Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/1 maq. 24-28
  • Jehova ke Molimo ea Mosa o Lerato ho ’Na

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Molimo ea Mosa o Lerato ho ’Na
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Kena Chankaneng ke sa Tsoa Chata
  • Lintho Tseo le ka Mohla re sa Kang ra Ikoahlaea Hore Ebe re Ile ra li Khetha
  • Ho Etsa Tšebeletso Har’a Mathata le Manolo
  • Thabo e sa Lebelloang
  • “Liphateng Tsa Boloetse”
  • Jehova e Bile Mothusi oa Rōna
  • “Ke Lumetse”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Lumetse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tšepo ea Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/1 maq. 24-28

Jehova ke Molimo ea Mosa o Lerato ho ’Na

JOALOKAHA HO BOLETSE JOHN ANDRONIKOS

E ne e le ka selemo sa 1956. Ke ne ke e-na le matsatsi a robong feela ke nyetse, empa ke ne ke eme ka pel’a lekhotla la maipiletso la Komotiní, Greece e ka leboea. Ke ne ke tšepile hore kahlolo ea likhoeli tse 12 eo ke e fumaneng ka lebaka la ho bolela ’Muso oa Molimo e tla nyopisoa. Qeto ea lekhotla la maipiletso ea likhoeli tse tšeletseng chankaneng, e ile ea senya tšepo eo ’me ea e-ba qalo feela ea letoto la liteko. Leha ho le joalo, nakong ea eona Jehova o ile a bontša hore ke Molimo ea mosa o lerato ho ’na.

HA KE tsoaloa ka la 1 October, 1931, lelapa leso le ne le lula motseng oa Kaválla, e leng Neapolise ea Macedonia e ileng ea eteloa ke moapostola Pauluse nakong ea leeto la hae la bobeli la boromuoa. ’Mè e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ha ke le lilemo li hlano, ’me le hoja a ne a batla a sa tsebe ho bala le ho ngola, o ile a etsa se matleng a hae ho kenya ka ho ’na ho rata Molimo le ho mo tšaba. Ntate e ne e le motho ea ngangellang mekhoeng ea neano ea Greek Orthodox. O ne a sa thahaselle ’nete ea Bibele a bile a hanyetsa ’Mè, hangata o ne e-ba mabifi.

Kahoo, ke ile ka hōlela lelapeng le arohaneng, leo ho lona Ntate a neng a otla ’Mè a bile a mo tšoere hampe, ’me qetellong o ile a ba a re siea shalabeng. Ho tloha bongoaneng, ’Mè o ne a e-ea le ’na le khaitseli ea ka e monyenyane libokeng tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ha ke e-ba lilemo li 15, ke ile ka furalla Lipaki tsa Jehova ka lebaka la litakatso tsa bocha le moea oa boitaolo. Leha ho le joalo, ’Mè ea tšepahalang o ile a leka ka matla, ’me o ile a lla haholo ha a leka ho nthusa.

Ka lebaka la bofutsana le bophelo ba boitšoaro bo bobe boo ke neng ke bo phela, ke ile ka kula haholo ka ba ka tlameha ho ba liphateng ka nako e fetang likhoeli tse tharo. E bile ka nako eo moo mor’abo rōna ea ikokobelitseng, ea neng a thusitse ’Mè ho ithuta ’nete, a ileng a lemoha hore ke rata Molimo ka tieo. O ne a ikutloa hore nka thusoa hore ke hlaphoheloe moeeng. Ba bang ba ile ba re ho eena: “U senya nako ea hao ka ho leka ho thusa John; ke mosifa o hlōtseng lithipa.” Empa ho se fele pelo le ho phehella ha mora enoa oabo rōna ha a nthusa, ho ile ha beha litholoana. Ka la 15 August, 1952, ha ke le lilemo li 21, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing.

Ke Kena Chankaneng ke sa Tsoa Chata

Lilemo tse tharo hamorao ke ile ka tloaelana le Martha, morali’abo rōna ea neng a sekametse linthong tsa moea haholo ea nang le litšoaneleho tse ikhethang, ’me kapele re ile ra lebeletsana. Ka letsatsi le leng ke ile ka makala haholo ha Martha a re ho ’na: “Kajeno ke rerile ho ea bolela ka ntlo le ntlo. Na u rata ho tsamaea le ’na?” Ho fihlela ka nako eo, ke ne ke e-s’o kopanele karolong ena ea mosebetsi, kaha boholo ba nako ke ne ke paka ka tsela e sa reroang. Ka nako eo, mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe Greece, ’me re ne re tlameha ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli ka sekhukhu. Ka lebaka leo, ba bangata ba ne ba tšoaroa, linyeoe li le ngata le likahlolo tsa chankana li le boima. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke sitoa ho latolela molebeletsoa oa ka!

Ke ile ka nyala Martha ka 1956. Ke nakong ena moo ke ileng ka ahloleloa likhoeli tse tšeletseng chankaneng ke lekhotla lane la maipiletso la Komotiní, matsatsi a robong ka mor’a lechato la rōna. Sena se ile sa nkhopotsa potso eo pejana ke neng ke ile ka e botsa morali’eso oa Mokreste eo e neng e le motsoalle oa ’Mè: “Ekaba nka bontša joang hore ke Paki ea ’nete ea Jehova? Ha ho mohla nkileng ka fumana monyetla oa ho paka tumelo ea ka.” Ha morali enoa oabo rōna a tlile ho tla mpona chankaneng, o ile a nkhopotsa potso eo ’me a re: “Joale u ka bontša Jehova hore na u mo rata hakae. Ena ke kabelo ea hao.”

Eitse ha ke hlokomela hore akhente ea ka e ntse e leka ho bokella chelete ea ho ntefella beile hore ke tsoe chankaneng, ke ile ka e bolella hore ke thabela ho qeta nako eo ke e ahloletsoeng chankaneng. Ke ile ka thaba hakaakang ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke le chankaneng ha ke bona batšoaruoa-’moho le ’na ba babeli ba amohela ’nete! Lilemong tse hlahlamang, ke ile ka ameha linyeoeng tse ngata ka lebaka la litaba tse molemo.

Lintho Tseo le ka Mohla re sa Kang ra Ikoahlaea Hore Ebe re Ile ra li Khetha

Ka 1959, lilemo tse seng kae ka mor’a hore ke lokolloe, ke ne ke sebeletsa ke le mohlanka oa phutheho, kapa molebeli ea okamelang, ’me ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, e leng thupelo e etsetsoang baholo ba liphutheho. Leha ho le joalo, nakong eona eo, ke ile ka fuoa mosebetsi oa nako eohle sepetleleng sa ’muso ’me ka mosebetsi ona ’na le lelapa la ka re ne re tla ba boemong bo sireletsehileng licheleteng bophelong bohle ba rōna. Ke lokela ho khetha hofe? Ke ne ke se ke e-na le likhoeli tse tharo ke sebetsa ka nakoana sepetleleng sena, ’me motsamaisi o ne a khotsofalletse mosebetsi oa ka haholo, empa ha memo ea ho ea sekolong e fihla, o ile a hana ho ntumella leha e se e le ka phomolo eo ke sa tl’o lefuoa ho eona. Hoba ke nahane bothata bona ka thapelo, ke ile ka etsa qeto ea ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso eaba ke hana mpho eo ea mosebetsi.—Matheu 6:33.

Hoo e ka bang ka nako eona eo, molebeli oa setereke le oa potoloho ba ile ba tla sebeletsa phutheho ea rōna. Re ne re tlameha ho tšoara liboka tsa rōna ka sephiri malapeng ka lebaka la khanyetso e matla ea baruti ba Greek Orthodox le babusi. Ka mor’a seboka se seng molebeli oa setereke o ile a nkatamela ’me a mpotsa hore na nkile ka nahana ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Tlhahiso ea hae e ile ea ama pelo ea ka hobane sena e ne e bile takatso ea ka ho tloha ha ke ne ke kolobetsoa. Ke ile ka araba ka ho re: “Kea rata, haholo le hona.” Leha ho le joalo, ke ne ke se ke ntse ke e-na le boikarabelo bo bong hape ba ho hōlisa morali. Mor’abo rōna o ile a re ho ’na: “Tšepa Jehova, ’me o tla u thusa hore u finyelle merero ea hao.” Kahoo, re sa hlokomolohe boikarabelo ba rōna ba lelapa, ’na le mosali oa ka re ile ra tseba ho lokisa maemo a rōna hoo ka December 1960 ke ileng ka qala ho sebetsa Macedonia e ka bochabela ke le pula-maliboho ea khethehileng—e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bahlano feela ka hare ho naha.

Ka mor’a hore ke qete selemo ke sebetsa ke le pula-maliboho ea khethehileng, ofisi ea lekala ea Athene e ile ea nkōpa hore ke sebeletse ke le molebeli ea tsamaeang. Ha ke khutlela hae ka mor’a thupelo ea khoeli tšebeletsong ea mofuta ona, ebile e le nakong eo ke ntseng ke phetela Martha liphihlelo tsa ka, motsamaisi oa morafo o mong o moholo oa mankanisi o ile a nketela ’me a nkōpa hore ke be e mong oa limanejara tsa lefapha la tlhoekiso ea serafshoa sena, a mpha khahlakhahla ea konteraka ea lilemo tse hlano, ntlo e ntle le koloi. O ile a re ke arabe ka mor’a matsatsi a mabeli. Hape, ke sa tsilatsile ho hang, ke ile ka rapela Jehova: “Ke ’na enoa, roma ’na.” (Esaia 6:8) Mosali oa ka o ne a lumellana le sena ka ho feletseng. Re tšepile Molimo, re ile ra qala mosebetsi oa ho tsamaea ’me Jehova, ka mosa oa hae o lerato, ha ho mohla a ileng a re soetsa.

Ho Etsa Tšebeletso Har’a Mathata le Manolo

Le hoja ho ne ho e-na le mathata a moruo, re ile ra tsoela pele ’me Jehova o ile a fana ka lintho tse hlokahalang. Qalong, ke ne ke etela liphutheho ke palame sethuthuthu se senyenyane, ke tsamaea libaka tse bohōle ba lik’hilomithara tse 500. Ke ne ke e-ba le mathata hangata le likotsi tse seng kae. Mariheng a mang ha ke khutla phuthehong e ’ngoe, ke ne ke tšela molapo o tletseng ha enjene e tima ’me ke ile ka koloba ho fihla mangoleng. Ka mor’a moo lebili la sethuthuthu le ile la pancha. Mofeta-ka-tsela e mong ea neng a e-na le pompo o ile a nthusa, eaba ke tseba ho ea fihla motsaneng o haufi moo ke ileng ka lokisa lebili leo. Qetellong ke ile ka fihla hae ka hora ea boraro hoseng, ke shoele ke serame le mokhathala.

Ketsahalong e ’ngoe, ha ke ne ke tloha phuthehong e ’ngoe ke e-ea ho e ’ngoe, sethuthuthu se ile sa thella eaba se nkhata lengoleng. Ka lebaka leo, borikhoe ba ka bo ile ba taboha ’me ba tlala mali. Ke ne ke se na borikhoe bo bong, kahoo, mantsiboeeng ao ke ile ka fana ka puo ke tenne borikhoe ba mor’eso e mong, bo neng bo mpheta haholo. Leha ho le joalo, ha ho bothata bo neng bo ka tapisa takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova le barab’eso ba ratoang.

Kotsing e ’ngoe, ke ile ka lemala hampe, ka robeha letsoho le ho khenoha meno a ka pele. Ke nakong eo moo ke ileng ka eteloa ke khaitseli ea ka eo e neng e se Paki ea neng a lula United States. E ile ea e-ba thuso e kaakang ha a nthusa hore ke reke koloi! Ha barab’eso ba lekala la Athene ba utloa ka kotsi ea ka, ba ile ba nthomella lengolo le khothatsang, ’me har’a tse ling ba kenyelletsa a mang a mantsoe a Baroma 8:28, a reng: “Molimo o etsa hore mesebetsi ea hae eohle e sebelisane hammoho molemong oa ba ratang Molimo.” Tiisetso ena e bonahetse e le ’nete khafetsa bophelong ba ka!

Thabo e sa Lebelloang

Ka 1963, ke ne ke ntse ke sebetsa le pula-maliboho ea khethehileng motsaneng o mong moo batho ba neng ba sa thabele. Re ile ra etsa qeto ea ho sebetsa re arohane, e mong le e mong a sebetsa ka lehlakoreng lesele la seterata. Ntlong e ’ngoe, ke ne ke qeta ho kokota ha mosali e mong a nkhulela ka hare ka potlako, a koala lemati a bile a ’notlella ka hare. Ke ne ke maketse, ke ipotsa hore na ho etsahala’ng. Ka mor’a nakoana, o ile a bitsa le pula-maliboho eane ea khethehileng ka potlako hore a kene ka tlung. Eaba mosali eo o re ho rōna: “Le thōle tu! Le se ke la sisinyeha le ho sisinyeha!” Ka mor’a nako re ile ra utloa mantsoe a bohale ka ntle. Batho ba ne ba re batla. Ha ho se ho khutsitse, mofumahali eo o ile a re ho rōna: “Ke entse sena hore ke le sireletse. Kea le hlompha hobane kea lumela hore le Bakreste ba ’nete.” Re ile ra mo leboha ka tieo eaba rea tsamaea, ra mo siela lingoliloeng tse ngata.

Lilemo tse 14 hamorao, ha ke le kopanong ea setereke Greece, mosali e mong o ile a tla ho ’na ’me a re: “Mor’eso, na ua nkhopola? Ke ’na mosali ea ileng a le sireletsa ho bahanyetsi ha le ne le tlile motseng oa heso ho tla paka.” O ne a ile a fallela Jeremane, a ithuta Bibele, ’me a kopanela le batho ba Jehova. Joale, lelapa lohle la hae le ne le le ’neteng.

Ka sebele, ka lilemo tsena tsohle, re hlohonolofalitsoe ka “mangolo a puello” a mangata. (2 Bakorinthe 3:1) Hona joale ba bangata bao re bileng le tokelo ea ho ba thusa ho fumana tsebo ea ’nete ea Bibele ba sebeletsa e le baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Ho hlolla hakaakang ho bona bahoeletsi ba ’maloa ba neng ba le lipotolohong tseo ke neng ke li sebeletsa mathoasong a bo-1960 ba eketsehile hore e be barapeli ba Jehova ba fetang 10 000! Tlotla eohle e leba ho Molimo oa rōna ea mosa o lerato, ea re sebelisang ka tsela ea hae.

“Liphateng Tsa Boloetse”

Lilemong tseo re neng re le mosebetsing oa ho tsamaea ka tsona, Martha e bile molekane ea nthusang haholo, o ne a thabile kamehla. Leha ho le joalo, ka October 1976, o ile a kula haholo ’me a feta tšebetsong e bohloko haholo ea ho buuoa. O ile a qetella a lula setulong sa likooa ka lebaka la ho shoa litho ho tloha thekeng ho ea maotong. Re ne re ka jara litšenyehelo le ho imeloa maikutlong joang? Kaha re ile ra boela ra tšepa Jehova, re ile ra utloa letsoho la hae le lerato le le fanang ka mosa. Ha ke tloha ho ea sebetsa Macedonia, Martha o ile a lula ntlong ea mor’abo rōna e mong Athene a ntse a phekoloa ka ho thojoa, ho otlolloa le ho sililoa. O ne a ee a bue le ’na ka fono a mpolella mantsoe ana a khothatsang: “Ke phela hantle. U tsoele pele, ’me ha ke se ke khona, ke tla tsamaea le uena ka setulo sa ka sa likooa.” ’Me ke sona seo a ileng a se etsa. Barab’abo rōna ba ratoang ba Bethele ba ile

ba re ngolla mangolo a mangata a khothatsang. Martha o ne a hopotsoa khafetsa mantsoe a ho Pesaleme ea 41:3, a reng: “Jehova o tla mo tšehetsa, ha a le liphateng tsa boloetse; u lokisa malao a hae kaofela bohlokong ba hae.”

Ka lebaka la mathata ana a tebileng a bophelo, ka 1986 ho ile ha etsoa qeto ea hore ho tla ba molemo hore ke sebetse ke le pula-maliboho ea khethehileng Kaválla, moo re lulang haufi le lelapa la morali oa rōna ea ratoang. Ka March selemong se fetileng moratuoa oa ka Martha o ile a hlokahala, a tšepahetse ho isa qetellong. Pele a e-shoa, ha barab’abo rōna ba ne ba mo botsa: “U ikutloa joang?” o ne a atisa ho arabela ka ho re: “Kaha ke haufi le Jehova, ke phela hantle haholo!” Ha re ne re lokisetsa liboka kapa ha re ne re amohela likōpo tse ipiletsang tsa ho ea sebetsa libakeng tseo kotulo e leng khōlō ho tsona, Martha o ne a ee a re: “John, a re e’o sebetsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.” Ha ho mohla a ileng a felloa ke cheseho.

Lilemong tse seng kae tse fetileng, le ’na ke ile ka tlameha ho mamella bothata bo boima ba ho kula. Ka March 1994, ho ile ha fumanoa hore ke na le lefu le kotsi la pelo ’me ke ile ka tlameha ho buuoa. Le lekhetlong lena ke ile ka utloa letsoho la Jehova le lerato le ntšehelitse nakong e boima. Nke ke ka lebala thapelo eo molebeli oa potoloho a ileng a e etsa liphateng tsa ka ha ke e-tsoa ka lefapheng la tlhokomelo e khethehileng, hammoho le mokete oa Sehopotso oo ke ileng ka o tšoarela hona moo phaposing ea sepetlele le bakuli ba bang ba bane ba neng ba bontšitse thahasello e itseng ’neteng.

Jehova e Bile Mothusi oa Rōna

Nako e feta kapele, le nama ea rōna e felloa ke matla, empa moea oa rōna o hlabolloa ka ho ithuta le tšebeletso. (2 Bakorinthe 4:16) Ke nako e fetang lilemo tse 39 esale ke ne ke re, “Ke ’na enoa, roma ’na.” E bile bophelo bo tletseng phihlelo, bo thabisang le bo putsang. E, ka linako tse ling ke ee ke ikutloe hore “ke hlorile ’me ke futsanehile,” empa joale ka kholiseho nka re ho Jehova: “U thuso ea ka le Mopholosi oa ka.” (Pesaleme ea 40:17, NW) Ruri e bile Molimo ea mosa o lerato ho ’na.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Martha ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kou ea likepe ea Kaválla

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

’Na le Martha ka 1997

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela