Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 5/1 maq. 20-24
  • Falimehang ’me le Khothale!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Falimehang ’me le Khothale!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Falimehang Joaloka Baroetsana ba Bahlano!
  • E-bang ba Khothetseng ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Ho Falimeha le ho Khothala Nakong ea ho ba Teng ha Hae
  • Na U Tla ‘Lula U Lebetse’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na u Ela Hloko Litemoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ithute Papisong ea Litalenta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Papiso ea Baroetsana ba Leshome
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 5/1 maq. 20-24

Falimehang ’me le Khothale!

“Ka hona, le lule le lebetse, hobane leha e le letsatsi kapa eona hora ha le li tsebe.”—MATHEU 25:13.

1. Moapostola Johanne o ne a lebeletse eng?

PUISANONG ea hae ea ho qetela ka Bibeleng, Jesu o ile a tšepisa: “Ke tla kapele.” Moapostola oa hae Johanne o ile a araba: “Amen! Tloo, Morena Jesu.” Moapostola enoa o ne a se na pelaelo ea hore Jesu o ne a tla tla. Johanne ke e mong oa baapostola ba neng ba ile ba botsa Jesu: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla be efe ea ho ba teng ha hao [ka Segerike, pa·rou·siʹa] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” E, Johanne ka kholiseho o ne a lebeletse ho ba teng ha Jesu nakong e tlang.—Tšenolo 22:20; Matheu 24:3.

2. Mabapi le ho ba teng ha Jesu, boemo ke bofe likerekeng?

2 Kholiseho e joalo ea fokola kajeno. Likereke tse ngata li na le thuto ea motheo ea “ho tla” ha Jesu, empa ke litho tse seng kae feela tsa tsona tse hlileng li ho lebeletseng. Li phela ka tsela e tloaelehileng. Buka ea The Parousia in the New Testament e re: “Ho na le tšusumetso e fokolang e nepahetseng mabapi le tšepo ea Parousia bophelong, mohopolong le mosebetsing oa kereke. . . . Ho potlaka ho matla hoo ka hona kereke e lokelang ho etsa mosebetsi oa eona oa ho baka le ho phatlalatsa kosepele linaheng lisele, ho fokolisitsoe haeba ha hoa tloheloa ka ho feletseng.” Empa eseng ho e mong le e mong!

3. (a) Bakreste ba ’nete ba ikutloa joang ka pa·rou·siʹa? (b) Hona joale re tla hlahloba eng ka ho khetheha?

3 Barutuoa ba Jesu ba ’nete ba letetse ka thahasello bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale. Ha re ntse re etsa joalo ka botšepehi, ho hlokahala hore re lule re e-na le boikutlo bo nepahetseng ka sohle se amehang tabeng ea ho ba teng ha Jesu ’me re nke bohato bo loketseng. Seo se tla re nolofalletsa ho ‘mamella ho isa bofelong ’me re pholohe.’ (Matheu 24:13) Ha a ntse a bua ka boprofeta boo re bo fumanang ho Matheu khaolong ea 24 le ea 25, Jesu o ile a fana ka keletso e bontšang bohlale eo re ka e sebelisang molemong oa rōna oa ka ho sa feleng. Khaolo ea 25 e fupere lipapiso tseo ho ka etsahalang hore ebe ua li tseba, ho akarelletsa ea baroetsana ba leshome (baroetsana ba bohlale le ba maoatla) le papiso ea litalenta. (Matheu 25:1-30) Re ka rua molemo joang lipapisong tseo?

Falimehang Joaloka Baroetsana ba Bahlano!

4. Ntlha ea sehlooho ea papiso ea baroetsana ke efe?

4 U ka ’na ua rata ho bala papiso ena ea baroetsana hape, e fumanehang ho Matheu 25:1-13. Boemo ke ba lechato la Bajuda le majaba-jaba leo ho lona monyali a latang monyaluoa habo a mo isa ha monyali (kapa ha ntat’ae). Mokoloko o joalo o ka ’na oa akarelletsa ba letsang liletsa tsa ’mino le libini, ’me nako ea ho fihla ha oona e ne e ke ke ea tsejoa hantle. Papisong ena, baroetsana ba leshome ba ile ba leta ho fihlela bosiu bo boholo ba letetse hore monyali a fihle. Ka booatla, ba bahlano ba ne ba sa tla le oli ea mabone e lekaneng kahoo ba ile ba tlameha ho ea reka e eketsehileng. Ba bang ba bahlano ka bohlale, ba ne ba tlile le oli e eketsehileng ka lipitsa e le hore ba ka tlatsa mabone a bona hape haeba ho hlokahala ha ba ntse ba letile. Ke bana ba bahlano feela ba neng ba le teng ba bile ba itokisitse ha monyali a fihla. Kahoo, ke bona feela ba ileng ba lumelloa ho kena moketeng. Ha baroetsana ba bahlano ba maoatla ba khutla, e ne e se e le morao haholo hore ba ka kena.

5. Ke mangolo afe a fanang ka leseli moelelong oa tšoantšetso oa papiso ea baroetsana?

5 Likarolo tse ngata tsa papiso ena li ka utloisisoa e le tsa tšoantšetso. Ka mohlala, Mangolo a bua ka Jesu e le monyali. (Johanne 3:28-30) Jesu o ile a itšoantša le mora oa morena ea neng a lokiselitsoe mokete oa lenyalo. (Matheu 22:1-14) ’Me Bibele e bapisa Kreste le monna. (Baefese 5:23) Hoa thahasellisa hore ebe le hoja Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlalosoa e le “monyaluoa” oa Kreste sebakeng se seng, papiso ena ha e bue letho ka monyaluoa. (Johanne 3:29; Tšenolo 19:7; 21:2, 9) Leha ho le joalo, e bua ka baroetsana ba leshome, ’me sebakeng se seng batlotsuoa ba tšoantšoa le moroetsana eo Kreste a mo tšepisitseng lenyalo.—2 Bakorinthe 11:2.a

6. Jesu o ile a fana ka khothatso efe ha a phetha papiso ea baroetsana?

6 Ntle ho makolopetso a joalo le ho phethahala hofe kapa hofe ha boprofeta, ka sebele ho na le melao-motheo e molemo eo re ka ithutang eona papisong ena. Ka mohlala, hlokomela hore Jesu o ile a e phetha ka mantsoe ana: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane leha e le letsatsi kapa eona hora ha le li tsebe.” Ka hona, papiso ena e bontša hore ho hlokahala hore kaofela re falimehe, re hlokomele bofelo bo atamelang ba tsamaiso ena e khopo. Ha ho pelaelo hore bofelo bona boa tla, le hoja re ke ke ra qoolla letsatsi. Tabeng ena, hlokomela boikutlo bo bonahatsoang ke lihlopha tsena tse peli tsa baroetsana.

7. Baroetsana ba bahlano papisong ee ba ile ba ipaka e le maoatla ka kutloisiso efe?

7 Jesu o itse: “Ba bahlano ba bona e ne e le maoatla.” Na e ne e le hobane ba sa lumele hore monyali oa tla? Na ba ne ba il’o lelekisa menyaka? Kapa na ba ne ba thetsitsoe? Che. Jesu o itse bana ba bahlano ba ile “ba tsoa ho ea kopana le monyali.” Ba ne ba tseba hore oa tla, ’me ba ne ba batla ho ba teng “moketeng oa lenyalo,” esita le ho kopanela ho oona. Empa, na ba ne ba itokisitse ka ho lekaneng? Ba ile ba mo letela haleletsana, ho fihlela “har’a bosiu,” empa ba ne ba sa itokisetsa ho fihla ha hae ho sa tsotellehe hore na ke neng—ebang ke pele kapa ka morao ho nako eo qalong ba neng ba lebeletse hore o tla fihla ka eona.

8. Baroetsana ba bahlano papisong ee ba ile ba ipaka ba le masene joang?

8 Ba bang ba bahlano—bao Jesu a ileng a re ke ba masene—le bona ba ile ba tsoa ba nkile mabone a khantšitsoeng, ba lebeletse hore monyali a fihle. Le bona ba ile ba tlameha ho leta, empa ba ne ba le “masene.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “masene” le ka fetisa moelelo oa ho ba “seli, kelello, bohlale bo sebetsang.” Bana ba bahlano ba ile ba ipaka ba le masene ka ho tla le oli e eketsehileng ka lipitsa bakeng sa ho tlatsa mabone a bona hape haeba ho hlokahala. Ha e le hantle, ba ne ba lebisitse tlhokomelo tabeng ea ho ba ba itokiselitseng monyali hoo ba neng ba ke ke ba fana ka oli ea bona. Ho falimeha ho joalo ha hoa hlokomolohuoa, joalokaha bo pakiloe ka ho ba teng ha bona le ho ba ba itokisitseng ka ho feletseng ha monyali a fihla. Bana ba “neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo; ’me monyako oa koaloa.”

9, 10. Ntlha ea bohlokoa ea papiso ea baroetsana ke efe, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life?

9 Jesu o ne a sa rute ka boitšoaro bo loketseng lechatong, leha e le hore o ne a fana ka keletso mabapi le ho abela ba bang lintho. Ntlha ea bohlokoa ea hae e ne e le hore: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane leha e le letsatsi kapa eona hora ha le li tsebe.” Ipotse, ‘Na ke hlile ke falimehetse ho ba teng ha Jesu?’ Re lumela hore hona joale Jesu oa busa leholimong, empa re lebisitse tlhokomelo ea rōna hakae ’neteng ea hore ‘Mora oa motho o tla tloha a e-tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō’? (Matheu 24:30) “Har’a bosiu,” ka sebele ho fihla ha monyali ho ne ho atametse ho feta ha baroetsana bana ba qala ho tsoa ho ea kopana le eena. Ka ho tšoanang, ho fihla ha Mor’a motho ho tla felisa tsamaiso e khopo ea kajeno ho atametse ho feta ha re qala ho lebella ho tla ha hae. (Baroma 13:11-14) Na re lutse re falimehile, re bile re falimeha haholoanyane ha nako eo e ntse e atamela?

10 Ho mamela taelo ea ho ‘lula re lebetse’ ho hloka ho falimeha ho sa khaotseng. Baroetsana ba bahlano ba ile ba tlohella oli ea bona hore e fele ’me ba ea reka e eketsehileng. Ka ho tšoanang kajeno Mokreste a ka ’na a sitisoa ke lintho tse itseng hore a se ke a itokisa ka ho feletseng bakeng sa ho fihla ha Jesu ho haufi. Ho ile ha etsahalla Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo. Ho ka etsahalla ba bang kajeno. Ka hona a re ipotseng, ‘Na hoa nketsahalla?’—1 Bathesalonika 5:6-8; Baheberu 2:1; 3:12; 12:3; Tšenolo 16:15.

E-bang ba Khothetseng ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

11. Jesu o ile a etsa papiso efe hamorao, ’me e ne e tšoana le eng?

11 Papisong ea hae e latelang, Jesu o ile a etsa ho fetang ho khothatsa balateli ba hae hore ba falimehe. Ka mor’a ho bua ka baroetsana ba masene le ba maoatla, o ile a etsa papiso ea litalenta. (Bala Matheu 25:14-30.) Maemong a mangata e tšoana le papiso ea hae ea pejana ea limina, eo Jesu a ileng a e etsa hobane ba bangata “ba ne ba nahana hore ’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.”—Luka 19:11-27.

12. Ntlha ea sehlooho ea papiso ea litalenta ke efe?

12 Papisong ea litalenta, Jesu o ile a bua ka motho eo, pele a nka leeto le eang hōle, a ileng a bitsa makhoba a mararo. O ile a fa le leng litalenta tse hlano, a fa le leng tse peli, ’me a fa la ho qetela e le ’ngoe feela—“le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona.” Mohlomong, sena se ne se bolela talenta ea silivera, chelete eo ka nako eo e neng e lekana le seo lekhoba le neng le ka se amohela ka lilemo tse 14—ke chelete e ngata! Ha monna enoa a khutla, o ile a etsa hore makhoba ana a ikarabelle bakeng sa seo a se entseng ‘nakong e telele’ eo a neng a le sieo ka eona. Makhoba a mabeli a pele a ne a atisitse se neng se behiloe tlhokomelong ea ’ona habeli. O ile a re “u entse hantle,” a tšepisa le leng le le leng boikarabelo bo eketsehileng, ’me a phetha: “Kena thabong ea mong’a hao.” Ha le bontša hore monghali oa lona o ne a lebeletse ho hongata haholo ho lona, lekhoba le nang le talenta e le ’ngoe le ne le sa ka la sebelisa talenta eo hamolemo. Le ile la pata chelete eo, le sa e kenye le bankeng hore e tsoale. Monghali oa lona o ile a re ke “le khopo le le noabolohang” hobane le ne le sebelitse khahlanong le lithahasello tsa mong’a lona. Ka lebaka leo, le ile la amohuoa talenta, ’me la lahleloa ka ntle “moo ho lla ha lona le ho tsikitlanya meno a lona” ho neng ho tla ba teng.

13. Jesu o ile a ipaka a tšoana le monghali joang papisong eo?

13 Hape, makolopetso a sena a ka utloisisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso. Ka mohlala, Jesu ea tšoantšoang le monna ea eang hōle, o ne a tla siea barutuoa ba hae, a ee leholimong, ’me a lete nako e telele ho fihlela a amohela matla a puso.b (Pesaleme ea 110:1-4; Liketso 2:34-36; Baroma 8:34; Baheberu 10:12, 13) Leha ho le joalo, re ka boela ra elelloa thuto e phareletseng haholoanyane kapa molao-motheo oo kaofela ha rōna re lokelang ho o sebelisa bophelong ba rōna. Ke ofe?

14. Papiso ea litalenta e hatisa tlhokahalo efe ea bohlokoahali?

14 Ebang tšepo ea rōna ke ea bophelo ba ho se shoe leholimong kapa bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng, ho hlakile papisong ea Jesu hore re lokela ho ikitlaetsa mesebetsing ea Bokreste. Ha e le hantle, molaetsa oa papiso ena o ka akaretsoa ka poleloana ena: ho khothala. Baapostola ba ile ba beha mohlala ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele. Rea bala: “Ka mantsoe a mang a mangata [Petrose] a paka ka ho phethahetseng ’me a ’na a ba eletsa, a re: ‘Pholohang molokong ona o khopameng.’” (Liketso 2:40-42) O ile a buseletsoa hakaakang ka boiteko ba hae! Ha ba bang ba ntse ba kopanela le baapostola mosebetsing oa Bokreste oa ho bolela, le bona ba ne ba khothetse, ’me litaba tse molemo li “eketseha lefatšeng lohle.”—Bakolose 1:3-6, 23; 1 Bakorinthe 3:5-9.

15. Ke ka tsela efe e khethehileng re lokelang hore re sebelise ntlha ea sehlooho ea papiso ea litalenta?

15 Hopola taba e potolohileng papiso ena—boprofeta bo mabapi le ho ba teng ha Jesu. Re na le bopaki bo lekaneng ba hore pa·rou·siʹa ea Jesu e tsoela pele ’me haufinyane e tla fihla tlhōrōng. Hopola hore Jesu o ile a amahanya “bofelo” le mosebetsi oo ho hlokahalang hore Bakreste ba o etse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Re nahanne ka sena, re tšoana le lekhoba lefe? Ipotse: ‘Na ho na le lebaka la ho etsa qeto ea hore ke tšoana le lekhoba le ileng la pata se neng se behiloe tlhokomelong ea lona, mohlomong ha le ntse le hlokomela litaba tsa lona tsa botho? Kapa na ho hlakile hore ke tšoana le ba neng ba le molemo ba bile ba tšepahala? Na ke ikemiselitse ka ho feletseng ho hōlisa lithahasello tsa Monghali ka linako tsohle?’

Ho Falimeha le ho Khothala Nakong ea ho ba Teng ha Hae

16. Lipapiso tsee tse peli tseo re li hlahlobileng li u tšoaretse molaetsa ofe?

16 E, ntle le moelelo oa tsona oa tšoantšetso le oa boprofeta, lipapiso tsena tse peli li re fa khothatso e hlakileng e tsoang molomong oa Jesu ka boeena. Molaetsa oa hae ke ona: Falimehang; le khothale, haholo-holo nakong eo ka eona pa·rou·siʹa ea Kreste e bonahalang. E leng hona joale. Ka hona, na re hlile re falimehile ’me re khothetse?

17, 18. Morutuoa Jakobo o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho ba teng ha Jesu?

17 Jakobo, mor’abo Jesu ka ’m’a bona o ne a le sieo Thabeng ea Mehloaare hore a ka utloa boprofeta ba Jesu; empa hamorao o ile a ithuta bona, ’me ka ho hlakileng o ile a lemoha bohlokoa ba bona. O ile a ngola: “Ka hona, sebelisang ho se fele pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng ha Morena. Bonang! Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše, se sebelisa ho se fele pelo mabapi le tsona ho fihlela se fumana pula ea pele le pula ea morao. Le lōna sebelisang ho se fele pelo; tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho atametse.”—Jakobo 5:7, 8.

18 Ha a se a fane ka tiiso ea hore Molimo o tla liha kahlolo e bohloko ho ba sebelisang maruo a bona hampe, Jakobo o ile a phehella Bakreste hore ba se fele pelo ha ba ntse ba letetse hore Jehova a nke bohato. Mokreste ea felang pelo a ka ’na a ba le moea oa ho iphetetsa, joalokaha eka o lokela ho lokisa liphoso tse entsoeng. Leha ho le joalo, ha hoa lokela ho ba joalo hobane nako ea kahlolo e tla fela e fihle. Mohlala oa sehoai o bontša seo, joalokaha Jakobo a hlalositse.

19. Sehoai sa Moiseraele se ne se ka sebelisa ho se fele pelo ha mofuta ofe?

19 Sehoai sa Moiseraele se neng se jetse peō se ne se tlameha ho leta, taba ea pele se letela hore lekhasi le hlahe, ebe se letela hore semela se hōle, ’me qetellong se letele kotulo. (Luka 8:5-8; Johanne 4:35) Ho theosa le likhoeli tseo, ho ne ho e-na le nako, mohlomong le lebaka la hore ba bang ba tšoenyehe. Na lipula tsa pele li ne li tla tla ’me li be ngata? Ho thoe’ng ka lipula tse tlang hamorao? Na likokoanyana kapa sefefo li ne li ka bolaea limela? (Bapisa le Joele 1:4; 2:23-25.) Leha ho le joalo, ka kakaretso sehoai sa Moiseraele se ne se ka tšepa Jehova le lipotoloho tsa tlhaho tseo a entseng hore li be teng. (Deuteronoma 11:14; Jeremia 5:24) Ho se fele pelo ha sehoai ho ne ho ka hla ha tšoana le ho lebella ka kholiseho. Ka tumelo se ne se tseba hore seo se se letetseng se ne se tla etsahala. Se ne se tla fela se etsahale!

20. Re ka bontša ho se fele pelo joang tumellanong le keletso ea Jakobo?

20 Le hoja e ka ’na eaba sehoai se na le tsebo e itseng ea hore na kotulo e tla tla neng, lekholong la pele la lilemo Bakreste ba ne ba ke ke ba lekanyetsa hore na ho ba teng ha Jesu ho ne ho tla tla neng. Leha ho le joalo ho ne ho tla fela ho tle. Jakobo o ngotse: “Ho ba teng [ka Segerike, pa·rou·siʹa] ha Morena ho atametse.” Nakong eo ka eona Jakobo a neng a ngola mantsoe ao, pontšo eo tekanyo ea eona e leng khōlō, kapa e leng ea lefatše lohle, ea ho ba teng ha Kreste e ne e e-s’o bonahale. Empa hona joale ea bonahala! Kahoo re lokela ho ikutloa joang nakong ee? Pontšo ena e hlile ea bonahala. Rea e bona. Re ka re ka kholiseho, ‘Ke bona ha pontšo ena e phethahala.’ Ka tieo re ka re, ‘Ho ba teng ha Morena ho se ho fihlile, ’me tlhōrō ea hona e atametse.’

21.Re ikemiselitse ka ho feletseng hore re etse eng?

21 Kaha ho joalo, re na le lebaka le matla la ho nka ka botebo le ho sebelisa lithuto tsa motheo tsa lipapiso tse peli tsa Jesu tseo re li hlahlobileng. O itse: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane leha e le letsatsi kapa eona hora ha le li tsebe.” (Matheu 25:13) Ha ho pelaelo hore hona joale ke nako ea hore re chesehe tšebeletsong ea rōna ea Bokreste. Kamehla a re bontšeng ka tsela eo re phelang ka eona hore re utloisisa ntlha ea bohlokoa ea Jesu. A re falimeheng! A re khothaleng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabapi le makolopetso a tšoantšetsang a papiso ena, bona God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, leqepheng la 169-211, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Bona God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, leqepheng la 212-56.

Na U sa Hopola?

◻ U fumane molaetsa ofe oa bohlokoa papisong ea baroetsana ba bohlale le ba maoatla?

◻ Ka papiso ea litalenta, Jesu o u fa keletso efe ea motheo?

◻ Ho se fele pelo ha hao mabapi le pa·rou·siʹa ho tšoana le ha sehoai sa Moiseraele ka kutloisiso efe?

◻ Ke hobane’ng ha nako ee e le e thabisang ka ho khethehileng le e phephetsang eo ho ka pheloang ho eona?

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

U ithuta lithuto life papisong ea baroetsana le ea litalenta?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela