Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 1/1 maq. 13-22
  • Lerato la Hao le Pharaletse Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la Hao le Pharaletse Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato ka Lapeng
  • Ho Rata Barab’abo Rōna ba Bakreste
  • Re Rata Lefatše Joaloka Molimo
  • Rata Lira Tsa Hao
  • Re ka Hlaolela Lerato Joang?
  • Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U ‘Rata Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “U Rate Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 1/1 maq. 13-22

Lerato la Hao le Pharaletse Hakae?

“U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—MATHEU 22:39.

1. Haeba re rata Jehova, ke hobane’ng ha re lokela ho rata le baahelani ba rōna?

HA Jesu a ne a botsoa hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, o ile a araba, a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.” Eaba joale o qotsa taelo ea bobeli e tšoanang le ea pele, a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:37, 39) E, lerato la moahelani ke letšoao la hore motho ke Mokreste. Ka sebele, haeba re rata Jehova, re lokela ho rata baahelani ba rōna. Hobane’ng? Hobane re bontša lerato la rōna ho Molimo ka ho mamela Lentsoe la hae, ’me Lentsoe la hae le re laela hore re rate baahelani ba rōna. Kahoo, haeba re sa rate bara le barali babo rōna, lerato la rōna ho Molimo e ke ke ea e-ba la ’nete.—Baroma 13:8; 1 Johanne 2:5; 4:20, 21.

2. Re lokela ho ba le lerato la mofuta ofe ho baahelani ba rōna?

2 Ha Jesu a ne a re re lokela ho rata baahelani ba rōna, o ne a bua ka ho hong ho fetang setsoalle. O ne a bua ka lerato le fapaneng le le teng ka tlhaho ka malapeng kapa le teng lipakeng tsa monna le mosali. O ne a bua ka mofuta oa lerato leo Jehova a nang le lona ho bahlanka ba hae ba inehetseng le leo ba nang le lona ho eena. (Johanne 17:26; 1 Johanne 4:11, 19) Mongoli e mong oa Mojuda—eo Jesu a ileng a lemoha hore o bua ka bohlale—o ile a lumellana le Jesu ka hore ho rata Molimo ho lokela ho etsoa “ka pelo ea motho le ka kutloisiso eohle ea motho le ka matla ’ohle a motho.” (Mareka 12:28-34) O ne a nepile. Lerato leo Mokreste a le hlaolelang ho Molimo le ho moahelani le akarelletsa maikutlo a rōna le matla a rōna a ho nahana. Le utloahala ka pelong ’me le tataisoa ke kelello.

3. (a) Jesu o ile a ruta ‘monna ea rutehileng Molaong’ joang hore a be le pono e pharaletseng ea hore na moahelani oa hae ke mang? (b) Papiso ea Jesu e sebetsa joang ho Bakreste kajeno?

3 Ho latela tlaleho ea Luka, ha Jesu a ne a re re lokela ho rata baahelani ba rōna, “monna ea itseng ea rutehileng Molaong” o ile a botsa: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Jesu o ile a araba ka setšoantšo. Monna e mong o ile a otloa, a k’hothotsoa, ’me a siuoa ka thōko ho tsela a le makhatheng a lefu. Ho ile ha feta moprista pele eaba o lateloa ke Molevi. Ba ile ba mo hlokomoloha bobeli ba bona. Qetellong, ho ile ha tla Mosamaria, a bona monna ea lemalitsoeng, ’me a mo tšoara ka mosa o moholo. Ho baa ba bararo, ke ofe eo e bileng moahelani oa monna ea lemetseng? Karabo e ne e totobetse. (Luka 10:25-37) Ho ka etsahala hore ebe monna ea rutehileng Molaong o ile a tšoha ha a utloa Jesu a re Mosamaria e ka ba moahelani ea molemo ho feta moprista le Molevi. Ho hlakile hore Jesu o ne a thusa monna eo hore a rate moahelani oa hae ka tsela e pharaletseng haholoanyane. Bakreste le bona ba rata ka tsela e joalo. Nahana ka bohle bao lerato la bona le ba akarelletsang.

Lerato ka Lapeng

4. Mokreste o qala hokae ha a bontša lerato?

4 Bakreste ba rata litho tsa malapa a bona—basali ba rata banna, banna ba rata basali, batsoali ba rata bana. (Moeklesia 9:9; Baefese 5:33; Tite 2:4) Ke ’nete hore maqhama a lerato la tlhaho a teng ka malapeng a mangata. Leha ho le joalo, litlaleho tsa manyalo a qhalaneng, ho hlekefetsoa ha balekane, bana ba lahliloeng kapa ba hlekefetsoang, li bontša hore lelapa le bothateng kajeno, ’me e ka ’na eaba katamelano ea tlhaho ea lelapa ha ea lekana hore le momahane. (2 Timothea 3:1-3) E le hore Bakreste ba atlehise bophelo ba malapa a bona e le kannete, ho hlokahala hore ba bontše lerato la mofuta oo Jehova le Jesu ba nang le lona.—Baefese 5:21-27.

5. Batsoali ba kōpa thuso ho mang ha ba hōlisa bana ba bona, ’me see se bile le liphello life ho ba bangata?

5 Batsoali ba Bakreste ba talima bana ba bona e le letlotlo leo Jehova a le behileng tlhokomelong ea bona, ’me ba kōpa thuso ho eena ha ba ba hōlisa. (Pesaleme ea 127:3-5; Liproverbia 22:6) Ka tsela ena ba hlaolela lerato la Bokreste, le ba thusang ho sireletsa bana ba bona litšusumetsong tse silafatsang tseo bacha ba ka ’nang ba oela lerabeng la tsona. Ka lebaka leo, batsoali ba bangata ba Bakreste ba bile le thabo e tšoanang le ea ’mè e mong oa Netherlands. Ka mor’a ho shebella ha mora oa hae a kolobetsoa—e le e mong oa ba 575 ba kolobelitsoeng Netherlands selemong se fetileng—o ile a ngola se latelang: “Motsotsong ona, letsete la ka la lilemo tse fetileng tse 20 le mpuselelitse. Nako eohle le matla—hammoho le bohloko, boiteko le masoabi—ke li lebetse.” O thabile hakaakang hore ebe mora oa hae o ile a ikhethela ho sebeletsa Jehova! Tlhoro ea bahoeletsi ba 31 089 ba neng ba tlaleha Netherlands selemong se fetileng e akarelletsa ba bangata ba ileng ba ithuta ho rata Jehova ho batsoali ba bona.

6. Lerato la Bokreste le ka thusa joang ho matlafatsa maqhama a lenyalo?

6 Pauluse o ile a bitsa lerato “tlamo e phethahetseng ea kopano,” ’me le ka boloka bonngoe ba lenyalo esita le linakong tse boima. (Bakolose 3:14, 18, 19; 1 Petrose 3:1-7) Ha monna e mong oa sehlekehlekeng se seng se senyenyane sa Rurutu, se ka bang lik’hilomithara tse 700 ho tloha Tahiti, a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, mosali oa hae o ne a hanyetsa ka matla. Qetellong, mosali o ile a nka bana, a mo tlohela, ’me a ea lula Tahiti. Ho sa tsotellehe seo, monna o ile a bontša lerato la hae ka ho mo romella chelete kamehla le ka ho founa ho botsa hore na ho na le seo eena kapa bana ba se hlokang. Kahoo, o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho phethahatsa seo a tlamehileng ho se etsa joaloka Mokreste. (1 Timothea 5:8) O ne a rapela a sa phetse hore lelapa la hae le boelane, ’me qetellong mosali oa hae o ile a khutla. Ha a khutlile, monna o ile a mo tšoara ka “lerato, mamello [le] maikutlo a bonolo.” (1 Timothea 6:11) Ka 1998, monna enoa o ile a kolobetsoa ’me hamorao a thaba haholo ha mosali oa hae a lumela ho ithuta Bibele. Thuto eo e bile e ’ngoe ea tse 1 351 tse ileng tsa tšoaroa selemong se fetileng tšimong e tlas’a lekala la Tahiti.

7. Ho latela monna e mong oa Jeremane, lenyalo la hae le ile la matlafatsoa ke eng?

7 Jeremane monna e mong o ile a hanyetsa mosali oa hae ha a thahasella ’nete ea Bibele ’me o ne a kholisehile hore Lipaki tsa Jehova li batla ho mo thetsa. Leha ho le joalo, hamorao o ile a ngolla Paki e ileng ea buisana le mosali oa hae ka lekhetlo la pele, a re: “Ke leboha ha u kopantse mosali oa ka le Lipaki tsa Jehova. Qalong, ke ne ke tšoenyehile hobane ke ne ke utloile lintho tse ngata tse mpe ka tsona. Empa hona joale, kaha ke bile libokeng le mosali oa ka, kea hlokomela hore na ke ne ke fositse hakaakang! Kea tseba hore seo ke se utloang ke ’nete, ’me se matlafalitse lenyalo la rōna haholo.” Lipaki tsa Jehova tse 162 932 Jeremane—le tse 1 773 lihlekehlekeng tse tlas’a lekala la Tahiti—li akarelletsa malapa a mangata a kopantsoeng ke lerato la bomolimo.

Ho Rata Barab’abo Rōna ba Bakreste

8, 9. (a) Ke mang ea re rutang ho rata barab’abo rōna, ’me lerato le re susumelletsa ho etsa’ng? (b) Fana ka mohlala oa kamoo lerato le ka thusang barab’abo rōna ho tšehetsana.

8 Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Thesalonika: “Lōna ka bolōna le rutoa ke Molimo ho ratana.” (1 Bathesalonika 4:9) E, “ba rutoang ke Jehova” baa ratana. (Esaia 54:13, NW) Lerato la bona le bonahatsoa ka liketso, joalokaha Pauluse a ile a bontša ha a re: “Ka lerato le sebeletsane joaloka makhoba.” (Bagalata 5:13; 1 Johanne 3:18) Ka mohlala, sena ba se etsa ha ba etela bara le barali babo bona ba kulang, ba khothatsa ba imetsoeng maikutlong le ha ba tšehetsa ba fokolang. (1 Bathesalonika 5:14) Lerato la rōna la ’nete la Bokreste le tlatsetsa khōlong ea paradeise ea rōna ea moea.

9 Phuthehong ea Ancón—e ’ngoe ea liphutheho tse 544 tsa Ecuador—barab’abo rōna ba ile ba bontša lerato la bona ka tsela e molemo. Maqakabetsi a tsa lichelete a ile a ba siea ba sa sebetse ba bile ba se na meputso, ka hona bahoeletsi ba ile ba etsa qeto ea ho bokella chelete ka ho rekisetsa batšoasi ba moo ba litlhapi lijo ha ba khutlela malapeng ka mor’a ho tšoasa litlhapi bosiu. E mong le e mong o ile a kenya letsoho, ho akarelletsa le bana. Ba ne ba tlameha ho qala ka hora ea pele hoseng e le hore lijo li be li lokile ka hora ea bone hoseng ha batšoasi ba litlhapi ba khutla. Chelete eo barab’abo rōna ba neng ba e etsa ba ne ba e arolelana ho latela litlhoko tsa bona. Thuso e kopanetsoeng joalo e ile ea bontša lerato la ’nete la Bokreste.

10, 11. Re ka bontša lerato joang ho barab’abo rōna bao re sa ba tsebeng?

10 Leha ho le joalo, lerato la rōna ha le felle feela ho Bakreste bao re ba tsebang. Moapostola Petrose o itse: “Le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Petrose 2:17) Re rata bara le barali bohle babo rōna kahobane kaofela ke barapeli-’moho le rōna ba Jehova Molimo. Linako tsa maqakabetsi li ka ’na tsa hlahisa monyetla oa ho bontša lerato lena. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2000, likhohola tse matla li ile tsa senya Mozambique, ’me Angola teng ntoa e sa khaotseng ea lehae e siile ba bangata e le mafutsana. Palo e khōlō ea barab’abo rōna ba 31 725 Mozambique le ba 41 222 Angola e anngoe ke liketsahalo tsena. Kahoo, Lipaki tsa Afrika Boroa e haufi le moo, li ile tsa romella lintho tse ngata tse hlokahalang ho fokotsa matšoenyeho a barab’abo tsona ba linaheng tseo. Boikemisetso ba tsona ba ho fa barab’abo tsona ba hlokang seo e leng “botlallo” ho tsona bo bontšitse lerato la tsona.—2 Bakorinthe 8:8, 13-15, 24.

11 Lerato le bonahala hape ha barab’abo rōna ba linaheng tse ngata ba ntša menehelo ea ho haha Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano linaheng tse sa emang hantle moruong. Mohlala ke oa Lihlekehleke tsa Solomon. Ho sa tsotellehe merusu e mengata, Lihlekehlekeng tsa Solomon ho bile le keketseho ea karolo ea 6 lekholong ea bahoeletsi selemong se fetileng, ka tlhoro ea bahoeletsi ba 1 697. Ba ile ba lokisetsa ho haha Holo ea Kopano. Le hoja baahi ba bangata ba lihlekehlekeng ba ne ba balehela ka ntle ho naha, baithaopi ba ile ba hlaha Australia ho tla thusa ho haha. Qetellong, baithaopi ba ile ba tlameha ho tsamaea, empa e le ka mor’a hore ba koetlise barab’abo rōna ba moo ho qetela motheo. Litšiea tsa tšepe tsa holo ena tse kopantsoeng pele li hlongoa li ile tsa romeloa li e-tsoa Australia, ’me ho phethoa ha mohaho ona o motle oa borapeli ho etsahetseng ka nako eo litša tse ngata li tlohetsoeng feela—ho tla fana ka bopaki bo botle mabapi le lebitso la Jehova le lerato la barab’abo rōna.

Re Rata Lefatše Joaloka Molimo

12. Re etsisa Jehova joang ka boikutlo boo re nang le bona ho ba seng tumelong le rōna?

12 Na lerato la rōna le fella feela malapeng a rōna le mokhatlong oa rōna oa bara ba motho? Ha ho joalo haeba re “baetsisi ba Molimo.” Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Baefese 5:1; Johanne 3:16) Joaloka Jehova Molimo, re etsa lintho ka lerato ho bohle—ho akarelletsa le ba seng tumelong e le ’ngoe le rōna. (Luka 6:35, 36; Bagalata 6:10) Ka lebaka lena, re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso hape re bolella ba bang ka ketso e khōlō ea lerato eo Molimo a ba etselitseng eona. Sena se ka fella ka poloko ho bohle ba mamelang.—Mareka 13:10; 1 Timothea 4:16.

13, 14. Ho na le liphihlelo life tsa barab’abo rōna ba ileng ba bontša lerato ho bao e seng Lipaki, ho sa tsotellehe ho ikhoreletsa ho hoholo?

13 Nahana ka bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bane ba Nepal. Ba ile ba fuoa kabelo motseng o ka boroa-bophirimela ho naha ena, ’me ka lilemo tse hlano tse fetileng, ba bontšitse lerato la bona ka ho paka ka tiisetso motse-moholo le metsaneng e o potolohileng. E le hore ba akaretse tšimo ea bona, ba atisa ho tsamaea lihora tse ngata ka libaesekele tekanyong ea mocheso o ka holimo ho likhato tse 40 tsa Celcius. Lerato la bona le “mamello mosebetsing o molemo” li hlahisitse liphello tse molemo ha sehlopha sa thuto ea buka se thehoa ho o mong oa metse ena. (Baroma 2:7) Ka March 2000, batho ba 32 ba ile ba tla ho tla mamela puo ea phatlalatsa ea molebeli oa potoloho ea neng a etile. Nepal e bile le tlhoro ea bahoeletsi ba 430 selemong se fetileng—e leng keketseho ea karolo ea 9 lekholong. Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa cheseho le lerato la barab’abo rōna naheng eo.

14 Colombia bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba ile ba ea bolela har’a Maindia a Wayuu. E le hore ba etse sena, ba ile ba tlameha ho ithuta puo e ncha, empa thahasello ea bona e lerato e ile ea putsoa ha ba 27 ba e-ba teng puong ea phatlalatsa ho sa tsotellehe pula ea litloebelele. Cheseho e lerato e kang e bontšitsoeng ke bo-pula-maliboho bana e tlatselitse keketsehong ea karolo ea 5 lekholong Colombia le tlhorong ea bahoeletsi ba 107 613. Denmark morali e mong oabo rōna ea hōlileng o ne a batla ho bolella ba bang litaba tse molemo, empa o ne a holofetse. Ka lebaka la ho se nyahame, o ile a iteanya le batho ba thahasellang ka ho ba ngolla mangolo. Hona joale, o ngollana le batho ba 42 ’me o khanna lithuto tsa Bibele tse 11. Ke e mong oa bahoeletsi ba ileng ba tlaleha Denmark selemong se fetileng bao tlhoro ea bona e leng 14 885.

Rata Lira Tsa Hao

15, 16. (a) Jesu o itse lerato la rōna e lokela ho ba le pharaletseng hakae? (b) Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba sebetsana ka lerato joang le motho ea neng a buile lintho tse fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova?

15 Jesu o ile a bolella monna ea rutehileng Molaong hore Mosamaria o ne a ka nkoa e le moahelani. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a ntšetsa taba pele ha a re: “Le utloile hore ho ile ha thoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ipaka le le bara ba Ntate oa lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:43-45) Esita leha motho e mong a re hanyetsa, re leka hore re ‘’ne re hlōle bobe ka molemo.’ (Baroma 12:19-21) Haeba ho ka etsahala, re mo bolella ’nete eo e leng letlotlo la rōna la bohlokoa ka ho fetisisa.

16 Sehlooho se seng koranteng e bitsoang Kremenchuk Herald, Ukraine, se ile sa bua ka Lipaki tsa Jehova sa re ke sehlopha sa bokhelohi se kotsi. Taba ena e ne e tebile kahobane Europe ba bang ba bua ka Lipaki tsa Jehova ka tsela ena e le hore ba hlohlelletse batho hore ba lumele hore ho khinoe kapa ho thibeloe mosebetsi oo Lipaki li o etsang. Kahoo, ho ile ha atameloa mohlophisi ’me a kōptjoa hore a hatise sehlooho se lokisang taba eo. O ile a lumela, empa sehloohong seo o ile a hatisa polelo e reng sehlooho sa pele se ne se thehiloe linneteng. Kahoo, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba ea ho eena hape ka boitsebiso bo eketsehileng. Qetellong, mohlophisi o ile a hlokomela hore sehlooho sa pele se ne se fosahetse, ’me o ile a hatisa taba e hulang mantsoe a hae. Ho sebetsana le eena ka sebete le ka mosa e ne e le tsela e lerato ea ho sebetsana le boemo bona, ’me ho ile ha hlahisa liphello tse molemo.

Re ka Hlaolela Lerato Joang?

17. Ke eng e bontšang hore ho ka ’na ha e-ba thata ka linako tse ling ho etsetsa ba bang lintho ka lerato?

17 Ha ngoana a hlaha, hang-hang batsoali ba ikutloa ba mo rata. Ho sebetsana ka lerato le batho ba baholo hase ntho ea tlhaho joalo kamehla. Mohlomong ke ka lebaka leo Bibele ka ho pheta-pheta e re bolellang hore re ratane—ke ntho eo re lokelang ho e hlaolela. (1 Petrose 1:22; 4:8; 1 Johanne 3:11) Jesu o ne a tseba hore lerato la rōna le tla lekoa ha a ne a re re lokela ho tšoarela barab’abo rōna “ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” (Matheu 18:21, 22) Pauluse le eena o ile a re phehella hore re ‘tsoele pele ho mamellana.’ (Bakolose 3:12, 13) Hase feela re bolelloang hore re ‘phehelle lerato’! (1 Bakorinthe 14:1) See re ka se etsa joang?

18. Ke eng se tla re thusa ho hlaolela ho rata ba bang?

18 Ntho ea pele, kamehla re ka hopola lerato leo re nang le lona ho Jehova Molimo. Lerato lena ke tšusumetso e matla ea ho rata moahelani. Hobane’ng? Hobane ha re etsa joalo, sena se hlahisa Ntat’a rōna oa leholimo hantle ’me sea mo tlotlisa le ho mo rorisa. (Johanne 15:8-10; Bafilippi 1:9-11) Ntho ea bobeli, re ka leka ho bona lintho ka leihlo la Jehova. Nako le nako ha re etsa sebe, re siteloa Jehova; empa o re tšoarela khafetsa ’me o tsoela pele ho re rata. (Pesaleme ea 86:5; 103:2, 3; 1 Johanne 1:9; 4:18) Ha re hlaolela pono ea Jehova, re tla sekamela ho rateng ba bang le ho ba tšoareleng ha ba re sitetsoe. (Matheu 6:12) Ntho ea boraro, re ka sebetsana le ba bang ka tsela eo re batlang hore ba sebetsane le rōna ka eona. (Matheu 7:12) Kaha ha rea phethahala, re hloka tšoarelo hangata. Ka mohlala, ha re bua lintho tse hlabehisang ba bang, re ba le tšepo ea hore ba tla hopola hore e mong le e mong o sitoa ka leleme nako le nako. (Jakobo 3:2) Haeba re batla hore ba bang ba sebetsane le rōna ka lerato, re lokela ho sebetsana le bona ka lerato.

19. Re ka batla thuso ea moea o halalelang joang ha re hlaolela lerato?

19 Ntho ea bone, re ka batla thuso ea moea o halalelang hobane lerato ke karolo ea litholoana tsa moea oo. (Bagalata 5:22, 23) Hangata setsoalle, kamano ea lelapa le lerato le pakeng tsa monna le mosali ke lintho tse susumetsoang ke tlhaho. Empa re hloka thuso ea moea oa Jehova ho hlaolela lerato leo Jehova a nang le lona, lerato leo e leng tlamo e phethahetseng ea kopano. Re ka batla thuso ea moea o halalelang ka ho bala Bibele e bululetsoeng. Ka mohlala, haeba re ithuta bophelo ba Jesu, re tla bona kamoo a ileng a sebetsana le batho kateng, ’me re ka ithuta ho mo etsisa. (Johanne 13:34, 35; 15:12) Ho feta moo, re ka kōpa moea o halalelang ho Jehova, haholo maemong a re thatafalletsang ho etsa lintho ka tsela e lerato. (Luka 11:13) Qetellong, re ka phehella lerato ka ho lula haufi le phutheho ea Bokreste. Ho ba le bara le barali babo rōna ba lerato ho re thusa ho hlaolela lerato.—Liproverbia 13:20.

20, 21. Lipaki tsa Jehova li bontšitse lerato la tsona ka tsela e hlahelletseng joang selemong sa tšebeletso sa 2000?

20 Selemong se fetileng, ho bile le tlhoro ea bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 6 035 564 lefatšeng ka bophara. Ka kakaretso Lipaki tsa Jehova li qetile lihora tse 1 171 270 425 li batla batho bao li ka ba bolellang litaba tse molemo. Lerato ke lona le ileng la li etsa hore li mamelle mocheso, pula le serame, ha li ntse li etsa mosebetsi ona. Lerato ke lona le ileng la li susumelletsa ho bua le bao li kenang sekolo le bona le bao li sebetsang le bona le ho bua le batho bao li sa ba tsebeng literateng le libakeng tse ling. Ba bangata bao Lipaki li ileng tsa ba etela ba ne ba sa thahaselle, ba seng bakae ba ne ba hanyetsa. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba bontša thahasello, hoo ho ileng ha etsoa maeto a ho boela a 433 454 049, ’me ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 4 766 631.a

21 See sohle e bile pontšo e kaakang ea lerato leo Lipaki tsa Jehova li nang le lona ho Molimo oa tsona le ho baahelani ba tsona! Lerato leo le ke ke la tapa le ka mohla. Re kholisehile hore selemong sa tšebeletso sa 2001 batho ba tla pakeloa haholoanyane. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa barapeli ba hae ba tšepahalang le ba chesehang ha ba ntse ba ‘etsa litaba tsohle tsa bona ka lerato’!—1 Bakorinthe 16:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso a feletseng a Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2000, bona chate e leqepheng la 18-21.

Na U ka Hlalosa?

• Re etsisa mang ha re rata baahelani ba rōna?

• Lerato la rōna le lokela ho pharalla hakae?

• Liphihlelo tse ling tse bontšang lerato la Bokreste ke life?

• Re ka hlaolela lerato la Bokreste joang?

[Chate e leqepheng la 18-21]

TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2000 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Lerato la Bokreste le ka momahanya lelapa

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

LLerato le re susumelletsa ho bolella ba bang ka tšepo ea rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela