U ka Hlōla ho Nyahama!
MONNA e mong ea bohlale o kile a ngola a re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) Haeba u kile ua nyahama, mohlomong u tla lumellana le polelo eo.
Ha ho motho ea sa angoeng ke liphello tsa ho nyahama. Ho nyahama hanyenyane ho ka ’na ha nka letsatsi kapa a mabeli ebe hoa fela. Empa ho utloa bohloko kapa ho khopeha ho ka ’na ha tsoela pele haleletsana. Bakreste ba bang ba ’nileng ba tšepahala ka lilemo, ba nyahame hoo ba bileng ba khaolitseng ho ba teng libokeng tsa phutheho le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.
Haeba u ikutloa u nyahame, khothala! Linakong tse fetileng, bahlanka ba tšepahalang ba ile ba hlōla ho nyahama, ’me ka thuso ea Molimo, le uena u ka ho hlōla.
Ha ba Bang ba U Utloisa Bohloko
U ke ke ua lebella hore u sireletsehe polelong e ’ngoe le e ’ngoe e bontšang botlaila kapa ketsong e sa bontšeng ho nahanela. Leha ho le joalo, u ka hana ho lumella mefokolo ea ba bang hore e kena-kenane le tšebeletso ea hao ho Jehova. Haeba e mong a u utloisitse bohloko, u ka ’na ua bona ho le molemo ho nahana ka tsela eo ka eona Anna, ’mè oa Samuele, a ileng a sebetsana le boemo bo nyahamisang.
Anna o ne a batla ngoana ka tieo, empa e ne e le nyopa. Penina, mohalitsong oa hae, o ne a se a tsoaletse monna oa hae bara le barali. Ho e-na le ho nahanela Anna mahlomoleng a hae, Penina o ne a mo talima e le eo a qothisanang lehlokoa le eena ’me a bontša boikutlo bo joalo ho eena, hoo Anna “a neng a lla ’me a sa je.”—1 Samuele 1:2, 4-7.
Ka letsatsi le leng Anna o ile a ea tabernakeleng ho ea rapela. Eli, moprista ea phahameng oa Iseraele, o ile a mo bona a ntse a bebenya melomo. Kaha o ne a sa hlokomele hore Anna oa rapela, Eli o ile a etsa qeto ea hore e tlameha ebe o tahiloe. A re: “U tla itšoara joaloka ea tahiloeng halelele hakae? Tlosa veine ea hao ho uena.” (1 Samuele 1:12-14) Na u ka nahana kamoo e tlamehang ebe Anna o ile a ikutloa kateng? O ne a tlile tabernakeleng ho tla fumana khothatso. Ka sebele o ne a sa lebella ho qosoa ka bohata ke e mong oa banna ba nang le tšusumetso e matla haholo Iseraeleng!
Boemo bona bo ka be bo entse hore ho be bonolo hore Anna a nyahame haholo. A ka be a ile a tloha tabernakeleng hang, a ikana hore ha a sa tla khutlela teng hafeela Eli a ntse a sebeletsa ho eona e le moprista ea phahameng. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Anna o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa. O ne a tseba hore a ke ke a thaba haeba a ka etsa ntho e joalo. Tabernakele e ne e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Jehova o ne a behile lebitso la hae ho eona. A ntse a sa phethahala joalo, Eli o ne a khethiloe ke Jehova hore e be moemeli oa hae.
Karabelo ea Anna e bontšang tlhompho ha Eli a mo qosa ke mohlala o khethehileng ho rōna kajeno. Ha aa ka a lumella hore a qosoe ka bohata, empa o ile a arabela ka tsela e bontšang tlhompho. A re: “Che, moren’a ka! ’Na ke mosali ea tšoenyehileng moeeng; ha kea noa veine le joala bo tahang, empa ke tšollela moea oa ka ka pel’a Jehova. U se ke ua etsa lekhabunyane la hao joaloka mosali ea se nang molemo, etsoe ke ka lebaka la ho tšoenyeha ha ka ho hoholo le khalefo ea ka ke buileng ho fihlela joale.”—1 Samuele 1:15, 16.
Na Anna o ile a atleha ho hlakisa seo a neng a se bolela? Ka sebele. Empa o ile a bua le Eli ka masene, a sa itete sefuba ho mo tšoaea phoso ka lebaka la qoso ea hae ea bohata. Ka lehlakoreng le leng, Eli o ile a mo arabela ka mosa, a re: “Tsamaea ka khotso, ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla eo u e kōpileng ho eena.” Hang ha taba eo e lokisitsoe, Anna o ile “a tsamaea ’me a ja, ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.”—1 Samuele 1:17, 18.
Re ithuta eng tlalehong ee? Anna o ile a potlakela ho lokisa phapang, empa o ile a etsa joalo ka tlhompho e tebileng. Ka lebaka leo, o ile a lula a e-na le kamano e ntle le Jehova le Eli. Ke hangata hakaakang puisano e ntle le masene a seng makae li ka thibelang mathata a manyenyane ho hōla!
Re tlameha ho hlokomela hore ho lokisa liphapang le ba bang ho hloka boikokobetso le hore batho ba amehang ba se ke ba e-ba manganga. Haeba morapeli-’moho le uena a sitoa ho arabela ha u leka ho lokisa phapang, u ka ’na ua tlameha ho tlohella taba eo matsohong a Jehova, u tšepile hore o tla sebetsana le eona ka nako ea hae le ka tsela ea hae.
Na U Lahlehetsoe ke Tokelo ea Tšebeletso?
Ba bang ba nyahamisitsoe ke ho tlameha ho tlohela tokelo eo ba neng ba e rata tšebeletsong ea Molimo. Ba ne ba thabela ho sebeletsa barab’abo bona, ’me ha tokelo eo e lahleha, ba ile ba e-ba le boikutlo ba hore ha ba sa na thuso ho Jehova kapa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Haeba u ikutloa ka tsela eo, u ka fumana kutloisiso ka ho hlahloba mohlala oa mongoli oa Bibele Mareka, ea boetseng a bitsoang Johanne Mareka.—Liketso 12:12.
Mareka o ne a tsamaea le Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele la boromuoa, empa ha ba le tseleng, o ile a ba siea ’me a khutlela Jerusalema. (Liketso 13:13) Hamorao, Barnabase o ne a batla ho tsamaea le Mareka leetong le leng. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Pauluse o ne a sa nahane hore ho loketse ho nka enoa hore ba tsamaee le eena, kaha o ne a tlohile ho bona Pamfilia ’me a sa ea le bona mosebetsing.” Barnabase o ile a hana. Tlaleho e tsoela pele: “Eaba ho ba le ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo [Pauluse le Barnabase] ba ileng ba arohana; eaba Barnabase o nka Mareka o tsamaea le eena ’me ba tloha ka sekepe ho ea Cyprase. Pauluse a khetha Silase eaba oa tloha.”—Liketso 15:36-40.
E tlameha ebe Mareka o ne a sithabetse ha a hlokomela hore moapostola Pauluse ea hlomphehang o ne a sa batle ho sebetsa le eena le hore khang e mabapi le litšoaneleho tsa hae e ne e entse hore Pauluse le Barnabase ba qabane. Empa taba ena ha e felle mona.
Pauluse le Silase ba ne ba sa ntse ba hloka motho ea tsamaeang le bona. Ha ba fihla Lystra, ba ile ba fumana motho ea ka nkang sebaka sa Mareka, ’me eo e ne e le mohlankana ea bitsoang Timothea. E ka ’na eaba ha Timothea a khethoa ho ne ho fetile lilemo tse peli kapa tse tharo a kolobelitsoe. Ka lehlakoreng le leng, Mareka e ne e bile setho sa phutheho ea Bokreste ho tloha ha e thehoa—ha e le hantle, halelele ho feta Pauluse ka boeena. Empa, kabelo ena e khethehileng e ile ea fuoa Timothea.—Liketso 16:1-3.
Mareka o ile a itšoara joang ha a hlokomela hore sebaka sa hae se nkiloe ke monna e monyenyane ho eena le eo phihlelo ea hae e leng nyenyane ho ea hae? Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo, e bontša hore Mareka o ile a lula a le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova. O ile a sebelisa hamolemo litokelo tseo a neng a e-na le tsona. Le hoja a ne a sa khone ho sebeletsa le Pauluse le Silase, o ile a khona ho tsamaea le Barnabase ho ea Cyprase, eo e neng e le tšimo ea habo Barnabase. Mareka o ile a boela a sebeletsa le Petrose Babylona. Qetellong a ba le monyetla oa ho sebetsa le Pauluse—le Timothea—Roma. (Bakolose 1:1; 4:10; 1 Petrose 5:13) Hamorao Mareka o ile a ba a bululeloa hore a ngole e ’ngoe ea Likosepele tse ’nè!
Ho na le thuto ea bohlokoa ho sena sohle. Mareka ha aa ka a ameha haholo ka tokelo e mo lahlehetseng hoo a ileng a sitoa ho ananela litokelo tseo a neng a ntse a e-na le tsona. Mareka o ile a phathahana tšebeletsong ea Jehova, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.
Ka hona haeba u lahlehetsoe ke tokelo, u se ke ua nyahama. Haeba u lula u e-na le boikutlo bo nepahetseng ’me u lula u phathahane, u ka ’na ua fuoa litokelo tse ling. Ho na le ho hongata ho ka etsoang mosebetsing oa Morena.—1 Bakorinthe 15:58.
Mohlanka ea Tšepahalang oa Nyahama
Ha ho bonolo ho loanela tumelo ka thata. Ka linako tse ling, u ka ’na ua nyahama. U ka ba ua ikutloa u le molato oa ho nyahama, ua etsa qeto ea hore ha ho mohla mohlanka ea tšepahalang oa Molimo a lokelang ho ikutloa ka tsela eo. Nahana ka Elia, e mong oa baprofeta ba Iseraele ba hlaheletseng.
Ha Mofumahali Jezebele oa Iseraele, ea neng a ntšetsa pele borapeli ba Baale ka cheseho e feteletseng, a ne a utloa hore Elia o bolaile baprofeta ba Baale, o ile a ikana ka hore o tla mo bolaea. Elia o ne a ile a talimana le lira tse fetang Jezebele, empa ka tšohanyetso o ile a nyahama hoo a neng a batla ho shoa. (1 Marena 19:1-4) See se ne se ka etsahala joang? Ho na le seo a neng a se lebetse.
Elia o ne a lebetse ho itšetleha ka Jehova eo e leng Mohloli oa matla a hae. Ke mang ea neng a file Elia matla a ho tsosa bafu le ho tobana le baprofeta ba Baale? Ke Jehova. Ka sebele, Jehova o ne a ka mo fa matla a ho talimana le khalefo ea Mofumahali Jezebele.—1 Marena 17:17-24; 18:21-40; 2 Bakorinthe 4:7.
Mang kapa mang a ka ba le motsotsoana oa ho se tiisehe hore na o tšepa Jehova. Joaloka Elia, ka linako tse ling u ka ’na ua talima bothata bo itseng ka tsela ea hao ho e-na le ho sebelisa “bohlale bo tsoang holimo” ho sebetsana le bona. (Jakobo 3:17) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lahla Elia ka lebaka la phoso ea hae ea nakoana.
Elia o ne a balehetse Beerseba ’me ho tloha moo a ea lefeelleng, moo a neng a nahana hore ha ho na motho ea ka mo fumanang. Empa Jehova o ile a mo fumana. O ile a romela lengeloi hore le mo khothatse. Lengeloi lena le ile la etsa bonnete ba hore Elia o ja bohobe bo sa tsoa tšoloa le ho noa metsi a khathollang. Ka mor’a hore Elia a phomole, lengeloi le ile la mo laela hore a tsamaee leeto la lik’hilomithara tse ka bang 300 ho ea Thabeng ea Horebe, moo Jehova a neng a tla mo matlafatsa ka ho eketsehileng.—1 Marena 19:5-8.
Ha Elia a le Thabeng ea Horebe, o ile a bona pontšo e matlafatsang ea matla a Jehova. Eaba ka lentsoe le bonolo, le tlaase, Jehova o mo kholisa hore ha a mong. Jehova o ne a e-na le eena, le barab’abo ba 7 000 ba ne ba e-na le eena, le hoja Elia a ne a sa tsebe. Qetellong, Jehova o ile a mo abela mosebetsi oo a lokelang ho o etsa. O ne a sa lahla Elia joaloka moprofeta oa hae!—1 Marena 19:11-18.
Thuso ea Fumaneha
Haeba ka linako tse ling o nyahama hanyenyane, u ka ’na ua fumana hore u tla ikutloa hamolemo haeba u phomola haholoanyane kapa u ja lijo tse matlafatsang. Nathan H. Knorr, ea ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ho fihlela lefung la hae ka 1977, o kile a bolela hore mathata a maholo a atisa ho bonahala a le manyenyane haholoanyane ka mor’a ho robala hantle bosiu. Leha ho le joalo, ha bothata bo ntse bo tsoela pele, e ka ’na eaba pheko eo ha ea lekana—u tla hloka thuso e le hore u loantše ho nyahama.
Jehova o ile a romela lengeloi hore le matlafatse Elia. Kajeno Molimo o fana ka khothatso ka baholo le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong. Ka sebele baholo e ka “ba sebaka sa ho ipatela moea.” (Esaia 32:1, 2) Empa ho ka ’na ha hlokahala hore u nke bohato ba pele hore ba u khothatse. Le hoja Elia a ne a nyahame, o ile a nka leeto le eang Thabeng ea Horebe ho ea rutoa ke Jehova. Kajeno re fumana thuto e matlafatsang phuthehong ea Bokreste.
Ha re lumela ho thusoa ’me ka sebete re talimana le liteko, tse kang ho utloa bohloko kapa ho lahleheloa ke litokelo, re tšehetsa lehlakore la Jehova tsekong ea bohlokoa. Tseko efe? Satane o ile a pheha khang ea hore batho ba sebeletsa Jehova ka lebaka la boithati feela. Satane ha a hane hore re tla sebeletsa Molimo ha ho le bonolo, empa o pheha khang ea hore re tla khaotsa ho sebeletsa Molimo ha re le mathateng. (Jobo, khaolo ea 1 le ea 2) Ka ho tsoela pele re sa tsilatsile ha re etsa tšebeletso ea Jehova ho sa tsotellehe ho nyahama, re ka fana ka karabo qosong ea Diabolose e re senyang lebitso.—Liproverbia 27:11.
Anna, Mareka le Elia kaofela ba ne ba e-na le mathata a ileng a ba amoha thabo ka nakoana. Leha ho le joalo, ba ile ba a hlōla ’me ba phela hamolemo. Ka thuso ea Jehova, le uena u ka hlōla ho nyahama!