Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 9/15 maq. 10-15
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a Ikemiselitse ho Etsa Thato ea Molimo
  • O Chesehela Ntlo ea Jehova
  • O Ruta Karolong e Khōlō ea Galilea
  • O Paka ka Sebete Judea le Perea
  • Mohlolo oo ho Seng ea Neng a ka Iphapanyetsa Oona
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Hora e Tlile!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ha Jesu a le Tseleng e Eang Judea, o Ruta Motseng oa Perea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 9/15 maq. 10-15

“Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”

“Ha ho le ea mong ea ileng a beha letsoho ho eena, kahobane hora ea hae e ne e e-s’o tle.”—JOHANNE 7:30.

1.Liketso tsa Jesu li ne li laoloa ke mabaka afe a mabeli?

JESU KRESTE o ile a re ho baapostola ba hae: ‘Mora oa motho o ile a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) O ile a re ho ’musisi oa Moroma Ponse Pilato: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Jesu o ne a tseba hantle hore na ke hobane’ng ha a ne a tla shoa le hore na ke mosebetsi ofe oo ho neng ho hlokahala hore a o etse pele ho lefu la hae. O ne a boetse a tseba hore na o na le nako e kae ea ho phetha thōmo ea hae. Bosebeletsi ba hae lefatšeng e le Mesia bo ne bo tla nka lilemo tse tharo le halofo feela. Bo qalile ka hore a kolobetsoe metsing Nōkeng ea Jordane (ka 29 C.E.) qalong ea beke ea tšoantšetso ea bo70 e neng e boletsoe esale pele, ’me ba fela ha a shoela thupeng ea tlhokofatso bohareng ba beke eo (ka 33 C.E.). (Daniele 9:24-27; Matheu 3:16, 17; 20:17-19) Kahoo, liketso tsohle tsa Jesu ha a le lefatšeng li ne li laoloa ka botlalo ke mabaka a mabeli: morero oo a neng a o tletse le ho ba seli ka nako e nepahetseng ea liketsahalo.

2. Jesu Kreste o hlahisoa e le motho oa mofuta ofe ka Likosepeleng, ’me o ne a bontša joang hore o tseba thōmo ea hae?

2 Litlaleho tsa Kosepele li hlahisa Jesu Kreste e le motho ea neng a sebetsa le ea neng a tsamaea hohle naheng ea Palestina, a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho etsa mesebetsi e mengata e matla. Qalong ea bosebeletsi bo matla ba Jesu, ho boleloa sena ka eena: “Hora ea hae e ne e e-s’o tle.” Jesu ka boeena o ile a re: “Nako ea ka e loketseng ha e e-s’o tle ka botlalo.” Ho ella qetellong ea bosebeletsi ba hae, o ile a sebelisa polelo e reng: “Hora e tlile.” (Johanne 7:8, 30; 12:23) Hore ebe Jesu o ile a ba seli ka hora, kapa nako ea mosebetsi oo a neng a o abetsoe, ho akarelletsa lefu la hae la sehlabelo, ho tlameha ho be ho ile ha ama seo a neng a se bua le ho se etsa. Ho utloisisa sena ho ka re fa kutloisiso e tebileng ea botho ba hae le mokhoa oo a neng a nahana ka oona, e leng se re thusang “hore [re] latele mehato ea hae” haufi-ufi.—1 Petrose 2:21.

O ne a Ikemiselitse ho Etsa Thato ea Molimo

3, 4. (a) Ho etsahala’ng moketeng oa lechato Kana? (b) Ke hobane’ng ha Mora oa Molimo a hana tlhahiso ea Maria ea hore a etse ho hong ha veine e fela, ’me re ka ithuta eng ho see?

3 Ke selemo sa 29 C.E. Ho fetile matsatsi a seng makae feela esale Jesu a ikhethela barutuoa ba pele. Nakong ena ba ’moho motseng oa Kana seterekeng sa Galilea ba tlile moketeng oa lechato. ’Mè oa Jesu, Maria, le eena o teng. Veine e ile ea fela, ’me Maria a etsa tlhahiso ea hore mora oa hae a etse ho hong, a re: “Ha ba na veine.” Empa Jesu oa araba: “Taba ea ka le uena ke efe, mosali? Hora ea ka ha e e-s’o tle.”—Johanne 1:35-51; 2:1-4.

4 Karabo ea Jesu, e reng: “Taba ea ka le uena ke efe, mosali?” ke mokhoa oa khale oa ho botsa potso o bontšang ho hana tlhahiso kapa se buelloang. Ke hobane’ng ha Jesu a hana mantsoe a Maria? Ha e le hantle, joale o se a le lilemo li 30. O sa tsoa kolobetsoa libekeng tse seng kae feela tse fetileng, a tlotsoa ka moea o halalelang, ’me Johanne Mokolobetsi a mo tsebahatsa e le “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29-34; Luka 3:21-23) Nakong ena hoa hlokahala hore tataiso ea hae e tsoe ho Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa ea mo romileng. (1 Bakorinthe 11:3) Ha ho le ea mong, esita le setho se haufi sa lelapa, ea neng a ka lumelloa ho kena-kenana le mosebetsi oo Jesu a tletseng ho tla o etsa lefatšeng. Karabo ea Jesu ho Maria e bontša boikemisetso bo bokaakang ba ho etsa thato ea Ntat’ae! E se eka ka mokhoa o tšoanang re ka ikemisetsa ho etsa ‘sohle seo motho a tlamehang ho se etsetsa’ Molimo.—Moeklesia 12:13, NW.

5. Jesu Kreste o etsa mohlolo ofe Kana, ’me o ba le phello efe ho ba bang?

5 Ha Maria a utloisisa se boleloang ke mantsoe a mora oa hae, kapele feela oa tloha ’me o laela bahlokomeli: “Eng kapa eng eo a le bolellang eona, le e etse.” Kahoo Jesu o rarolla bothata. O re bahlokomeli ba tlatse linkho metsi, ’me o fetola metsi veine e monate ka ho fetisisa. Sena se etsahala e le selelekela sa matla a Jesu a ho etsa mehlolo, se fana ka pontšo ea hore moea oa Molimo o ho eena. Ha barutuoa ba bacha ba bona mohlolo ona, tumelo ea bona ea tiea.—Johanne 2:5-11.

O Chesehela Ntlo ea Jehova

6. Ke hobane’ng ha Jesu a halefisoa ke seo a se bonang tempeleng ea Jerusalema, ’me o nka khato efe?

6 Kapele feela ke nako ea selemo ka 33 C.E., ’me Jesu le metsoalle ea hae ba tseleng e eang Jerusalema ho ea keteka Paseka. Ha barutuoa ba hae ba ntse ba le moo, ba bona Moeta-pele oa bona a itšoara ka mokhoa oo mohlomong ba qalang ho o bona. Bahoebi ba meharo ba Bajuda ba rekisetsa liphoofolo le linonyana tsa mahlabelo tempeleng. Ba bile ba lefisa barapeli ba tšepahalang ba Bajuda chelete e ngata haholo. Kahobane Jesu a ne a halefile, o nka khato. O etsa sephali sa marapo ’me o leleka ba rekisang. O qhala chelete ea tšepe ea ba ananyang ka chelete ka hore a phethole litafole tsa bona. O laela ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona!” Ha barutuoa ba Jesu ba mo bona a nka khato ka cheseho e khōlō hakana, ba hopola boprofeta bo buang ka Mora oa Molimo: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Johanne 2:13-17; Pesaleme ea 69:9) Le rōna re lokela ho lebela ka cheseho hore re se ke ra lumella litšekamelo tsa lefatše ho silafatsa borapeli ba rōna.

7. (a) Ke eng se susumelletsang Nikodemase ho etela Mesia? (b) Re ithuta eng ka hore Jesu a pakele mosali oa Mosamaria?

7 Ha Jesu a ntse a le Jerusalema, o etsa lipontšo tse makatsang, ’me batho ba bangata ba lumela ho eena. Esita le eena Nikodemase, eo e leng setho sa Sanhedrine, kapa lekhotla le phahameng la Bajuda, o khahloa ke Jesu ’me o tla ho eena bosiu ho ithuta ho eketsehileng. Joale, Jesu le barutuoa ba hae ba lula “naheng ea Judea” hoo e ka bang ka likhoeli tse robeli, baa ruta ebile ba etsa barutuoa. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Johanne Mokolobetsi a kenngoe teronkong, ba tloha Judea ba ea Galilea. Ha ba ntse ba haola le setereke sa Samaria, Jesu o ipha monyetla oa ho paka ka mokhoa o phethahetseng ho mosali oa Mosamaria. Sena se fana ka monyetla oa hore Basamaria ba bangata ba lumele. Le rōna re ke re falimehele menyetla ea ho bua ka ’Muso.—Johanne 2:23; 3:1-22; 4:1-42; Mareka 1:14.

O Ruta Karolong e Khōlō ea Galilea

8. Jesu o qalisa mosebetsi ofe Galilea?

8 Pele ho “hora” ea lefu la hae, Jesu o na le mosebetsi o mongata tšebeletsong ea Ntat’ae oa leholimo. Jesu o qalisa bosebeletsi bo boholoanyane Galilea ho feta Judea le Jerusalema. O ea “Galilea eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa bona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso le ho phekola mofuta o mong le o mong oa lefu le mofuta o mong le o mong oa mefokolo har’a batho.” (Matheu 4:23) Mantsoe a hae a phephetsang, a reng: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse,” a utloahala seterekeng sena kaofela. (Matheu 4:17) Ka likhoeli tse seng kae, ha barutuoa ba babeli ba Johanne Mokolobetsi ba tlile ho tla inoesa ka nkho, Jesu o re ho bona: “Tsamaeang, le tlalehele Johanne seo le ileng la se bona le ho se utloa: ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me bo-tsebe-tutu baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa litaba tse molemo. ’Me ho thaba ea sa khoptjoang ke ’na.”—Luka 7:22, 23.

9. Ke hobane’ng ha matšoele a khobokanela Kreste Jesu, ’me re ka ithuta eng ho see?

9 ‘Puo e ntle malebana le Jesu e hasana ho pholletsa le naha eohle e potolohileng,’ ’me matšoele aa mo khobokanela—ho tloha Galilea, Dekapolise, Jerusalema, Judea le mose oane oa Nōka ea Jordane. (Luka 4:14, 15; Matheu 4:24, 25) Ha ba tle ho eena feela ka lebaka la lipheko tsa hae tsa mohlolo empa hape ba tla ka lebaka la lithuto tsa hae tse babatsehang. Molaetsa oa hae oa ipiletsa ebile oa khothatsa. (Matheu 5:1–7:27) Mantsoe a Jesu aa khahlisa hape a monate. (Luka 4:22) Matšoele a “hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta,” hobane o bua ka Mangolo ka mokhoa o susumetsang. (Matheu 7:28, 29; Luka 4:32) Ke mang ea neng a ke ke a hoheloa ke motho ea joalo? E se eka le rōna re ka hlaolela tsebo ea ho ruta e le hore batho ba lipelo li tšepahalang ba ka hoheloa ke ’nete.

10. Ke hobane’ng ha batho ba motse oa Nazaretha ba leka ho bolaea Jesu, ’me ke hobane’ng ha ba hlōleha?

10 Leha ho le joalo, hase bohle ba utloang Jesu ba amohelang molaetsa. Esita le qalong ea bosebeletsi ba hae, ho etsoa boiteko ba ho mo bolaea ha a ruta synagogeng ea motse oa habo oa Nazaretha. Le hoja batho ba motse oo ba hlolloa ke “mantsoe a khahlisang” a hae, ba batla ho bona mehlolo. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Jesu a etse mesebetsi e mengata e matla moo, o senola boikhabi ba bona le ho hloka tumelo ha bona. Kaha hona ho halefisa batho ba ka synagogeng, baa raoha, ba tšoara Jesu, ’me ba mo potlakisetsa ka ntle lintšing tsa thaba ho ea mo kolumetsa selomong. Empa oa chophola ’me oa nyenyelepa. “Hora” ea lefu la hae ha e e-s’o tle.—Luka 4:16-30.

11. (a) Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bang ba bolumeli ba tla ho tla mamela Jesu? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a qosoa ka ho hlompholla Sabatha?

11 Baeta-pele ba bolumeli—bangoli, Bafarisi, Basaduse le ba bang—le bona ba atisa ho ba teng moo Jesu a rutang teng. Ba bangata ba bona ha baa tlela ho mamela le ho ithuta, empa ba tletse ho tšoaea liphoso le ho leka ho mo cheha. (Matheu 12:38; 16:1; Luka 5:17; 6:1, 2) Ka mohlala, ha Jesu a ntse a etetse Jerusalema ka Paseka ea 31 C.E., o phekola motho ea kutseng ka lilemo tse 38. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba qosa Jesu ka ho se hlomphe Sabatha. Oa araba, o re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” Joale, Bajuda ba mo qosa ka bonyefoli ha a bolela hore ke Mora oa Molimo, a mo bitsa Ntat’ae. Ba batla ho bolaea Jesu, empa eena le barutuoa ba hae ba tloha Jerusalema ’me ba ea Galilea. Ka tsela e tšoanang, ke bohlale ha re qoba likhohlano tse sa hlokahaleng le bahanyetsi ha re ntse re ikitlaetsa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa.—Johanne 5:1-18; 6:1.

12. Jesu o akaretsa tšimo ea Galilea ka ho pharaletseng hakae?

12 Ka nako e ka etsang selemo le halofo ka mor’a moo, Jesu o etsa boholo ba mosebetsi oa hae Galilea feela, a etela Jerusalema feela ha a e-ea meketeng e meraro ea selemo le selemo ea Bajuda. Ka kakaretso, o se a nkile maeto a boboleli a mararo Galilea: la pele o le nkile le barutuoa ba bacha ba 4, la bobeli le baapostola ba 12, le leng le lelelele le baapostola ba koetlisitsoeng leo ho lona a ileng a ba a ba rōma. ’Nete e ile ea pakoa libakeng tsa Galilea tse ngata hakaakang!—Matheu 4:18-25; Luka 8:1-3; 9:1-6.

O Paka ka Sebete Judea le Perea

13, 14. (a) Ke ketsahalong efe moo Bajuda ba batlang ho tšoara Jesu? (b) Ke hobane’ng ha balaoli ba sitoa ho tšoara Jesu?

13 Ke hoetla ka 32 C.E., ’me “hora” ea Jesu ke hona e tla tla. Mokete oa Litabernakele o haufi. Barab’abo Jesu ka ’m’a bona joale baa mo phehella: “Fetela pele ho tloha mona ’me u kene Judea.” Ba batla hore Jesu a bontše matla a hae a mohlolo ho bohle ba phuthehetseng moketeng Jerusalema. Leha ho le joalo, Jesu o bona kotsi. Ka hona o re ho barab’abo: “’Na ha ke e-s’o nyolohele moketeng ona, hobane nako ea ka e loketseng ha e e-s’o tle ka botlalo.”—Johanne 7:1-8.

14 Ka mor’a ho lieha Galilea ka nakoana, Jesu o nyolohela Jerusalema “eseng pepenene empa joalokaha eka ke ka sephiring.” Bajuda ba mo batla e le kannete moketeng ona, ba re: “Monna eloa o hokae?” Ha mokete o le bohareng, Jesu o kena ka tempeleng ’me ka sebete o qala ho ruta. Ba batla ho mo tšoara, mohlomong hore ba mo kenye teronkong kapa hore ba mo bolaee. Leha ho le joalo, baa hlōleha hobane ‘hora ea hae ha e e-s’o tle.’ Ba bangata joale ba lumela ho Jesu. Esita le balaoli bao Bafarisi ba ba romileng hore ba e’o mo tšoara ba khutla ba itlhophere, ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.”—Johanne 7:9-14, 30-46.

15. Ke hobane’ng ha Bajuda ba thonaka majoe hore ba betse Jesu ka ’ona, ’me ka mor’a moo o qalisa letšolo lefe la ho bolela?

15 Likhohlano pakeng tsa Jesu le bahanyetsi ba hae ba Bajuda li tsoela pele ha a ruta ka Ntat’ae tempeleng moketeng ona. Ka letsatsi la ho qetela la mokete, Bajuda ba halefisitsoe ke lipolelo tsa Jesu tsa hore o bile teng pele e e-ba motho oa nama, ba thonaka majoe hore ba mo betse ka ’ona. Empa oa ipata ’me o baleha a sa tsoa kotsi. (Johanne 8:12-59) Ha Jesu a lula ka ntle ho Jerusalema, o qalisa letšolo le leholo la ho paka Judea. O khetha barutuoa ba 70 ’me, ka mor’a ho ba rupela, o ba roma ka bobeli ho ea sebetsa tšimo. Ba bula likhoro sebakeng se seng le se seng le motseng o mong le o mong moo Jesu a rerang ho ea teng a e-na le baapostola ba hae.—Luka 10:1-24.

16. Jesu o pholoha kotsing efe Moketeng oa Nehelo, ’me o boetse o tšoareha ka mosebetsi ofe?

16 Mariheng a 32 C.E., “hora” ea Jesu ea atamela. O tla Jerusalema bakeng sa Mokete oa Nehelo. Bajuda ba ntse ba batla ho mo bolaea. Ha Jesu a ntse a tsamaea mathuleng a tempele, ba mo teela hare. Ba boetse ba mo qosa ka hore oa nyefola, ba thonaka majoe hore ba mo bolaee ka ’ona. Empa joalokaha Jesu a ile a etsa ka makhetlo a fetileng, oa pholoha. Kapele feela o se a le tseleng a ruta, lekhetlong lena a e-ea le metse le metsana seterekeng sa Perea, ka mose ho Jordane malebana le Judea. Ba bangata ba lumela ho eena. Empa o khutlisetsoa Judea ke molaetsa o potlakileng o mabapi le motsoalle ea ratoang oa hae Lazaro.—Luka 13:33; Johanne 10:20-42.

17. (a) Jesu o fumana molaetsa ofe o potlakileng ha a ntse a bolela Perea? (b) Ke eng se bontšang hore Jesu o tseba morero oa khato eo a lokelang ho e nka le nako e nepahetseng ea liketsahalo?

17 Molaetsa ona o potlakileng o tsoa ho Maretha le Maria, likhaitseli tsa Lazaro, tse lulang Bethani ea Judea. Molaetsa o re: “Morena, bona! eo u nang le boikutlo bo mofuthu bakeng sa hae oa kula.” Jesu oa araba: “Boloetse bona ha bo ise lefung, empa ke bakeng sa thoriso ea Molimo, e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.” E le hore Jesu a finyelle morero ona, ka boomo feela o hlola matsatsi a mabeli moo a leng teng. Joale o re ho barutuoa ba hae: “A re keneng Judea hape.” Ka ho makala, baa araba: “Rabi, morao-rao tjena Bajudea ba ne ba batla ho u tlepetsa ka majoe, ’me na u ea moo hape?” Empa Jesu o hlokomela hore karolo e setseng ea ‘lihora tsa khanya ea motšehare,’ kapa nako eo Molimo a e abetseng bosebeletsi ba hae ba lefatšeng, e khutšoanyane. O tseba hantle seo a tšoanetseng ho se etsa le lebaka la ho se etsa.—Johanne 11:1-10.

Mohlolo oo ho Seng ea Neng a ka Iphapanyetsa Oona

18. Ha Jesu a fihla Bethani, boemo ke bofe moo, ’me ho etsahala’ng ka mor’a hore a fihle?

18 Maretha ke eena ea ileng a khahlanyetsa Jesu pele Bethani, a re: “Morena, hoja u ne u le teng mona mor’eso a ka be a sa shoa.” Maria le ba neng ba tlile tlung ea bona ba mo sala morao. Bohle baa lla. Jesu oa botsa: “Le mo behile hokae?” Baa araba: “Morena, tloo ’me u bone.” Ha ba fihla lebitleng la khopotso—leo e leng lehaha le koetsoeng ka lejoe—Jesu o re: “Tlosang lejoe leo.” Kaha Maretha ha a utloisise seo Jesu a rerang ho se etsa, oa hana: “Morena, joale e lokela ebe oa nkha, kaha ke matsatsi a mane.” Empa Jesu oa botsa: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?”—Johanne 11:17-40.

19. Ke hobane’ng ha Jesu a rapela pontšeng pele a tsosa Lazaro?

19 Ha ho tlosoa lejoe le koetseng monyako oa lebitla la Lazaro, Jesu o rapela ka lentsoe le phahameng e le hore batho ba tsebe hore seo a tla tloha a se etsa se finyelloa ka matla a Molimo. Joale o hoeletsa ka lentsoe le phahameng, o re: “Lazaro, tsoa!” Lazaro o tsoa a ntse a tlamiloe maoto le matsoho ka masela a thatelang bafu ’me sefahleho sa hae se khurumelitsoe ka lesela. Jesu o re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”—Johanne 11:41-44.

20. Ba bonang ha Lazaro a tsosoa ke Jesu ba nka khato efe?

20 Ha Bajuda ba bangata ba neng ba tlile ho tla tšelisa Maretha le Maria ba bona mohlolo ona, ba lumela ho Jesu. Ba bang ba tloha ho ea bolella Bafarisi se etsahetseng. Ba itšoara joang? Kapele feela, bona le baprista ba ka sehloohong ba mema seboka sa tšohanyetso sa Sanhedrine. Ka thothomelo, baa tletleba: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ’me ba nke ka bobeli sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.” Empa Moprista ea Phahameng Kaifase o re ho bona: “Ha le nahane hore ho molemong oa lōna hore motho a le mong a shoe molemong oa batho eseng hore sechaba kaofela se timetsoe.” Ka hona, ho tloha letsatsing leo ba eletsana ho bolaea Jesu.—Johanne 11:45-53.

21. Mohlolo oa tsoho ea Lazaro ke selelekela sa eng?

21 Kahoo ka hore Jesu a liehe ho fihla Bethani, o khona ho etsa mohlolo oo ho seng motho ea ka iphapanyetsang oona. Ka matla ao a a filoeng ke Molimo, Jesu o tsosa monna eo e leng letsatsi la bone a shoele. Esita le Sanhedrine e hlomphehang e qobelloa ho ela hloko se etsahetseng le ho ahlolela Moetsa-Mehlolo enoa lefu! Mohlolo ona o sebetsa e le selelekela sa phetoho ea bohlokoa bosebeletsing ba Jesu—ho tloha nakong ea ha “hora ea hae e ne e e-s’o tle” ho ea nakong ea ha “hora e tlile.”

U ka Araba Joang?

• Jesu o ile a bontša joang hore o tseba mosebetsi oo a o filoeng ke Molimo?

• Ke hobane’ng ha Jesu a hana tlhahiso ea ’m’ae ka veine?

• Re ka ithuta eng ka tsela eo Jesu a neng a atisa ho sebetsana le bahanyetsi ka eona?

• Ke hobane’ng ha Jesu a lieha ho nka khato ka ho kula ha Lazaro?

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Jesu o ile a tela matla a hae boikarabelong boo a neng a bo abetsoe ke Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela