Batsoali, Mohlala oa lōna o Ruta’ng?
“Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—BAEFESE 5:1, 2.
1. Jehova o ile a fa banyalani ba pele melao ea mofuta ofe ea tataiso?
JEHOVA ke Moqapi oa tokisetso ea lelapa. Lelapa le leng le le leng le entsoe ke eena hobane o ile a theha lelapa la pele a ba a fa banyalani ba pele matla a ho ba le bana. (Baefese 3:14, 15) O ile a fa Adama le Eva litaelo tsa motheo mabapi le boikarabelo ba bona a boela a ba fa monyetla o motle oa hore ba nke bohato ka bobona ho bo phetha. (Genese 1:28-30; 2:15-22) Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, malapa a ile a tlameha ho sebetsana le maemo a ntseng a rarahana haholoanyane. Ho ntse ho le joalo, Jehova ka lerato o ile a fana ka melao e tataisang e neng e tla thusa bahlanka ba hae ho sebetsana le maemo a joalo.
2. (a) Ke ka litsela life Jehova a matlafalitseng keletso e ngotsoeng ka thuto ea molomo? (b) Ho hlokahala hore batsoali ba ipotse potso efe?
2 E le Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova o entse ho hongata ho feta ho fana ka litaelo tse ngotsoeng mabapi le seo re lokelang ho se etsa le seo re lokelang ho se qoba. Mehleng ea boholo-holo o ile a kopanya litaelo tse ngotsoeng le litaelo tsa molomo ka baprista le baprofeta le ka lihlooho tsa malapa. O sebelisa mang ho fana ka thuto eo ea molomo mehleng ea rōna? Baholo ba Bakreste le batsoali. Haeba u motsoali, na u phetha karolo ea hao ea ho ruta lelapa la hao litsela tsa Jehova?—Liproverbia 6:20-23.
3.Lihlooho tsa malapa li ka ithuta eng ho Jehova tabeng ea thuto e atlehang?
3 Thuto e joalo e lokela ho fanoa joang ka har’a lelapa? Jehova o beha mohlala. Ka ho hlaka o bontša se setle le se sebe, ’me ka mosa oa se pheta-pheta. (Exoda 20:4, 5; Deuteronoma 4:23, 24; 5:8, 9; 6:14, 15; Joshua 24:19, 20) O sebelisa lipotso tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba. (Jobo 38:4, 8, 31) Ka lipapiso le ka mehlala ea sebele, o susumetsa maikutlo a rōna ebile o bōpa lipelo tsa rōna. (Genese 15:5; Daniele 3:1-29) Batsoali, ha le ruta bana ba lōna, na le leka ho etsisa mohlala oo?
4. Re ithuta eng ho Jehova tabeng ea ho laea, ’me ke hobane’ng ha taeo e le ea bohlokoa?
4 Jehova ha a feto-fetohe tabeng ea se nepahetseng, empa o utloisisa liphello tsa ho se phethahale. Ka hona, pele a otla batho ba sa phethahalang, oa ba ruta ebile o ba fa litemoso le likhopotso ka makhetlo-khetlo. (Genese 19:15, 16; Jeremia 7:23-26) Ha a laea, o etsa seo ka tekanyo e nepahetseng, eseng ho tlōlisa. (Pesaleme ea 103:10, 11; Esaia 28:26-29) Haeba ke tsela eo re sebetsanang le bana ba rōna ka eona, ke bopaki ba hore re tseba Jehova, ’me ho tla ba bonolo haholoanyane hore le bona ba mo tsebe.—Jeremia 22:16; 1 Johanne 4:8.
5. Batsoali ba ka ithuta eng ho Jehova mabapi le ho mamela?
5 Hoa hlolla hore ebe Jehova oa mamela joaloka Ntate oa leholimo ea lerato. Ha a fane ka litaelo feela. O re khothalletsa ho tšollela lipelo tsa rōna ho eena. (Pesaleme ea 62:8) ’Me haeba maikutlo ao re a bontšang e se a nepahetseng ka ho feletseng, ha a re kharumele a le leholimong. O re ruta ka mamello. Ka lebaka leo, keletso ea moapostola Pauluse e loketse hakaakang: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang”! (Baefese 4:31–5:1) Jehova o behela batsoali mohlala o motle hakaakang ha ba batla ho ruta bana ba bona! Ke mohlala o finyellang lipelo tsa rōna le o etsang hore re batle ho tsamaea tseleng ea hae ea bophelo.
Tšusumetso eo Mohlala o Nang le Eona
6. Boikutlo ba batsoali le mohlala oa bona li susumetsa bana ba bona joang?
6 Ho ekelletsa thutong ea molomo, mohlala o na le tšusumetso e matla baneng. Ebang batsoali baa rata kapa che, bana ba bona ba tla ba etsisa. Ho ka ’na ha thabisa batsoali—ka linako tse ling ho ka ’na ha ba tšosa—ha ba utloa bana ba bona ba bua lintho tseo bona ka bo bona ba li buileng. Ha boitšoaro le boikutlo ba batsoali li bontša kananelo e tebileng bakeng sa lintho tsa moea, sena se ba le tšusumetso e nepahetseng baneng.—Liproverbia 20:7.
7. Jafeta o ile a behela morali oa hae mohlala oa mofuta ofe, ’me e le ka phello efe?
7 Phello ea mohlala oa batsoali e bontšoa hamolemo ka Bibeleng. Jafeta, ea neng a sebelisoa ke Jehova ho etella Iseraele pele hore e hlōle Baammone, e ne e boetse e le ntate. Tlaleho ea karabo ea hae ho morena oa Ammone e bontša hore e tlameha ebe Jafeta o ne a bala histori ea litšebelisano tsa Jehova le Iseraele khafetsa. O ne a ka qotsa histori eo ka bolokolohi, ’me o ile a bontša tumelo e matla ho Jehova. Ha ho pelaelo hore mohlala oa hae o ile oa thusa morali oa hae ho hlaolela tumelo le moea oa boitelo tseo a ileng a li bontša ka ho kenela tšebeletso ea bophelo bohle e le mosali oa lesoha ea inehetseng ho Jehova.—Baahloli 11:14-27, 34-40; bapisa le Joshua 1:8.
8. (a) Batsoali ba Samuele ba ile ba bontša boikutlo bofe bo botle? (b) Seo se ile sa tsoela Samuele molemo joang?
8 Samuele e ne e le mohlala o motle ha e sa le ngoana a ba a tšepahala ho Molimo ha e le moprofeta bophelong ba hae bohle. Na u ka rata hore bana ba hao ba tšoane le eena? Hlahlobisisa mohlala oo batsoali ba Samuele, Elkana le Anna ba ileng ba o beha. Le hoja boemo bo neng bo le ka lapeng la bona e ne e se bo phethahetseng, kamehla ba ne ba e-ea Silo ho ea rapela, sebakeng seo tabernakele e halalelang e neng e le ho sona. (1 Samuele 1:3-8, 21) Hlokomela botebo ba maikutlo boo Anna a neng a rapela ka bona. (1 Samuele 1:9-13) Hlokomela kamoo ka bobeli ba neng ba ikutloa kateng ka bohlokoa ba ho phethahatsa tšepiso efe kapa efe eo ba e etselitseng Molimo. (1 Samuele 1:22-28) Ha ho pelaelo hore mohlala oa bona o motle o ile oa thusa Samuele hore a be le litšoaneleho tse ileng tsa mo nolofalletsa ho phehella tsela e nepahetseng—esita leha batho ba mo potolohileng bao ho neng ho lumeloa hore ba sebeletsa Jehova ba ne ba sa hlomphe litsela tsa Molimo. Ha nako e ntse e feta, Jehova o ile a fa Samuele boikarabelo ba ho ba moprofeta oa Hae.—1 Samuele 2:11, 12; 3:1-21.
9. (a) Ke tšusumetso efe ea ka lapeng e bileng le phello e molemo ho Timothea? (b) Timothea o ile a fetoha motho oa mofuta ofe?
9 Na u ka rata hore mora oa hao a tšoane le Timothea, eo ha e sa le mohlankana a neng a sebetsa hammoho le moapostola Pauluse? Ntate oa Timothea e ne e se molumeli, empa ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba beha mohlala o motle oa ho ananela lintho tsa moea. Ntle ho pelaelo sena se ile sa thusa ho rala motheo o motle bakeng sa bophelo ba Bokreste ba Timothea. Re bolelloa hore ’mè oa hae, Eunise le nkhono oa hae Loise ba ne ba e-na le “tumelo . . . e se nang boikaketsi.” Bophelo ba bona e le Bakreste e ne e se ba boikaketsi; ba ne ba hlile ba phela tumellanong le seo ba neng ba bolela hore baa se lumela, ’me ba ile ba ruta Timothea e monyenyane hore a etse se tšoanang. Timothea o ile a bontša hore a ka tšeptjoa le hore ka sebele o tsotella boiketlo ba ba bang.—2 Timothea 1:5; Bafilippi 2:20-22.
10. (a) Bana ba rōna ba ka angoa ke mehlala efe ea bao e seng litho tsa lelapa? (b) Re lokela ho itšoara joang ha se susumetsang bana ba rōna se hlahella lipuong le boitšoarong ba bona?
10 Hase mehlala eohle e amang bana ba rōna e leng ka lapeng. Ho na le bana bao ba kenang sekolo le bona, matichere ao mosebetsi oa ’ona e leng ho bōpa likelello tse nyenyane, batho ba nang le maikutlo a matla a hore e mong le e mong o lokela ho phela tumellanong le litloaelo tse metseng ka metso tsa meloko kapa tsa sechaba, likhalala tsa lipapali tseo seo li se finyeletseng se rorisoang hohle, le liofisiri tsa ’muso tseo boitšoaro ba tsona bo bontšoang litabeng. Bana ba limilione le bona ba ’nile ba bona bokhopo ba ntoa. Na re lokela ho makala haeba litšusumetso tsee li hlahella lipuong kapa boitšoarong ba bana ba rōna? Re itšoara joang ha see se etsahala? Na khalemelo e bohale kapa ho bua ka thata-thata ho ka rarolla bothata? Ho e-na le ho arabela bana ba rōna kapele, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho ipotsa, ‘Na ho na le se itseng tseleng eo Jehova a sebetsanang le rōna ka eona se ka re thusang ho lemoha tsela ea ho sebetsana le boemo boo?’—Bapisa le Baroma 2:4.
11. Ha batsoali ba etsa liphoso, see se ka ama boikutlo ba bana ba bona joang?
11 Ka sebele, hase kamehla batsoali ba sa phethahalang ba ka sebetsanang le maemo ka tsela e molemohali. Ba tla etsa liphoso. Ha bana ba elelloa seo, na se tla fokotsa tlhompho ea bona ho batsoali ba bona? Ho ka ’na ha e-ba joalo, haholo-holo haeba batsoali ba leka ho koahela liphoso tsa bona ka hore ka bohale ba bontše matla a bona. Empa phello e ka ’na ea e-ba e fapaneng ho hang haeba batsoali ba ikokobelitse ’me ba lumela liphoso tsa bona ka bolokolohi. Ha ba etsa sena, ba ka beha mohlala o motle bakeng sa bana ba bona, bao ho hlokahalang hore ba ithute ho etsa se tšoanang.—Jakobo 4:6.
Seo Mohlala oa Rōna o ka se Rutang
12, 13. (a)Ho hlokahala hore bana ba ithute eng ka lerato, ’me le ka rutoa joang ka tsela e atlehang ka ho fetisisa? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba ithute ka lerato?
12 Ho na le lithuto tse ngata tsa bohlokoa tse ka rutoang ka katleho e khōlō ha thuto ea molomo e kopane le mohlala o motle. Nahana ka tse seng kae.
13 Ho bontša lerato le se nang boithati: E ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse lokelang ho matlafatsoa ka mohlala ke se boleloang ke lerato. “Rea rata, hobane [Molimo] o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:19) Ke Mohloli le mohlala oa lerato o phahameng ka ho fetisisa. Bibele e bua ka lerato lena le laoloang ke melao-motheo la a·gaʹpe ka makhetlo a fetang 100. Ke tšoaneleho e khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Lerato le joalo le lokela ho bontšoa Molimo le Jesu Kreste le motho e mong ho e mong—esita le batho bao re sa ba utloisiseng. (Matheu 5:44, 45; 1 Johanne 5:3) Lerato lena le lokela ho ba ka lipelong tsa rōna ’me le totobale bophelong ba rōna pele re ka atleha ho le ruta bana ba rōna. Liketso li bua ho feta lipolelo. Ka har’a lelapa, ho hlokahala hore bana ba bone ’me ba latsoe lerato le litšoaneleho tse amanang le lona, tse kang boikutlo bo mofuthu. Ha lintho tsena li le sieo, khōlo ea ngoana ea khineha ’meleng, kelellong le maikutlong. Hape ho hlokahala hore bana ba bone kamoo lerato le boikutlo bo mofuthu li bontšoang ka tsela e loketseng kateng ho Bakreste ba bang bao e seng litho tsa lelapa.—Baroma 12:10; 1 Petrose 3:8.
14. (a) Bana ba ka rutoa ho etsa mosebetsi o motle o khotsofatsang joang? (b) See se ka etsoa joang ka lapeng la hao?
14 Ho ithuta mosebetsi: Mosebetsi ke karolo e ka sehloohong ea bophelo. Ho hlokahala hore motho a ithute kamoo a ka etsang mosebetsi o motle kateng e le hore a ka ba le boikutlo ba ho tšoaneleha. (Moeklesia 2:24; 2 Bathesalonika 3:10) Haeba ngoana a abeloa mesebetsi eo a sa kang a rutoa hantle tsela ea ho e etsa ’me a nyatsetsoa ho se e etse hantle, ha ho na tšepo ea hore o tla tseba ho etsa mosebetsi o motle. Empa ha bana ba ithuta ka hore ba hle ba sebetse le batsoali ba bona ’me ba babatsoa ka tsela e loketseng, ho na le tšepo e khōloanyane ea hore ba tla ithuta ho etsa mosebetsi o khotsofatsang. Haeba mohlala oa batsoali o lumellana le seo ba se bolelang, bana ba ka ’na ba se ke ba ithuta ho phetha mosebetsi feela empa ba ka boela ba ithuta kamoo ba ka hlōlang mathata, kamoo ba ka tiisetsang mosebetsing ho fihlela o phethiloe, le kamoo ba ka behang mabaka le ho etsa liqeto. Boemong bona ba ka thusoa ho ananela hore le Jehova oa sebetsa, hore o etsa mosebetsi o motle, le hore Jesu o etsisa Ntate oa hae. (Genese 1:31; Liproverbia 8:27-31; Johanne 5:17) Haeba lelapa le itseng le etsa mosebetsi oa temo kapa le etsa mosebetsi oa khoebo, litho tse ling tsa lelapa li ka ’na tsa sebetsa hammoho. Kapa mohlomong ’mè a ka ruta mora kapa morali ho pheha le ho hloekisa ka mor’a lijo. Ntate ea sebetsang hōle le lelapa a ka lokisetsa ho etsa mesebetsi ea lapeng le bana ba hae. Ho molemo hakaakang ha batsoali ba sa nahana ka ho phetha mesebetsi e itseng feela empa ba nahanne ka ho hlomella bana bakeng sa bophelo bohle!
15. Lithuto tse mabapi le tumelo li ka rutoa ka litsela life? Bontša.
15 Ho tiea tumelong ho sa tsotellehe mahlomola: Tumelo le eona ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna. Ha ho buuoa ka tumelo thutong ea lelapa, bana ba ka ’na ba ithuta hore na ke eng ’me ba tseba ho e hlalosa. Ba ka boela ba elelloa pontšo e etsang hore tumelo e qale ho hōla ka lipelong tsa bona. Empa ha ba bona batsoali ba bona ba bontša tumelo e sa sisinyeheng ho sa tsotellehe liteko tse matla, sena se ka ba le phello e tšoarellang bophelong bohle ba bona. Mosali e mong oa Panama ea neng a ithuta Bibele o ile a tšosoa ke monna oa hae ka hore o tla mo leleka lapeng haeba a sa khaotse ho sebeletsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, kamehla, eena le bana ba hae ba banyenyane ba bane, ba ne ba tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse 16 ebe ba palama bese sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea fihla Holong ea ’Muso e haufinyane. Litho tse ka bang 20 tsa lelapa labo li ile tsa amohela ’nete ka lebaka la ho khothatsoa ke mohlala oa hae.
Ho Beha Mohlala Tabeng ea ho Bala Bibele Kamehla
16. Ke hobane’ng ha ho khothalletsoa ’malo oa Bibele oa lelapa oa letsatsi le letsatsi?
16 E ’ngoe ea litloaelo tseo lelapa lefe kapa lefe le ka bang le eona—e leng tloaelo e tla ruisa batsoali molemo le ho ba mohlala oo bana ba ka o etsisang—ke ea ho bala Bibele kamehla. Haeba ho khoneha, bala Bibele letsatsi le letsatsi. Ntho ea bohlokoahali hase hore na u bala karolo e kae. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho e bala kamehla le mokhoa oo u e balang ka oona. Ho bana, ’malo oa Bibele o ka ’na oa tlatsetsoa ka ho mamela lik’hasete tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele haeba li le teng ka puo ea hao. Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng ho re thusa ho etelletsa menahano ea Molimo pele. ’Me haeba ’malo o joalo oa Bibele o sa etsoe ke batho ka bomong feela, empa o etsoa ke malapa, sena se ka thusa litho tsohle tsa malapa ho tsamaea tseleng ea Jehova. Ke mokhoa ona o ileng oa khothalletsoa Likopanong tse sa tsoa feta tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” tšoantšisong e reng Malapa—Etsang Hore ho Bala Bibele Kamehla e be Mokhoa oa Lōna oa Bophelo!—Pesaleme ea 1:1-3.
17. ’Malo oa Bibele oa lelapa le ho tšoara mangolo a sehlooho ka hlooho li thusa joang tabeng ea ho sebelisa keletso e ho Baefese 6:4?
17 Hore lelapa le bale Bibele le le hammoho ho tumellanong le seo moapostola Pauluse a se ngotseng lengolong la hae le bululetsoeng le eang ho Bakreste ba Efese, le reng: “Bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Seo se bolela’ng? ‘Ho laola kelello’ ka ho toba ho bolela “ho kenya kelello ka har’a”; ka hona, bo-ntate ba Bakreste ba phehelloa hore ba kenye kelello ea Jehova Molimo baneng ba bona—ba thuse bana ho tseba mehopolo ea Molimo. Ho khothalletsa bana ho tseba mangolo a sehlooho ka hlooho ho ka thusa ho finyella sena. Pakane ke ho etsa hore mehopolo ea Jehova e tataise mehopolo ea bana e le hore litakatso tsa bona le boitšoaro butle-butle li ka bonahatsa litekanyetso tsa bomolimo ebang batsoali ba teng kapa ha ba eo. Bibele ke motheo oa mohopolo o joalo.—Deuteronoma 6:6, 7.
18. Ha re bala Bibele, ho ka hlokahala eng hore (a) re e utloisise hantle? (b) re rue molemo keletsong eo e e fupereng? (c) re arabele ho seo e se senolang ka morero oa Jehova? (d) re rue molemo ho seo e se buang ka boitšoaro ba batho le liketso tsa bona?
18 Ka sebele, e le hore Bibele e tle e ame bophelo ba rōna, ho hlokahala hore re utloisise seo e se buang. Ho ba bangata, sena se ka ’na sa hloka hore re bale likarolo tse itseng ka makhetlo a ’maloa. E le hore re ka utloisisa lipolelo tse itseng ka ho hlakileng, ho ka ’na ha hlokahala hore re shebe mantsoe bukeng e hlalosang mantsoe kapa ho Insight on the Scriptures. Haeba lengolo le fupere keletso kapa taelo, nkang nako le buisana ka maemo a mehleng ea rōna a etsang hore e re ame. Joale u ka ’na ua botsa, ‘Ho sebelisa keletso ee ho ka re ruisa molemo joang?’ (Esaia 48:17, 18) Haeba lengolo le bua ka karolo e itseng ea morero oa Jehova, botsa, ‘See se ama bophelo ba rōna joang?’ Mohlomong u bala tlaleho e buang ka boitšoaro ba batho le liketso tsa bona. Ba ne ba le tlas’a likhatello life bophelong? Ba ne ba sebetsana le tsona joang? Re ka rua molemo joang mohlaleng oa bona? Kamehla fana ka nako ea ho buisana ka seo tlaleho e se bolelang bophelong ba rōna ba kajeno.—Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:11.
19. Ka ho ba baetsisi ba Molimo, re tla be re fa bana ba rōna eng?
19 Ke tsela e molemo hakaakang ea ho etsa hore mehopolo ea Molimo e ame likelello le lipelo tsa rōna ka ho teba! Ka tsela eo, re tla fela re thusoe hore re be “baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) ’Me re tla beha mohlala oo ka sebele bana ba rōna ba lokelang ho o etsisa.
Na U sa Hopola?
◻ Batsoali ba ka rua molemo joang mohlaleng oa Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea molomo ea bana e lokela ho lumellana le mohlala o motle oa batsoali?
◻ Ke lithuto life tse rutoang hamolemohali ka mohlala oa batsoali?
◻ Re ka rua molemo o feletseng joang ha re bala Bibele re le lelapa?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ba bangata ba thabela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi e le lelapa