Tšelisoa ke Matla a Jehova
“Pelo ea ka ha e tletse lipelaelo, matšeliso a hao a hlabolla moea oa ka.”—PESALEME EA 94:19.
BIBELE e na le mantsoe a tšelisang ho bohle ba labalabelang khothatso. Joale, ha ho makatse hore ebe The World Book Encyclopedia e bolela hore “batho ba se nang palo ba retelehetse Bibeleng bakeng sa matšeliso, tšepo le tataiso linakong tsa likhathatso le tsa ho ferekana.” Hobane’ng?
Hobane Bibele e bululetsoe ke ’Mōpi oa rōna ea lerato, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” Ea “re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Ke “Molimo ea fanang ka . . . matšeliso.” (Baroma 15:5) Jehova o behile mohlala ka ho lokisetsa mokhoa oa ho re lokolla kaofela ha rōna. O ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Kreste Jesu, lefatšeng ho tla re fa tšepo le matšeliso. Jesu o ile a ruta: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Bibele e hlalosa Jehova ka hore ke “eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro, Molimo oa ’nete oa poloko ea rōna.” (Pesaleme ea 68:19, NW) Ka kholiseho batho ba tšabang Molimo ba ka re: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.”—Pesaleme ea 16:8, NW.
Litemana tsa Bibele tse joalo li bontša lerato le tebileng leo Jehova Molimo a re ratang ka lona. Hoa hlaka hore o na le takatso e tlohang pelong—hammoho le bokhoni—ea ho fana ka khapukhapu ea matšeliso le ho re fokoletsa bohloko linakong tsa ho nyahama. “O fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” (Esaia 40:29, NW) Ebe joale ke joang re ka fumanang matšeliso matleng a Jehova?
Matla a Thobang a Tlhokomelo ea Jehova
Mopesaleme o ile a ngola: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) E, Jehova Molimo o thahasella lelapa la motho. Moapostola Petrose o ile a tiisetsa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo: “[Molimo] oa le tsotella.” (1 Petrose 5:7) Jesu Kreste o ile a hatisa taba ea hore na Molimo o nka batho e le ba bohlokoa hakae ka ho re: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha li rekisoe ka lichelete tseo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. Empa esita le meriri ea lihlooho tsa lōna kaofela e baliloe. Le se ke la ba le tšabo; le ba bohlokoa haholoanyane ho feta lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Re ba bohlokoa ho Molimo hoo a bileng a hlokomelang lintho tse nyenyane haholo ka rōna. O tseba lintho tseo rōna re sa li tsebeng hobane o thahasella e mong le e mong oa rōna ka botebo.
Svetlana, letekatse le lenyenyane le boletsoeng sehloohong se fetileng, ha a lemoha hore Jehova oa mo thahasella o ile a tšeliseha haholo. O ne a le lekhatheng la ho ipolaea ha a kopana le Lipaki tsa Jehova. Eaba o amohela thuto ea Bibele, e ileng ea mo thusa hore a tsebe hore Jehova ke motho oa sebele ea thahasellang boiketlo ba hae. Sena se ile sa ama pelo ea hae, sa mo susumelletsa hore a fetole bophelo ba hae le hore a inehele ho Molimo. Se ile sa boela sa etsa hore Svetlana a ikutloe hore le eena ke motho oa bohlokoa, e leng sona seo a neng a se hloka hore a tle a mamelle ho sa tsotellehe mathata a hae le hore a be le maikutlo a matle ka bophelo. Hona joale o re: “Ke kholisehile hore Jehova a ke ke a ntahla. Ke fumane hore se ngotsoeng ho 1 Petrose 5:7 ke ’nete. E re: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Jehova], hobane oa le tsotella.’”
Tšepo e Thehiloeng Bibeleng ea Tšelisa
Tsela e khethehileng eo Molimo a fanang ka matšeliso ka eona ke ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, le tšoereng tšepo e hlollang bakeng sa ka moso. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa taeo ea rōna, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Pauluse o ile a hlakisa ho hokahana ho pakeng tsa tšepo ea ’nete le matšeliso ha a ne a ngola: ‘E se eka Molimo Ntate oa rōna, ea ileng a re rata eaba o fana ka matšeliso a sa feleng le tšepo e molemo ka mosa o sa tšoanelang, a ka tšelisa lipelo tsa lōna le ho le tiisa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le lentsoeng le leng le le leng le molemo.’ (2 Bathesalonika 2:16, 17) “Tšepo e molemo” ena e akarelletsa tebello ea bophelo bo phethahetseng, bo thabileng le bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—2 Petrose 3:13.
Tšepo e joalo e tiileng le e khanyang e ile ea khothatsa Laimonis, eo e neng e le lehlena le shoeleng litho le boletsoeng sehloohong se fetileng. Ka ho bala lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova tse thehiloeng Bibeleng, o ile a thabela ho tseba ka lefatše le lecha tlas’a ’Muso oa Molimo, moo bophelo ba hae bo neng bo tla tsosolosoa ka ho feletseng. Ka Bibeleng, o ile a bala tšepiso e latelang e khanyang ea ho phekoloa ka mohlolo: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.” (Esaia 35:5, 6) E le hore Laimonis a tšoanelehe hore a ka phela Paradeiseng eo, o ile a etsa liphetoho tse khōlō. O ile a tsoela joala, ’me phetoho ea hae e ile ea hlokomeloa ke baahelani ba hae le metsoalle. Hona joale o khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele, o abela ba bang matšeliso a fanoang ke tšepo e thehiloeng Bibeleng.
Karolo ea Thapelo
Ha lipelo tsa rōna li utloile bohloko ka lebaka le itseng, re ka tšelisoa ke ho rapela Jehova. Seo se ka re imolla. Lithapeling tsa rōna re ka tšelisoa ke ho hopola lintho tse boleloang ka Lentsoeng la Molimo. Pesaleme e telele ka ho fetisisa ka Bibeleng, e tšoana le thapelo e monate. Moqapi oa eona o ile a bina: “Jehova, ke elelloa likahlolo tsa hao tsa khale, kea itšelisa.” (Pesaleme ea 119:52) Maemong a thata-thata, haholo a amang tlokotsi ea bophelo, hangata ha ho be le karabo e le ’ngoe le e akaretsang. Ka matla a rōna, re ka ’na ra tsieleha hore na re lebe hokae. Ba bangata ba fumane hore ha ba entse sohle seo motho a ka se khonang, ho leba ho Molimo ka thapelo ho ile ha fella ka matšeliso a maholo ’me, ka linako tse ling, ha fella ka tharollo e neng e sa lebelloa.—1 Bakorinthe 10:13.
Pat, ea ileng a potlakisetsoa kamoreng ea likotsi ea sepetlele, o ile a utloa tšusumetso ena e tšelisang ea thapelo. Hoba a hlaphoheloe, o ile a re: “Ke ile ka rapela Jehova ’me ka sebele ka ithuta hore ke lokela ho tlohella bophelo ba ka matsohong a hae, ke tšepile hore o tla etsa eng le eng eo e leng thato ea hae. Ka nako ena eohle, ke ile ka ikutloa ke sa ferekana; ke ne ke utloa khotso ea Molimo e boletsoeng ho Bafilippi 4:6, 7.” Litemana tsena li ka re tšelisa hakaakang kaofela! Mono Pauluse oa re khothatsa: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”
Ha Moea o Halalelang e le Motšelisi
Bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a hlakisetsa baapostola ba hae hore o ne a tla tloha a ba siea. Sena se ile sa ba khathatsa le ho ba tšoenya. (Johanne 13:33, 36; 14:27-31) Ka ho hlokomela hore ba hloka ho ’na ba fumana matšeliso, Jesu o ile a ba tšepisa: “Ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong [kapa, motšelisi] hore a be le lōna ka ho sa feleng.” (Johanne 14:16; mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Mona Jesu o ne a bua ka moea o halalelang oa Molimo. Har’a tse ling, moea oa Molimo o ile oa tšelisa baapostola litekong tsa bona le ho ba matlafatsa hore ba tsoele pele ho etsa thato ea Molimo.—Liketso 4:31.
Angie, eo monna oa hae a neng a okametse lebitla ka mor’a kotsi e khōlō, o ile a khona ho loana ka katleho le boemo bohle ba hae bo bohloko le bo nyahamisang. O ile a thusoa ke eng? O re: “Ntle ho tšehetso ea moea o halalelang oa Jehova, re ka be re sa feta phihlelong ea rōna ’me ra ’na ra lula re le matla. Ka sebele matla a Jehova a bonahalitsoe ka mefokolo ea rōna, ’me o bontšitse hore ke setšabelo nakong ea ha re le tsietsing.”
Mokhatlo oa Bara ba Motho o Tšelisang
Ho sa tsotellehe hore na motho o boemong bofe bophelong, ho sa tsotellehe hore na ho hlaha maemo afe a bohloko, a ka fumana matšeliso mokhatlong oa bara ba motho o teng ka har’a phutheho ea Jehova. Mokhatlo ona oa bara ba motho o tšehetsa litho tsa oona moeeng le ho li thusa. Ho oona, motho a ka fumana sehlopha sa metsoalle e lerato, e amehang ka eena le e tšelisang, e ikemiselitseng le e loketseng ho thusa le ho tšelisa ba bang linakong tsa ho nyahama.—2 Bakorinthe 7:5-7.
Litho tsa phutheho ea Bokreste li rutoa ho ‘sebetsa se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le [tsona] tumelong.’ (Bagalata 6:10) Thuto e thehiloeng Bibeleng eo li e fumanang e li susumelletsa ho bontšana lerato la bara ba motho le kameho e mofuthu. (Baroma 12:10; 1 Petrose 3:8) Bara le barali babo rōna ba moea ka phuthehong ba susumelletseha hore ba be mosa, e be ba tšelisang le ba nang le qenehelo e bonolo.—Baefese 4:32.
Joe le Rebecca, bao mora oa bona a ileng a shoa ka sehlōhō, ba ile ba fumana tšehetso e joalo e tšelisang ho litho tsa phutheho ea Bokreste. Ba re: “Jehova le phutheho ea hae e lerato ba re thusitse nakong ea mathata. Re ile ra amohela makholo-kholo a likarete, mangolo le melaetsa ea thelefono. Sena se etsa hore re ananele hore na mokhatlo oa bara ba motho ke oa bohlokoa hakae. Ha re ntse re tsielehile ka lebaka la kotsi ena, liphutheho tse ngata tse haufi li ile tsa re phallela, tsa lokisa lijo le ho hloekisa ntlo.”
Tšeliseha!
Ha meea ea mahlomola e qala ho foka, le pula le sefako tse sehlōhō tsa ho nyahama li ntse li tšoloha, Molimo o ikemiselitse ho fana ka tšireletso e tšelisang. Pesaleme e ’ngoe e mo hlalosang e le ea fanang ka tšireletso e tšelisang e mo hlalosa ka tsela ena: “O u khurumetsa ka masiba a hae, u bona tšireletso ka tlas’a mapheo a hae.” (Pesaleme ea 91:4) E ka ’na eaba mona ho tšoantšetsoa ntsu. Ke setšoantšo sa nonyana e bonang kotsi ebe joale e otlolla mapheo a eona ho sireletsa malinyane a eona. Ka kutloisiso e khōloanyane, Jehova o fetoha Mosireletsi oa ’nete ho bohle ba tšabelang ho eena.—Pesaleme ea 7:1.
Haeba u batla ho ithuta haholoanyane ka Molimo, botho ba hae, merero ea hae le matla a hae a ho fana ka matšeliso, u mengoa hore u ithute Lentsoe la hae. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa boitekong boo. E, le uena u ka tšelisoa ke matla a Jehova!
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Tšepo e thehiloeng Bibeleng bakeng sa nako e tlang e ka fana ka matšeliso