Ho Batla Paradeise
Joalokaha Ho Boletse Pascal Stisi
E ne e se e le bosiu bo boholo, ’me literata tsa motse oa Béziers, ka boroa ho Fora, li ne li se na batho. Ha re fumana lerako le neng le sa tsoa pentoa la lebenkele la libuka tsa bolumeli, ’na le motsoalle oa ka re ile ra etsa mantakalatsane holim’a lona ka litlhaku tse ntšo tse khōlō ra ngola mantsoe a rafilosofi oa Mojeremane Nietzsche: ‘Melimo e shoele. Re phelele, Seqhenqha!’ Leha ho le joalo, ke’ng se ileng sa nkhannela ho etsa see sohle?
KE HLAHETSE Fora ka 1951 lelapeng la Mak’hatholike ao e leng Mataliana. Ha ke ne ke sa le ngoana, re ne re e-ea phomolong ka boroa ho Italy. Sebakeng seo, motsana o mong le o mong o ne o e-na le setšoantšo sa oona sa Moroetsana Maria. Ha ke tsamaea le nkhono, ke ne ke tsamaea haufi le liemahale tsena tse khōlō tse apesitsoeng tse kolokisitsoeng ho pholletsa le lithaba—empa ke se na tumelo ho hang. Ke ile ka phetha thuto ea ka ea motheo sekolong sa bolumeli sa Majesuite. Leha ho le joalo, ha ke hopole ke utloa ntho efe kapa efe e ileng ea hla ea haha tumelo ea ka ho Molimo.
E bile ha ke ne ke ngolisa univesithing e Montpellier bakeng sa ho ithutela bongaka moo ke ileng ka qala ho nahana ka morero oa bophelo. Ntate oa ka o ne a ile a lemala ntoeng ’me lingaka li ne li pota-pota bethe ea hae ka linako tsohle. Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho felisa ntoa ho e-na le ho qeta nako e ngata hakaalo le ho etsa boiteko bo bongata hakaalo ba ho phekola batho ba anngoeng ke liphello tsa eona tse senyang? Leha ho le joalo, Ntoa ea Vietnam e ne e ntse e kupa. Ka mohlala, ho ’na tsela feela e sebetsang ea ho phekola kankere ea matšoafo, e ne e le ho felisa sesosa sa eona se ka sehloohong—koae. ’Me ho thoe’ng ka maloetse a bakiloeng ke khaello ea phepo e nepahetseng linaheng tse tsoelang pele moruong le a bakiloeng ke ho ja ka ho tlōlisang linaheng tse ruileng? Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho tlosa lisosa ho e-na le ho leka ho phekola liphello tse bohloko? Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le mahlomola a makaale lefatšeng? Ke ile ka elelloa hore ho na le phoso e khōlō sechabeng sena se nang le tšekamelo ea ho batla ho ipolaea, ’me ke ile ka nka hore mebuso ea ikarabella.
Buka eo ke neng ke e rata haholo e ne e ngotsoe ke moferekanyi e mong, ’me ke ne ke ee ke kopiletse lipolelo tse tsoang ho eona maboteng. Butle-butle, le ’na ke ile ka fetoha moferekanyi, ea se nang tumelo kapa melao ea boitšoaro, ea neng a sa batle Molimo kapa monghali. Ho ’na, Molimo le bolumeli e ne e le lintho tseo barui le batho ba matla ba iketselitseng tsona e le hore ba ka hatella le ho hanyapetsa rōna bohle. Ba ne ba bonahala eka ba re: ‘Re sebeletseng ka thata lefatšeng, ’me moputso oa lōna o tla ba moholo paradeiseng leholimong.’ Empa melimo e ne e feletsoe ke nako. Ho ne ho hlokahala hore batho ba bolelloe. Mengolo e ngotsoeng maboteng a mehaho ea sechaba e ne e le tsela e ’ngoe ea ho ba bolella.
Ka lebaka leo, ke ile ka beha lithuto tsa ka sebakeng sa bobeli. Ho sa le joalo, ke ne ke ngoliselitse ho ithuta jeokrafi le thuto ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona univesithing e ’ngoe e Montpellier moo ho neng ho rena boemo ba phetohelo. Ha ke ntse ke ithuta thuto ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona haholoanyane, ke ile ka khopiseha haholoanyane ha ke bona tšilafalo ea polanete ea rōna e ntle.
Selemo se seng le se seng ha ke le phomolong ea lehlabula, ke ne ke tsamaea ke kōpa beng ba likoloi tse fetang hore ba mpalamise, ke e-ea bohōle ba lik’hilomithara tse likete ho pholletsa le Europe. Ha ke ntse ke tsamaea le ho bua le bakhanni ba makholo, ke ile ka bona ka mahlo bobe le tšenyeho tse hlokofatsang batho. Ka nako e ’ngoe, ha ke ntse ka batla paradeise, ke ile ka feta mabōpong a leoatle a matle haholo sehlekehlekeng se setle sa Kreta ’me ka fumana a tletse oli. Ke ile ka utloa bohloko haholo. Na ho ne ho e-na le sekhutlo sa paradeise se siiloeng kae-kae lefatšeng?
Ke Khutlela Mahaeng
Fora litsebi tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona li ne li buella ho khutlela mahaeng bakeng sa ho rarolla mathata a batho. Ke ne ke batla ho sebetsa ka matsoho a ka. Ka hona, ke ile ka reka ntlo ea khale ea lejoe motsaneng o mosikong oa Lithaba tsa Cévennes ka leboea ho Fora. Lemating, ke ile ka ngola sena, “Paradeise ea Hona Joale,” e leng lepetjo la mahipi a Amerika. Ke ile ka lula le ngoanana e monyenyane oa Mojeremane ea neng a tsamaea ho pholletsa le sebaka sa rōna. Ho hang ke ne nke ke ka lumela hore re nyalane ka pel’a ramotse, e leng moemeli oa ’muso. Kerekeng teng? Lebala!
Boholo ba nako, re ne re tsamaea re sa roala lieta, ’me ke ne ke e-na le moriri o molelele le litelu tse mahleke. Ho lema litholoana le meroho ho ne ho hlolla ho ’na. Hlabula leholimo le ne le le leputsoa ’me matjeketjane a ne a bina. Lipalesa tsa naha e koahetsoeng ke lihlahla li ne li nkha hamonate haholo, le litholoana tsa Mediterranean tseo re neng re li lema—e leng morara le lifeiga—li ne li lutlisa mathe hoo! Ho ne ho bonahala eka re fumane sebaka sa rōna paradeiseng.
Ke Boela ke E-ba le Tumelo ho Molimo
Univesithing, ke ne ke ithutile baeloji ea lisele, baeloji e sebetsanang le masea a ka pōpelong le sebōpeho sa lintho tse phelang, ’me ke ne ke khahliloe haholo ke ho rarahana le tumellano ea tšebetso ea lintho tsena. Joale kaha ke ne nka boha pōpo le ho e bona ka mahlo letsatsi le leng le le leng, botle ba eona le matla a eona li ile tsa etsa hore ke tsote. Letsatsi le letsatsi ke ne ke ithuta se eketsehileng ka pōpo. Ka letsatsi le leng ha re otlolla maoto re e-ea sebakeng se hōjana maralleng le ka mor’a hore ke nahane ka ho teba ka bophelo, ke ile ka fihlela qeto ea hore e tlameha ebe ho na le ’Mōpi. Ka pelong ea ka ke ile ka etsa qeto ea ho lumela ho Molimo. Pele ho moo, ke ne ke ikutloa ke le feela, ke jeoa ke bolutu bo ntšoenyang. Letsatsing leo ka lona ke ileng ka qala ho lumela ho Molimo, ke ile ka ipolella, ‘Pascal, u ke ke ua hlola u e-ba mong.’ E ne e le boikutlo bo sa tloaelehang.
Kapele ka mor’a moo, ’na le kharebe ea ka re ile ra ba le ngoana oa ngoanana—Amandine. E ne e le thatohatsi ea ka. Joale kaha ke ne ke lumela ho Molimo, ke ile ka qala ho hlompha melao ea boitšoaro e seng mekae eo ke neng ke e tseba. Ke ile ka khaotsa ho utsoa le ho bua leshano, ’me kapele ke ile ka hlokomela hore sena se nthusa ho qoba mathata a mangata lipakeng tsa ka le ba haufi le ’na. E, re ne re e-na le mathata a rōna, ’me paradeise ea ka e ne e se sohle seo ke neng ke se lebeletse. Balemi ba lifate tsa morara ba sebakeng seo ba ne ba sebelisa chefo ea likokoanyana le moriana o bolaeang lehola tse neng li boetse li senya limela tsa ka. Potso ea ka mabapi le sesosa sa bokhopo e ne e ntse e e-s’o arajoe. Ho feta moo, le hoja ke ne ke balile haholo ka bophelo ba lelapa, sena ha sea ka sa thibela likhang tseo ho tsona re neng re halefelana le kharebe ea ka. Re ne re e-na le metsoalle e seng mekae, ’me eo re neng re e-na le eona e ne e le e sa tšepahaleng; e meng e ile ea ba ea leka ho etsa hore kharebe ea ka e nqhekelle. Ho ne ho lokela hore ho be le paradeise e molemo.
Karabo ea Lithapelo Tsa Ka
Ka tsela ea ka ke le mong, ke ile ka rapela khafetsa hore Molimo a ntataise bophelong. Hoseng ho hong ka Sontaha mosali e mong ea botsoalle ea bitsoang Irène Lopez le moshanyana oa hae e monyenyane ba ile ba etela ha rōna. E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka mamela seo a neng a se bua ’me ka amohela kōpo ea hore a nketele hape. Banna ba babeli ba ile ba nketela. Moqoqong oa rōna, ke ile ka boloka lintho tse peli kelellong ea ka—Paradeise le ’Muso oa Molimo. Ke ile ka boloka mehopolo eo ka hloko ka pelong ea ka, ’me ha likhoeli li ntse li feta, ke ile ka utloisisa hore ka letsatsi le leng ke tla lokela ho lokisa lintho le Molimo haeba ke batla ho ba le letsoalo le letle le ho ba le thabo ea sebele.
Ho etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane le Lentsoe la Molimo, pele kharebe ea ka e ne e rata ho nyalana le ’na. Eaba e ba le metsoalle e mebe ea batho ba neng ba soma Molimo le melao ea hae. Ha ke fihla hae bosiung bo bong nakong ea selemo, ke ile ka haroha letsoalo. Ntlo ea rōna e ne e se na letho. Kharebe ea ka e ne e tsamaile, e nkile morali oa rōna ea lilemo li tharo. Ke ile ka leta nako e telele ke letetse hore ba khutle—empa ka letela lelea. Ho e-na le ho beha Molimo molato, ke ile ka mo rapela hore a nthuse.
Kapele ka mor’a moo, ke ile ka nka Bibele, ka lula fatše tlas’a sefate sa ka sa feiga, ’me ka qala ho e bala. Ha e le hantle, ke ile ka monya mantsoe a eona. Le hoja ke ne ke balile libuka tsa mefuta eohle tsa litsebi tsa mafu a kelello le litsebi tsa kelello, ho ne ho se mohla nkileng ka fumana bohlale bo bokaalo. E tlameha ebe buka ena e bululetsoe ke Molimo. Thuto ea Jesu le ho utloisisa ha hae boitšoaro ba batho e ile ea ntlholla. Ke ile ka tšelisoa ke Lipesaleme ’me ka hlolloa ke bohlale bo sebetsang ba Liproverbia. Kapele ke ile ka hlokomela hore le hoja ho ithuta pōpo ho le hotle haholo bakeng sa ho hulela motho ho Molimo, e ka senola “linyane feela tsa litsela tsa hae.”—Jobo 26:14, NW.
Lipaki li ne li boetse li ntšietse buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng.a Ho li bala ho ile ha mpula mahlo. Buka ea ’Nete e ile ea nthusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho a ne a talimane le tšilafalo e sabaletseng, lintoa, pefo e ntseng e eketseha le tšokelo ea timetso e feletseng ea nyutlelie. ’Me feela joalokaha leholimo le lefubelu leo ke le boneng ha ke le jareteng ea ka le ne le bolela boemo ba leholimo bo botle letsatsing le latelang, liketsahalo tsena li ne li paka hore ’Muso oa Molimo o haufi haholo. Ha e le buka ea Bophelo ba Lelapa, ke ile ka lakatsa eka nka e bontša kharebe ea ka ’me ke e bolelle hore re ka thaba ha re sebelisa keletso ea Bibele. Empa ho ne ho se ho sa khonehe.
Ho Tsoela pele Moeeng
Ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng, ka hona ke ile ka kōpa Paki e bitsoang Robert hore e nketele. O ile a makala haholo ha ke mo bolella hore ke batla ho kolobetsoa, ka hona, thuto ea Bibele e ile ea qalisoa. Hang-hang ke ile ka qala ho bua le ba bang ka seo ke neng ke ithuta sona, ’me ka qala ho aba lingoliloeng tseo ke neng ke li fumane Holong ea ’Muso.
E le hore ke khone ho iphelisa, ke ile ka ngolisetsa ho ithutela bommeselara. Ha ke lemoha molemo oo Lentsoe la Molimo le ka o etsetsang motho, ke ile ka sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho fana ka bopaki bo sa reroang ho liithuti-’moho le ’na le ho matichere. Bosiung bo bong, ke ile ka kopana le Serge phasejeng. O ne a tšoere limakasine ka letsohong. Ke ile ka re ho eena: “Kea bona hore u rata ho bala.” “E, empa tsena li ntenne.” Ke ile ka mo botsa: “Na u batla ntho e baloang e hlileng e leng molemo?” Re ile ra qoqa hamonate ka ’Muso oa Molimo, ka mor’a moo o ile a amohela lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Bekeng e latelang o ile a tla le ’na Holong ea ’Muso, ’me thuto ea Bibele e ile ea qalisoa.
Ka letsatsi le leng ke ile ka botsa Robert hore na nka bolela ka ntlo le ntlo. O ile a ea polokelong ea hae ea liaparo ’me a mphumanela sutu. Sontaheng se latelang, ke ile ka qala ho ea le eena tšebeletsong. Qetellong, ka la 7 March, 1981, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea phatlalatsa.
Thuso ha ke Tepeletse
Ho sa le joalo, ke ile ka fumana moo Amandine le ’mè oa hae ba neng ba lula teng naheng e ’ngoe. Oee! ’mè oa hae—ka litokelo tsohle tsa molao, ho latela melao ea naha eo a neng a lula ho eona—o ile a nthibela ho bona morali oa ka. Ke ne ke sithabetse. ’Mè oa Amandine o ne a nyetsoe, ’me ke ile ka nyahama haholo ha ke fumana lengolo la ’muso le ntsebisang hore monna oa hae ke motsoali oa morali oa ka oa molao—ntle le tumello ea ka. Ho hang ke ne ke se ke se na matla ngoaneng oa ka. Ho sa tsotellehe bohato ba molao boo ke ileng ka bo nka, ke ile ka sitoa ho fumana litokelo tsa ho mo etela. Ke ne ke ikutloa eka ke jere moroalo o boima ka mokokotlong, bohloko ba ka bo ne bo le joalo.
Empa Lentsoe la Jehova le ile la ntšehetsa ka litsela tse ngata. Ka letsatsi le leng ha ke ne ke nyahame haholo, ke ile ka pheta-pheta mantsoe a Liproverbia 24:10 (NW): “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Temana ena e ile ea nthusa hore ke se ke ka felloa ke matla. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a ho hlōleha boitekong ba ka ba ho bona morali oa ka, ke ile ka tsoela tšebeletsong ’me ka nka mokotlana oa ka oa libuka ka matla ’ohle a ka. Linakong tseo tse thata, ke ile ka khona ho lemoha bonnete ba Pesaleme ea 126:6 (NW), e reng: “Ea tsamaeang, a bile a lla, a nkile mokotla o tletseng peo, ruri o tla kena ka mohoo oa thabo, a nkile mangata a hae.” Thuto ea bohlokoa eo ke ileng ka ithuta eona ke hore ha u e-na le liteko tse tebileng, hang feela ha u entse sohle seo u ka se khonang ho rarolla mathata a hao, u tlameha ho a furalla ’me u tsoele pele ka boikemisetso tšebeletsong ea Jehova. Ena ke eona feela tsela ea ho ipoloka u thabile.
Ho Hahamalla se Molemo Haholoanyane
Ha batsoali ba ka ba ratehang ba bona liphetoho tseo ke li entseng, ba ile ba ithaopela ho nthusa ho tsoela pele ka lithuto tsa ka univesithing. Ke ile ka ba leboha, empa joale ke ne ke e-na le pakane e ’ngoe. ’Nete e ne e ntokolotse filosofing ea batho, khopolo-tabeng le bonoheng ba linaleli. Joale ke ne ke e-na le metsoalle ea sebele eo ho neng ho se mohla e tla bolaeana ntoeng. ’Me qetellong ke ne ke fumane karabo ea lipotso tsa ka mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a makana lefatšeng. Ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo ka matla ’ohle a ka, e le hore ke mo lebohe. Jesu o ne a inehetse ka ho feletseng tšebeletsong ea hae, ’me ke ne ke batla ho latela mohlala oa hae.
Ka 1983, ke ile ka tlohela khoebo ea ka ea bommeselara e le hore nka ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Lithapelo tsa ka li ile tsa arabeloa ka hore ke fumane mosebetsi oa nakoana serapeng sa boikhathollo e le hore ke iphelise. E bile thabo e kaakang ho ba sekolong sa bo-pula-maliboho le Serge, mohlankana eo ke ileng ka mo pakela sekolong sa bommeselara! Ka mor’a lilemo tse tharo ke le pula-maliboho oa kamehla, ke ile ka ba le takatso ea ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, ka 1986 ke ile ka khetheloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng toropong ea Provins e botle bo hlollang ba tlhaho, e seng hōle le Paris. Hangata, ha ke ne ke e-tla hae bosiu, ke ne ke khumama ke rapela bakeng sa ho leboha Jehova ka letsatsi le hlollang leo ke le qetileng ke buisana le ba bang ka eena. Ha e le hantle, lintho tse peli tse ntlisetsang thabo bophelong ke ho bua le Molimo le ho bua ka Molimo.
Ntho e ’ngoe e ileng ea nthabisa e bile kolobetso ea ’Mè ea lilemo li 68 ea neng a lula Cébazan, motsana o ka boroa ho Fora. Ha ’Mè a ne a qala ho bala Bibele, ke ile ka mo romella lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E ne e le motho ea nahanang, ’me kapele o ile a fumana ’nete ho seo a neng a se bala.
Bethele—Paradeise ea Moea e Tsotehang
Ha Mokhatlo oa Watch Tower o ne o etsa qeto ea ho fokotsa palo ea bo-pula-maliboho ba khethehileng, ke ile ka etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le Bethele, e leng ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Fora. Ke ne ke batla ho siea taba ena ho Jehova hore a etse qeto ea hore na ke ne nka mo sebeletsa hamolemohali joang. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka December 1989, ke ile ka memeloa Bethele e Louviers, ka leboea-bophirimela ho Fora. Sena se ile sa ipaka e le phello e ntle haholo, kaha sebaka seo e leng ho sona se ile sa ’nolofalletsa ho thusa moena oa ka le mosali oa hae ho hlokomela batsoali ba ka ha ba ne ba kula haholo. Nka be ke sa ka ka khona ho etsa sena hoja ke ne ke le tšebeletsong ea boromuoa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse likete.
’Mè o ne a nketela ka makhetlo a ’maloa Bethele. Le hoja a ne a iteletse hore ke lule hōle le eena, o ne a atisa ho mpolella: “U lule Bethele, Mora. Ke thabela hore ebe u sebeletsa Jehova ka tsela ena.” Ka masoabi, hona joale batsoali ba ka ka bobeli ba shoele. Ke hloloheloa hakaakang ho ba bona lefatšeng le fetotsoeng paradeise ea sebele!
Ka sebele ke lumela hore haeba ntlo leha e le efe e lokela ho hlalosoa e le “Paradeise ea Kajeno,” ke Bethele—“Ntlo ea Molimo”—hobane haholo-holo paradeise ea sebele ke ea moea, ’me bomoea boa rena Bethele. Re na le monyetla oa ho hlaolela litholoana tsa moea. (Bagalata 5:22, 23) Lijo tsa moea tse enneng tseo re li fumanang puisanong ea kamehla ea temana ea Bibele le thuto ea lelapa ea Molula-Qhooa li nthusa ho matlafala bakeng sa tšebeletso ea Bethele. Ho feta moo, ho ba hammoho le bara le barali babo rōna ba sekametseng linthong tsa moea ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome ho etsa hore Bethele e be sebaka se ikhethang seo ho sona motho a ka hōlang moeeng. Le hoja hona joale ke arohane le morali oa ka lilemo tse 17, ke fumane bacha ba bangata ba chesehang Bethele, bao ke ba nkang e le bana ba ka, le bao ke thabelang tsoelo-pele ea bona moeeng. Lilemong tse fetileng tse robeli, ke bile le likabelo tse fapaneng tse supileng. Le hoja e sa ka ea e-ba kamehla liphetoho tsena li bileng bonolo, koetliso e joalo e ba molemo ka mor’a nako e telele.
Ke ne ke tloaetse ho lema mofuta oa linaoa o behang halekholo ha o lengoa. Ka ho tšoanang, ke hlokometse hore ha u jala se sebe, u kotula se sebe le ho feta ka makhetlo a lekholo—eseng kotulo e le ’ngoe feela. Ho ithuta ka phihlelo ho tšoana le sekolo. Ke ne nka khetha hore ho se be le mohla nkileng ka ngolisa sekolong seo empa, ho e-na le hoo, ke ne nka khetha hore ebe ke hōliselitsoe tseleng ea Jehova. Bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste ba na le tokelo e kaakang! Ntle ho pelaelo, ho molemo ho jala se molemo tšebeletsong ea Jehova ’me u kotule halekholo khotso e eketsehileng le khotsofalo.—Bagalata 6:7, 8.
Ha ke ne ke le pula-maliboho, ka linako tse ling ke ne ke ee ke fete lebenkeleng la libuka tsa bolumeli leo re neng re ngola lepetjo la bofetoheli lerakong la lona. Ke bile ka kena ka har’a lona ’me ka buisana le mong’a lona ka Molimo ea phelang le morero oa hae. E, Molimo oa phela! Ho feta moo, Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete, ke Ntate ea tšepahalang, eo ho seng mohla a lahlang bana ba hae. (Tšenolo 15:4) E se eka matšoele a eketsehileng a lichaba tsohle a ka fumana paradeise ea moea hona joale—le Paradeise e tsosolositsoeng e tlang—ka ho sebeletsa Molimo ea phelang, Jehova, le ho mo rorisa!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ka lebaka la ho susumetsoa ke mehlolo ea tlhaho, ke ile ka etsa qeto ea ho lumela ho Molimo ka pelong ea ka. (Ka ho le letona) Kajeno ke tšebeletsong ea Bethele