Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/1 leq. 8
  • India—“Bonngoe Har’a Batho ba Mefuta-futa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • India—“Bonngoe Har’a Batho ba Mefuta-futa”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ua Mengoa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

India—“Bonngoe Har’a Batho ba Mefuta-futa”

“BONNGOE Har’a Batho ba Mefutafuta” ke lepetjo le tloaetsoeng ha ho buuoa ka merabe e tsoakaneng ea India. Hase mosebetsi o monyenyane ho finyella bonngoe naheng ena e pharaletseng e fapaneng ka litso, lipuo, malumeli, merabe, meaparo le lijo. Leha ho le joalo, bonngoe bo joalo boa bonahala ofising ea tsamaiso ea Lipaki tsa Jehova ea India, le hoja baithaopi ba lulang le ho sebetsa moo ba tsoa liprofinsing le literekeng tse ngata ’me ba bua lipuo tse ngata tse sa tšoaneng.

•Tseba Rajrani—moroetsana ea tsoang Punjab, e ka leboea-bophirimela ho India. Ha Rajrani a sa le sekolong, e mong oa liithuti-’moho le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Moroetsana enoa o ile a leka ho etsa hore Rajrani a thahaselle Bibele. Seithuti-’moho le eena se ne se sa tsebe Senyesemane hantle ’me le Molula-Qhooa o ne o sa fumanehe ka Sepunjabi nakong eo, kahoo se ile sa kōpa Rajrani hore a se fetolelle se fuperoeng ke makasine eo. Seo Rajrani a neng a se bala ho Molula-Qhooa se ile sa qala ho mo susumetsa haholo hoo ho sa tsotellehe khanyetso ea batsoali ba hae, a ileng a hatela pele ho fihlela a inehela ho Jehova Molimo. Kajeno o sebeletsa Bethele ea India, ’me o etsa ntho e tšoanang le e ileng ea mo tutubolla mahlo hore a bone ’nete. O fetolela lingoliloeng tsa Bokreste puong ea Sepunjabi!

•Ak’u nahane ka Bijoe, ea tsoang karolong e ’ngoe ea India—profinseng e ka boroa-bophirimela ea Kerala. Bijoe o ile a lelekoa sekolong se phahameng ka lebaka la ho se nke lehlakore nakong ea litšebeletso tsa bochaba. Ka mor’a nyeoe ea nako e telele e ileng ea fella ka tlhōlo ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa borapeli ba ’nete, Bijoe o ile a khutlela sekolong.a O ile a tsoela pele ho ea ithuta kolecheng. Leha ho le joalo, boitšoaro bo litšila ba moo bo ne bo khathatsa letsoalo la hae, kahoo o ile a tlohela karolong e qalang ea selemo. Hona joale, ka mor’a lilemo tse leshome a le Bethele, o ikutloa a ruile molemo haholo ka ho ba setho sa lelapa la Bethele la batho ba mefuta-futa empa ba momahane ho feta kamoo a neng a ka ikutloa kateng hoja o ne a latetse thuto e phahameng.

•Norma le Lily ka bobeli ba ka holimo ho lilemo tse 70 ’me e bile bahlolohali ka nako e telele. E mong le e mong o qetile nako e fetang lilemo tse 40 a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Lily o sebelitse lekaleng ka lilemo tse ka bang 20 e le mofetoleli oa puo ea Setamil. Norma o ile a tla Bethele lilemong tse 13 tse fetileng ka mor’a hore monna oa hae a shoe. Ntle le ho ba mehlala e metle ea basebetsi ba mahlahahlaha le ba hlokolosi, ke tšusumetso e momahanyang lelapa lohle la Bethele. Ba rata ho amohela baeti, ’me ba thabela ho ba le litho tse nyenyane tsa lelapa, le ho bua ka thabo ea nako e telele ea bophelo ba bona e le Bakreste. ’Me ba banyenyane ba ba buseletsa ka hore ba ba memele likamoreng tsa bona bakeng sa botsoalle le ka ho ba thusa ha ho hlokahala. Ke mehlala e metle e le kannete!

Kaha ba hlōtse liphapang tse bakang ntoa le ho hloka kutloano libakeng tse ngata, baithaopi bana ba sebetsa hammoho ba thabile ba sebeletsa ba bang e le litho tse kopaneng tsa lelapa la Bethele la India.—Pesaleme ea 133:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1987, leqepheng la 21.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Background: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela