Re Thabela Hore Ebe Jehova o re Bontša Tsela ea hae
“Ha e le Molimo oa ’nete, tsela ea hae e phethahetse; polelo ea Jehova ke e hloekileng.”—2 SAMUELE 22:31, NW.
1, 2. (a) Batho bohle ba na le tlhoko efe ea motheo? (b) Ke mohlala oa mang oo re tla beng re etsa hantle ha re o latela?
BATHO bohle ba na le tlhoko ea motheo ea ho tataisoa. Ka sebele, re hloka thuso bakeng sa ho bona moo re eang teng bophelong. Ke ’nete hore Jehova o re file tekanyo e itseng ea bohlale le letsoalo ho re thusa ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Empa hore matsoalo a rōna e be tataiso e ka tšeptjoang, a lokela ho koetlisoa. (Baheberu 5:14) ’Me likelello tsa rōna li hloka boitsebiso bo nepahetseng—hammoho le koetliso ea ho hlahlobisisa boitsebiso boo—haeba re tla etsa liqeto tse nepahetseng. (Liproverbia 2:1-5) Ho ntse ho le joalo, liqeto tsa rōna li ka ’na tsa hlōleha ho sebetsa kamoo re neng re lakatsa kateng ka lebaka la maemo a feto-fetohang a bophelo. (Moeklesia 9:11) Ka borōna, ha re na mokhoa oo re ka o tšepang oa ho tseba hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.
2 Ka mabaka ana le a mang a mangata, moprofeta Jeremia o ile a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Jesu Kreste, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, o ile a amohela tataiso. O itse: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa. Etsoe lintho life kapa life tseo Eo a li etsang, lintho tsena Mora le eena o li etsa ka mokhoa o tšoanang.” (Johanne 5:19) Ka hona, ke bohlale hakaakang ho etsisa Jesu le ho talima ho Jehova bakeng sa thuso ea ho tataisa mehato ea rōna! Morena Davida o ile a bina: “Ha e le Molimo oa ’nete, tsela ea hae e phethahetse; polelo ea Jehova ke e hloekileng. Ke thebe ho bohle ba tšabelang ho eena.” (2 Samuele 22:31, NW) Haeba re batla ho tsamaea tseleng ea Jehova ho e-na le ho latela bohlale ba rōna, re tla fumana tataiso e phethahetseng. Ho hana tsela ea Molimo ho lebisa tlokotsing.
Jehova o Bontša Tsela
3. Jehova o ile a tataisa Adama le Eva joang, a ba fa litebello life?
3 Nahana ka taba ea Adama le Eva. Le hoja ba ne ba se na sebe, ba ne ba hloka tataiso. Jehova ha aa ka a tlohella Adama hore a itherele ntho e ’ngoe le e ’ngoe serapeng se setle sa Edene. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a mo fa mosebetsi oo a lokelang ho o etsa. Taba ea pele, Adama o ne a tlameha ho reha liphoofolo mabitso. Ka mor’a moo, Jehova a fa Adama le Eva lipakane tsa nako e telele. Ba ne ba lokela ho busa lefatše, ho le tlatsa ka bana ba bona le ho hlokomela liphoofolo tsa lefatše. (Genese 1:28) Ona e ne e tla ba mosebetsi o moholo, empa qetello ea oona e ne e tla ba paradeise ea lefatše lohle e tletseng ka batho ba phethahetseng ba lulang ka kutloano le pōpo ea liphoofolo. E ne e le tebello e babatsehang hakaakang! Ho feta moo, hafeela Adama le Eva ba ne ba tsamaea ka botšepehi tseleng ea Jehova, ba ne ba tla buisana le eena. (Bapisa le Genese 3:8.) E ne e le tokelo e tsotehang hakaakang—ho ba le kamano ea botho e tsoelang pele le ’Mōpi!
4. Adama le Eva ba ile ba bontša ho haelloa ke tšepo le botšepehi bo sa sekisetseng joang, hona ka liphello life tse bohloko?
4 Jehova o ile a hanela batho ba pele ba babeli hore ba je tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe se neng se le Edene, ’me sena se ile sa ba fa monyetla oa hore ba hle ba bontše kutlo—takatso ea bona ea ho tsamaea tseleng ea Jehova. (Genese 2:17) Leha ho le joalo, kutlo eo e ile ea behoa tekong ka potlako. Ha Satane a hlaha ka mantsoe a hae a thetsang, Adama le Eva ba ne ba tlameha ho bontša botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova le ho tšepa litšepiso tsa Hae, haeba ba ne ba tla lula ba e-na le kutlo. Ka masoabi, ba ile ba haelloa ke botšepehi bo sa sekisetseng le tšepo. Ha Satane a bolella Eva hore a ka ipusa ’me ka bohata a qosa Jehova ka hore o buile leshano, o ile a thetsoa ’me a se ke a mamela Molimo. Adama o ile a mo latela sebeng seo. (Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14) Tahlehelo e ileng ea ba hlahela e bile e khōlō haholo. Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho ka be ho ile ha ba fa thabo e neng e ke ke ea khaotsa ho eketseha ha ba ntse ba tsoela pele ba phetha thato ea hae. Ho e-na le hoo, bophelo ba bona bo ile ba tlala masoabi le bohloko ho fihlela ba e-shoa.—Genese 3:16-19; 5:1-5.
5. Morero oa nako e telele oa Jehova ke ofe, ’me o thusa batho ba tšepahalang joang hore ba bone ha o phethahatsoa?
5 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a fetola morero oa hae oa hore ka letsatsi le leng lefatše e tla ba lehae la paradeise bakeng sa batho ba phethahetseng, ba se nang sebe. (Pesaleme ea 37:11, 29) ’Me ha a e-s’o ka a hlōleha ho fana ka tataiso e phethahetseng ho ba tsamaeang tseleng ea hae le ba tšepileng ho bona ha tšepiso eo e phethahatsoa. Ho rōna ba nang le litsebe tsa ho utloa, lentsoe la Jehova le ka mor’a rōna, le ntse le re: “Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona.”—Esaia 30:21.
Ba Bang ba Ile ba Tsamaea Tseleng ea Jehova
6. Ke banna bafe ba babeli ba nakong ea pele ba ileng ba tsamaea tseleng ea Jehova, hona ka liphello life?
6 Ho latela tlaleho ea Bibele, ke bana ba seng ba kae feela ba Adama le Eva ba ileng ba tsamaea tseleng ea Jehova. Abele ke oa pele ho bona. Le hoja a ile a shoa pele ho nako, o shoele a amoheloa ke Jehova ’me ka hona, o na le tšepo e tiileng ea ho ba teng ‘tsohong ea ba lokileng’ ka nako e loketseng ea Molimo. (Liketso 24:15) O tla bona phethahatso ea ho qetela ea morero o moholo oa Jehova bakeng sa lefatše le moloko oa motho. (Baheberu 11:4) E mong ea ileng a tsamaea tseleng ea Jehova ke Enoke, eo boprofeta ba hae ka qetello ea tsamaiso ena ea lintho bo bolokiloeng bukeng ea Jude. (Jude 14, 15) Enoke le eena ha aa ka a phela matsatsi ’ohle a bophelo ba hae ao a neng a ka a phela. (Genese 5:21-24) Ho ntse ho le joalo, “o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo.” (Baheberu 11:5) Ha a e-shoa, eena, joaloka Abele, o ne a e-na le tšepo e tiileng ea tsoho ’me o tla ba har’a ba tla bona ha merero ea Jehova e phethahala.
7. Noe le lelapa la hae ba ile ba bontša botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova le ho mo tšepa joang?
7 Ha lefatše la pele ho Moroallo le ntse le tetebela haholoanyane bokhopong, ho utloa Jehova e ile ea e-ba teko ea botšepehi bo sa sekisetseng ka ho eketsehileng. Ha lefatše leo le se le le haufi le ho fela, ke sehlopha se le seng feela se senyenyane se ileng sa fumanoa se tsamaea tseleng ea Jehova. Noe le lelapa la hae ba ile ba mamela Molimo ’me ba tšepa seo a se boletseng. Ba ile ba phetha ka botšepehi mesebetsi eo ba neng ba e filoe ’me ba hana ho huleloa mekhoeng e khopo ea lefatše la mehleng eo. (Genese 6:5-7, 13-16; Baheberu 11:7; 2 Petrose 2:5) Rea leboha hore ebe ba bile le kutlo e bontšang botšepehi bo sa sekisetseng le tšepo. Ka lebaka la eona, ba ile ba pholoha Moroallo ’me ea e-ba baholo-holo ba rōna.—Genese 6:22; 1 Petrose 3:20.
8. Ho ne ho ameha eng ho sechaba sa Iseraele hore se tsamaee tseleng ea Molimo?
8 Hamorao, Jehova o ile a etsa selekane le litloholo tsa Jakobo tse tšepahalang, ’me ea e-ba sechaba sa hae se khethehileng. (Exoda 19:5, 6) Jehova o ile a tataisa batho ba hae bao a entseng selekane le bona ka Molao o ngotsoeng, ka baprista le ka tataiso e tsoelang pele ea boprofeta. Empa ho ne ho le ho Baiseraele hore ba latele tataiso eo. Jehova o ile a etsa hore moprofeta oa hae a bolelle Baiseraele: “Bonang, kajeno ke bea hlohonolofatso le thohako pel’a lōna; hlohonolofatso ha le ka utloa litaelo tsa Jehova, Molimo oa lōna, tseo ke le laelang tsona kajeno; thohako ha le sa utloe litaelo tsa Jehova, Molimo oa lōna, ’me le kheloha tsela eo ke le laelang eona kajeno, le latela melimo esele, eo le sa kang la e tseba le mehla.”—Deuteronoma 11:26-28.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Ileng ba Kheloha Tsela ea Jehova
9, 10. Baiseraele ba ne ba tlameha ho tšepa Jehova le ho hlaolela botšepehi bo sa sekisetseng ho eena ka lebaka la boemo bofe?
9 Joaloka Adama le Eva, Baiseraele ba ne ba tšoanela ho tšepa Jehova le ho tšepahala ka ho sa sekisetseng ho eena haeba ba ne ba batla ho lula ba e-na le kutlo. Iseraele e ne e le sechaba se senyenyane se pota-potiloeng ke baahisani ba tletseng bora. Ka boroa-bophirimela e ne e le Egepeta le Ethiopia. Ka leboea-bochabela e ne e le Syria le Assyria. Sebakeng se haufi le moo se neng se le hona teng e ne e le Filistia, Ammone, Moabe le Edomo. Ho na le nako e ’ngoe eo ka eona lichaba tsena kaofela li ileng tsa iponahatsa e le lira tsa Iseraele. Ho feta moo, kaofela ha tsona li ne li sebelisa bolumeli ba bohata, bo neng bo khetholleha ka borapeli ba melimo ea litšoantšo, bonohe ba linaleli, ’me maemong a mang le ka mekete e feteletseng ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le lihlabelo tse sehlōhō ka bana. Baahisani ba Baiseraele ba ne ba talima ho melimo ea bona hore e fane ka malapa a maholo, kotulo e khōlō le tlhōlo ntoeng.
10 Ke Iseraele feela e neng e rapela Molimo a le mong, Jehova. O ile a ba tšepisa litlhohonolofatso tsa malapa a maholo, kotulo e enneng le tšireletseho lireng tsa bona haeba ba ne ba tla mamela melao ea hae. (Deuteronoma 28:1-14) Ka masoabi, Baiseraele ba bangata ba ile ba hlōleha ho etsa sena. ’Me ho ba neng ba tsamaea tseleng ea Jehova, ba bangata ba ile ba utloa bohloko ka lebaka la botšepehi ba bona bo sa sekisetseng. Ba bang ba ne ba bile ba hlokofatsoa, ba songoa, ba shapuoa, ba kenngoa chankaneng, ba tlepetsoa ka majoe, ba bile ba bolaoa ke Baiseraele ba habo bona. (Liketso 7:51, 52; Baheberu 11:35-38) E tlameha ebe eo e ne e le teko e kaakang ho ba tšepahalang! Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ba bangata hakaalo ba ile ba kheloha tseleng ea Jehova? Mehlala e ’meli e fumanoang historing ea Iseraele e re thusa hore re bone mokhoa o fosahetseng oo ba neng ba nahana ka oona.
Mohlala o Mobe oa Akaze
11, 12. (a) Ha Akaze a sokeloa ke Syria, o ile a hana ho etsa eng? (b) Ke mehloli efe e ’meli eo Akaze a ileng a talima ho eona bakeng sa tšireletso?
11 Akaze o ile a busa ’musong o ka boroa oa Juda lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Puso ea hae e ne e se na khotso. Ka lekhetlo le leng, Syria le ’muso o ka leboea oa Iseraele li ile tsa kopana ho mo loantša, ’me ‘pelo ea hae le lipelo tsa batho ba hae tsa qala ho thothomela.’ (Esaia 7:1, 2, NW) Leha ho le joalo, ha Jehova a bontša ho ikemisetsa ho tšehetsa Akaze ’me a mo khothalletsa hore a mo leke, Akaze o ile a hana a tiile! (Esaia 7:10-12) Ka lebaka leo, Juda e ile ea hlōloa ntoeng ’me ha e-shoa ba bangata.—2 Likronike 28:1-8.
12 Le hoja Akaze a ile a hana ho leka Jehova, o ne a sa ikhohomose hoo a neng a ke ke a kōpa thuso ho morena oa Assyria. Ho ntse ho le joalo, Juda e ile ea tsoela pele ho hlokofatsoa ke baahisani ba eona. Ha Assyria le eona e fetohela Akaze ’me e “mo bakela mahlomola,” morena eo o ile a “qala ho etsa sehlabelo bakeng sa melimo ea Damaseka e neng e mo hlasela, ’me a tsoela pele ho re: ‘Kahobane melimo ea morena oa Syria ea ba thusa, ke tla e etsetsa sehlabelo, e le hore e ka nthusa.’”—2 Likronike 28:20, 23, NW.
13. Akaze o ile a bontša eng ka ho retelehela ho melimo ea Syria?
13 Nako ka mor’a moo, Jehova o ne a tla re ho Iseraele: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joalo ka noka; ho loka ha hao ho ka tlala joalo ka maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:17, 18) Ka ho retelehela melimong ea Syria, Akaze o ile a bontša kamoo a neng a le hōle kateng le ho ‘tsamaea tseleng eo a tšoanetseng ho tsamaea ho eona.’ O ne a khelositsoe ka ho feletseng ke monahano oa lichaba, a talima mehloling e fosahetseng ea tsona ea tšireletso ho e-na le ho talima ho Jehova.
14. Ke hobane’ng ha Akaze a ne a se na lebaka leo a ka ikemelang ka lona ha a retelehela ho melimo ea bohata?
14 E ne e le khale melimo ea lichaba, ho kopanyelletsa le ea Syria, e ipakile hore ke “melimo ea lefeela.” (Esaia 2:8, NW) Pejana, mehleng ea puso ea Morena Davida, ho phahamela ha Jehova melimo ea Syria ho ile ha bonahala ka ho hlaka ha Baasyria ba ne ba fetoha bahlanka ba Davida. (1 Likronike 18:5, 6) Ke Jehova feela, ‘Molimo oa melimo, le Morena oa marena, Molimo e moholo, ea matla, ea tšabehang’ ea ka fanang ka tšireletso ea ’nete. (Deuteronoma 10:17) Leha ho le joalo, Akaze o ile a furalla Jehova ’me a talima ho melimo ea lichaba bakeng sa tšireletso. Phello e bile e kotsi ho Juda.—2 Likronike 28:24, 25.
Bajuda ba Nang le Jeremia Egepeta
15. Bajuda ba mehleng ea Jeremia ba neng ba le Egepeta ba ile ba etsa sebe joang?
15 Ka lebaka la ho se tšepahale ho feteletseng ha batho ba hae, Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba timetse Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E. Boholo ba sechaba bo ile ba isoa botlamuoeng Babylona. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba siuoa, ’me har’a bona e ne e le moprofeta Jeremia. Ha ’Musisi Gedalia a bolaoa, sehlopha sena se ile sa balehela Egepeta ’me sa tsamaea le Jeremia. (2 Marena 25:22-26; Jeremia 43:5-7) Ha se le moo, se ile sa qala ho etsetsa melimo ea bohata lihlabelo. Jeremia o ile a behelana mabaka ka tieo le Bajuda bao ba sa tšepahaleng, empa ba ne ba le manganga. Ba ile ba hana ho talima ho Jehova ’me ba tsitlella hore ba tla tsoela pele ho etsetsa “mofumahali oa leholimo” mosi oa sehlabelo. Hobane’ng? Hobane sena e ne e le seo bona le baholo-holo ba bona ba neng ba se entse ‘metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema, ha ba ne ba ntse ba khora bohobe, ba iketlile, ba sa bone tsietsi.’ (Jeremia 44:16, 17) Bajuda ba ile ba boela ba pheha khang: “Ha e sa le re lesitse ho chesetsa mofumahali oa leholimo libano, le ho mo tšollela lino, re ntse re haelloa ke lintho tsohle, ’me re shoa ke lerumo le tlala.”—Jeremia 44:18.
16. Ke hobane’ng ha Bajuda ba neng ba le Egepeta ba ne ba fositse ka ho feletseng lebakeng leo ba neng ba ipehela lona?
16 Mohopolo o ka khetha se ratoang ke oona hakaakang! ’Nete e ne e le efe? Ka sebele, Bajuda ba ne ba etselitse melimo ea bohata lihlabelo naheng eo Jehova a neng a ba file eona. Ka linako tse ling, joaloka mehleng ea Akaze, ba ne ba kena mathateng ka lebaka la bokoenehi boo. Leha ho le joalo, Jehova o ne a ‘lieha ho halefela’ batho ba hae bao a entseng selekane le bona. (Exoda 34:6; Pesaleme ea 86:15) O ile a romela baprofeta ba hae hore ba ba phehelle ho baka. Ka linako tse ling, ha morena a ne a tšepahala, Jehova o ne a mo hlohonolofatsa, ’me batho ba ne ba rua molemo tlhohonolofatsong eo, le hoja boholo ba bona ba ne ba sa tšepahale. (2 Likronike 20:29-33; 27:1-6) Bajuda bao ba neng ba le Egepeta ba ne ba fositse hakaakang ha ba re katleho leha e le efe eo ba neng ba bile le eona naheng ea habo bona e ne e tsoa ho melimo ea bona ea bohata!
17. Ke hobane’ng ha Juda e ile ea lahleheloa ke naha ea eona le temple ea eona?
17 Pele ho 607 B.C.E., Jehova o ne a ile a khothalletsa batho ba Juda: “Mamelang lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, ’me le tla ba sechaba sa ka; le lokela ho tsamaea tseleng eohle eo ke tla le laela eona, e le hore lintho li ka le tsamaela hantle.” (Jeremia 7:23, NW) Bajuda ba ile ba lahleheloa ke tempele ea bona le naha ea bona kahobane feela ba ile ba hana ho tsamaea ‘tseleng eohle eo Jehova a neng ba laetse eona.’ A re etseng bonnete ba hore re qoba phoso eo e bolaeang.
Jehova o Hlohonolofatsa ba Tsamaeang Tseleng ea Hae
18. Ba tsamaeang tseleng ea Jehova ba lokela ho etsa eng?
18 Joaloka mehleng e fetileng, le kajeno ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka botšepehi bo sa sekisetseng—ho ikemisetsa ho sebeletsa eena a ’notši. Ho hloka tšepo—tumelo e feletseng ea hore litšepiso tsa Jehova ke tsa ’nete ’me li tla phethahala. Ho tsamaea tseleng ea Jehova ho hloka kutlo—ho latela melao ea hae ntle le ho kheloha le ho boloka litekanyetso tsa hae tse phahameng. “Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng.”—Pesaleme ea 11:7.
19. Ba bangata ba rapela melimo efe kajeno, ’me e le ka liphello life?
19 Akaze o ile a talima ho melimo ea Syria bakeng sa tšireletso. Baiseraele ba neng ba le Egepeta ba ne ba tšepile hore “mofumahali oa leholimo,” molimotsana ea neng a rapeloa ka ho pharaletseng Bochabela bo Hare ba boholo-holo, o tla ba tlisetsa katleho ea lintho tse bonahalang. Kajeno, melimo e mengata hase ea litšoantšo tsa sebele. Jesu o ile a eletsa khahlanong le ho sebeletsa “Maruo” ho e-na le ho sebeletsa Jehova. (Matheu 6:24) Moapostola Pauluse o buile ka “ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) O ile a boela a bua ka bao ‘molimo oa bona e leng limpa tsa bona.’ (Bafilippi 3:19) E, chelete le lintho tse bonahalang ke e meng ea melimo e ka sehloohong e rapeloang kajeno. Bonneteng, batho ba bangata—ho kopanyelletsa le ba bangata bao e leng litho tsa bolumeli—‘ba behile tšepo ea bona maruong a sa tsitsang.’ (1 Timothea 6:17) Ba bangata ba sebetsa ka thata ho sebeletsa melimo ena, ’me ba bang ba fumana litholoana—ho phela matlong a matle ka ho fetisisa, ho ba le lintho tse theko e boima le ho ja lijo tsa maemo. Leha ho le joalo, hase bohle ba nang le matlotlo a joalo. Esita le ba nang le ’ona, qetellong ba fumana hore lintho tsena ha li ba khotsofatse. Ha lia tsitsa, ke tsa nakoana ’me ha li khotsofatse litlhoko tsa moea.—Matheu 5:3.
20. Re lokela ho ba le ho leka-lekana hofe?
20 Ke ’nete hore re lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele kaha re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Re lokela ho nka mehato e loketseng hore re lokisetse se hlokahalang bakeng sa malapa a rōna linthong tse bonahalang. Empa haeba re beha bohlokoa bo boholo mokhoeng o phahameng oa bophelo, ho lelekiseng chelete kapa lintho tse tšoanang le tseo ho e-na le ho sebeletseng Molimo, re oetse mofuteng oa borapeli ba litšoantšo ’me ha re sa tsamaea tseleng ea Jehova. (1 Timothea 6:9, 10) Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re thulana le mathata a bophelo, a lichelete kapa a mang? A re se keng ra tšoana le Bajuda bane ba neng ba le Egepeta ba ileng ba re mathata a bona a bakiloe ke ho sebeletsa Molimo. Ho e-na le hoo, a re beheng Jehova tekong, e leng seo Akaze a ileng a hlōleha ho se etsa. Talima ho Jehova Molimo ka botšepehi bo sa sekisetseng bakeng sa tataiso. Sebelisa tataiso ea hae ka botšepehi, ’me u rapelle matla le bohlale bakeng sa ho sebetsana le maemo ’ohle. Joale, letela tlhohonolofatso ea Jehova ka kholiseho.
21. Ke litlhohonolofatso life tse tlelang ba tsamaeang tseleng ea Jehova?
21 Ho theosa le histori ea Iseraele, Jehova o ile a hlohonolofatsa ka ho enneng ba neng ba tsamaea tseleng ea hae. Morena Davida o ile a bina: “Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntoantšang.” (Pesaleme ea 5:8) Jehova o ile a etsa hore a hlōle lintoeng tseo a neng a e-na le tsona le lichaba tsa boahisani tseo hamorao li ileng tsa hlorisa Akaze. Tlas’a Solomone, Iseraele e ile ea hlohonolofatsoa ka khotso le katleho tseo hamorao Bajuda ba Egepeta ba ileng ba li lakatsa. Ka Hezekia, mora oa Akaze, Jehova o bile a etsa hore ho hlōloe Assyria e matla. (Esaia 59:1) E, letsoho la Jehova le ne le se lekhutšoanyane ha le tla ho batho ba hae ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng ba sa kang ba ‘ema tseleng ea baetsalibe,’ empa ba ithabela molaong oa Molimo. (Pesaleme ea 1:1, 2) Ho ntse ho le joalo le kajeno. Leha ho le joalo, ke joang re ka kholisehang hore kajeno re tsamaea tseleng ea Jehova? Sena se tla tšohloa sehloohong se hlahlamang.
Na U sa Hopola?
◻ Ke litšobotsi life tseo e leng tsa bohlokoa haeba re batla ho tsamaea tseleng ea Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha monahano oa Akaze o ne o fosahetse?
◻ Ke eng se neng se fosahetse ka lebaka le neng le behoa ke Bajuda ba neng ba le Egepeta?
◻ Re ka matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tsamaea tseleng ea Jehova joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Akaze o ile a talima ho melimo ea Syria ho e-na le hore a talime ho Jehova