Ho Tsetselela Thuso
MOSALI e mong oa Brazil o ile a meketsa a re: “Molimo o ntahlile!” Ka mor’a lefu la tšohanyetso la monna oa hae, o ile a ba le maikutlo a hore bophelo ba hae ha bo sa na morero. Na u se u kile ua leka ho tšelisa motho ea tsielehileng ka tsela eo kapa eo e ka ’nang eaba o tsetselela thuso?
Ba bang ba nyahama hoo ba ipolaeang—’me bongata ba bona ke bacha. Ho latela koranta ea Folha de S. Paulo, phuputso e entsoeng Brazil e bontša hore “ho ipolaea ha bacha ho eketsehile ka karolo ea 26 lekholong.” Ka mohlala, nahana ka taba ea Walter,a mohlankana e mong oa São Paulo. O ne a se na batsoali, a se na lehae, a sa khone ho ba boinotšing, a se na metsoalle eo a neng a ka tšepela ho eona. Hore a felise mesarelo ea hae, Walter o ile a etsa qeto ea hore o tla itihela borokhong.
’Mè e mong ea bitsoang Edna ea se nang molekane, o ne a se a e-na le bana ba babeli ha a kopana le monna e mong. Ka mor’a khoeli e le ’ngoe feela, ba ile ba qala ho lula hammoho ha ’mè oa monna enoa, ’mè enoa o ne a ikakhetse ka setotsoana tšebelisanong le meea ebile e le lekhoba la tahi. Edna o ile a ba le ngoana e mong, a qala ho ba setlhotlelo, ’me a tepella maikutlo hoo a ileng a leka ho ipolaea. O ile a qetella a amohiloe tokelo ea ho hlokomela bana ba hae.
Ho thoe’ng ka batho ba hōlileng? Maria o ne a rata menyaka ebile e le lehehle. Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla, o ile a qala ho tšoenyeha ka mosebetsi oa hae oa booki hobane o ne a tšaba hore o tla etsa liphoso. Sena se ile sa mo tepeletsa maikutlo. Ka mor’a hore a leke ho iphekola, o ile a ea ngakeng, ’me phekolo eo a ileng a e fumana e ne e bonahala e thusa. Empa ha a felloa ke mosebetsi a le lilemo li 57, o ile a boela a tepella maikutlo ka matla hoo a neng a sa bone tharollo. Maria o ile a qala ho nahana hore a ipolaee.
“Hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea batho ba tepeletseng maikutlo ba leka ho ipolaea,” ho bolela Moprofesa José Alberto Del Porto oa Univesithi ea São Paulo. “Ho thata ho lumela hore batho ba ipolaileng ba bangata ho feta ba bolailoeng, empa ke ’nete e bohloko,” ke kamoo ho tlalehang mookameli oa sepetlele sa sesole sa United States, Dr. David Satcher.
Ha e le hantle, ka linako tse ling ho leka ho ipolaea ke ho tsetselela thuso. ’Me ka sebele litho tsa malapa le metsoalle li batla ho etsa se molemo bakeng sa motho ea feletsoeng ke tšepo. Ka sebele, ho ke ke ha thusa ho bua lintho tse kang tsena: “Khaotsa ho ikutloela bohloko,” “Batho ba bangata ba thatafaletsoe ho u feta” kapa, “Bohle rea sulafalloa ka linako tse ling.” Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha u sa be motsoalle oa sebele le momameli ea molemo? E, leka ho thusa ea nyahameng ho bona hore ho phela ho molemo.
Mongoli oa Mofora Voltaire o ile a ngola: “Monna ea tepellang maikutlo ka tšohanyetso le ka nakoana, ea ipolaeang kajeno, a ka be a lakalitse ho phela hoja o ile a leta ka nako e etsang beke.” Joale, batho ba nyahameng ba ka fumana joang hore bophelo bo molemo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Palo ea bacha le batho ba baholo ba ipolaeang e ntse e eketseha
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
U ka thusa ea feletsoeng ke tšepo joang?