Fumanang Thabo ho Jehova ’me le Nyakalle
KAMEHLA ha morero ofe kapa ofe oa bohlokoa o phethoa ka katleho ke nako ea thabo. Lenaneo la kabo ea mangolo le neng le tšoeroe ka la 13 March, 1999, Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, ka sebele e ne e le ketsahalo e ikhethang haholo ho liithuti tse 48 tsa sehlopha sa bo106 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.
Puo ea selelekela ea Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang, se fumaneng lengolo la sona sehlopheng sa bosupa sa Gileade, ebile e le molula-setulo oa lenaneo la kabo e mangolo, e ile ea totobatsa mantsoe a Pesaleme ea 32:11 (NW): “Fumanang thabo ho Jehova ’me le nyakalle, lōna ba lokileng.” Ha a ne a hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore bohle ba thabele ketsahalo ena, o ile a re: “Liketsahalo tse kang tsena lia re thabisa ka lebaka la seo Jehova a se finyellang ka ba lipelo li lokileng ba akarelletsang liithuti tsa rōna tsa Gileade.” Le hoja liithuti li ne li entse litokisetso tsa ho tla Sekolong sa Gileade ’me li ne li ikitlaelitse ka matla hore li tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea boromuoa, Jehova ke eena ea entseng hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethoe ka katleho. (Liproverbia 21:5; 27:1) Mor’abo rōna Jaracz o ile a hatisa hore leo ke lona lebaka la ho ‘ho fumana thabo ho Jehova.’
Har’a ba neng ba le teng holong ea Patterson e ne e le litho tsa malapa le baeti ba liithuti ba neng ba e-tsoa linaheng tse 12 e le hore ba ka bona ka mahlo ketsahalo ena e thabisang. Ha ba 5 198 ba neng ba le teng—ho akarelletsa le litho tsa lelapa la Bethele la Brooklyn, Patterson le Wallkill tse hokahantsoeng ka audio le video—ka thabo ba lebeletse lenaneo le neng le tla latela, ho ne ho totobetse hore ho rena moea oa thabo.
Ba Khothalletsoa ho Boloka Moea oa Thabo
Ha Mor’abo rōna Jaracz a phetha puo ea hae ea selelekela, o ile a kenyelletsa sebui sa pele ho tse hlano tse neng li lokiselitse keletso ea Mangolo e neng e sa khothatse ba abeloang mangolo a Gileade feela empa e neng e khothatsa le bohle ba teng.
Sebui sa pele e ne e le William Malenfant, ea ileng a fumana lengolo la hae sehlopheng sa Gileade sa bo34, hona joale o sebeletsa e le mothusi Komiting e Rutang ea Sehlopha se Busang. Sehloohong sa hae se reng, “Hase ‘Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe’ eo e Leng Lefeela!” se thehiloeng ho Moeklesia 1:2 (NW), o ile a botsa potso ena: “Na Solomone o ne a hlile a bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa khethoe, ke lefeela?” Karabo ke “Che. O ne a bontša hore mesebetsi ea motho e hlokomolohang thato ea Molimo le mesebetsi e sa lumellaneng le thato ea Molimo—lintho tseo kaofela, ke lefeela.” Ho fapana le hoo, ho rapela Molimo oa ’nete, Jehova, hase lefeela; le hona ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, le ho le ruta ba bang, hase lefeela. Molimo ha a lebale boiteko bo joalo ba bahlanka ba hae. (Baheberu 6:10) Ha e le hantle, esita le haeba ba ratoang ke Molimo ba ka oeloa ke tlokotsi, ba tla “phutheloa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova.” (1 Samuele 25:29) Ke mohopolo o khothatsang hakaakang! Ho hopola lintlha tsena ho ka thusa barapeli bohle ba Jehova ho lula ba e-na le moea oa thabo.
John Barr, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a khothatsa sehlopha se fumanang mangolo ka puo ea hae e reng “Fumana Thabo Kabelong ea Hao ea Boromuoa.” O ile a bontša hore tšebeletso ea boromuoa ke ntho eo kamehla Jehova Molimo a ’nileng a e rata haholo. “E ne e le karolo ea bohlokoa ea pontšo ea lerato la Jehova bakeng sa lefatše. O rometse Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notsi lefatšeng lena. Jesu e ne e le moromuoa e moholo ka ho fetisisa, moromuoa ea ka sehloohong.” Le hoja ba fumanang mangolo ba ka nahanisisa ka liphetoho tseo Jesu a ileng a tlameha ho li etsa hore a atlehe kabelong ea hae lefatšeng, melemo ea tšebeletso ea Jesu ea boromuoa e ntse e ka fumanoa ke bohle ba tla ithuisa molemo ka eona. Ho joalo hobane, joalokaha Mor’abo rōna Barr a ile a bontša, Jesu o ne a thabela ho etsa mosebetsi oa Molimo, ’me o ne a boetse a rata bara ba batho. (Liproverbia 8:30, 31) Mor’abo rōna Barr o ile a phehella ba fumanang mangolo hore ba se ke ba lula likabelong tsa bona feela molemong oa ho mamella, empa ba lule kahobane ba thabela ho etsa joalo. O ile a ipiletsa ho sehlopha sena: “Tšepang Jehova; a ke ke a le soetsa.”—Pesaleme ea 55:22.
Sebui se latelang, e leng Lloyd Barry, setho se seng sa Sehlopha se Busang, se ile sa khetha sehlooho sena: “Ho Tsamaea ka Lebitso la Jehova ka ho sa Feleng.” A sebelelitse e le moromuoa Japane ka lilemo tse fetang 25 ka mor’a hore a qete sehlopheng sa bo11 sa sekolo sa Gileade, Mor’abo rōna Barry o ile a pheta tse ling tsa liphihlelo tsa baromuoa ba pele ’me a hlalosa mathata ao ba neng ba tlameha ho talimana le ’ona. O ne a e-na le keletso efe e molemo bakeng sa sehlopha se fumanang mangolo? “Ka holimo ho tsohle, lula u phela moeeng. Hape, ithute puo le setso. Lula u thabile. ’Me u tšoarelle ka tieo mosebetsing; u se ke ua khathala kapa ua tepella.” Mor’abo rōna Barry o ile a bolella ba fumanang mangolo hore linaheng lisele tseo ba romeloang ho tsona ba tla kopana le batho ba bangata ba tsamaeang ka mabitso a melimo le melingoana e sa tšoaneng, ’me o ile a ba hopotsa mantsoe a Mikea: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” (Mikea 4:5) Ka sebele mohlala oa bao e kileng ea e-ba baromuoa ke tšusumetso e matla ho bahlanka bohle ba Molimo hore ba ’ne ba tsamaee ka lebitso la Jehova le ho mo sebeletsa ka botšepehi.
Lenaneong lena ho ile ha latela morupeli oa Gileade Lawrence Bowen. Sehlooho sa puo ea hae e ne e le potso e reng, “U Tla ba Eng?” O ile a bontša hore ho atleha tšebeletsong ea Molimo ho itšetlehile ka ho lumela ho Jehova le ho mo tšepa. Ho tšepa Jehova ka ho feletseng ho ile ha tlisetsa Morena Asa tlhōlo e tsoileng matsoho lebothong la sera la banna ba milione. Empa moprofeta Azaria o ile a mo hopotsa hore ho hlokahala hore a tsoele pele ho tšepa Molimo: “Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena.” (2 Likronike 14:9-12; 15:1, 2, NW) Kaha lebitso la Molimo, Jehova, le fetisa mohopolo oa ho ba eng kapa eng e hlokahalang bakeng sa ho phethahatsa morero oa hae—ebang seo se bolela ho ba Mohlokomeli, Mosireletsi kapa esita le Mophethahatsi oa Kahlolo—baromuoa ba tšepang Jehova le ba sebetsang tumellanong le morero oa hae ba tla atleha likabelong tsa bona. (Exoda 3:14) Mor’abo rōna Bowen o ile a phetha: “Le ka mohla le se ke la lebala hore hafeela le ntse le etsa morero oa Jehova morero oa lōna, o tla etsa hore le be eng kapa eng e hlokahalang ho phethahatsa kabelo ea lōna.”
Sebui sa ho qetela karolong ena ea lenaneo e bile Wallace Liverance, eo e kileng ea e-ba moromuoa ’me hona joale ke mongolisi oa sekolo. Puo ea hae, eo sehlooho sa eona se reng, “Boloka Lentsoe la Molimo le Phela le Bile le Sebetsa ka ho Uena,” e ile ea lebisa tlhokomelo molaetseng o sa khaotseng kapa tšepisong ea Molimo e tsoelang pele kamehla ho fihlela e phethahala. (Baheberu 4:12) Le susumetsa bophelo ba ba le lumellang ho etsa joalo. (1 Bathesalonika 2:13) Lentsoe leo le ka bolokoa le phela joang le bile le sebetsa bophelong ba rōna? Ka thuto ea Bibele e etsoang ka khothalo. Mor’abo rōna Liverance o ile a hopotsa ba fumanang mangolo ka mekhoa ea ho ithuta Bibele eo ba ithutileng eona Gileade e neng e akarelletsa ho bala le ho senola moelelo le tšebeliso ea Lentsoe la Molimo. O ile a qotsa mantsoe a Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang se neng se sebeletsa e le molula-setulo oa komiti e thehileng Sekolo sa Gileade lilemong tse fetileng tse fetang 50, a reng: “Ka ho sebelisa litemana tse potolohileng taba, motho o khona ho fumana matla a moea a feletseng, a nepahetseng ao Molimo a entseng hore Lentsoe la hae le fane ka ’ona.” Ho atamela thuto ea Bibele ka tsela ena ho etsa hore Lentsoe la Molimo le lule le phela le bile le sebetsa.
Liphihlelo Tse Thabisang le Lipuisano
Ka mor’a lipuo tsena, liithuti li ile tsa phetela bamameli liphihlelo tse thabisang. Tlas’a tsamaiso ea Mark Noumair, eo e kileng ea e-ba moromuoa ’me hona joale e le morupeli oa Gileade, sehlopha sa liithuti se ile sa bolela kamoo se neng se leka ka matla ho fana ka bopaki maemong a sa tšoaneng sa ba sa etsa lipontšo tsa seo. Tse ling li ile tsa khona ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba leng tšimong ka ho falimehela maemo a bona le tsela eo ba arabelang ka eona le ka ho ba bontša thahasello. Kahoo, liithuti tsena li ne li ‘ikela hloko ka mehla le thuto ea tsona’ ’me li ne li thahasella ho thusa ba bang e le kannete e le hore ba pholohe.—1 Timothea 4:16.
Ho ile ha fanoa ka litlhahiso tse ngata tse ka sebelisoang, ’me thabo ea tšebeletso ea boromuoa e ile ea boela ea totobatsoa ke barab’abo rōna ba ’maloa, ba nang le phihlelo, ba neng ba koetlisoa sekolong se neng se tšoaretsoe litho tsa likomiti tsa makala Setsing sa Thupelo sa Watchtower. Mor’abo rōna Samuel Herd le Robert Johnson bao e leng basebetsi ba ntlo-khōlō ba ile ba e-ba le lipuisano le baemeli ba liofisi tsa makala a Mokhatlo tsa Bolivia, Zimbabwe, Nicaragua, Central African Republic, Dominican Republic, Papua New Guinea le Cameroon.
Ka mor’a liphihlelo tsena le lipuisano, Gerrit Lösch, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo41 sa Gileade ’me hona joale e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea ho qetela e nang le sehlooho se susumetsang motho ho nahana ka ho teba se reng, “Na u ‘Motho ea Khahlehang’?” Mor’abo rōna Lösch o ile a qala ka ho hopotsa ba fumanang mangolo hore batho ba ne ba sa talime Jesu, Mora oa Molimo ea phethahetseng e le ea khahlehang, empa “o ile a nyelisoa ’me a koekoetloa ke batho.” (Esaia 53:3, NW) Ka hona, ha ho makatse hore ebe kajeno likarolong tse ngata tsa lefatše, baromuoa ba talingoa e le ba sa amoheleheng kapa ba sa batloeng. Ka lehlakoreng le leng, nakong e telele ea tšebeletso ea Daniele Babylona, ka makhetlo a mararo ’Mōpi, ka lengeloi, o ile a re Daniele ke “ea khahlehang haholo.” (Daniele 9:23; 10:11, 19) Ke’ng se ileng sa etsa hore Daniele a be joalo? Ha ho mohla a kileng a sekisetsa melao-motheo ea Bibele ha a ne a fetohela setsong sa Babylona; o ne a tšepahala ka litsela tsohle, ho se mohla a sebelisang boemo ba hae molemong oa hae; ’me e ne e le seithuti se chesehang sa Lentsoe la Molimo. (Daniele 1:8, 9; 6:4; 9:2) Hape o ne a rapela Jehova kamehla ’me a itokisetsa ho lebisa thoriso ho Molimo bakeng sa seo a se finyellang. (Daniele 2:20) Ka ho latela mohlala oa Daniele, bahlanka ba Molimo e ka ba ba khahlehang, eseng hakaalo mahlong a lefatše, empa a Jehova Molimo.
Bakeng sa ho phetha lenaneo lena le matlafatsang moeeng, molula-setulo o ile a bala lithelekramo tse ling le melaetsa e neng e e-tsoa lefatšeng lohle. Joale, e mong le e mong ho malapa a 24 o ile a amohela lengolo la hae, ha tsebisoa le naha eo ba abetsoeng ho eona. Qetellong, moemeli oa sehlopha sena o ile a bala lengolo le ngoletsoeng Sehlopha se Busang le lelapa la Bethele, le bontšang kananelo eo sehlopha sena se nang le eona bakeng sa koetliso ena le tokiso tseo ba ileng ba li fumana likhoeling tse hlano tse fetileng.
Ha lenaneo lena le fela, ho ile ha utloahala ‘thabo esita le liteboho’ har’a letšoele le tsamaeang.—Nehemia 12:27.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Lipalo-palo Tsa Sehlopha
Palo ea linaha tseo se li emetseng: 10
Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 19
Palo ea liithuti: 48
Palo ea malapa: 24
Karolelano ea lilemo: 33
Karolelano ea lilemo ’neteng: 16
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sehlopha sa bo106 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1) Deakin, D.; Puopolo, M.; Laguna, M.; Davault, S.; Dominguez, E.; Burke, J. (2) Gauter, S.; Vazquez, W.; Seabrook, A.; Mosca, A.; Helly, L.; Breward, L. (3) Brandon, T.; Olivares, N.; Coleman, D.; Scott, V.; Petersen, L.; McLeod, K. (4) McLeod, J.; Thompson, J.; Luberisse, F.; Speta, B.; Lehtimäki, M.; Laguna, J. (5) Gauter, U.; Dominguez, R.; Helly, F.; Smith, M.; Beyer, D.; Mosca, A. (6) Scott, K.; Seabrook, V.; Speta, R.; Coleman, R.; Breward, L.; Davault, W. (7) Smith, D.; Lehtimäki, T.; Petersen, P.; Thompson, G.; Vazquez, R.; Beyer, A. (8) Luberisse, M.; Deakin, C.; Brandon, D.; Puopolo, D.; Olivares, O.; Burke, S.