Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/1 maq. 29-31
  • Na U Lokela ho e Lumela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho e Lumela?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Litsebi li Nepa Kamehla?
  • “Seo ka Bohata se Bitsoang ‘Tsebo’ ”
  • Bibele ke Tataiso e Bululetsoeng
  • ‘Matla a ho Nahana’
  • Aristotle
    Tsoha!—2016
  • Saense le Bibele—Na Ehlile Lia Hanyetsana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Filosofi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/1 maq. 29-31

Na U Lokela ho e Lumela?

SEITHUTI se lilemo li 12 se ne se loanela ho utloisisa melao-motheo ea algebra. Mosuoe oa sona o ile a ngolla tlelase palo ea algebra eo ho neng ho bonahala e le bonolo.

O ile a qala ka ho re, “Ha re re x e lekana le y ’me re re ka bobeli ke 1.”

Seithuti sena se ile sa fihlela qeto ea hore, ‘Ena ke khakanyo e utloahalang.’

Leha ho le joalo, ka mor’a mela e mene ea se neng se bonahala e le ho sebetsa lipalo ka mokhoa o utloahalang, mosuoe o ile a fana ka karabo e makatsang: “Ka lebaka leo, 2 e lekana le 1!”

Eaba o nonya maikutlo a liithuti tse maketseng, a re, “Nkhanyetseng.”

Ka lebaka la tsebo ea sona e fokolang haholo ea algebra, seithuti se senyenyane se ne se sa bone hore na se ka e hanyetsa joang. Mohato o mong le o mong oo palo ena e neng e sebetsoa ka oona o ne o bonahala o utloahala ka ho phethahetseng. Na joale se lokela ho lumela qeto ee e makatsang? U hopole hore mosuoe oa sona o ne a tseba lipalo ho se feta. Joalokaha ho ka lebelloa, ha sea tšoanela ho e lumela! Se ile sa inahana: ‘Ha ho hlokahale hore ke e hanyetse. Ho totobetse hore ha e na kelello.’ (Liproverbia 14:15, 18) Se ne se tseba hore mosuoe oa sona kapa leha e le mang feela ea sehlopheng sa hae ba ne ba ke ke ba ananya liranta tse peli ranta!

Hamorao seithuti sena sa algebra se ile sa fela sa fumana phoso tseleng eo palo eo e sebelitsoeng ka eona. Ho sa le joalo, ketsahalo ena e ile ea se ruta thuto ea bohlokoa. Esita leha motho e mong ea nang le tsebo e phahameng haholo a hlahisa lebaka le lohiloeng ka mano le le bonahalang le ke ke la hlaseloa, ha ho hlokahale hore momameli a lumele qeto ea booatla hobane feela a ke ke a e hanyetsa nakong eo. Ha e le hantle, seithuti sena se ne se latela molao-motheo o molemo oa Bibele o fumanoang ho 1 Johanne 4:1—ho se potlakele ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang, esita leha e bonahala e tsoa mohloling o phahameng.

Sena ha se bolele hore u lokela ho ngangella maikutlong ao esaleng u e-na le ’ona. Ke phoso ho hlokomoloha boitsebiso bo ka lokisang maikutlo a fosahetseng. Empa le teng ha ua lokela ho ‘sisinyeha kapele monahanong oa hao’ ha u hatelloa ke motho e mong ea bolelang hore o na le tsebo e ngata kapa matla a ho laela. (2 Bathesalonika 2:2) Ha e le hantle, mosuoe enoa o ne a mpa a bapala ka liithuti tsa hae. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, boemo hase ba papali feela tjee. Batho ba ka ba “mano a ho qapa phoso” ka mokhoa o feteletseng.—Baefese 4:14; 2 Timothea 2:14, 23, 24.

Na Litsebi li Nepa Kamehla?

Ho sa tsotellehe hore na li na le tsebo e kae, lefapheng leha e le lefe la tsebo, litsebi li ka ’na tsa e-ba le maikutlo a loantšanang le lipono tse fetohang. Ka mohlala, nahana ka khang e tsoelang pele saenseng ea tsa bongaka nthong ea motheo e kang sesosa sa maloetse. Moprofesa e mong oa tsa bongaka Univesithing ea Harvard o ile a ngola: “Mohloli oa phehisano e matla har’a litsebi tsa saense ke hore na ho kula ho bakoa hakae ke sebōpeho sa rōna ha ho bapisoa le tikoloho le kahisano.” Ba lumelang ho seo ho thoeng ke thuto ea hore liketsahalo tsohle ha li taolong ea motho ba lumela ka matla hore liphatsa tsa rōna tsa lefutso ke sesosa se seholo sa hore re kenoe ke maloetse a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ba bang ba beha lebaka la hore tikoloho le mokhoa oa bophelo ke lisosa tse ka sehloohong tsa maloetse a batho. Ba leng mahlakoreng ana a mabeli ba potlakela ho bolela seo ba ithutileng sona le palo ea batho ba tšehetsang taba ea bona. Leha ho le joalo, phehisano e tsoela pele.

Ho ’nile ha e-ba le bopaki bo hlahang khafetsa ba hore bahlalefi ba tummeng ka ho fetisisa ba fositse, le hoja seo ba neng ba se ruta se ne se bonahala se ke ke sa hanyetsoa nakong eo. Rafilosofi Bertrand Russell o ile a hlalosa Aristotle e le e mong oa “bo-rafilosofi ba nang le tšusumetso e matla ka ho fetisisa.” Leha ho le joalo, Russell le eena o ile a bontša hore lithuto tse ngata tsa Aristotle li ne li “fosahetse ka ho feletseng.” O ile a ngola: “Ho pholletsa le mehla ea kajeno, hoo e ka bang khatelo-pele e ’ngoe le e ’ngoe ho tsa saense, monahano, kapa filosofi e ’nile ea tlameha ho etsoa tlas’a khanyetso e matla ea balateli ba Aristotle.”—History of Western Philosophy.

“Seo ka Bohata se Bitsoang ‘Tsebo’ ”

Mohlomong Bakreste ba pele ba ne ba kopana le balateli ba bangata ba bo-rafilosofi ba tummeng ba Bagerike, ba kang Socrates, Plato le Aristotle. Batho ba rutehileng ba mehleng eo ba ne ba nka hore ba hlalefile ho feta Bakreste ba bangata. Hase barutuoa ba bangata ba Jesu ba neng ba nkoa ‘ba le bohlale ka tsela ea nama.’ (1 Bakorinthe 1:26) Ha e le hantle, ba neng ba kene likolo tsa lifilosofi tsa mehleng eo, ba ne ba nahana hore seo Bakreste ba se lumelang e ne e le feela “booatla” kapa “bothoto feela tjee.”—1 Bakorinthe 1:23, Phillips.

Haeba u ne u le e mong oa Bakreste bao ba pele, na u ka be u ile ua khahloa ke mabaka a susumetsang a bahlalefi ba phahameng sechabeng ba mehleng eo kapa ua haptjoa ke bohlale boo ba bo bontšang? (Bakolose 2:4) Ho ea ka moapostola Pauluse, ho ne ho ke ke ha e-ba le lebaka la seo. O ile a hopotsa Bakreste hore ho Jehova, “bohlale ba banna ba bohlale” le “ho ba kelello ha banna ba kelello” ba mehla leha e le efe, ke booatla. (1 Bakorinthe 1:19) O ile a botsa: “Rafilosofi, mongoli le motšoaea-liphoso ba lefatše lee ba na le eng eo ba ka e bontšang hore ba bohlale?” (1 Bakorinthe 1:20, Phillips) Ho sa tsotellehe bohlale bohle bo tsotoang ba bona, bo-rafilosofi, bangoli le bo-motšoaea-liphoso ba mehleng ea Pauluse ba ne ba sa hlahisa likarabo tsa sebele bakeng sa mathata a moloko oa batho.

Ka hona Bakreste ba ile ba ithuta ho qoba seo moapostola Pauluse a ileng a re e ne e le “likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” (1 Timothea 6:20) Lebaka la hore Pauluse a re tsebo e joalo ke ea “bohata” ke hore e ne e haelloa ke tšobotsi e le ’ngoe ea bohlokoa—mohloli oa boitsebiso o tsoang ho Molimo oo likhopolo tsa bona li neng li ka hlahlojoa ka oona. (Jobo 28:12; Liproverbia 1:7) Ka lebaka la ho haelloa ke seo, ’me ka nako e tšoanang ba foufalitsoe ke mothetsi ea ka sehloohong, Satane, ba khomarelang tsebo e joalo ba ne ba ke ke ba ba le tšepo ea ho fumana ’nete.—1 Bakorinthe 2:6-8, 14; 3:18-20; 2 Bakorinthe 4:4; 11:14; Tšenolo 12:9.

Bibele ke Tataiso e Bululetsoeng

Ho ne ho se mohla Bakreste ba pele ba kileng ba belaela hore Molimo o senotse thato ea hae, morero oa hae le melao-motheo ea hae ka Mangolong. (2 Timothea 3:16, 17) Sena se ile sa ba sireletsa hore ‘ba se ke ba nkoa joaloka phofu ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.’ (Bakolose 2:8) Boemo boa tšoana kajeno. Ho fapana le maikutlo a ferekanyang le a loantšanang a batho, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ke motheo o tiileng oo re ka thehang litumelo tsa rōna ho oona. (Johanne 17:17; 1 Bathesalonika 2:13; 2 Petrose 1:21) Ntle ho lona, re sala lepalapaleng re ntse re leka ho haha ntho e tiileng motheong o sa tsitsang oa likhopolo le lifilosofi tsa batho.—Matheu 7:24-27.

Motho e mong a ka ’na a re: ‘Butle! Na hase ’nete hore linnete tsa saense li bontšitse hore Bibele e fosahetse le hore ka lebaka leo e ntse e sa tšepahale joaloka lifilosofi tsa batho tse fetohang nako le nako?’ Ka mohlala, Bertrand Russell o ile a bolela hore “Copernicus, Kepler, le Galileo ba ile ba tlameha ho hanyetsa Aristotle hammoho le Bibele ho tiisa maikutlo a hore lefatše hase khubu ea lihloliloeng tsa leholimo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka mohlala, na hase ’nete hore kajeno, ba lumelang hore lintho li hlotsoe ba tsitlella hore Bibele e ruta hore lefatše le hlotsoe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24, empa mabaka ’ohle a bontša hore lefatše le na le lilemo tse limilione tse likete le le teng?

Ha e le hantle, Bibele ha e bolele hore lefatše ke khubu ea lihloliloeng tsa leholimo. Thuto eo e ne e le ea baeta-pele ba kereke ba neng ba sa khomarela Lentsoeng la Molimo. Tlaleho ea pōpo e ho Genese e fana ka monyetla oa hore lefatše le na le lilemo tse likete tsa limilione ’me ha e lekanyetse letsatsi le leng le le leng la pōpo lihoreng tse 24. (Genese 1:1, 5, 8, 13, 19, 23, 31; 2:3, 4) Ha Bibele e talingoa ka nepo, hoa bonahala hore le hoja e se buka ea ho ithuta ea saense, litaba tsa eona hase tsa “bothoto feela tjee.” Ha e le hantle, e lumellana ka ho feletseng le saense ea ’nete.a

‘Matla a ho Nahana’

Le hoja barutuoa ba bangata ba Jesu e ne e le banna le basali feela tjee, mohlomong ba bileng ba sa rutehang, ba ne ba e-na le letlotlo le leng leo ba ka le sebelisang le tsoang ho Molimo. Ho sa tsotellehe semelo sa bona, kaofela ba ne ba filoe matla a ho nahana le ho beha mabaka. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena hore ba sebelise ‘matla a bona a ho nahana’ ka botlalo e le hore ba “ka ipakela e le [bona] thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:1, 2.

Ka ‘matla a ho nahana’ ao ba a filoeng ke Molimo, Bakreste ba pele ba ile ba bona ka ho hlaka hore filosofi kapa thuto leha e le efe e sa lumellaneng le Lentsoe la Molimo le senotsoeng ha e na thuso. Ha e le hantle, mabakeng a mang banna ba bohlale ba mehleng ea bona, ba ne ba ‘hatella ’nete’ ’me ba hlokomoloha bopaki bo ba potolohileng ba hore Molimo o teng. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Le hoja ba ne ba tiisa hore ba bohlale, ba bile booatla.” Kahobane ba ne ba hana ’nete e mabapi le Molimo le merero ea hae, “ba ile ba fetoha ba thotofetseng menahanong ea bona ’me lipelo tsa bona tse seng bohlale li ile tsa fifala.”—Baroma 1:18-22; Jeremia 8:8, 9.

Ba ipolelang hore ba bohlale ba atisa ho fihlela liqeto tse kang “Molimo ha a eo” kapa “Bibele ha ea lokela ho tšeptjoa” kapa “‘Matsatsi’ ana hase ‘a ho qetela.’” Maikutlo a joalo ke a booatla mahlong a Molimo joaloka ho etsa qeto ea hore “2 e lekana le 1.” (1 Bakorinthe 3:19) Ho sa tsotellehe hore na batho ba bolela hore ba na le matla a makae, ha ua tlameha ho amohela liqeto tsa bona haeba li hanyetsa Molimo, li hlokomoloha Lentsoe la hae, ’me li fapana le ntho e nang le kelello. Qetellong, bohlale ke hore kamehla ‘Molimo a fumanoe a e-na le ’nete, le hoja motho e mong le e mong a fumanoa e le ea leshano.’—Baroma 3:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso, bona buka e bitsoang Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le Is There a Creator Who Cares About You?, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho fapana le maikutlo a fetohang a batho, Bibele e fana ka motheo o tiileng oa tumelo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Left, Epicurus: Photograph taken by courtesy of the British Museum; upper middle, Plato: National Archaeological Museum, Athens, Greece; right, Socrates: Roma, Musei Capitolini

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela