‘Molimo, Romela Leseli la Hao’
“Romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se eka li ka ntsamaisa.”—Pesaleme Ea 43:3, NW.
1. Jehova o senola merero ea hae joang?
JEHOVA o bontša ho nahanela ho hoholo tseleng eo ka eona a tsebisang bahlanka ba hae merero ea hae kateng. Ho e-na le ho senola ’nete kaofela ka nako e le ’ngoe, ka lehlaseli le le leng feela la khanya le foufatsang, o re hlahisa leseling mohato ka mohato. Leeto la rōna tseleng ea bophelo le ka tšoantšoa le ha motho ea otlollang maoto a tsamaea ho theosa le tselana e telele. O qala esale hoseng ’me ha a bone hantle. Ha mafube a qala ho hlaha butle-butle, motho enoa ea otlollang maoto o khona ho khetholla litšobotsi tse seng kae tsa sebaka seo a leng ho sona. Tse ling o li bonela leroothong. Empa ha letsatsi le ntse le phahama, a ka bona hojana. Ho joalo ka leseli la moea leo Molimo a fanang ka lona. O re lumella ho hlalohanya lintho tse seng kae ka nako. Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a hlahisa batho leseling la moea ka tsela e tšoanang. A re hlahlobeng kamoo Jehova a ileng a hlahisa batho ba hae leseling kateng mehleng ea boholo-holo le kamoo a ho etsang kateng kajeno.
2. Jehova o ile hlahisa batho leseling joang mehleng ea pele ho Bokreste?
2 Ho ka etsahala hore ebe bangoli ba Pesaleme ea 43 e ne e le bara ba Kore. Kaha e ne e le Balevi, ba ne ba e-na le tokelo ea ho ruta batho Molao oa Molimo. (Malakia 2:7) Ho hlakile hore Jehova e ne e le Morupeli oa bona e Moholo, ’me ba ne ba tšepile eena kaha ke eena Mohloli oa bohlale bohle. (Esaia 30:20) Mopesaleme o ile a rapela a re: “Molimo, . . . romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se eka li ka ntsamaisa.” (Pesaleme ea 43:1, 3, NW) Hafeela Baiseraele ba ne ba ntse ba tšepahala ho eena, Jehova o ne a ba ruta litsela tsa hae. Ka mor’a lilemo tse makholo, Jehova o ile a ba fa leseli le ’nete tsa mofuta o babatsehang ka ho fetisisa. Molimo o ile a etsa seo ha a ne a romela Mora oa hae lefatšeng.
3. Thuto ea Jesu e ile ea beha Bajuda tekong ka tsela efe?
3 Ha Jesu Kreste, Mor’a Molimo, e sa le motho oa nama, e ne e le “leseli la lefatše.” (Johanne 8:12) O ile a ruta batho “lintho tse ngata ka lipapiso”—lintho tse ncha. (Mareka 4:2) O ile a bolella Ponse Pilato hore: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Eo e ne e le khopolo e ncha ho Moroma ’me ka sebele e le ncha le ho Bajuda ba nang le moea oa bochaba, hobane ba ne ba nahana hore Mesia o ne a tla hlōla ’Muso oa Roma ’me a busetse Iseraele khanyeng ea eona ea pele. Jesu o ne a khantša leseli le tsoang ho Jehova, empa mantsoe a hae a ne a sa thabise babusi ba Bajuda, ba neng ba “rata thoriso ea batho esita le ho feta thoriso ea Molimo.” (Johanne 12:42, 43) Batho ba bangata ba ne ba khetha ho khomarela neano ea batho ho e-na le hore ba amohele leseli la moea le ’nete tse tsoang ho Molimo.—Pesaleme ea 43:3; Matheu 13:15.
4. Re tseba joang hore kutloisiso ea barutuoa ba Jesu e ne e tla ’ne e eketsehe?
4 Leha ho le joalo, banna le basali ba seng bakae ba lipelo li tšepahalang ba ile ba thabela ho amohela ’nete eo Jesu a neng a e ruta. Ba ile ba tsoela pele mohato ka mohato kutloisisong ea bona ea merero ea Molimo. Leha ho le joalo, ha bophelo ba lefatšeng ba Mosuoe oa bona bo se bo tla fela, ba ne ba sa ntse ba tla ithuta ho hongata. Jesu o ile a ba bolella: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla li bua ho lōna, empa ha le khone ho li jara hona joale.” (Johanne 16:12) E, kutloisiso ea ’nete ea Molimo ea barutuoa bana e ne e tla ’ne e eketsehe.
Leseli le Tsoela Pele ho Khanya
5. Lekholong la pele la lilemo ho ile ha phahama phehisano efe, ’me ke bo-mang ba neng ba e-na le boikarabelo ba ho e lokisa?
5 Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho, leseli le tsoang ho Molimo le ile la khanya ho feta pele. Ponong e ileng ea bontšoa Petrose, Jehova o ile a senola hore Balichaba ba sa bollang ba ne ba ka fetoha balateli ba Kreste ho tloha ka nako eo. (Liketso 10:9-17) Eo e bile tšenolo! Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha phahama potso: Na Jehova o ne a batla hore Balichaba ba joalo ba bolle ka mor’a hore e be Bakreste? Potso eo ha ea ka ea arajoa ponong eo, ’me Bakreste ba ile ba phehisana ka matla ka taba eo. E ne e tlameha ho lokisoa, ho seng joalo bonngoe ba bona ba bohlokoa bo ne bo tla senyeha. Ka lebaka leo, “baapostola le banna ba baholo ba bokana hammoho [Jerusalema] ho bona taba ena.”—Liketso 15:1, 2, 6.
6. Baapostola le banna ba baholo ba ile ba nka mehato efe ha ba ne ba hlahloba taba ea lebollo?
6 Ba neng ba le teng sebokeng seo ba ne ba ka lekanyetsa joang hore na thato ea Molimo ke efe bakeng sa Balichaba ba lumetseng? Jehova ha aa ka a romela lengeloi hore le tsamaise lipuisano tseo, leha e le hona hore o ile a fa ba neng ba le teng pono e itseng. Ho ntse ho le joalo, baapostola le banna ba baholo ba ne ba sa tingoa tataiso. Ba ile ba hlahloba bopaki ba Bakreste ba itseng ba Bajuda ba neng ba kile ba bona kamoo Molimo a neng a qalile ho sebetsana le batho ba lichaba kateng, a tšollela moea oa hae o halalelang ho Balichaba ba sa bollang. Ba ile ba boela ba batla tataiso Mangolong. Ka lebaka leo, morutuoa Jakobo o ile a fana ka keletso e thehiloeng lengolong le hlahisang leseling. Ha ba ntse ba nahanisisa ka bopaki bona, thato ea Molimo e ile ea hlaka. Batho ba lichaba ba ne ba sa tlameha ho bolla e le hore Jehova a ba amohele. Baapostola le banna ba baholo ba ile ba potlakela ho ngola qeto ena e le hore e ka tataisa Bakreste-’moho le bona.—Liketso 15:12-29; 16:4.
7. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hatela pele ka tsela efe?
7 Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba khomaretse lineano tsa baholo-holo ba bona, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ile ba thaba ha ba fumana kutloisiso ena e ncha e babatsehang ea morero oa Molimo mabapi le batho ba lichaba, le hoja ho e amohela ho ne ho hloka hore ba fetole pono ea bona mabapi le Balichaba ka kakaretso. Jehova o ile a hlohonolofatsa moea oa bona oa boikokobetso, ’me “liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Liketso 15:31; 16:5.
8. (a) Re tseba joang hore ho ne ho ka lebelloa leseli le eketsehileng ka mor’a hore lekholo la pele la lilemo le fele? (b) Re tla hlahloba lipotso life tse amanang le see?
8 Leseli la moea le ile la tsoela pele ho khanya ho pholletsa le lekholo la pele la lilemo. Empa Jehova ha aa ka a senolela Bakreste ba pele karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea merero ea hae. Moapostola Pauluse o ile a bolella balumeli-’moho le eena ba lekholong la pele la lilemo hore: “Hona joale re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe.” (1 Bakorinthe 13:12) Seipone se joalo se ne se sa hlaka. Joale, qalong kutloisiso ea leseli la moea e ne e tla ba e fokolang. Ka mor’a lefu la baapostola, leseli le ile la fifala ka nakoana, empa mehleng ea morao tjena tsebo ea Mangolo e eketsehile. (Daniele 12:4) Jehova o hlahisa batho ba hae leseling joang kajeno? Hona re lokela ho arabela joang ha a atolosa kutloisiso ea rōna ea Mangolo?
Leseli le Ntse le Khanya Mohato ka Mohato
9. Liithuti tsa Bibele tsa pele li ne li sebelisa mokhoa ofe o ikhethang le o atlehang oa ho ithuta Bibele?
9 Mehleng ea kajeno lehlaseli la sebele la pele le ile la qala ho hlaha ho ella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo ha sehlopha sa banna le basali ba Bakreste se ne se qala ho ithuta Mangolo ka tieo. Ba ile ba ikhethela mokhoa o sebetsang oa ho ithuta Bibele. E mong o ne a ee a botse potso; ebe sehlopha sena se hlahlobisisa litemana tsohle tse amanang le eona ka Mangolong. Ha ho ne ho bonahala eka temana e itseng ea Bibele e hanyetsa e ’ngoe, Bakreste bana ba khabane ba ne ba leka ka matla ho etsa hore litemana tsena tse peli li lumellane. Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo, Liithuti tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo) li ne li ikemiselitse ho tlohella hore li tataisoe ke Mangolo a Halalelang, eseng neano kapa thuto e qapuoeng ke batho. Ka mor’a hore li hlahlobe bopaki bohle ba Mangolo boo li bo fumaneng, li ne li ngola liqeto tsa tsona. Ka tsela eo, kutloisiso ea tsona ea lithuto tse ngata tsa motheo tsa Bibele e ile ea hlakisoa.
10. Charles Taze Russell o ngotse lithuso life tse molemo tsa ho ithuta Bibele?
10 Har’a Liithuti tsa Bibele, Charles Taze Russell o ne a ikhetha. O ile a ngola sete ea lithuso tse molemo tsa ho ithuta Bibele tse tšeletseng tseo sehlooho sa tsona e neng e le Studies in the Scriptures. Mor’abo rōna Russell o ne a rerile ho ngola moqolo oa bosupa, o neng o tla hlalosa libuka tsa Bibele tsa Ezekiele le Tšenolo. O ile a re: “Neng le neng ha ke fumana leseli, ke tla ngola Moqolo oa Bosupa.” Leha ho le joalo, o ile a eketsa: “Haeba Morena a fa e mong leseli, a ka o ngola.”
11. Ho na le kamano efe pakeng tsa ho behoa ha nako le kutloisiso ea rōna ea merero ea Molimo?
11 Polelo e ka holimo ea C. T. Russell e bontša ntlha ea bohlokoa matleng a rōna a ho utloisisa likarolo tse itseng tsa Bibele—e leng ho behoa ha nako. Mor’abo rōna Russell o ne a tseba hore a ke ke a qobella leseli ho khanyetsa buka ea Tšenolo feela joalokaha motho ea labalabelang ho otlolla maoto a ke ke a qeka letsatsi hore le chabe pele ho nako ea lona.
Bo Senotsoe—Empa ka Nako ea Molimo e Loketseng
12. (a) Boprofeta ba Bibele bo utloisisoa hamolemo neng? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore matla a rōna a ho utloisisa boprofeta ba Bibele a itšetlehile ka kemiso ea Molimo ea nako? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
12 Feela joalokaha baapostola ba ile ba utloisisa boprofeta bo bongata bo amanang le Mesia ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, kajeno, ke feela ka mor’a hore boprofeta ba Bibele bo phethahale moo Bakreste ba bo utloisisang ka ho qaqileng. (Luka 24:15, 27; Liketso 1:15-21; 4:26, 27) Tšenolo ke buka ea boprofeta, ka hona, re lokela ho lebella hore re tla e utloisisa ka ho hlaka ho hoholo ka ho fetisisa ha liketsahalo tseo e li hlalosang li ntse li senoleha. Ka mohlala, C. T. Russell a ka be a sa ka a utloisisa moelelo oa sebata sa tšoantšetso se ’mala o sekareleta seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 17:9-11, kaha mekhatlo eo sebata sena se e emelang, e leng Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng, ha ea ka ea e-ba teng ho fihlela ka mor’a lefu la hae.a
13. Ho etsahala’ng ka linako tse ling ha ho khantšoa leseli tabeng e itseng ea Bibele?
13 Ha Bakreste ba pele ba hlokomela hore Balichaba ba sa bollang ba ne ba ka fetoha balumeli-’moho le bona, phetoho eo e ile ea tsosa khang e ncha mabapi le hore na hoa hlokahala hore batho ba lichaba ba bolle. Sena se ile sa susumelletsa baapostola le banna ba baholo ho hlahloba taba eohle ea lebollo bocha. Mohlala oo oa lateloa kajeno. Ka linako tse ling leseli le khanyang haholo tabeng e itseng ea Bibele, le tataisa bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng, “lekhoba le tšepahalang le le masene,” hore ba hlahlobe bocha litaba tse amanang le eona, joalokaha mehlala e latelang ea morao-rao e bontša.—Matheu 24:45.
14-16. Ho fetoha ha pono ea rōna e mabapi le tempele ea moea ho ile ha ama kutloisiso ea rōna ea Ezekiele khaolo ea 40 ho ea ho ea 48 joang?
14 Ka 1971 ho ile ha hatisoa tlhaloso ea boprofeta ba Ezekiele bukeng ea “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How? Khaolo e ’ngoe ea buka eo e ne e bua hakhutšoanyane ka pono ea Ezekiele ea tempele. (Ezekiele, khaolo ea 40-48) Ka nako eo, ho ne ho lebisitsoe tlhokomelo tabeng ea kamoo pono ea Ezekiele ea tempele e neng e tla phethahatsoa kateng lefatšeng le lecha.—2 Petrose 3:13.
15 Leha ho le joalo, lihlooho tse peli tse hatisitsoeng ho Molula-Qhooa oa December 1, 1972, li ile tsa ama kutloisiso ea rōna ea pono ea Ezekiele. Li ne li bua ka tempele ea moea e khōlō eo moapostola Pauluse a e hlalositseng ho Baheberu khaolo ea 10. Molula-Qhooa oo o ile oa hlalosa hore kamore e Halalelang le lebala le ka hare la tempele ea moea li amana le boemo ba batlotsuoa ha ba sa le lefatšeng. Ha Ezekiele khaolo ea 40 ho ea ho ea 48 e hlahlojoa lilemo hamorao, ho ile ha hlokomeloa hore feela joalokaha tempele ea moea e sebetsa kajeno, e tlameha ebe tempele eo Ezekiele a e boneng ponong le eona ea sebetsa kajeno. Ka tsela efe?
16 Ponong ea Ezekiele, baprista ba bonoa ba leba koana le koana mabaleng a tempele ha ba ntse ba sebeletsa meloko eo e seng ea boprista. Ho hlakile hore baprista bana ba emela “boprista ba borena,” bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng. (1 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, ba tla be ba sa sebeletse lebaleng la tempele le lefatšeng ho pholletsa le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. (Tšenolo 20:4) Karolong e khōlō ea nako eo, haeba e se eona kaofela, batlotsuoa ba tla be ba sebeletsa Molimo Sehalalelisisong sa tempele ea moea, “leholimong ka bolona.” (Baheberu 9:24) Kaha baprista ba bonoa ba leba koana le koana mabaleng a tempele ea Ezekiele, e tlameha ebe pono eo ea phethahala kajeno, ha batlotsuoa ba bang ba sa ntse ba le lefatšeng. Tumellanong le seo, tokollo ea makasine ena ea March 1, 1999, e ile ea bontša pono e fetohileng tabeng ena. Kahoo, nako ena eohle ho fihlela qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, leseli la moea le ile la khantšoa boprofeteng ba Ezekiele.
Ikemisetse ho Fetola Pono ea Hao
17. Esale u tseba ’nete, u entse liphetoho life ponong ea hao, ’me li u ruisitse molemo joang?
17 Mang kapa mang ea ratang ho ba le tsebo ea ’nete o lokela ho ikemisetsa ho tlisa “monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste.” (2 Bakorinthe 10:5) Hase kamehla ho leng bonolo, haholo-holo ha pono e itseng e metse ka metso. Ka mohlala, pele u ithuta ’nete ea Molimo, e ka ’na eaba u ne u thabela ho keteka matsatsi a itseng a phomolo a bolumeli le lelapa la hao. Ka mor’a hore u qale ho ithuta Bibele, u ile ua hlokomela hore ha e le hantle mekete ena e simolohile boheteneng. Qalong, e ka ’na eaba u ne u le leqe ho sebelisa seo u neng u ithuta sona. Leha ho le joalo, qetellong ho rata Molimo ho ile ha e-ba matla ho feta maikutlo a bolumeli, ’me u ile ua khaotsa ho kopanela meketeng e sa khahliseng Molimo. Na Jehova ha aa hlohonolofatsa qeto ea hao?—Bapisa le Baheberu 11:25.
18. Re lokela ho itšoara joang ha kutloisiso ea rōna ea ’nete ea Bibele e hlakisoa?
18 Kamehla re rua molemo ka ho etsa lintho ka tsela ea Molimo. (Esaia 48:17, 18) Ka hona, ha pono ea rōna mabapi le karolo e itseng ea Bibele e hlakisoa, a re thabeleng ’nete e tsoelang pele! Ka sebele, hore re hlahisoe leseling ka ho tsoelang pele ho tiisa hore re tseleng e nepahetseng. Ke “tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” (Liproverbia 4:18) Ka sebele, hona joale re bona likarolo tse itseng tsa morero oa Molimo ka ‘setšoantšo se lerootho.’ Empa ha nako ea Molimo e loketseng e fihla, re tla bona ’nete ka botle bohle ba eona, hafeela maoto a rōna a ntse tsepame ‘tseleng.’ Ho sa le joalo, e se eka re ka thabela linnete tseo Jehova a li totobalitseng, re letele ho behoa leseling mabapi le tse e-s’o utloisisoe ka ho hlaka.
19. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re rata ’nete ke efe?
19 Ke joang re ka bontšang hore re rata leseli ka tsela e sebetsang? Tsela e ’ngoe ke ea ho bala Lentsoe la Molimo kamehla—letsatsi le letsatsi haeba ho khoneha. Na u bala Bibele ho ea ka lenaneo le itseng la letsatsi le letsatsi? Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le tsona li re fa lijo tsa moea tse hahang ka bongata hore re li thabele. Hape, nahana ka libuka, libukana le lingoliloeng tse ling tse ’nileng tsa ngoloa molemong oa rōna. ’Me ho thoe’ng ka litlaleho tse khothatsang tsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso tse hatisoang ho Buka ea Selemo ea Lipaki tsa Jehova?
20. Ho na le kamano efe pakeng tsa leseli le ’nete e tsoang ho Jehova le ho ba teng ha rōna libokeng tsa Bokreste?
20 E, Jehova o arabetse thapelo e ho Pesaleme ea 43:3 (NW) ka tsela e babatsehang. Qetellong ea temana eo, rea bala: “E se eka [leseli la hao le ’nete] li ka ntlisa thabeng ea hao e halalelang le tabernakeleng ea hao e khōlō.” Na u lebeletse ka thabo ho rapela Jehova, hammoho le ba bang ba bangata? Thupelo ea moea e fanoang libokeng tsa rōna ke tsela ea bohlokoa eo ka eona Jehova a fanang ka tsebo kajeno. Re ka etsa eng ho tebisa kananelo ea rōna bakeng sa liboka tsa Bokreste? Re u mema hore u hlahlobe taba ena ka botebo sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mor’a lefu la C. T. Russell, ho ile ha ngoloa sengoliloeng se ileng sa bitsoa moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures ka morero oa ho leka ho hlalosa buka ea Ezekiele le ea Tšenolo. Karolo ea moqolo ona e ne e thehiloe litlhalosong tseo Russell a neng a li entse mabapi le libuka tseo tsa Bibele. Leha ho le joalo, nako ea ho senola moelelo oa boprofeta boo e ne e e-s’o fihle, ’me ka kakaretso, tlhaloso eo ho fanoeng ka eona moqolong oo oa Studies in the Scriptures e ne e le lerootho. Lilemong tse latelang, mosa o sa tšoanelang oa Jehova le liphetoho tse ileng tsa etsahala lefatšeng li ile tsa etsa hore Bakreste ba lemohe moelelo oa libuka tseo tsa boprofeta ka nepo haholoanyane.
Na U ka Araba?
• Ke hobane’ng ha Jehova a senola merero ea hae mohato ka mohato?
• Baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba lokisa taba ea lebollo joang?
• Liithuti tsa pele tsa Bibele li ile tsa khetha mokhoa ofe oa ho ithuta Bibele, ’me ke hobane’ng ha o ne o ikhetha?
• Bontša kamoo leseli la moea le senoloang kateng ka nako ea Molimo e loketseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Charles Taze Russell o ne a tseba hore leseli le ne le tla khanyetsa buka ea Tšenolo ka nako ea Molimo e loketseng