Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 10/1 maq. 13-17
  • Ho Ithuta—Hoa Putsa Ebile Hoa Thabisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta—Hoa Putsa Ebile Hoa Thabisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Hore ho Ithuta ho be Monate
  • Ho Hlaolela Lerato la Lentsoe la Molimo
  • Ho Ithuta Hoo e Leng Ketso ea Borapeli
  • Ho Fata ka ho Teba Lentsoeng la Molimo
  • Ho Hlokahala Boiteko le Lisebelisoa Tse Sebetsang
  • Ho Fatisisa ka Lentsoeng la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Hōlang Tsebong e Nepahetseng ka ‘Tabatabelo ea Kelello’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 10/1 maq. 13-17

Ho Ithuta—Hoa Putsa Ebile Hoa Thabisa

“Haeba u ntse u [e] batla . . . , u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:4, 5, NW.

1.Ho balla monate ho ka re tlisetsa thabo e ngata joang?

BATHO ba bangata ba balla monate feela. Haeba boitsebiso bo le molemo, ho bala e ka ba mohloli oa boikhathollo bo molemo. Ntle ho kemiso ea bona ea kamehla ea ho bala Bibele, Bakreste ba bang ba ka fumana thabo ea sebele ka hore ka ho tloboka ba bale Lipesaleme, Liproverbia, litlaleho tsa Likosepele, kapa likarolo tse ling tsa Bibele. Monate oa puo feela le mohopolo li ba tlisetsa thabo e khōlō. Bakeng sa boikhathollo ba bang ba khetha ho bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova, makasine ea Tsoha!, lipale tsa bophelo ba batho ba itseng tse hatisitsoeng makasineng ena, kapa sengoliloeng sa histori, jeokrafi le thuto ea tlhaho.

2, 3. (a) Boitsebiso ba moea bo tebileng bo ka bapisoa le lijo tse tiileng ka tsela efe? (b) Ho ithuta ho akarelletsa le eng?

2 Le hoja ho balla monate e ka ba mokhoa oa ho ikhatholla, ho ithuta ho hloka hore motho a sebelise kelello ka matla. Rafilosofi oa Lenyesemane, Francis Bacon, o ile a ngola: “Libuka tse ling li lokela ho latsuoa feela, tse ling li lokela ho koenngoa, ’me tse seng kae tsona li lokela ho hlafunisisoa le ho thuisoa.” Ka sebele Bibele e sehlopheng sa ho qetela. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Malebana le eena [Kreste, kamoo a tšoantšelitsoeng kateng ke Melkizedeke, Morena le Moprista] re na le ho hongata hoo re ka ho buang le ho leng thata ho hlalosoa, kaha le fetohile ba thotofetseng ho utloeng ha lōna. . . . Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:11, 14) Lijo tse tiileng li lokela ho hlafunoa pele li koenngoa le ho siloa. Boitsebiso ba moea bo tebileng bo hloka ho nahanoa pele bo kenngoa kelellong le ho bolokoa.

3 Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho ithuta” e le “bohato kapa mokhoa oa ho sebelisa kelello ka morero oa ho fumana tsebo kapa kutloisiso, joaloka ho bala, ho batlisisa, le tse ling tse joalo.” Hoa utloahala hore ho ameha ho hongata ho feta feela ho bala ka potlako, mohlomong re sehella mōla ka tlas’a mantsoe ha re ntse re bala. Ho ithuta ho bolela mosebetsi, ho sebelisa kelello ka matla le tšebeliso ea matla a ho lemoha. Leha ho le joalo, le hoja ho ithuta ho hloka mosebetsi o matla, ha ho bolele hore ho ke ke ha thabisa.

Ho Etsa Hore ho Ithuta ho be Monate

4. Ho latela mopesaleme, ho ithuta Lentsoe la Molimo e ka ba ho khathollang le ho putsang joang?

4 Ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo ho ka khatholla ha ba ha matlafatsa. Mopesaleme o ile a re: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto. Litemoso tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo; litaelo tsa Jehova li hloekile, li elisa mahlo.” (Pesaleme ea 19:7, 8) Melao ea Jehova le likhopotso tsa hae li hlasimolla meea ea rōna, li etsa hore re phele hantle haholoanyane moeeng, li etsa hore re ikutloe re thabile le hore mahlo a rōna a bone hantle merero ea Jehova e babatsehang. Ho thabisa hakaakang!

5. Ho ithuta ho ka re tlisetsa thabo e khōlō ka litsela life?

5 Ha re khona ho bona liphello tse molemo tsa mosebetsi oa rōna, re ba le tšekamelo ea ho thabela ho o etsa. Kahoo, ho etsa hore ho ithuta ho be monate, re lokela ho potlakela ho sebelisa tsebo eo re sa tsoa e fumana. Jakobo o ile a ngola: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oo e leng oa tokoloho le ea phehellang ho oona, motho enoa, kahobane a fetohile, eseng moutloi ea lebalang, empa moetsi oa mosebetsi, o tla thaba ho o etseng ha hae.” (Jakobo 1:25) Ho sebelisa lintlha tse ithutiloeng hang-hang ho fella ka khotsofalo e khōlō. Ho etsa lipatlisiso ka morero o khethehileng oa ho araba potso e botsitsoeng mosebetsing oa rōna oa ho bolela le ho ruta le hona ho tla re tlisetsa thabo e khōlō.

Ho Hlaolela Lerato la Lentsoe la Molimo

6. Mongoli oa Pesaleme ea 119 o bontšitse joang hore o rata lentsoe la Jehova?

6 Mohlophisi oa Pesaleme ea 119, eo mohlomong e leng Ezekiase, ha e sa ntse e le khosana e lilemong tsa bocha, o ile a bolela hore o rata lentsoe la Jehova. Ka puo ea lithoko, o ile a re: “Ke tla bontša ho rata litaelo tsa hao tse hlomamisitsoeng. Nke ke ka lebala lentsoe la hao. Hape, ke rata likhopotso tsa hao . . . Ke tla bontša ho rata litaelo tsa hao tseo ke li ratileng. Mehauhelo ea hao e tle ho ’na, e le hore nka lula ke phela; etsoe ke rata molao oa hao. Ke hlolohetsoe poloko ea hao, Jehova, ke rata molao oa hao.”—Pesaleme ea 119:16, 24, 47, 77, 174, NW.

7, 8. (a) Ho latela buka e ’ngoe ea boitsebiso, ho “bontša ho rata” Lentsoe la Molimo ho bolela’ng? (b) Re ka bontša lerato la rōna joang bakeng sa Lentsoe la Jehova? (c) Esdrase o ile a itokisa joang pele a bala Molao oa Jehova?

7 Ha e hlalosa lentsoe le fetoletsoeng e le “bontša ho rata” ho Pesaleme ea 119, buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Mangolo a Seheberu e re: “Tšebeliso ea lona ho tem. 16 e tšoana le ea [maetsi] a sebelisoang bakeng sa ho thaba . . . le a sebelisoang bakeng sa ho thuisa . . . A latellana tjena: thaba, thuisa, thabela . . . Motsoako ona o ka ’na oa bolela hore ho nahana ho etsoang ka morero ke mokhoa oo ka oona motho a thabelang lentsoe la Yahweh. . . . Moelelo ona o akarelletsa ntho e ipiletsang maikutlong.”a

8 E, re lokela ho rata Lentsoe la Jehova ho tloha pelong, e leng setsi sa maikutlo. Re lokela ho thabela ho hanella litemaneng tse itseng tseo re sa tsoa li bala. Re lokela ho tebisa maikutlo mehopolong e itseng ea moea, re amehe ka ho teba ho eona, re be re e thuise. Sena se hloka hore re thuise re khutsitse re be re rapele. Joaloka Esdrase, ho hlokahala hore re lokisetse lipelo tsa rōna ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho ngotsoe tjena ka eena: “Etsoe Esdrase o ne a lokisitse pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova le ho o phetha le ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.” (Esdrase 7:10, NW) Hlokomela morero o hararo oo ka oona Esdrase a lokisang pelo ea hae: ho ithuta, ho phetha le ho ruta. Re lokela ho latela mohlala oa hae.

Ho Ithuta Hoo e Leng Ketso ea Borapeli

9, 10. (a) Mopesaleme o ile a bontša ka litsela life hore o nahanisisa ka Lentsoe la Jehova? (b) Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “nahanisisa” le bolela’ng? (c) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nke ho ithuta Bibele e le “ketso ea borapeli”?

9 Mopesaleme o bolela hore o ile a bontša hore o nahanisisa ka melao ea Jehova, litaelo le likhopotso tsa hae. Oa bina: “Ke tla nahanisisa ka litaelo tsa hao, ke tla talima litseleng tsa hao. Ke tla phahamisetsa liatla tsa ka litaelong tsa hao tseo ke li ratileng, ke tla nahanisisa ka melao ea hao ea tsamaiso. Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle. Ke na le temohisiso e fetang ea mesuoe eohle ea ka, kahobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.” (Pesaleme ea 119:15, 48, 97, 99, NW) Ho boleloa’ng ka ‘ho nahanisisa’ ka Lentsoe la Jehova?

10 Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “nahanisisa” le boetse le bolela “ho thuisa, ho tebisa maikutlo,” “ho sekaseka taba ka kelellong.” “Le sebelisoa tabeng ea ho nahana ka khutso ka mesebetsi ea Molimo . . . le lentsoe la Molimo.” (Theological Wordbook of the Old Testament) Lereho ‘ho nahanisisa’ le bolela “ho thuisa ha mopesaleme,” “lerato la hae la ho ithuta” molao oa Molimo, e le “ketso ea borapeli.” Ho nka hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ke karolo ea borapeli ba rōna ho etsa hore e be taba e tebileng haholoanyane. Ka lebaka leo ho lokela ho etsoa ka hloko ebile e le ka thuso ea thapelo. Ho ithuta ke karolo ea borapeli ba rōna ’me ho etsoa ka morero oa ho ntlafatsa borapeli ba rōna.

Ho Fata ka ho Teba Lentsoeng la Molimo

11. Jehova o senolela batho ba hae mehopolo ea moea e tebileng joang?

11 Ha a tsota ka tlhompho, mopesaleme o ile a re: “Mesebetsi ea hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ea hao e tebile hakakang!” (Pesaleme ea 92:5) ’Me moapostola Pauluse o ile a bua ka “lintho tse tebileng tsa Molimo,” mehopolo e tebileng eo Jehova a e senolelang batho ba hae “ka moea oa hae” o sebetsang ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (1 Bakorinthe 2:10; Matheu 24:45) Sehlopha sena sa lekhoba ka mafolofolo se lokisetsa bohle lijo tsa moea—“lebese” bakeng sa ba bacha empa “lijo tse tiileng” bakeng sa “batho ba hōlileng ka ho feletseng.”—Baheberu 5:11-14.

12. Fana ka mohlala oa “lintho tse tebileng tsa Molimo” tse hlalositsoeng ke sehlopha sa lekhoba.

12 Hore re utloisise “lintho tse [joalo] tse tebileng tsa Molimo,” ho hlokahala hore re ithute Lentsoe la hae ka khothalo re be re nahane ka lona. Ka mohlala, ho hatisitsoe boitsebiso bo molemo bo bontšang kamoo Jehova a ka sebelisang toka le mohau ka nako e le ’ngoe kateng. Ho sebelisa ha hae mohau hase ho tšela toka ea hae ka metsi; ho e-na le hoo, mohau oa Molimo ke pontšo ea toka ea hae hammoho le lerato la hae. Ha a ahlola moetsalibe, Jehova o qala ka ho lekanyetsa hore na ho na le monyetla oa ho bontša mohau motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae. Haeba moetsalibe a sa bake kapa e le mofetoheli, Molimo o lumella hore toka e phethe mosebetsi oa eona ntle ho mohau. Boemong leha e le bofe, o tšepahalla melao-motheo ea hae e phahameng.b (Baroma 3:21-26) ‘O! botebo ba bohlale ba Molimo!’—Baroma 11:33.

13. Re lokela ho bontša kananelo joang bakeng sa “kakaretso e feletseng” ea linnete tsa moea tse senotsoeng ho fihlela hona joale?

13 Joaloka mopesaleme, re thabela hore ebe Jehova o re bolella mehopolo ea hae e mengata. Davida o ile a ngola: “Menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na! Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang! Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.” (Pesaleme ea 139:17, 18, NW) Le hoja kajeno tsebo ea rōna e le karoloana feela ea mehopolo e se nang palo eo Jehova a tla e senola ho pholletsa le bosafeleng, re ananela ka ho teba “kakaretso e feletseng” ea linnete tsa moea tsa bohlokoa tse seng li senotsoe ho fihlela hona joale ’me re fata ka ho teba haholoanyane kakaretsong ena, kapa letlotlong lena la Lentsoe la Molimo.—Pesaleme ea 119:160, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.

Ho Hlokahala Boiteko le Lisebelisoa Tse Sebetsang

14. Liproverbia 2:1-6 e totobatsa joang hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ho hloka boiteko?

14 Ho tebisa maikutlo ha re ithuta Bibele ho hloka boiteko. Ntlha ena e hlaka haholo ha ho baloa ka hloko Liproverbia 2:1-6. (NW) Hlokomela mantsoe a bontšang ketso ao Morena Solomone a ileng a a sebelisa ho totobatsa boiteko bo hlokahalang bakeng sa ho fumana tsebo ea bomolimo, bohlale le temoho. O ile a ngola: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.” E, ho ithuta ka tsela e putsang ho hloka phuputso, ho fata, joalokaha eka ho batloa matlotlo a patiloeng.

15. Ke papiso efe ea Bibele e totobatsang hore ho hlokahala mekhoa e metle ea ho ithuta?

15 Ho ithuta ka tsela e matlafatsang moeeng ho boetse ho hloka mekhoa e metle ea ho ithuta. Solomone o ile a ngola: “Haeba sesebelisoa sa tšepe se le nthithi ’me e mong a sa leotsa bohale ba sona, joale o tla sebelisa mafolofolo a hae.” (Moeklesia 10:10, NW) Haeba setsebi sa mesebetsi ea matsoho se sebelisa sesebelisoa sa ho seha se nthithi kapa haeba se sa se sebelise ka tsela e loketseng, se tla iqeta matla se be se etse mosebetsi o seng motle. Ka ho tšoanang, melemo eo re e fumanang ka hore re nke nako e itseng re ithuta e ka ’na ea fapana haholo, ho itšetlehile ka hore na re sebelisa mekhoa efe ea ho ithuta. Litlhahiso tse ntle haholo bakeng sa ho ntlafatsa mokhoa oo re ithutang ka oona li ka fumanoa Thutong ea 7 ea Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo.c

16. Ho fanoa ka litlhahiso life tse molemo ho re thusa ho tebisa maikutlo ha re ithuta?

16 Ha setsebi sa mosebetsi oa matsoho se qalisa mosebetsi oa sona, se hlophisa lisebelisoa tseo se tla li hloka. Ka ho tšoanang, ha re qala ho ithuta, re lokela ho khetha lisebelisoa tsa ho ithuta tseo re tla li hloka pokellong ea rōna ea libuka. Kaha rea hopola hore ho ithuta ke mosebetsi ’me ho hloka hore re sebelise kelello ka matla, ho boetse ho molemo hore re lule ka tsela e loketseng. Haeba re batla ho falimeha kelellong, ho lula setulong tafoleng kapa deskeng ho ka sebetsa ho feta ho paqama betheng kapa ho lula setulong se mabothobotho se nang le moo ho phomotsoang matsoho teng. Ka mor’a ho tsepamisa mohopolo ka nako e itseng, u ka ’na ua bona ho le molemo ho ikotlolla kapa ho tsoela ka ntle hore u hahloe ke moea.

17, 18. Fana ka mehlala ea kamoo ho ka sebelisoang lisebelisoa tsa ho ithuta tse leng teng.

17 Re boetse re na le lisebelisoa tse ngata tseo ho seng tse ka bapisoang le tsona. E ka sehloohong ho tsona ke Bibele ea New World Translation, eo hona joale e fumanehang e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 37. Khatiso e tloaelehileng ea New World Translation e na le litšupiso tse bontšang litemana tse ling tseo taba e tšoanang e hlahang ho tsona le “Lethathamo la Libuka Tsa Bibele” le fanang ka lebitso la mongoli, sebaka seo li ngoletsoeng ho sona, le nako e akaretsoang. E boetse e na le tlhahlamano ea mantsoe a Bibele, sehlomathiso le limmapa. Ka lipuo tse ling, Bibele ena e na le khatiso e khōloanyane, e bitsoang Reference Bible. E na le litšobotsi tsohle tse ka holimo le tse ling tse ngata, ho akarelletsa le litlhaloso tse botlaaseng ba maqephe tse pharaletseng, tseo le tsona li ngotsoeng ka lethathamo. Na u ithuisa molemo ka ho feletseng ka tse hatisitsoeng ka puo ea heno e le hore li ka u thusa ho fatisisa ka Lentsoeng la Molimo?

18 Sesebelisoa se seng sa ho ithuta sa bohlokoahali ke buka ea boitsebiso ba Bibele e meqolo e ’meli ea Insight on the Scriptures. Haeba buka ena e le teng ka puo eo u ka e utloisisang, e lokela ho ba haufi le uena ka linako tsohle ha u ithuta. E tla u fa boitsebiso bo mabapi le maemo a potolohileng taba hore u utloisise lihlooho tse ngata tsa Bibele. Sesebelisoa se seng se molemo ka ho tšoanang ke buka ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo.” Pele u bala buka e itseng ea Bibele, ho molemo ho hlahloba thuto e buang ka eona bukeng ea “Lengolo Lohle” e le hore u tsebe hore na liketsahalo tseo li ne li etsahala sebakeng se joang le tlas’a maemo afe, hammoho le taba e akaretsang e ka har’a buka eo ea Bibele le molemo oa eona ho rōna. Ho sa tsoa etsoa sesebelisoa se seng sa ho ithuta ho ekelletsa libukeng tse ngata tse hatisitsoeng, ’me sona ke Watchtower Library ea k’homphieutha, eo hona joale e leng teng ka lipuo tse robong.

19. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a lokiselitse lisebelisoa tse molemo tsa ho ithuta Bibele? (b) Ho hlokahala eng bakeng sa ho bala le ho ithuta Bibele ka tsela e loketseng?

19 Jehova o lokiselitse lisebelisoa tsena kaofela ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho nolofalletsa bahlanka ba hae ba lefatšeng ho ‘batla le ho fumana tsebo ea Molimo.’ (Liproverbia 2:4, 5, NW) Mekhoa e metle ea ho ithuta e re nolofalletsa ho tseba Jehova hamolemo le ho thabela kamano e haufi le eena. (Pesaleme ea 63:1-8) E, ho ithuta ke mosebetsi, empa ke mosebetsi o thabisang le o putsang. Leha ho le joalo, ho hloka nako, ’me mohlomong u re ka pelong, ‘Nka fumana hokae nako ea ho bala le ho ithuta Bibele ka tsela e loketseng?’ Ntlha ena e tla hlahlojoa sehloohong se qetellang sa letoto lena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a New International Dictionary of Old Testament Theology & Exegesis, Moqolo oa 4, leqepheng la 205-7.

b Bona Molula-Qhooa oa August 1, 1998, leqepheng la 13, serapeng sa 7. Ka morero oa ho ithuta Bibele, u ka ’na ua hlahloba lihlooho tse peli tse ithutoang tse tokollong eo hammoho le lihlooho tse reng “Justice,” “Mercy,” le “Righteousness” bukeng ea boitsebiso ba Bibele ea Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Haeba buka ena ea tataiso e le sieo ka puo ea heno, keletso e ntle tabeng ea mekhoa ea ho ithuta e ka fumanoa litokollong tse latelang tsa Molula-Qhooa: August 15, 1993, leqepheng la 13-17; May 15, 1986, leqepheng la 19-20.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

• Re ka etsa hore ho ithuta ha rōna e be ho khathollang le ho putsang joang?

• Joaloka mopesaleme, re ka bontša “ho rata” Lentsoe la Jehova le ho “nahanisisa” ka lona joang?

• Liproverbia 2:1-6 e bontša joang hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ho hloka boiteko?

• Jehova o lokiselitse lisebelisoa life tse molemo tsa ho ithuta?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ho nahana re khutsitse le ho rapela ho re thusa ho rata Lentsoe la Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Na u sebelisa ka ho feletseng lisebelisoa tsa ho ithuta tseo u nang le tsona bakeng sa ho fatisisa ka Lentsoeng la Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela