Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Rapela?
“LE HLILE lea kōpa, ’me leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kōpa bakeng sa morero o fosahetseng . . . Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:3, 8) Mantsoe ana a Jakobo, morutuoa oa Jesu, ha e le hantle a ka re susumelletsa ho hlahloba mabaka ao re rapelang ka ’ona.
Thapelo hase feela mokhoa oa ho bolella Molimo seo re se hlokang. Thutong ea hae ea Thabeng e tummeng, Jesu o itse: “Ntate oa lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.” Empa, Jesu o ile a boela a re: “Le ’ne le tsoele pele ho kōpa, ’me le tla fuoa.” (Matheu 6:8; 7:7) Ka hona, Jehova o batla hore re mo bolelle seo re ikutloang hore rea se hloka. Empa thapelo e hloka ho hongata ho feta moo.
Metsoalle ea ’nete ha e buisane feela ha e hloka ho hong. Ea thahasellana, ’me setsoalle sa eona sea tiea ha e phetlelana lifuba. Ka ho tšoanang, thapelo e na le morero o moholoanyane ho feta feela ho kōpa lintho tse hlokahalang. E fana ka monyetla oa ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova ka ho bontša hore re inehetse ho eena ho tloha pelong.
E, Molimo o re file tokelo ea ho rapela e le hore re ka atamela haufi le eena. Sena se ka etsahala hafeela re phetlela Molimo lifuba tsa rōna ho e-na le ho pheta lithapelo ka hlooho. Ho thabisa hakaakang ho bua le Jehova thapelong! Ho feta moo, maele a Bibele a re: “O khahloa ke thapelo ea motho ea lokileng.”—Liproverbia 15:8.
Mopesaleme Asafe o ile a bina: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo, ke molemo ho ’na.” (Pesaleme ea 73:28) Empa hase thapelo feela e ka re atametsang haufi le Molimo. Hlokomela kamoo tlaleho e latelang e bontšang sena kateng:
“E mong ea itseng oa barutuoa ba [Jesu] a re ho eena: ‘Morena, re rute ho rapela.’” Jesu a araba a re: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, ‘Ntate, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle.’” (Luka 11:1, 2) Na thapelo ea rōna e ne e ka utloahala ntle le hore re qale ka ho ithuta hore na lebitso la Molimo ke mang le kamoo le tla halaletsoa kateng? ’Me na re ne re ka rapela tumellanong le mantsoe aa a Jesu haeba re ne re sa utloisise hore na ’Muso oa Molimo ke eng? Re ka utloisisa lintho tsena haeba re hlahloba Bibele ka hloko. Tsebo eo re e fumanang ka tsela eo e tla re thusa ho tseba Molimo le ho utloisisa litsela tsa hae. Ho feta moo, ho tseba Jehova Molimo ho tla etsa hore re ikutloe re le haufinyane le eena ebile re inehetse haholoanyane ho eena. Ka lehlakoreng le leng, sena se tla re thusa ho bua le eena re lokolohile haholoanyane thapelong.
Thapelo e ka Rarolla Mathata
Ho hlaolela kamano e haufi le Jehova ho tla re thusa ho rarolla mathata. Hlokomela hore na ho bile joalo joang boemong ka bong ho a latelang. A bontša hore ba neng ba rapela ba ne ba khona ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova.
Mosali oa Brazil ea bitsoang Maria o ile a rapella thuso ho Molimo. Lebaka le leng leo ka lona a neng a batla ho fetohela litekanyetso tse amohelehang tsa boitšoaro, ke boikaketsi boo a neng a bo bona sechabeng. Maria o ne a bile a siile monna oa hae, bana le lehae. ’Me o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi. Empa eitse ha a hlōleha ho fumana thabo, o ile a phetlela Molimo sefuba ’me a rapella thuso.
Kapele, Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa etela Maria ’me tsa mo siela tokollo ea Molula-Qhooa e nang le boitsebiso bo buang ka molemo oa ho amohela tataiso ea bomolimo. Bo ile ba ama pelo ea hae, ’me o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki hona letsatsing leo. Sena se ile sa fella ka hore a boelane le lelapa la hae. Ha a ntse a ithuta ka Jehova, o ne a batla ho bontša hore oa mo rata. Maria o ile a re: “Ke ile ka ntlafatsa boitšoaro ba ka. Qalong monna oa ka le litho tsa lelapa ba ne ba nkhanyetsa ha ke ithuta Bibele. Empa ha ba bona ke ntse ke fetoha, ba ile ba qala ho nkhothatsa.” Hamorao Maria o ile a nehela bophelo ba hae ho Ea Utloang thapelo e le hore a mo sebeletse.
Le hoja José a ne a e-na le mosali e motle le khoebo e atlehileng Bolivia, o ne a sa thaba. Ho ba le nyatsi ho ile ha etsa hore mosali oa hae a mo tlohele. E ile ea e-ba lekhoba la tahi ’me a ikutloa a se na thuso. José o re: “Ke ile ka qala ho rapela ka tieo, ka botsa hore na ke etse eng ho khahlisa Molimo. Kapele Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela khoebong ea ka li khothalletsa batho ho ithuta Bibele ntle ho tefo, empa ke ile ka li leleka. Sena se ile sa etsahala ka makhetlo a mararo. Lekhetlo ka leng leo ke neng ke rapella thuso ka lona li ne li e-tla. Qetellong, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla mamela lekhetlong le tlang. Ke ne ke balile Bibele kaofela ’me ke e-na le lipotso tse ngata, empa Lipaki li ne li lula li e-na le likarabo tse nkhotsofatsang. Ho ithuta ka Jehova ho ile ha etsa hore ke be le morero o mocha bophelong, ’me metsoalle ea ka har’a Lipaki e ne e le mehlala e khothatsang haholo! Ke ile ka tlohela kharebe ea ka le batho bao ke neng ke e-noa le bona. Ke ile ka boelana le mosali oa ka le bana ka potlako. Ke ile ka kolobetsoa mathoasong a 1999.”
Italy, Tamara o ne a e-na le mathata a lenyalo, ka hona, o ile a rapella bohlale. O ne a se a le mabifi ka lebaka la ho shapuoa le ho lelekoa habo ha a le lilemo li 14. Tamara o re: “Ke ile ka fumana Bibele ’me ka qala ho e bala. Mantsiboeeng a mang ke ile ka bala taba e reng ‘ho fumana bohlale ho tšoana le ho fumana matlotlo a patiloeng.’ Ke ile ka rapella bohlale boo. (Liproverbia 2:1-6) Hoseng ha letsatsi le latelang, Lipaki tsa Jehova li ile tsa nketela. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le tsona, empa ho ile ha nka nako hore ke sebelise seo ke ithutileng sona. Qetellong, ke ile ka etsa qeto ea ho phela bophelo ba Bokreste ’me ka kolobetsoa. Joale, ’na le monna oa ka, re thusa ba bang ho rua molemo bohlaleng ba Molimo.”
Beatriz e ne e ile ea e-ba e mong oa batho ba phahameng ba Caracas, Venezuela. Empa, o ile a iphumana a hlaliloe ke monna a bile a tsielehile. Ha a se a feletsoe ke tšepo, ka nako e ’ngoe o ile a qeta lihora a rapela. Hoseng ha le latelang, motho o ile a kokota. Ka lebaka la ho halefa o ile a hloelisa ka lesobana la monyako ’me a bona batho ba babeli ba tšoereng mekotlana ea libuka. O ile a etsa eka ha a eo lapeng, empa pele banyalani bana ba tloha, ba ile ba kenya sememo ka tlas’a lemati. Se ne se re: “Tseba Bibele ea Hao.” Na ebe boeti ba bona bo ne bo amana le lithapelo tsa hae tsa mantsiboeeng a fetileng? O ile a kōpa hore ba khutle. Kapele o ile a ithuta Bibele ’me hamorao a kolobetsoa. Beatriz o ile a qetella a thabile, ’me hona joale o ruta ba bang hore na ba ka fumana thabo joang.
Carmen o ile a rapella taba ea ho loantša bofutsana. O ne a e-na le bana ba leshome le monna oa letahoa, lebitso la hae e le Rafael. Carmen o itse: “Ke ile ka leka ho fumana chelete ka ho hlatsoetsa batho liaparo.” Empa botahoa ba Rafael bo ile ba tōta. “Monna oa ka o ile a qala ho fetoha ha re qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Re ile ra ithuta ka tšepiso ea ’Muso—ea hore Jehova o tla tloha a felisa bofutsana le khatello lefatšeng. Lithapelo tsa ka ho Molimo li ile tsa qetella li arabetsoe!” Ho ithuta litsela tsa Jehova ho ile ha thusa Rafael ho khaotsa ho noa, ’me o ile a apara “botho bo bocha.” (Baefese 4:24) Eena le lelapa la hae ba ile ba ntlafatsa mokhoa oa bona oa bophelo. Rafael o re: “Le hoja re se barui, re bile re se na ntlo, empa re na le lintho tse hlokahalang bophelong, ’me re thabile.”
Nako eo ka Eona Lithapelo Tsohle li Tla Arabeloa
Na thapelo e ile ea tsoela batho baa molemo? Ka sebele ho joalo! ’Me na u hlokometse hore maemong a mangata lithapelo tsa bona li ne li arabeloa ha setho se seng sa phutheho ea Bokreste se ne se ba thusa ho atamela haufi le Jehova Molimo ka ho ithuta Bibele?—Liketso 9:11.
Ka hona, re na le mabaka a matle a ho rapela. Joale, haufinyane ho tla arabeloa thapelo e kōpang ’Muso oa Molimo hore o tle le hore thato ea hae e etsoe lefatšeng. (Matheu 6:10) Ka mor’a hore Molimo a felise ba mo hanyetsang qitikoeng ena ea rōna, ka sebele “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Joale bohle ba ratang Jehova ba tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo”—’me lithapelo tsa bona li tla fela li arabeloe.—Baroma 8:18-21.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha re lokela ho rapela?