Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/1 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha Bobolu bo Atile Hakaale-kaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Bobolu bo Atile Hakaale-kaale?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa Tsa Bobolu ke Life?
  • Ho Loantša Bobolu ka Sabole ea Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tšepiso ea Lefatše le se Nang Bobolu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • ’Musong oa Molimo​—Ho ke ke ha E-ba le Bobolu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bobolu​—Bo Atile Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/1 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha Bobolu bo Atile Hakaale-kaale?

“U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng ’me e ka khopamisa mantsoe a batho ba lokileng.”—Exoda 23:8, NW.

LILEMONG tse fetileng tse 3 500, Molao oa Moshe o ile oa nyatsa tjotjo. Ho theosa le makholo a lilemo ho tloha ka nako eo, melao e khahlanong le bobolu e ’nile ea eketseha. Leha ho le joalo, ho etsoa ha melao ha hoa atleha ho thibela bobolu. Ho fanoa ka litjotjo tse limilione letsatsi le letsatsi, ’me batho ba limilione tse likete ba sotloa ke liphello tsa sena.

Bobolu bo atile haholo ’me bo rarahane hoo bo sokelang ho fokolisa seo e hlileng e leng oona moralo oa sechaba. Linaheng tse ling ho batla ho se letho le etsoang ho sa ntšoa tjotjo. Tjotjo e lefshoang ho motho ea nepahetseng e tla nolofalletsa motho ho feta tlhahlobong ka katleho, ho fumana lengolo la ho khanna, ho fumana konteraka ea mosebetsi o itseng kapa ho hlōla nyeoe. Arnaud Montebourg, eo e leng ’muelli oa molao oa Paris, oa belaela: “Bobolu bo tšoana le tšilafalo e tepeletsang batho maikutlo.”

Tjotjo e atile haholo lefatšeng la khoebo. Lik’hamphani tse ling li behella ka thōko karolo ea boraro ea phaello ea tsona feela hore li lefe basebetsi ba ’muso ba lemaletseng bobolu. Ho latela makasine ea Brithani The Economist, hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea liranta tse limilione tse likete li 153 tse sebelisoang khoebong ea libetsa tsa machaba selemo le selemo, e sebelisetsoa ho ntša tjotjo ho bao ho lebeletsoeng hore e ka ba bareki. Kaha bobolu ba mofuta ona bo eketsehile, liphello lia hlobaetsa. Leshomeng la lilemo le fetileng, “ho ntšana ka lipaka khoebong”—mekhoa ea khoebo e sebelisang bobolu e etsetsang metsoalle e seng mekae menyetla—ho boleloa hore ho sentse moruo oa linaha.

Ka tsela e ke keng ea qojoa, ba bang bothateng ka ho fetisisa ke bobolu le ho oa ha moruo hoo bo ho hlahisang ke mafutsana—ao e leng ka seoelo a khonang ho ntša tjotjo ho mang kapa mang. Joalokaha The Economist e bontšitse ka ho toba, “bobolu e mpa e le mofuta o mong oa khatello.” Na mofuta oo oa khatello o ka hlōloa, kapa bobolu ha bo qobehe? Ho araba potso eo, re lokela ho qala ka ho fumana lisosa tse ling tsa motheo tsa bobolu.

Lisosa Tsa Bobolu ke Life?

Ke hobane’ng ha batho ba khetha ho lemalla bobolu ho e-na le ho tšepahala? Ho ba bang, e ka ’na eaba ho lemalla bobolu ke eona tsela e bonolo ka ho fetisisa—kapa ha e le hantle ke eona feela tsela—ea ho fumana seo ba se batlang. Ka linako tse ling, tjotjo e ka ’na ea bula litsela tse bonolo tsa ho qoba kotlo. Ba bangata ba hlokomelang hore bo-ralipolotiki, mapolesa le baahloli ba bonahala ba iphapanyetsa bobolu kapa ba bile ba bo sebelisa ka bobona ba mpa feela ba latela mohlala oa bona.

Ha bobolu bo ntse bo eketseha ka sekhahla, bo amoheleha haholoanyane ho fihlela bo qetella e le tsela ea bophelo. Batho ba amohelang meputso e tlaase bo utloisang bohloko ba ikutloa hore ha ba na boikhethelo. Ba tlameha ho batla tjotjo haeba ba batla ho phela bophelo bo itekanetseng. ’Me ha ba qobellang batho ho ntša tjotjo kapa ba e ntšang e le hore ba fumane molemo ka bolotsana ba sa ahloloe, ke ba seng bakae feela ba ikemisetsang ho loantša bobolu. Morena Solomone o ile a hlokomela sena: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.”—Moeklesia 8:11.

Litšusumetso tse peli tse matla li tsoela pele ho butsoela mollo oa bobolu: boithati le meharo. Ka lebaka la boithati, batho ba lemaletseng bobolu ba iphapanyetsa bohloko boo bobolu ba bona bo bo tlisetsang ba bang, ’me ba lokafatsa tjotjo feela hobane e ba tsoela molemo. Ha ba sebelisang bobolu ba ntse ba bokella lintho tse bonahalang tse eketsehileng, ba ntse ba e-ba meharo le ho feta. Solomone o ile a hlokomela: ‘Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hōla ka eona.’ (Moeklesia 5:10) Ruri, meharo e ka ’na ea e-ba molemo bakeng sa ho bokella chelete, empa kamehla e iphoufaletsa bobolu le tlōlo ea molao.

Ntlha e ’ngoe e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke karolo ea ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše lena, eo Bibele e mo bitsang Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9) Satane o khothalletsa bobolu ka matla. Tjotjo e khōlō ka ho fetisisa e tlalehiloeng ke eo Satane a ileng a e tšepisa Kreste. ‘Ke tla u fa mebuso eohle ea lefatše haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.’—Matheu 4:8, 9.

Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa senngoe ka tjotjo, ’me o ile a ruta balateli ba hae hore ba itšoare ka tsela e tšoanang. Na lithuto tsa Kreste e ne e ka ba kofuto e sebetsang bakeng sa ho loantša bobolu kajeno? Sehlooho se latelang se tla hlahloba taba ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela