Paradeise ea Moea ke Eng?
GUSTAVO o hōletse motseng o monyenyane Brazil.a Ho tloha bongoaneng o ne a rutiloe hore batho ba lokileng ba ea leholimong ka mor’a lefu. O ne a sa tsebe letho ka morero oa Molimo oa hore ka letsatsi le leng moloko oa batho o tšepahalang o tla thabela bophelo bo phethahetseng paradeiseng lefatšeng. (Tšenolo 21:3, 4) Ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe hape eo a neng a sa e tsebe. O ne a sa hlokomele hore esita le hona joale, o ne a ka ba paradeiseng ea moea.
Na u kile ua utloela ka paradeise eo ea moea? Na ua tseba hore na ke eng le hore na ho hlokahala eng hore u be karolo ea eona? Mang kapa mang ea batlang ho thaba e le kannete o lokela ho tseba ka paradeise eo.
Ho Fumana Paradeise ea Moea
Ho bolela hore esita le kajeno motho a ka phela paradeiseng ho ka utloahala e le ntho eo e seng ea sebele. Lefatše lena hase paradeise ho hang. Ho na le batho ba bangata ba angoang ke seo morena oa boholo-holo oa Moheberu a ileng a se hlalosa: “Bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi.” (Moeklesia 4:1) Batho ba se nang palo ba utloa bohloko ka lebaka la tsamaiso e bolileng ea lipolotiki, ea bolumeli, le ea moruo, ’me ha ba na phomolo, ha ba na “motšelisi.” Ba bang ba bangata ba hlōleha ho lefa likoloto tsa bona, ho hōlisa bana ba bona, le ho etsa lintho tse ling tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa e le hore ba tsoele pele ba phela. Ho ka etsahala hore ebe batho ba joalo ba ka thabela ho fumana motšelisi, motho e mong ea ka ba imollang moroalo oa bona hanyenyane feela. Ho bona kaofela, bophelo bo sa le hōle le ho ba ba paradeiseng.
Ha ho le joalo, paradeise ea moea e hokae? Ha e le hantle, lentsoe la Senyesemane “paradise” (paradeise) le amana le lentsoe la Segerike, la Sepersia, le la Seheberu ao kaofela a fetisang mohopolo oa serapa sa boikhathollo kapa serapa sa lipalesa, sebaka se khathollang se tletseng khotso. Bibele e tšepisa hore ka letsatsi le leng lefatše e tla ba paradeise ea sebele, lehae le kang serapa sa lipalesa bakeng sa moloko oa batho o hlokang sebe. (Pesaleme ea 37:10, 11) Ha re nahana ka sena, rea bona hore paradeise ea moea ke tikoloho e thabisang mahlo le e thobang maikutlo, e fang motho monyetla oa ho thabela khotso le batho ba bang le Molimo. Kajeno, joalokaha Gustavo a ile a hlokomela, paradeise e joalo e teng, ’me ke lehae la batho ba ntseng ba eketseha ka palo.
Ha a le lilemo li 12, Gustavo o ile a etsa qeto ea hore o batla ho ba moprista oa Roma e K’hatholike. Ka tumello ea batsoali ba hae, o ile a kenela seminari ea bolumeli. Ha a le moo o ile a kenella ’minong, litšoantšisong tsa sethaleng le lipolotiking, e leng lintho tse neng li ntšetsoa pele ke kereke ho hohela bacha. O ne a tseba hore moprista o ne a lokela ho sebeletsa batho le hore o ne a sa lokela ho nyala. Leha ho le joalo, ba bang ba baprista le liithuti seminaring bao Gustavo a neng a ba tseba ba ne ba kopanela boitšoarong bo litšila. Tikolohong e joalo, kapele-pele Gustavo o ile a qala ho noa haholo. Ka ho hlakileng, o ne a ntse a e-s’o fumane paradeise ea moea.
Ka letsatsi le leng, Gustavo o ile a bala pampitšana ea Bibele e neng e bua ka paradeise ea lefatšeng. E ile ea etsa hore a nahane ka morero oa bophelo. O re: “Ke ile ka qala ho bala Bibele khafetsa, empa ke ne ke sa e utloisise. Ke ne ke sa bone le hore Molimo o na le lebitso.” O ile a tloha seminaring ’me a atamela Lipaki tsa Jehova, a batla thuso e le hore a utloisise Bibele. Ka mor’a moo, o ile a hatela pele ka potlako ’me ka mor’a nako e khutšoanyane a nehela bophelo ba hae ho Molimo. Gustavo o ne a ithuta ka paradeise ea moea.
Batho ba Lebitso la Molimo
Gustavo o ile a ithuta hore lebitso la Molimo, Jehova, hase taba feela tjee e sa reng letho ho seithuti sa Bibele. (Exoda 6:3) Ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ha a bua ka Balichaba ba ileng ba fetoha Bakreste, morutuoa Jakobo o ile a re: “Molimo . . . a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14) Lekholong la pele la lilemo, phutheho ea Bokreste e ne e le eona e entsoeng ka ‘batho ba lebitso la hae.’ Na kajeno ho na le batho ba lebitso la Molimo? E, ’me Gustavo o ile a lemoha hore batho bao ke Lipaki tsa Jehova.
Lipaki tsa Jehova li mafolofolo linaheng le libakeng tse ka bang 235. Palo ea basebeletsi ba tsona e ka holimo ho limilione tse tšeletseng, ’me ba bang ba limilione tse robeli ba thahasellang ba bile teng libokeng tsa tsona. Li tsejoa hohle ka tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa, ha li phethahatsa mantsoe a Jesu: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ka ho tloaelana ha hae le mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova, Gustavo a ile a ikutloa hore o fumane paradeise ea moea? O re: “Ke ile ka bapisa seo ke neng ke se bone lefatšeng, haholo-holo seminaring, le seo ke ileng ka se fumana har’a Lipaki tsa Jehova. Phapang e khōlō ke lerato le har’a Lipaki.”
Ba bang ba ile ba bua mantsoe a tšoanang ka Lipaki tsa Jehova. Mosali e mong e mocha oa Brazil, Miriam, o ile a re: “Ke ne ke sa tsebe kamoo ke neng nka thaba kateng, esita le ka lelapeng la ka. Lekhetlo la pele ha ke bona lerato le sebetsa e ne e le har’a Lipaki tsa Jehova.” Monna e mong ea bitsoang Christian o ile a re: “Ka linako tse ling ke ne ke itšunya-tšunya tšebelisanong le meea, empa bolumeli e ne e se ntho ea bohlokoa ho ’na. Joaloka moenjiniere, ke ne ke nka boemo sechabeng le mosebetsi oa ka e le tsa bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, ha mosali oa ka a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka bona phapang ho eena. Ke ile ka boela ka khahloa ke thabo le cheseho ea basali ba Bakreste ba neng ba mo etela.” Ke hobane’ng ha batho ba bua lintho tse joalo ka Lipaki tsa Jehova?
Paradeise ea Moea ke Eng?
Ntho e ’ngoe e etsang hore Lipaki tsa Jehova li eme li ikhethile ke ho ananela ha tsona tsebo ea Bibele. Li lumela hore Bibele ke ’nete le hore ke Lentsoe la Molimo. Kahoo, ha li khotsofatsoe feela ke ho tseba lintlha tsa motheo tsa bolumeli ba tsona. Li na le lenaneo le tsoelang pele la thuto ea botho le ’malo oa Bibele. Ha motho a qeta nako e teletsana a kopanela le Lipaki tsa Jehova, ke moo a ithutang ho eketsehileng ka Molimo le merero ea Hae joalokaha e senotsoe ka Bibeleng.
Tsebo e joalo e lokolla Lipaki tsa Jehova linthong tse amohang batho thabo, tse kang litumela-khoela le mehopolo e lematsang. Jesu o ile a re: “’Nete e tla le lokolla,” ’me Lipaki tsa Jehova li fumane mantsoe ana e le ’nete. (Johanne 8:32) Fernando, eo ka nako e itseng a kileng a sebelisana le meea, o re: “Ho ithuta ka bophelo bo sa feleng ho tlisitse khatholoho e khōlō. Ke ne ke tšaba hore mohlomong ’na kapa batsoali ba ka re ka ’na ra shoa.” ’Nete e ile ea lokolla Fernando ho tšabeng ha hae lefatše la meea le seo ho thoeng ke bophelo ka mor’a lefu.
Ka Bibeleng, tsebo ea Molimo e amahanngoa haufi-ufi le paradeise. Moprofeta Esaia o ile a re: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.
Ke ’nete hore tsebo ka boeona ha ea lekana ho tlisa khotso eo Esaia a e boletseng esale pele. Motho o lokela ho nka khato ka seo a ithutang sona. Fernando o ile a fana ka tlhaloso ena: “Ha motho a hlaolela litholoana tsa moea, o tlatsetsa paradeiseng ea moea.” Fernando o ne a bua ka mantsoe a moapostola Pauluse, ea ileng a bitsa litšoaneleho tse ntle tseo Mokreste a lokelang ho li hlaolela “litholoana tsa moea.” O ile a li hlalosa e le “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.
Na u khona ho bona lebaka leo ka lona ho tloaelana le mokhatlo oa batho ba loanelang ho hlaolela litšoaneleho tse joalo, ha e le hantle, ho ka tšoanang le ho ba paradeiseng? Paradeise ea moea eo moprofeta Sofonia a buileng ka eona esale pele e ne e tla ba teng har’a batho ba joalo. O ile a re: “Ba ke ke ba etsa ho sa lokang, kapa ba bua leshano, leha e le hore ho tla fumanoa leleme le qhekellang melomong ea bona; etsoe ba tla iphepa ’me ba robale ba thakhaletse, ’me ho ke ke ha e-ba le ea mong ea etsang hore ba thothomele.”—Sofonia 3:13.
Karolo ea Bohlokoa e Phethoang ke Lerato
Mohlomong u eleletsoe hore tholoana ea pele ea moea eo Pauluse a buileng ka eona ke lerato. Ena ke eona tšoaneleho eo Bibele e buang haholo ka eona. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova ha lia phethahala. Ka linako tse ling li ee li be le mathata har’a tsona feela joalokaha baapostola ba Jesu ba ile ba e-ba le ’ona. Empa li ratana e le kannete, ’me li rapella tšehetso ea moea o halalelang ha li ntse li hlaolela tšobotsi ena.
Ka lebaka leo, botsoalle ba tsona bo ikhethile. Ha ho boikutlo ba ho phahamela merabe e meng leha e le bochaba bo arolang har’a tsona. Ha e le hantle, Lipaki tse ngata tse ileng tsa iphumana li le har’a tlhoekiso ea morabe le bohato ba ho timetsa merabe e meng qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo li ile tsa sireletsana esita le ha li ne li beha bophelo ba tsona kotsing. Le hoja li “tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,” li thabela bonngoe boo ho leng thata ho bo utloisisa ho fihlela u e-ba karolo ea bona.—Tšenolo 7:9.
Paradeise Har’a ba Etsang Thato ea Molimo
Paradeiseng ea moea, ha ho sebaka sa meharo, boitšoaro bo bobe, le boithati. Bakreste ba bolelloa hore: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ha re phela bophelo bo hloekileng, re e-na le mekhoa e metle ’me re etsa thato ea Molimo ka litsela tse ling, re thusa ho haha paradeise ea moea le ho tlatsetsa thabong ea rōna ka borōna. Carla o ile a fumana sena e le ’nete. O re: “Ntate o ile a nthuta hore ke sebetse ka matla e le hore nka khona ho ikemela licheleteng. Le hoja lithuto tsa ka tsa univesithi li ile tsa mpha boikutlo ba hore ke sireletsehile, ke ne ke hloloheloa bonngoe ba lelapa le tšireletseho tseo re li fumanang feela tsebong ea Lentsoe la Molimo.”
Ke ’nete hore ho thabela paradeise ea moea ha ho suthise mathata a bophelo. Bakreste ba sa ntse ba kula. Mohlomong naha eo ba lulang ho eona e ka ’na ea ameha ntoeng ea lehae. Ba bangata ba mamella bofutsana. Leha ho le joalo, ho ba le kamano e haufi le Jehova Molimo—eo e leng eona karolo ea bohlokoa ea paradeise ea moea—ho bolela hore re ka talima ho eena bakeng sa tšehetso. Ha e le hantle, o re mema hore re ‘lahlele meroalo ea rōna ho eena,’ ’me ba bangata ba ka fana ka bopaki bo bontšang tsela e hlollang eo a ba tšehelitseng ka eona maemong a boima ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 55:22; Pesaleme ea 86:16, 17) Molimo o tšepisa ho ba le barapeli ba hae esita le “phuleng ea moriti o lefifi.” (Pesaleme ea 23:4) Ho kholiseha hore Molimo o lula e le malala-a-laotsoe ho re tšehetsa ho re thusa hore re boloke “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle,” e leng senotlolo sa paradeise ea moea.—Bafilipi 4:7.
Ho Tlatsetsa Paradeiseng ea Moea
Batho ba bangata ba thabela ho etela serapa sa boikhathollo kapa serapa sa lipalesa. Ba rata ho tsamaea sebakeng se joalo kapa mohlomong ho lula bencheng le ho thabela lintho tse ba potolohileng. Ka tsela e tšoanang, batho ba bangata ba thabela ho ikamahanya le Lipaki tsa Jehova. Ba fumana botsoalle e le bo khathollang, bo nang le khotso, le bo hahang. Leha ho le joalo, serapa se setle se lokela ho hlokomeloa haeba se tla lula se le boemong bo tšoanang le ba paradeise. Ka mokhoa o tšoanang, paradeise ea moea e lula e le teng lefatšeng lena leo ho hang e seng paradeise hobane feela Lipaki tsa Jehova li e hlaolela, ’me Molimo a hlohonolofatsa boiteko ba tsona. Ha ho le joalo, ke joang motho a ka tlatsetsang ka tsela e molemo paradeiseng eo?
Ntho ea pele, u lokela ho tloaelana le phutheho ea Lipaki tsa Jehova, ho ithuta Bibele le tsona, le ho fumana tsebo ea Bibele eo e leng oona motheo oa paradeise ea moea. Carla o ile a re: “Paradeise ea moea e ke ke ea e-ba teng kantle ho lijo tsa moea.” Sena se kopanyelletsa ho bala Lentsoe la Molimo kamehla le ho nahanisisa ka seo u se balang. Tsebo eo u e fumanang e tla u atametsa haufi le Jehova Molimo, ’me u tla mo rata. U tla boela u ithute ho buisana le eena ka thapelo le ho kōpa hore tataiso ea hae le moea oa hae li u tšehetse ha u ntse u etsa thato ea hae. Jesu o ile a re bolella hore re phehelle thapelong. (Luka 11:9-13) Moapostola Pauluse o ile a re: “Rapelang le sa phetse.” (1 Bathesalonika 5:17) Tokelo ea ho buisana le Molimo ka thapelo ka kholiseho e feletseng ea hore oa u utloa ke karolo ea bohlokoa ea paradeise ea moea.
Ha ’mela o ntse o puta, bophelo ba hao bo tla ntlafatsoa ke seo u ithutang sona, ’me qetellong u tla batla ho buisana le ba bang ka sona. Joale u tla tseba ho sekehela temoso ea Jesu tsebe: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) Ho arolelana le ba bang tsebo ea Jehova Molimo le Jesu Kreste le ho ba rorisa ka lebaka la lerato le leholo leo ba le bontšitseng moloko oa batho ho tlisa thabo e khōlō.
Nako ea tla eo ka eona lefatše lohle e tla ba paradeise ea sebele—sebaka se kang serapa sa lipalesa se se nang tšilafalo le lehae le loketseng moloko oa batho o tšepahalang. Boteng ba paradeise ea moea ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ ke bopaki ba matla a Molimo le pontšo ea seo a ka khonang ho se etsa le seo a tla se etsa nakong e tlang.—2 Timothea 3:1.
Esita le hona joale, ba thabelang ho ba paradeiseng ea moea ba utloa phethahatso ea Esaia 49:10 e reng: “Ba ke ke ba lapa, kapa ba nyoroa, kapa ba otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi. Etsoe Ea ba hauhelang o tla ba etella pele, ’me o tla ba isa lilibeng tsa metsi.” José o tla paka bonnete ba seo. Toro ea hae e ne e le ho ba sebini se tummeng, empa o ile a fumana khotsofalo e khōloanyane ka ho sebeletsa Molimo hammoho le phutheho ea Bokreste. O re: “Joale ke se ke thabela bophelo bo nang le morero. Kamano ea Bakreste e kang ea bara ba motho e etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile, ’me ke tseba Jehova e le Ntate ea lerato eo re ka mo tšepang.” Thabo ea Josè—le ea ba bang ba limilione ba tšoanang le eena—e hlalosoa ka ho hlaka Pesalemeng ea 64:10: “Ea lokileng o tla ithabela ho Jehova ’me o tla tšabela ho eena.” A tlhaloso e ntle hakaakang ea paradeise ea moea!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba boletsoeng ke ba sebele, empa a mang a mabitso a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ha u ntse u thabela paradeise ea moea, thusa ho e atolosa!