timelitsoe, ba ne ba ka nka mohato o mong o eang pele. Sekolo sa thuto e phahameng ea bo-rabi se Yavneh se ile sa fetoha setsi sa Sanhedrin e hlophisitsoeng bocha—lekhotla le phahameng la Bajuda. Tlas’a boeta-pele ba Yohanan ben Zakkai le Gamaliel II, Yavneh, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e ile ea hlophisoa bocha ka ho feletseng. Litšebeletso tse tšoareloang synagogeng, tse neng li etelloa pele ke bo-rabi, li ile tsa nka sebaka sa borapeli ba tempeleng bo neng bo tsamaisoa ke baprista. Lithapelo, haholo-holo tse neng li etsoa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, li ile tsa nkela mahlabelo sebaka. Bafarisi ba ile ba fana ka lebaka la hore molao oa molomo o neng o fuoe Moshe Sinai o ne o ile oa bonela litaba pele ’me oa lokisetsa sena.

Likolo tsa thuto e phahameng tsa bo-rabi li ile tsa hlahella ka ho eketsehileng. Lenaneo le ka sehloohong la thuto ea tsona e ne e le lipuisano tse matla, ho tšoara lintho ka hlooho le ho sebelisa molao oa molomo. Pele, motheo oa molao oa molomo o ne o hokahantsoe le tlhaloso ea Mangolo—Midrash. Joale lineano tse neng li ntse li tsoela pele ho eketseha li ile tsa qala ho rutoa le ho hlophisoa ka tsela e arohileng. Tlhaloso e ’ngoe le e ’ngoe ea molao oa molomo e ile ea fokotsoa hore e be lipoleloana tse khutšoanyane, tse tšoarehang habonolo ka hlooho tseo hangata li neng li fuoa morethetho.

Ke Hobane’ng ha Molao oa Molomo o ile oa Ngoloa Fatše?

Ho ata ha likolo tsa thuto e phahameng tsa bo-rabi le ho eketseha ha litlhaloso tsa bo-rabi ho ile ha baka bothata bo bocha. Setsebi sa bo-rabi Adin Steinsaltz oa hlalosa: “Mosuoe e mong le e mong o ne a e-na le mokhoa oa hae ’me a beha litlhaloso tsa hae tsa molomo ka tsela ea hae a le mong. . . . Seithuti se ne se se se sa lokela ho tseba lithuto tsa mokoetlisi oa sona feela, empa se ne se tlameha ho tseba le lithuto tsa litsebi tse ling . . . Ka hona, liithuti li ile tsa qobelloa hore li tšoare boitsebiso bo bongata ka hlooho ka lebaka la ‘tsebo e eketsehang ka sekhahla.’” Har’a molubalube oo oa boitsebiso, matla a seithuti a ho hopola a ne a imetsoa hoo se neng se ka nyahama.

Lekholong la bobeli la lilemo C.E., bofetoheli ba Bajuda khahlanong le Roma, bo neng bo eteletsoe pele ke Bar Kokhba, bo ile ba lebisa mahlorisong a maholo a litsebi tsa bo-rabi. Akiba—rabi ea neng a le kapele-pele ea neng a tšehetsa Bar Kokhba—hammoho le litsebi tse ngata tse neng li etella pele ba ile ba bolaoa. Bo-rabi ba ne ba tšaba hore mahloriso ao a macha a ne a ka sokela ho ba teng ha molao oa bona oa molomo. Ba ne ba lumela hore lineano li fetisoa hantle haholo ka molomo ho tloha ho morupeli ho ea ho morutuoa, empa maemo ana a fetohang a ile a etsa hore ho etsoe boiteko bo eketsehileng ba hore ho bōptjoe mokhoa o mocha o hlophisehileng e le ho sireletsa lithuto tsa bahlalefi, esere tsa leballoa ruri.

Nakong e ileng ea latela ea ho ba le khotso e itseng le Roma, Judah Ha-Nasi eo e neng e le rabi ea eteletseng pele bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E., o ile a bokella litsebi tse ngata ’me a hlophisa lineano tse ngata tsa molomo hore e be lethathamo le hlophisehileng le entsoeng ka Lihlopha tse tšeletseng, se seng le se seng se arotsoe ka likarolo tse nyenyane—tse 63 kaofela. Buka ena e ile ea tsejoa e le Mishnah. Ephraim Urbach, setsebi sa molao oa molomo, oa hlalosa: “Mishnah . . . e ile ea amoheloa ’me ea fuoa matla a ho laela a neng a e-s’o ka a fuoa buka leha e le efe e ’ngoe ntle le Torah ka boeona.” Mesia o ne a hannoe, tempele e ne e le lesupi, empa ka molao oa molomo o neng o sirelelitsoe ka ho ngoloa e le Mishnah, ho ile ha qaleha mehla e mecha Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mokhoa ona oa ho hlalosa Mangolo o bitsoa midrash.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba ile ba hana matla a Jesu a ho laela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela