Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 1/15 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlaolela Bokhabane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlaolela Bokhabane?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Hlaolelang Bokhabane Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na U Phehella Bokhabane?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Joang Re ka Ekeletsang Bokhabane Tumelong ea Rōna?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Arabela Litšepisong tsa Molimo ka ho Sebelisa Tumelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 1/15 leq. 3

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Hlaolela Bokhabane?

MONNA e mong oa Mojapane ea lilemong tse bohareng ea bitsoang Kunihito o sa tsoa fallela United States.a Libeke tse seng kae ka mor’a hore a fihle, o ile a tobana le boemo bo ka beng bo ile ba mo sitisa ho finyella lipakane tsa hae tsa ho phahamisoa mosebetsing. Kunihito o re: “Ha mookameli oa ka a mpotsa hore na nka amohela boikarabelo bo itseng, ke ne ke kholisehile hantle hore nka bo amohela. Empa, kaha ke hōlisitsoe ka maikutlo a hore ho inyenyefatsa ke bokhabane, ke ile ka araba: ‘Ha ke tsebe hantle hore na nka khona, empa ke tla leka ka hohle.’ Ho mookameli oa ka oa Moamerika, ho ile ha utloahala eka ha ke tšoanelehe ebile ha kea kholiseha. Ha ke tseba seo, ke ile ka hlokomela hore ho hlokahala hore ke fetole maikutlo a ka.”

Maria, ea lulang New York City, e ne e le seithuti se ipabolang, kamehla a thabela ho thusa ba sehlopheng se le seng le eena. Juan e ne e le seithuti-’moho le eena se neng se kōpa thuso ea Maria ka linako tse ling. Empa o ne a boetse a thahasella ho mo fereha ’me a leka ho mo khahlisa. Ho sa tsotellehe takatso ea Maria ea ho lula a hloekile boitšoarong, o ile a inehela ha Juan a mo fereha eaba o ameha boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.

Ho ba khabane lefatšeng la kajeno la litso tse sa tšoaneng le le bolileng boitšoarong, ke phephetso ea sebele. Ebe ke hobane’ng ha u lokela ho hlaolela bokhabane? Ke kahobane Molimo o thabisoa ke boitšoaro bo khabane, ’me boholo ba rōna ka sebele re lakatsa ho fumana mohau oa hae.

Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le khothalletsa babali ba lona ho hlaolela bokhabane. Ka mohlala, moapostola Pauluse oa ngola: “Bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Moapostola Petrose o re phehella ho etsa ‘boiteko bo tiileng ho eketsa tumelong ea rōna bokhabane.’ (2 Petrose 1:5) Empa bokhabane ke eng? Na bo ka rutoa ka phaposing ea ho rutela? Re ka bo hlaolela joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela