Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/15 maq. 28-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bofebe—Na U Lokela ho Tšoarela Kapa ho se Tšoarele?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/15 maq. 28-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke ho isa bohōleng bofe mosali oa Mokreste ea tšepahalang a lokelang ho hana ha monna oa hae a mo hlala?

Tšimolohong ea lenyalo la batho, Molimo o ile a re monna le mosali ba lokela ho ‘khomarelana.’ (Genese 2:18-24) Batho e ile ea e-ba ba sa phethahalang, ’me sena se ile sa fella ka mathata manyalong a mangata, empa takatso ea Molimo ke hore balekane ba ’ne ba khomarelane. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ho batho ba lenyalong ke fana ka litaelo, empa leha ho le joalo eseng ’na empa Morena, hore mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae; empa haeba ka sebele a ka tloha, a a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae; ’me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae.”—1 Bakorinthe 7:10, 11.

Mantsoe ao a bontša hore ho batho ba sa phethahalang ka linako tse ling molekane e mong o etsa qeto ea ho siea e mong. Ka mohlala, Pauluse o ile a bolela hore haeba molekane e mong a tloha ho e mong, ka bobeli ba lokela hore ba ‘lule ba se lenyalong.’ Hobane’ng? Ha e le hantle, molekane e mong o tsamaile, empa mahlong a Molimo ba babeli bana ba tsoela pele ba tlamelletsoe hammoho. Pauluse o ne a ka bua joalo hobane Jesu o ne a behile tekanyetso ea lenyalo la Bokreste: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola [Segerike, por·neiʹa], ’me a nyala e mong o etsa bofebe.” (Matheu 19:9) Motheo oo e leng oona feela oa tlhalo eo ho ea ka Mangolo e qhalang lenyalo ke “bohlola,” ke hore, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Ka sebele, tabeng eo Pauluse a neng a bua ka eona, ho ne ho se molekane ea neng a kopanetse boitšoarong bo bobe, ka hona, ho tloha ha monna kapa ha mosali, ha hoa qhala lenyalo mahlong a Molimo.

Ka mor’a sena Pauluse o bua ka boemo boo ho bona Mokreste oa ’nete a nang le molekane ea sa lumelang. Nahana ka litaelo tsa Pauluse: “Haeba ea sa lumelang a qala ho tloha, a a tlohe; mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ha a bohlankeng tlas’a maemo a joalo, empa Molimo o le bitselitse khotsong.” (1 Bakorinthe 7:12-16) Mosali ea tšepahalang a ka etsa joang haeba monna oa hae ea sa lumelang a ne a ka mo siea, ’me a batla ho mo hlala ka molao?

A ka ’na a khetha hore monna a se ke a mo hlala. Ho ka etsahala hore ebe o ntse a mo rata, mohlomong o elelloa litlhoko tsa bona ka bobeli tsa maikutlo le tsa likamano tsa botona le botšehali, ’me oa tseba hore eena le bana ba tlaase lilemong ba hloka ho hlokomeloa nameng. Mohlomong o bile o na le tšepo ea hore, ha nako e ntse e feta, monna oa hae e tla ba molumeli ’me a bolokehe. Empa haeba a nkile mehato ea ho khaola lenyalo (ka mabaka a itseng ao e seng a Mangolo), mosali a ka mo tlohela hore “a tlohe,” joalokaha Pauluse a ngotse. Ho ne ho tla ba joalo haeba monna ea lumetseng a ne a hlokomoloha pono ea Molimo ka lenyalo ’me a tsitlellela ho tloha ho mosali oa hae.

Leha ho le joalo, boemong bo joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore mosali a itšireletse le bana ka molao. Joang? A ka rata ho fuoa tokelo ea molao ea ho hlokomela bana ba hae ba ratoang e le hore a tsoele pele ho ba bontša lerato la ’mè, a ba koetlise boitšoarong le ho kenya ka ho bona tumelo e thehiloeng lithutong tse molemo tsa Bibele. (2 Timothea 3:15) Tlhalo e ka beha litokelo tsa hae kotsing. Kahoo, a ka ’na a nka bohato ba hore a emeloe ka ho loketseng ka pel’a babusi e le hore a sireletse tokelo ea hae ea ho lula le bana ba hae le ho tiiseha hore monna oa hae o tlamehile ho phelisa lelapa leo a le sieang. Libakeng tse ling, mosali ea hanyetsang tlhalo ka molao a ka tekena litokomane tsa molao tse bontšang maemo a laolang ho fuoa tokelo ea molao ea ho hlokomela bana le a laolang ho fuoa chelete ea ho phelisa lelapa, a sa lumellane le tlhalo eo monna oa hae a e batlang. Libakeng tse ling, mantsoe a litokomane tsena a bontša hore o lumellana le tlhalo; kahoo, haeba monna oa hae a le molato oa bofebe, ha mosali a li tekena ho ne ho tla bolela hore oa mo lahla.

Ba bangata motseng le phuthehong ba ke ke ba tseba makolopetso, a kang hore na tlhalo e fumanoe motheong oa Mangolo kapa che. Ka hona, pele lintho li e-ea hōle hakaalo, ho ka ba molemo hore mosali a tsebise molebeli ea okamelang le moholo e mong ka phuthehong (ho molemo ha e ka ba ka lengolo) lintlha tse amehang. Ka tsela eo lintlha tseo li tla be li tsejoa haeba ho ka etsahala hore ho hlahe lipotso mabapi le taba ena—ka nako eo kapa hamorao.

A re khutleleng tlhalosong ea Jesu: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong o etsa bofebe.” Haeba monna a ne a hlile a le molato oa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali empa a batla ho lula a nyalane le mosali oa hae, mosali (e leng eena ea seng molato mohlaleng oa Jesu) o lokela ho ikhethela hore na o tšoarela monna oa hae ’me ba tsoele pele ho kopanela liphate kapa ho mo lahla. Haeba a rata ho tšoarela monna oa hae oa molao le ho tsoela pele ho phela le eena, ha aa silafala boitšoarong ka ho etsa joalo.—Hosea 1:1-3; 3:1-3.

Haeba monna ea kopanetseng boitšoarong bo bobe a batla ho hlala, mosali a ka ’na a rata ho mo tšoarela, a tšepile hore o tla khutla. A itšetlehile ka letsoalo la hae le boemo ba hae, ho tsoa ho eena ho etsa qeto ea hore na o hanyetsa ka molao bohato ba hae ba ho hlala. Libakeng tse ling mosali ea hanyetsang tlhalo ka molao a ka ’na a khona ho tekena litokomane tse fanang ka tumello ea ho fuoa tokelo ea molao ea ho hlokomela bana le ea ho fuoa chelete ea ho phelisa lelapa a sa bontše hore o lumellana le tlhalo; ho tekena ha hae litokomane tse joalo ka bohona ho ne ho ke ke ha bontša hore oa mo lahla. Leha ho le joalo, libakeng tse ling mosali ea hanyetsang tlhalo ka molao a ka ’na a kōptjoa ho tekena litokomane tse bontšang hore o lumellana le tlhalo; ho tekena ha hae ho ne ho tla bontša hore o lahla monna oa hae ea molato.

Ho qoba ho se utloisise ho ka ’nang ha e-ba teng, ho ka ba molemo hore le tabeng ena mosali a fe baemeli ba phutheho lengolo le bontšang mehato e nkoang le morero oo e nkoang ka oona. A ka bontša hore o boleletse monna oa hae hore o rata ho mo tšoarela le ho ba mosali oa hae. Seo se ne se tla bolela hore o hlaliloe a sa rate; ho e-na le ho lahla monna oa hae, o ntse a rata ho mo tšoarela. Ka mor’a ho hlakisa ka tsela eo hore o rata ho tšoarela le ho lula lenyalong, ho tekena ha hae litokomane tse bontšang feela hore na litaba tsa lichelete le/kapa tsa ho fuoa tokelo ea molao ea ho hlokomela bana li lokela ho sebetsoa joang ho ne ho ke ke ha bontša hore o lahla monna oa hae.a

Kaha a totobalitse hore o rata ho mo tšoarela esita le ka mor’a tlhalo, eena kapa monna oa hae ha ba na bolokolohi ba ho nyala motho e mong. Haeba mosali, e leng eena molekane ea seng molato eo tšoarelo ea hae e hannoeng, hamorao a etsa qeto ea ho lahla monna ka lebaka la boitšoaro ba hae bo bobe ba botona le botšehali, joale ka bobeli ba tla lokoloha. Jesu o bontšitse hore molekane ea seng molato o na le tokelo ea ho etsa qeto e joalo.—Matheu 5:32; 19:9; Luka 16:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mehato ea molao le litokomane li fapana ho ea ka libaka. Litumellano tsa tlhalo tse bontšitsoeng litokomaneng tsa molao li lokela ho hlahlojoa ka hloko pele li ka tekenoa. Haeba mosali (kapa monna) ea seng molato a tekena litokomane tse bontšang hore ha a hane tlhalo eo molekane oa hae a e batlang, seo ke ho lahla molekane eo.—Matheu 5:37.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela