Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/1 maq. 22-25
  • Khatello ea Lithaka—Na e ka U Tsoela Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatello ea Lithaka—Na e ka U Tsoela Molemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso Bathong ba Lilemo Tsohle
  • Ho Sebelisa Tšusumetso e Ntle ea Lithaka Hamolemo
  • Qoba Litšusumetso Tse Mpe
  • Ba Bang ba Ileng ba Rua Molemo
  • Bacha—Hlōlang Khatello ea Lithaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Khatello ea Lithaka—Na e Hlile e Matla Hakaalo?
    Tsoha!—2002
  • Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka
    Tsoha!—2014
  • Nka Sebetsana Joang le Khatello ea Lithaka?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/1 maq. 22-25

Khatello ea Lithaka—Na e ka U Tsoela Molemo?

Kaofela ha rōna re tsoetsoe re e-na le takatso ea hore re rate ho amoheloa ke lithaka tsa rōna. Ha ho motho ea batlang hore a se ke a ratoa, a qheleloe thōko. Kahoo, lithaka tsa rōna li re susumetsa ka litsela tse sa tšoaneng.

THAKA ea motho e hlalosoa e le “motho ea boemong bo tšoanang le ba e mong; . . . motho ea sehlopheng se tšoanang le sa e mong sechabeng, haholo-holo ho itšetlehiloe ka lilemo, maemo kapa botumo.” Ka lehlakoreng le leng, khatello ea lithaka ke tšusumetso eo re e fumanang ho lithaka tsa rōna, hoo re iphaphathang le mokhoa oa bona oa ho nahana le ho etsa lintho, ebang rea hlokomela kapa ha re hlokomele. Hangata khatello ea lithaka e talingoa e le ntho e kotsi. Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona, re ka etsa hore e re tsoele molemo.

Tšusumetso Bathong ba Lilemo Tsohle

Khatello ea lithaka ha e baneng feela; e ama batho ba lilemo tsohle. Tšusumetso ea eona e bonahala hantle ha re ipotsa lipotso tse kang tsena: “Ba bang ba etsa joalo, ke hobane’ng nke ke ka ho etsa?” “Ke hobane’ng ha ke lokela hore kamehla ke be ea fapaneng?” “Ba bang ba tla nahana joang kapa ba re’ng?” “Metsoalle eohle ea ka ea laetsana ebile e kena lenyalong, haese ’na. Na ho na le ho phoso ka ’na?”

Le hoja khatello ea ho tšoana le ba bang e ama batho ba lilemo tsohle, e atisa ho ba matla nakong ea lilemo tsa bocha. The World Book Encyclopedia e bolela hore “bacha ba bangata ba ameha ka ho teba ka sehlopha sa lithaka tsa bona—ke hore sehlopha sa metsoalle ea bona le bao ba ba tloaetseng. Ho e-na le hore ba batle ho amoheloa ke batsoali ba bona, bacha bana ba batla ho amoheloa ke lithaka tsa bona, ’me ba ka ba ba fetola boitšoaro ba bona hore feela ba fumane kamohelo eo.” E phaella ka ho re, bacha, “ba nahana hore ba hōla ka tsela e tloaelehileng haeba lithaka tsa bona li ba amohela ebile li ba rata.” Ka lebaka leo ba “ameha haholo ka lintho tseo ba nahanang hore li ama botumo ba bona, tse kang mokhoa oa bona oa moaparo, bokhoni ba ho ba moeta-pele le ho atleha litabeng tsa ho laetsana.”

Banyalani ba ka ’na ba hlokomela hore liqeto tsa bona mabapi le mofuta oa ntlo eo ba batlang ho e reka kapa ho e hira, mofuta oa koloi eo ba batlang ho e khanna, hore na ba be le bana kapa che, le litaba tse ling tse ngata li susumetsoa ke khatello ea lithaka—se amohelehang tikolohong ea bona, ho metsoalle ea bona kapa morabe oa habo bona. Malapa a mang a bile a kena likolotong tse khōlō hore feela a tšoane le baahisani le lithaka ka lintho tse bonahalang. E, hangata lipakane tsa rōna, monahano oa rōna le liqeto tsa rōna ka tsela e potoletseng li bontša matla a khatello ea lithaka. Ka lebaka la matla a eona, na re ka sebetsana le khatello ea lithaka ka tsela e tla re tsoela molemo, hore e re thuse ho tsamaea tseleng eo re batlang ho e nka? Ka sebele, re ka etsa joalo!

Ho Sebelisa Tšusumetso e Ntle ea Lithaka Hamolemo

Lingaka le litsebi tse ling tsa bophelo li tseba bohlokoa ba hore bakuli ba tsona ba be har’a batho ba nang le boikutlo bo nepahetseng le lintho tse ling tse ba susumetsang ka tsela e molemo. Boemo bo joalo bo ka susumetsa mokuli hore a hlaphoheloe. Ka mohlala, batho ba khaohileng litho tse ling tsa ’mele, hangata ba thusoa ka phekolo e telele ea ho khutlisetsa ’mele boemong bo molemo le ho hlaphoheloa maikutlong ka mohlala o motle le khothatso tsa batho ba ileng ba feta bothateng bo tšoanang. Ka ho hlakileng, ha motho a ipeha boemong bo molemo, bo akarelletsang batho bao e leng mehlala e ka etsisoang ba nang le tšepo le maikutlo a nepahetseng, ke tsela ea ho sebelisa hamolemo mofuta o nepahetseng oa khatello ea lithaka.

Ka ho tšoanang, molao-motheo ona oa sebetsa le phuthehong ea Bokreste, kaha tšusumetso e ntle ea lithaka ke lebaka le leng leo ka lona Jehova a laetseng batho ba hae hore ba bokane hammoho kamehla. Molimo o re phehella hore re ‘susumeletsane leratong le mesebetsing e metle le ho khothatsana.’ (Baheberu 10:24, 25) Ka lebaka la likhatello tse ngata tse nyahamisang le tse bohloko lefatšeng la kajeno khothatso e joalo ke ea bohlokoahali. Ka lebaka la likhatello tsena, Bakreste ba lokela ho ‘ikitlaetsa ka matla’ hore ba lule ba le matla moeeng. (Luka 13:24) Kahoo, re hloka tšehetso e lerato ea balumeli-’moho le rōna ebile rea e ananela. Ho phaella moo, ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba mamelle ‘meutloa nameng,’ mohlomong boloetse kapa kholofalo. (2 Bakorinthe 12:7) Ba bang ba ka ’na ba loantšana le ho hlōla mokhoa o itseng o mobe kapa khatello ea maikutlo, kapa ba ka ’na ba thatafalloa ke ho phehella lintho tse hlokahalang bophelong. Ka hona, re bontša bohlale ha re itsoakanya le batho ba lulang ba le haufi le Jehova Molimo ’me ba thabela ho mo sebeletsa. Lithaka tse joalo li tla re hlasimolla ’me li re thuse ho ‘mamella ka botšepehi ho isa bofelong.’—Matheu 24:13.

Ka hona, ka ho khetha metsoalle e nepahetseng, re ka laola tšusumetso ea eona ho rōna. Ho phaella moo, lijo tsa moea tse molemo le tataiso e sebetsang tse fanoang libokeng tsa Bokreste, li matlafatsa khothatso ea botho eo re e fumanang ho lithaka tsa rōna.

Ka ho hlakileng, hase kamehla ho leng bonolo ho ea libokeng tsa Bokreste. Ba bang ba ka ’na ba fumana tšehetso e fokolang ea balekane ba bona ba lenyalo kapa ba se ke ba e fumana, ba bang mohlomong ba na le bana bao ba lokelang ho ba lokisetsa ho tsamaea, ha ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho fumana lipalangoang. Empa ak’u nahane: Haeba u sa lumelle litšitiso tsena ho u thibela, joale mohlala oa hao o ka ’na oa susumetsa ba bang bao mohlomong ba ntseng ba loantšana le maemo a joalo. Ka mantsoe a mang, uena le ba bang ba tšoanang le uena ha le fane ka mohlala o motle feela empa le boetse le fana ka mofuta oa tšusumetso e ntle ea lithaka—’me seo se etsahala ho sa hlokahale le khatello le e nyenyane feela.

Ha e le hantle, moapostola Pauluse, eo ka boeena a ileng a tlameha ho sebetsana le mathata a mangata le litšitiso, o ile a khothalletsa Bakreste ho etsisa mohlala oa hae o motle le oa Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong. O ile a re: “Ka mokhoa o kopaneng le be baetsisi ba ka, barab’eso, ’me le ’ne le behe leihlo ho ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rōna.” (Bafilippi 3:17; 4:9) Bakreste ba pele ba Thesalonika ba ile ba talima mohlaleng o motle oa Pauluse. Mabapi le bona Pauluse o ngotse: “Le ile la ba baetsisi ba rōna le ba Morena, kaha le ile la amohela lentsoe tlas’a matšoenyeho a mangata ka thabo ea moea o halalelang, hoo le ileng la ba mohlala ho balumeli bohle ba leng Macedonia le ba leng Akaia.” (1 Bathesalonika 1:6, 7) Boikutlo ba rōna bo nepahetseng le mohlala li ka ba le phello e tšoanang ho bao re tloaelanang le bona.

Qoba Litšusumetso Tse Mpe

Haeba re batla ho qoba khatello e mpe ea lithaka, re lokela ho hanela tšusumetso ea ba ‘tsamaeang tumellanong le nama.’ (Baroma 8:4, 5; 1 Johanne 2:15-17) Hoseng joalo, tšusumetso e utloisang bohloko ea lithaka e tla re khannela hōle le Jehova le keletso ea hae e bohlale. Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Na u ka nahana ka motho e mong ea ileng a senyeha ka lebaka la khatello e mpe ea lithaka? Ka mohlala, Bakreste ba bang ba hohetsoe ke lerato la lintho tse bonahalang, boitšoaro bo bobe, kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala ka lebaka la tšusumetso ea lithaka tsa bona.

Esita le ka har’a phutheho ea Bokreste, re ka fumana tšusumetso e mpe ea lithaka haeba re khetha batho ba fokolang moeeng hore re tloaelane le bona haufi-ufi. (1 Bakorinthe 15:33; 2 Bathesalonika 3:14) Hangata ba joalo ha baa sekamela ho qoqeng ka lintho tsa moea; ba ka ba ba soma ba thabelang meqoqo e joalo. Haeba re khetha batho bana hore e be metsoalle ea rōna e haufi-ufi, khatello ea lithaka e ka re qobella hore re be le mokhoa o joalo, ’me kapele re ka hlokomela hore monahano oa rōna le boikutlo ba rōna li bonahatsa tse tšoanang le tsa bona. Mohlomong re ka ba ra qala ho khella fatše batho ba se nang boikaketsi tumelong ea bona le ba lekang ho hatela pele moeeng.—1 Timothea 4:15.

Ke ntho e bohlale hakaakang ho hlaolela setsoalle le batho ba lekang ho khahlisa Jehova, ba thabelang lintho tsa moea! Metsoalle e joalo e tla re thusa ho bontša “bohlale bo tsoang holimo.” “Pele ho tsohle bo hloekile, bo ntan’o ba le khotso, kahlolo e molemo, ho itokisetsa ho mamela, ho tlala mohau le litholoana tse molemo, . . . ho se be le boikaketsi.” (Jakobo 3:17) Sena ha se bolele hore batho ba sekametseng linthong tsa moea ha ba khone ho bua ka letho haese litaba tsa moea feela. Ho hang ha ho joalo! Ak’u nahane feela ka litaba tse sa tšoaneng tse thahasellisang tseo ho buuoang ka tsona likhatisong tsa Watch Tower tse kang makasine ea Tsoha! Ka sebele ho na le litaba tse ngata tse hahang tseo ho ka buuoang ka tsona, ’me ka ho ba le thahasello litabeng tse sa tšoaneng, re bontša hore re rata bophelo le mesebetsi eo Jehova a e entseng.

Feela joalokaha sebapali sa thenese se ntlafatsa mahlale a sona a papali ka hore se bapale le libapali tse ling tse ipabolang, metsoalle e metle e re hlasimolla kelellong, maikutlong le moeeng. Ka lehlakoreng le leng, metsoalle e fosahetseng e ka re lebisa tseleng ea boikaketsi ka ho re khothalletsa hore re phele bophelo bo habeli. Ke ho molemo hakaakang ho ba le letsoalo le hloekileng hammoho le boitlhompho!

Ba Bang ba Ileng ba Rua Molemo

Batho ba bangata baa hlokomela hore ho ithuta lithuto tsa Bibele le seo e se hlokang boitšoarong le moeeng ha ho boima hakaalo. Leha ho le joalo, ho ka bang boima ke ho sebelisa lintho tsena. Joalokaha mehlala e latelang e bontša, tšusumetso e ntle ea lithaka e ka re thusa ho sebeletsa Jehova ka moea oohle.

Paki e ’ngoe eo eona le mosali oa eona ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng e boletse hore mehlala ea lithaka tsa hae e ile ea ama lipakane tsa hae bophelong. Ha a ntse a hōla, o ile a tlameha ho mamella litšusumetso tse mpe. Empa bao a ileng a ba khetha hore e be metsoalle ea hae ke ba neng ba mo khothalletsa hore a ee tšebeletsong kamehla le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ho khomarela metsoalle eo ho ile ha mo thusa hore a tsamaee tseleng e isang khōlong ea moea.

Paki e ’ngoe ea ngola: “Ka mor’a hore ’na le mosali oa ka re nyalane, re ile ra fallela phuthehong eo ho eona banyalani ba ka bang lilemong tsa rōna e neng e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Mohlala oa bona o ile oa tlatsetsa hore re kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Joale le rōna ra sebeletsa hore re hōlise moea oa bopula-maliboho ka phuthehong. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba kopanela le rōna e le bo-pula-maliboho.”

Ho etsa setsoalle le batho ba nang le lipakane tsa puso ea Molimo ho ka etsa hore ho mamela Jehova ho be bonolo. Ena ke phello e ’ngoe e molemo ea tšusumetso e ntle ea lithaka. Paki e ’ngoe e ileng ea qala tšebeletso ea nako e tletseng e sa ntse e le mohlankana ’me hamorao ea e-ba molebeli ea tsamaeang hona joale o sebeletsa ho e ’ngoe ea liofisi tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Oa ngola: “E ’ngoe ea lintho tsa pele le tseo ke li ratang haholo tseo ke li hopolang ke ha bahlanka ba nako e tletseng ba ne ba etetse heso. Kamehla ho ne ho e-na le sebaka se bulehetseng ba eketsehileng ho tla ja lijo le rōna. Molebeli e mong oa potoloho o ile a mpha mokotlana oa ho paka ha ke le lilemo li leshome. Ke ntse ke rata mokotlana oo haholo ho fihlela lena le holimo.”

Ha e nahana ka lilemo tsa eona tsa bocha, Paki eo ea eketsa: “Bahlankana ba bangata ka phuthehong ba ne ba rata ho kenella mesebetsing ea phutheho, ’me mohlala oa bona o ne o susumetsa rōna ba bang hore re lakatse ho etsa se tšoanang.” Lithaka tse nang le tšusumetso e ntle li ile tsa thusa mocha enoa hore, joaloka lehlomela, a hōle hore e be monna oa Mokreste joaloka sefate. Batsoali, na malapeng a lōna le memela batho ba ka bang le tšusumetso e ntle, le e hahang ho bana ba lōna?—Malakia 3:16.

Ka ho hlakileng hase bohle ho rōna ba ka kopanelang tšebeletsong ea nako e tletseng joaloka batho bana bao re qetang ho bua ka bona. Empa kaofela ha rōna re ka ithuta ho rata Jehova ‘ka lipelo tsa rōna tsohle, moea le kelello.’ (Matheu 22:37) Khetho ea rōna ea lithaka e phetha karolo ea bohlokoa hore re hōlise lerato leo, kahoo, e boetse e phetha karolo ea bohlokoa tebellong ea rōna ea bophelo bo sa feleng.

Mopesaleme o ile a fana ka mokhoa o bonolo empa e le o sebetsang oa ho fumana katleho ea ’nete bophelong: “Ho lehlohonolo motho ea sa lateleng keletso ea bakhopo, ea sa emeng tseleng ea baetsalibe, ea sa luleng mokhatlong oa basomi; empa a ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu. O joalo ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se behang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla.”—Pesaleme ea 1:1-3.

Eo ke tiisetso e babatsehang hakaakang! Esita le hoja re sa phethahala ebile re etsa liphoso, bophelo ba rōna bo tla atleha haeba re lumella hore Jehova a re tataise le haeba re lilibetsa selibeng seo Molimo a faneng ka sona sa tšusumetso e ntle ea lithaka—‘mokhatlo oohle oa barab’abo [rōna] lefatšeng.’—1 Petrose 5:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Phutheho e fana ka mofuta o motle oa tšusumetso ea lithaka

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batsoali, khothalletsang bana ba lōna ho itloaetsa lithaka tse hahang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela