Sebelisa Temohisiso le Tšusumetso ha U Ruta
“Pelo ea ea lokileng e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”—LIPROVERBIA 16:23, NW.
1. Ke hobane’ng ha ho ruta Lentsoe la Molimo e se feela taba ea ho fetisa boitsebiso?
SEPHEO sa rōna re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo hase feela ho khantšetsa likelello tsa liithuti tsa rōna empa ke ho khantšetsa le lipelo tsa tsona. (Baefese 1:18) Ka hona, ho ruta hase feela taba ea ho fetisa boitsebiso. Liproverbia 16:23 (NW) e re: “Pelo ea ea lokileng e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”
2. (a) Ho susumetsa ho bolela eng? (b) Ke joang Bakreste bohle e ka bang mesuoe e susumetsang?
2 Moapostola Pauluse o hlile a sebelisa molao-motheo ona mosebetsing oa hae oa ho ruta. Ha a ne a le Korinthe “o ne a fana ka puo ka synagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe ’me o ne a susumelletsa Bajuda le Bagerike ho lumela.” (Liketso 18:4) Ho ea ka mohloli o mong oa boitsebiso, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona e le “susumelletsa” le bolela “ho tlisa phetoho kelellong ka ho susumetsa monahano kapa ka ho etsa hore motho a nahane ka boitšoaro bo amohelehang.” A sebelisa likhang tse kholisang, Pauluse o ile a nolofalloa ho susumelletsa batho ho fetola tsela ea bona ea ho nahana. Matla a hae a ho susumetsa a ne a hlompheha hoo a neng a bile a tšajoa ke lira tsa hae. (Liketso 19:24-27) Leha ho le joalo, mokhoa oa Pauluse oa ho ruta e ne e se ho bontša hore na motho o khona hakae. O ile a bolella Bakorinthe: “Puo ea ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantsoe a susumelletsang ho lumela a bohlale empa ka bopaki ba moea le matla, e le hore tumelo ea lōna e ka ba, eseng bohlaleng ba batho, empa matleng a Molimo.” (1 Bakorinthe 2:4, 5) Kaha Bakreste bohle ba na le thuso ea moea oa Jehova Molimo, bohle e ka ba mesuoe e susumetsang. Empa joang? A re hlahlobeng litsela tse ling tse atlehang tsa ho ruta.
E-ba Momameli ea Molemo
3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala temohisiso ha re ruta ba bang, hona re ka finyella pelo ea seithuti sa Bibele joang?
3 Mohato oa pele oa ho finyella pakane ea ho ruta ke ho mamela eseng ho bua. Joalokaha ho bontšitsoe ho Liproverbia 16:23, hore re be ba susumetsang re lokela ho ba le temohisiso. Ka sebele, Jesu o ne a lemohisisa batho bao a ba rutang. Johanne 2:25 e re: “Eena ka boeena o ne a tseba se leng ho motho.” Empa re ka tseba joang se ka lipelong tsa batho bao re ba rutang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ba bamameli ba molemo. Jakobo 1:19 e re: “Motho e mong le e mong o lokela ho potlaka mabapi le ho utloa, e be ea liehang mabapi le ho bua.” Ke ’nete hore hase batho bohle ba khonang ho itlhalosa habonolo. Ha liithuti tsa rōna tsa Bibele li ea li ntse li kholiseha hore re hlile rea li thahasella, li ka ’na tsa nolofalloa ho hlalosa kamoo li hlileng li ikutloang kateng. Lipotso tse batlang maikutlo empa li botsoa ka tsela e mosa hangata li ka re thusa ho finyella pelo le ho “kha” maikutlo a joalo.—Liproverbia 20:5.
4. Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste e lokela ho ba bamameli ba molemo?
4 Ke habohlokoa ka ho khetheha hore baholo ba Bakreste e be bamameli ba molemo. Ke hona feela moo ba ka ‘tsebang kamoo ba tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.’ (Bakolose 4:6) Liproverbia 18:13 ea lemosa: “Ea arabang a e-so ho utloe, o bontša bothoto ba hae, o ipakela lihlong.” Ka nako e ’ngoe barab’abo rōna ba bang ba babeli ka boikemisetso bo botle ba ile ba fa morali’abo rōna e mong keletso khahlanong le tšekamelo ea bolefatše hobane a ile a fosa liboka tse itseng. Morali’abo rōna o ile a utloisoa bohloko ke hore ha baa ka ba mo botsa lebaka leo a neng a e-ba sieo ka lona. O ne a ntse a oka leqeba le lecha la ho buuoa. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re mamele pele re fana ka keletso!
5. Baholo ba ka sebetsana joang le liqabang tse hlahang pakeng tsa barab’abo rōna?
5 Ho baholo, hangata ho ruta ho akarelletsa ho fa ba bang keletso. Le mona, ke habohlokoa ho ba momameli ea molemo. Ho mamela ke habohlokoa ka ho khetheha ha ho hlaha liqabang pakeng tsa Bakreste-’moho. Ke ha ba ile ba mamela feela baholo ba ka khonang ho etsisa “Ntate ea ahlolang ka ho hloka leeme.” (1 Petrose 1:17) Hangata maikutlo aa phahama maemong a joalo, ’me moholo o etsa hantle ha a hopola keletso e ho Liproverbia 18:17: “Ea buang pele ha ho tsekoa, taba tsa hae li lokile, empa e mong ha a hlaha, oa mo tsietsa.” Momameli ea molemo o tla mamela taba ka mahlakoreng a mabeli. Ka ho etsa thapelo, o thusa ho hlahisa tikoloho e nang le khutso. (Jakobo 3:18) Haeba maikutlo a phahama, a ka ’na a khothalletsa hore barab’abo rōna ba amehang ba tobise litletlebo ho eena, ho e-na le hore bobeli ba bona ba phehisane khang. Ka ho sebelisa lipotso tse loketseng, moholo a ka ’na a hlakisa hore na hantle-ntle ho tsekoa eng. Maemong a mangata, liqabang li bakoa ke ho se utloisisane, eseng lonya. Empa haeba melao-motheo ea Bibele e ile ea hlokomolohuoa, mosuoe ea lerato a ka laea ka temohisiso, ka mor’a hore a utloe taba ka mahlakoreng a mabeli.
Bohlokoa ba ho Nolofatsa Lintho
6. Pauluse le Jesu ba ile ba beha mohlala oa ho ruta ka tsela e bonolo joang?
6 Ho beha lintho ka tsela e bonolo ke ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ea ho ruta. Ke ’nete hore re batla hore liithuti tsa Bibele ‘ka ho phethahetseng li khone ho utloisisa kelellong hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ba ’nete ke eng.’ (Baefese 3:18) Ho na le litšobotsi tsa thuto ea Bibele tse hlollang le tse atisang ho batla boikitlaetso. (Baroma 11:33) Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a bolela ho Bagerike, o ile a lebisa tlhokomelo ea hae molaetseng o bonolo oa hore ‘Kreste o ile a khokhotheloa thupeng.’ (1 Bakorinthe 2:1, 2) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a etsa boboleli ka tsela e bonolo, e ipiletsang. O ile a sebelisa mantsoe a bonolo Thutong ea hae ea Thabeng. Leha ho le joalo, e fupere tse ling tsa linnete tse matla ka ho fetisisa tse kileng tsa buuoa.—Matheu, khaolo ea 5-7.
7. Re ka nolofatsa lintho joang ha re khanna lithuto tsa Bibele?
7 Ka ho tšoanang le rōna re ka beha lintho ka tsela e bonolo ha re ruta lithuto tsa Bibele. Joang? Ka ho lebisa tlhokomelo ‘linthong tsa bohlokoa haholoanyane.’ (Bafilippi 1:10) Ha re hlalosa litaba tse tebileng, re lokela ho leka ho hlalosa ka mantsoe a bonolo. Re lokela ho lebisa tlhokomelo mangolong a sehlooho ho e-na le hore re leke ho bala le ho hlalosa temana e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e bontšitsoeng bukeng. Sena se hloka hore re lokisetse hantle. Re lokela ho qoba ho imetsa seithuti ka boitsebiso, re se ke ra itumella ho khelosoa ke lintlha tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo. Haeba seithuti se e-na le potso e sa amaneng le thuto ka ho toba, ka bohlale re ka etsa tlhahiso ea hore e tšohloe qetellong ea thuto.
Ho Sebelisa Lipotso ka Tsela e Sebetsang
8. Jesu o ile a sebelisa lipotso ka tsela e sebetsang joang?
8 Tsela e ’ngoe e molemo ea ho ruta ke ho botsa lipotso tse sebetsang. Jesu Kreste o ile a sebelisa lipotso haholo ha a ruta. Ka mohlala, Jesu o ile a botsa Petrose: “‘U nahana joang, Simone? Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?’ Ha a re: ‘Ho basele,’ Jesu a re ho eena: ‘Joale, ka sebele, bara ba lokolohile lekhethong.’” (Matheu 17:24-26) E le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Ea rapeloang tempeleng, Jesu o ne a hlile a sa tlameha ho lefa lekhetho la tempele. Empa Jesu o ile a fetisa ’nete ena ka ho sebelisa lipotso tse thusang. Kahoo, Jesu o ile a thusa Petrose ho fihlela qeto e nepahetseng e thehiloeng boitsebisong boo a neng a se a ntse a e-na le bona.
9. Re ka sebelisa lipotso joang lithutong tsa Bibele?
9 Re ka sebelisa lipotso ka tsela e molemo lithutong tsa Bibele. Ha seithuti se fosa karabo, re ka ’na ra ikutloa re batla ho se fa karabo e nepahetseng, empa na seo se tla hle se se thuse ho hopola boitsebiso? Hangata ho molemo ke hore u tataise seithuti ho etsa qeto e nepahetseng ka ho se botsa lipotso. Ka mohlala, haeba se thatafalloa ke ho utloisisa lebaka leo re lokelang ho sebelisa lebitso la Molimo ka lona, re ka ’na ra se botsa, ‘Na lebitso la hao ke la bohlokoa ho uena? . . . Hobane’ng? . . . U ne u tla ikutloa joang haeba motho e mong a hana ho sebelisa lebitso la hao? . . . Na hase ho utloahalang hore Molimo a batle hore re sebelise lebitso la hae?’
10. Baholo ba ka ’na ba sebelisa lipotso joang ha ba thusa batho ba utloileng bohloko maikutlong?
10 Baholo le bona ba ka sebelisa lipotso hamolemo ha ba alosa mohlape. Ba bangata ka phuthehong ba ’nile ba hlokofatsoa le ho hlaseloa maikutlong ke lefatše la Satane ’me mohlomong ba ikutloa ba sa hloeka ba bile ba sa ratehe. Moholo a ka ’na a behela motho ea joalo mabaka ka hore: ‘Le hoja u re u ikutloa u sa hloeka, Jehova eena o ikutloa joang ka uena? Haeba Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo a ile a lumella hore Mora oa hae a shoe ’me a fane ka thekollo bakeng sa hao, na seo ha se bolele hore Molimo oa u rata?’—Johanne 3:16.
11. Lipotso tse sa hlokeng karabo li sebeletsa morero ofe, hona li ka sebelisoa joang ha ho buuoa phatlalatsa?
11 Lipotso tse sa hlokeng karabo ke tsela e ’ngoe e molemo ea ho ruta. Bamameli ha baa lebelloa hore ba arabe lipotso tsena ka lentsoe le utloahalang empa ka tsona ba thusoa hore ba nahane ka taba e buuoang. Baprofeta ba boholo-holo ba ne ba atisa ho botsa lipotso tse joalo ho etsa hore bamameli ba bona ba nahane taba ka ho tebileng. (Jeremia 18:14, 15) Jesu o ile a sebelisa lipotso tse sa hlokeng karabo ka tsela e atlehang. (Matheu 11:7-11) Lipotso tse joalo li atleha haholo-holo ha ho buuoa phatlalatsa. Ho e-na le hore feela bamameli ba bolelloe hore ba tlameha ho inehela ka pelo eohle hore ba khahlise Jehova, ho ka ’na ha e-ba molemo haholo ho botsa, ‘Haeba re hlile re sa inehela ka pelo eohle tšebeletsong ea rōna, na Jehova o tla khahloa ke seo?’
12. Molemo oa ho botsa lipotso tse batlang maikutlo ke ofe?
12 Lipotso tse batlang maikutlo li thusa haholo ho fumana hore na seithuti sa Bibele se hlile se lumela seo se ithutang sona. (Matheu 16:13-16) Seithuti se ka ’na sa araba ka hore bohlola bo fosahetse. Empa ke hobane’ng ha u sa botsisise ka lipotso tse kang, U ikutloa joang ka tekanyetso ea Molimo ea boitšoaro? Na u ikutloa hore e khina bolokolohi ba motho ho tlōla? Na u ne u ka re ho hlile hoa tsotelleha hore na u latela litekanyetso tsa Molimo kapa che?
Lipapiso Tse Finyellang Pelo
13, 14. (a) Ho etsa papiso ho bolela eng? (b) Ke hobane’ng ha lipapiso tse molemo li sebetsa?
13 Tsela e ’ngoe ea ho finyella lipelo tsa bamameli le liithuti tsa Bibele ke ho sebelisa lipapiso tse sebetsang. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “papiso” ha e le hantle le bolela “ho beha pel’a kapa hammoho le.” Ha u etsa papiso, u hlalosa ntho e ’ngoe ka ho ‘e beha pel’a’ ntho e ’ngoe e tšoanang le eona. Ka mohlala, Jesu o ile a botsa: “Re tla tšoantša ’muso oa Molimo le eng, kapa re tla o hlalosa ka papiso efe?” Ha a arabela, Jesu o ile a bua ka peō e tloaelehileng ea mosetareta.—Mareka 4:30-32.
14 Baprofeta ba Molimo ba ile ba sebelisa lipapiso tse ngata tse matla. Ha Baasyria, ba neng ba sebelelitse e le kofuto ea Molimo ho otla Baiseraele, ba se ba sebelisa bobatana bo feteletseng, Esaia o ile a pepesa boikhohomoso ba bona ka papiso ena: “Na selepe se ka ithoka ho ea remang ka sona na? Le sakha na e ka ithorisa ho ea sakhang ka eona na?” (Esaia 10:15) Jesu le eena o ile a sebelisa lipapiso haholo ha a ne a ruta. Tlaleho e bolela hore “o ne a sa bue le bona ka ntle ho papiso.” (Mareka 4:34) Lipapiso tse molemo lia sebetsa hobane li ama kelello le pelo. Li nolofalletsa bamameli hore ba amohele boitsebiso bo bocha habonolo ka ho bo bapisa le ntho eo ba seng ba ntse ba e tloaetse.
15, 16. Ke eng se tla etsa hore lipapiso ebe tse sebetsang ka ho fetisisa? Fana ka mehlala.
15 Re ka sebelisa lipapiso tse hlileng li finyellang pelo joang? Ntlha ea pele, papiso e lokela ho tšoana ka ho loketseng le ntho e hlalosoang. Haeba papiso e hlile e sa tšoanele taba, e tla ferekanya bamameli ho fapana le ho ba beha leseling. Sebui se seng ka boikemisetso bo botle se kile sa leka ho hlalosa boikokobetso ba masala a tlotsitsoeng ho Jesu Kreste ka ho bo tšoantša le ba ntja e tšepahalang e ruetsoeng bokhabane. Empa na papiso e nyenyefatsang joalo e hlile e loketse? Bibele e hlalosa ntlha e tšoanang ka tsela e ipiletsang le e hlomphehang haholoanyane. E tšoantša balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba 144 000 le “monyaluoa ea khabileng bakeng sa monna oa hae.”—Tšenolo 21:2.
16 Lipapiso li sebetsa hamolemo le ho feta ha li ama bophelo ba batho. Papiso ea Nathane ea konyana e hlabiloeng e ile ea ama pelo ea Morena Davida hobane a ne a rata linku, kaha o ne a ile a lisa bocheng ba hae. (1 Samuele 16:11-13; 2 Samuele 12:1-7) Haeba papiso eo e ne e buile ka poho, mohlomong e ka be e sa sebetsa hakaalo. Ka tsela e tšoanang, lipapiso tse thehiloeng litšibollong tsa saense kapa liketsahalong tse sa tsejoeng hakaalo tsa histori e ka ’na ea e-ba tsa bohlokoa bo fokolang ho bamameli ba rōna. Jesu o ile a etsa lipapiso ka lintho tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. O ile a bua ka lintho tse tloaelehileng joaloka lebone, linonyana tsa leholimo le likhahla tsa naha. (Matheu 5:15, 16; 6:26, 28) Bamameli ba Jesu ba ne ba ka utloisisa lintho tse joalo habonolo.
17. (a) Re ka ’na ra tšetleha lipapiso tsa rōna ho eng? (b) Re ka ’na ra sebelisa lipapiso tse fanoeng libukeng tsa rōna joang hore li lumellane le maemo a liithuti tsa rōna?
17 Tšebeletsong ea rōna, re na le menyetla e mengata ea ho sebelisa lipapiso tse bonolo empa e le tse sebetsang. E-ba hlokolosi. (Liketso 17:22, 23) Mohlomong papiso e ka itšetleha ka bana ba momameli, lehae la hae, mosebetsi oa hae, kapa ntho eo a tloaetseng ho e etsa ho itlosa bolutu. Kapa re ka ’na ra sebelisa ntho eo re e tsebang ka seithuti sa Bibele ho tlatsetsa lipapisong tse seng li ntse li fanoe boitsebisong boo re ithutang bona. Nka ka mohlala, papiso e sebetsang e sebelisitsoeng serapeng sa 14 ho khaolo ea 8 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. E bua ka motsoali ea lerato ea buuoang hampe ke moahisani. Re ka ipha nako ea ho nahanisisa ka hore na re ka sebelisa papiso eo joang ho lumellana le maemo a seithuti sa Bibele seo e leng motsoali.
Ho Bala Mangolo ka Tsebo
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho ba babali ba balang ka mokhoa o phollatsi?
18 Pauluse o ile a phehella Timothea ka matla: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” (1 Timothea 4:13) Kaha Bibele ke motheo oa thuto ea rōna, ho molemo hore re tsebe ho e bala phollatsi. Balevi ba ne ba e-na le tokelo ea ho balla sechaba sa Molimo Molao oa Moshe. Na ba ne ba hoeleketsa ha ba o bala kapa ba ipalla oona ka lentsoe le khathetseng? Che, ho Nehemia 8:8 Bibele e re: “Ba ’na ba bala bukeng ea molao oa Molimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, ’me ba hlahlisa se baloang.”
19. Re ka ntlafatsa joang ’malo oa rōna oa Mangolo?
19 Banna ba bang ba Bakreste bao e leng libui tse buang ka mokhoa o phollatsi baa hlōleha tabeng ea ho bala. Ba ka ntlafatsa joang? Ka ho ikoetlisa. E, ka ho balla holimo ka makhetlo ho fihlela ba khona ho bala ha phollatsi. Haeba lik’hasete tsa Bibele li fumaneha ka puo ea hao, ke bohlale hore u mamele kamoo ’mali a hatellang lintlha le ho fetola molumo oa lentsoe kateng ’me u hlokomele le kamoo mabitso le mantsoe a sa tloaelehang a bitsoang kateng. Ba nang le New World Translation ka Senyesemane ba ka boela ba sebelisa hamolemo thuso ea eona ea pitso ea mantsoe.a Ka ho ikoetlisa, esita le mabitso a kang Mahere-shalale-hashe-baze a ka baleha ha bonojoana.—Esaia 8:1, NW.
20. Ke joang re ka ‘elang hloko thuto ea rōna’?
20 Joaloka batho ba Jehova, ke tokelo e kaakang eo re nang le eona ea ho sebelisoa re le mesuoe! Kahoo, e mong le e mong oa rōna ha a ke a nke boikarabelo boo ka ho teba. E se eka re ka ‘ikela hloko ka mehla le thuto ea rōna.’ (1 Timothea 4:16) Re ka ba mesuoe e hloahloa ka ho ba bamameli ba molemo, ka ho beha lintho ka tsela e bonolo, ka ho botsa lipotso tse batlang temohisiso, ka ho sebelisa lipapiso tse thusang le ka ho bala mangolo ka tsebo. E se eka bohle re ka rua molemo koetlisong eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, kaha sena se ka re thusa ho ba le “leleme la ba rutehileng.” (Esaia 50:4) Ka ho sebelisa hamolemo likofuto tsohle tse fanoeng bakeng sa tšebeletso ea rōna, ho akarelletsa libukana, lik’hasete tsa theipi le tsa video, re ka ithuta ho ruta ka temohisiso le ka tšusumetso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a arotsoe ka linoko, senoko se seng le se seng se arotsoe ka khutlo kapa letšoao la khatiso ea molumo. Ho hatisoa senoko se nang le letšoao la khatiso ea molumo. Haeba senoko se qetella ka seluma-nosi, seluma-nosi seo se fuoa molumo o molelele. Haeba senoko se qetella ka seluma-’moho, seluma-nosi se fuoa molumo oa sona o mokhutšoanyane.
Na U sa Hopola?
◻ Ho ba momameli ea molemo ho ka re thusa joang ha re ruta?
◻ Re ka etsisa Pauluse le Jesu joang ho ruteng ka bonolo?
◻ Re ka sebelisa lipotso tsa mofuta ofe ha re ruta ba bang?
◻ Ke lipapiso tsa mofuta ofe tse sebetsang hamolemo ka ho fetisisa?
◻ Re ka ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ba babali ba phatlalatsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Mosuoe ea molemo oa mamela e le hore a fumane temohisiso
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Jesu o ile a etsa lipapiso ka lintho tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi