Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/1 maq. 24-29
  • Re ne re le Khokanyana ea Phiri

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ne re le Khokanyana ea Phiri
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ke Bileng Paki
  • Ke Kopana le Lelapa Labo Lloyd
  • Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa
  • Rea Nyalana ’me re Tsoela Pele Tšebeletsong
  • Re Lokisetsa Tšebeletso Linaheng Lisele
  • Ho Sebetsa le Majapane
  • Litokelo Tse Ngata le Likabelo
  • Litlhohonolofatso Tsa Ntlo-khōlō
  • Ho Phutholoha Har’a Batho ba Molimo
  • ‘Ea Fumanang Bohlale o Fumana Bophelo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Thusitsoe ho Hlōla Lihlong Tsa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Itšoareletse Seaparong sa Mojuda ka Lilemo Tse 70
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/1 maq. 24-29

Pale ea Bophelo

Re ne re le Khokanyana ea Phiri

JOALOKAHA HO BOLETSE MELBA BARRY

Ka la 2 July, 1999, ’na le monna oa ka re ne re le kopanong e khōlō ea Lipaki tsa Jehova, joalokaha re ’nile ra ba ho tsona ka makhetlo a likete ka lilemo tse 57 re nyalane. Lloyd o ne a fana ka puo ea ho qetela kopanong ea setereke ea Hawaii ka Labohlano leo. O ile a akheha ka tšohanyetso. Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba ho mo tsosa, o ile a shoa.a

BARA le barali bao beso ba Bakreste ba Hawaii ba ileng ba mpokanela le ho nthusa ho sebetsana ka katleho le tlokotsi ee ke ba bohlokoa hakaakang! Lloyd o ne a susumelitse bophelo ba ba bangata ba bona, hammoho le ba ba bang ba bangata lefatšeng lohle.

Ka lilemo tse ka bang peli esale a hlokahala, ke ’nile ka nahana ka lilemo tsa bohlokoa tseo re bileng ’moho ka tsona—tse ngata tseo ka tsona re bileng kabelong ea boromuoa linaheng lisele le tseo re bileng ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Hape ke ’nile ka nahana ka bophelo ba ka ba bongoaneng ha ke le Sydney, Australia, le mathata ao ’na le Lloyd re ileng ra talimana le ’ona e le hore re nyalane ha Ntoa ea II ea Lefatše e sa tsoa qala. Leha ho le joalo, a nke ke qale ka ho u bolella hore na ho tlile joang hore ke be Paki le hore ke kopane le Lloyd khale koana ka 1939.

Kamoo ke Bileng Paki

James le Henrietta Jones ke batsoali ba ka ba neng ba le lerato ebile ba tsotella. Ke ne ke le lilemo li 14 feela ha ke qeta sekolong ka 1932. Ka nako eo lefatše le ne le tetebetse Ho Oeng ho Hoholo ha Moruo. Ke ile ka qala ho sebetsa e le hore ke thuse lelapa leso, le neng le akarelletsa baena ba ka ba babeli ba banana. Ka lilemo tse seng kae, ke ne ke sebetsa mosebetsi o hlamatsehang, ’me ke okametse baroetsana ba ’maloa.

Ho sa le joalo, ka 1935, ’Mè o ile a amohela lingoliloeng tsa Bibele ho e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me kapele o ile a kholiseha hore o fumane ’nete. Kaofela lapeng re ne re nahana hore oa hlanya. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ke ile ka bona bukana eo sehlooho sa eona se reng, Where Are the Dead? ’me ka khahloa ke sehlooho sena. Ka hona, ke ile ka balla bukana ena sephiring. Eaba ho lekane! Hang-hang ke ile ka qala ho ea le ’Mè sebokeng sa har’a beke se neng se bitsoa Model Study (Thuto ea Mohlala). Bukana eo sehlooho sa eona se reng Model Study—ho ile ha qetella ho e-na le tse tharo—e ne e e-na le lipotso le likarabo hammoho le mangolo a tšehetsang likarabo.

Hoo e ka bang ka nako eo, ka April 1938, Joseph F. Rutherford, moemeli oa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova, o ile a etela Sydney. Puo ea hae ea phatlalatsa e ne e le ea pele eo ke bileng ho eona. E ne e lokela ho tšoareloa Holong ea Motse ea Sydney, empa bahanyetsi ba ile ba atleha ho etsa hore re e amohuoe. Ho e-na le hoo, puo ena e ile ea neheloa Lebaleng la Lipapali la Sydney le leholoanyane. Ka lebaka la phatlalatso e eketsehileng e ileng ea etsoa ke bahanyetsi, ba ka bang 10 000 ba ile ba e-ba teng, e leng palo e hlollang kaha ho ne ho e-na le Lipaki tse 1 300 feela Australia ka nako eo.

Kapele ka mor’a moo, ke ile ka kopanela tšebeletsong ea tšimo ka lekhetlo la pele—ke sa ka ka koetlisoa. Ha sehlopha sa rōna se fihla tšimong, ea se etellang pele o ile a re ho ’na, “Kena ntlong eane.” Ke ne ke tšohile hoo e ileng eare ha mong’a ntlo oa mosali a bula monyako, ke ileng ka mo botsa, “Ebe ke nako mang?” O ile a kena ka tlung, a sheba nako, ’me a khutla a mpolella nako. Ho ile ha fella moo. Ke ile ka khutlela koloing.

Leha ho le joalo, ha kea ka ka tela, ’me ka mor’a nakoana ke ne ke abela ba bang molaetsa oa ’Muso kamehla. (Matheu 24:14) Ka March 1939, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa ka bateng ea moahelani ea bitsoang Dorothy Hutchings. Ka lebaka la bosieo ba barab’abo rōna, kapele ka mor’a hore ke kolobetsoe ke ile ka fuoa boikarabelo ka phuthehong, boo ka tloaelo bo fuoang banna ba Bakreste.

Re ne re tloaetse ho tšoarela liboka tsa rōna malapeng, empa ka linako tse ling re ne re hira holo bakeng sa lipuo tsa phatlalatsa. Koete ea mohlankana, mor’abo rōna ea tsoang Bethele, ofisi ea rōna ea lekala, o ile a tla phuthehong ea rōna e nyenyane ho tla fana ka puo. O ne a tletse lebaka le leng leo ke neng ke sa le tsebe—ho ntseba haholoanyane. E, ke tsela eo ka eona ke ileng ka kopana le Lloyd.

Ke Kopana le Lelapa Labo Lloyd

Kapele ke ile ka ba le takatso ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Leha ho le joalo, ha ke ne ke ngola lengolo ke kōpa ho bula maliboho (ho kopanela mosebetsing oa nako e tletseng oa ho bolela), ke ile ka botsoa hore na nka rata ho sebeletsa Bethele. Ka hona, ka September 1939, khoeli eo Ntoa ea II ea Lefatše e ileng ea qala ka eona, ke ile ka ba setho sa lelapa la Bethele la Strathfield, motse-toropo oa Sydney.

Ka December 1939, ke ile ka nka leeto le eang kopanong New Zealand. Kaha habo Lloyd e ne e le New Zealand, le eena o ne a e-ea teng. Re ne re tsamaea ka sekepe se le seng, ’me ra tsebana hamolemo. Lloyd o ile a etsa bonnete ba hore ke kopana le ’mè oa hae le ntate oa hae le likhaitseli tsa hae tse nyenyane ho eena kopanong ea Wellington le lapeng habo Christchurch hamorao.

Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa

Ka Moqebelo oa la 18 January, 1941, ba boholong ba Commonwealth ba ile ba tla ofising ea lekala ka likoloi tsa limousine tse ntšo tse tšeletseng e le hore ba ka nka thepa ka mahahapa. Kaha ke ne ke sebetsa ntlong e nyenyane ea balebeli monyakong oa Bethele, ba ile ba bonoa ke ’na pele. Re ne re hlokomelisitsoe ka thibelo lihoreng tse 18 pejana, ka hona, hoo e ka bang lingoliloeng tsohle le lifaele li ne li tlositsoe lekaleng. Bekeng e latelang, litho tse hlano tsa lelapa la Bethele, hammoho le Lloyd, li ile tsa koalloa teronkong.

Ke ne ke tseba hore seo barab’abo rōna ba teronkong ba se hlokang haholo ke lijo tsa moea. E le hore ke khothatse Lloyd, ke ile ka etsa qeto ea ho mo ngolla “mangolo a litaba tsa lerato.” Ke ne ke a qala ka tsela eo ho lebeletsoeng hore mangolo a joalo a qale ka eona, empa ke kopiletsa lihlooho tsa Molula-Qhooa tse feletseng lengolong lena ebe ke itekena ke le kharebe ea hae qetellong ea lengolo. Ka mor’a likhoeli tse ’nè le halofo, Lloyd o ile a lokolloa.

Rea Nyalana ’me re Tsoela Pele Tšebeletsong

Ka 1940, ’mè oa Lloyd o ile a etela Australia, ’me Lloyd a mo bolella hore re nahana ho nyalana. O ile a mo eletsa hore a se ke a nyala hobane ho bonahala eka bofelo ba tsamaiso ea lintho bo haufi. (Matheu 24:3-14) O ile a boela a bolella metsoalle ea hae morero oa hae, empa ka linako tsohle ha a ne a e bolella, e ne e sa mo khothaletse ho nyala. Qetellong, ka letsatsi le leng ka February 1942, Lloyd o ile a tsamaea le ’na ka lenyele—hammoho le Lipaki tse ’nè tse neng li tšepisitse ho boloka lekunutu la rōna—ra ea ofising ea ho ngolisa manyalo, eaba rea nyalana. Ka nako eo Australia ho ne ho se na tokisetso ea hore Lipaki tsa Jehova li be le bangolisi ba manyalo.

Le hoja re ne re sa lumelloe ho lula tšebeletsong ea Bethele re le banyalani, re ile ra botsoa hore na re ka rata ho ea mosebetsing oa bopula-maliboho bo khethehileng. Ka thabo re ile ra amohela kabelo e re isang toropong ea mahaeng ea Wagga Wagga. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o ntse o thibetsoe, ’me ho ne ho se na motho ea re thusang licheleteng, ka hona, ka sebele re ile ra tlameha ho lahlela moroalo oa rōna ho Jehova.—Pesaleme ea 55:22.

Re ne re palama baesekele e palamisang batho ba babeli kapa ho feta ha re e-ea metseng ea mahaeng, re kopana le batho ba mosa, ’me re qoqa halelele le bona. Hase ba bangata ba neng ba lumela ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ralebenkele e mong o ne a ananela mosebetsi oa rōna hoo a neng a re fa litholoana le meroho beke le beke. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng re le Wagga Wagga, re ile ra memeloa ho khutlela Bethele.

Lelapa la Bethele le ne le tlohile ofising e Strathfield ka May 1942 ’me le ne le falletse malapeng. Litho tsa lona li ne li tloha lapeng le leng li lula ho le leng libekeng tse ling le tse ling tse seng kae ho qoba ho fumanoa. Ha re khutlela Bethele le Lloyd ka August, re ile ra lula le tsona ho le leng la malapa ana. Motšehare kabelo ea rōna e ne e le ho sebetsa ho se seng sa litsi tsa khatiso tsa sekhukhu tse neng li thehiloe. Qetellong, ka June 1943, ho ile ha fanoa ka tumello ea hore mosebetsi oa rōna o tsoele pele.

Re Lokisetsa Tšebeletso Linaheng Lisele

Ka April 1947 re ile ra fuoa liforomo tsa selelekela tsa kōpo ea ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se South Lansing, New York, U.S.A. Ho sa le joalo, ra fuoa kabelo ea ho etela liphutheho tsa Australia e le hore re li matlafatse moeeng. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, re ile ra amohela memo ea ho ba sehlopheng sa bo11 sa Gileade. Re ne re saletsoe ke libeke tse tharo hore re itokise re be re tlame thōtō. Re ile ra siea litho tsa malapa abo rōna le metsoalle ka December 1947 ’me ra ea New York le ba bang ba 15 ba Australia ba neng ba memetsoe ho ba sehlopheng sona seo.

Likhoeli tse seng kae tseo re bileng Sekolong sa Gileade ka tsona li ile tsa feta kapele, ’me re ile ra fuoa kabelo ea mosebetsi oa boromuoa Japane. Kaha ho ile ha nka nako hore re lokise litokomane tsa rōna tsa ho kena Japane, Lloyd o ile a boela a fuoa kabelo ea ho ba molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Kabelo ena e ne e le ea ho etela liphutheho tsa motse oa Los Angeles ho theosa ho ea fihla moeling oa Mexico. Re ne re se na koloi, ka hona beke ka ’ngoe Lipaki ka lerato li ne li re tsamaisa ka likoloi tsa tsona ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e latelang. Potoloho eo e khōlōhali hona joale e na le likarolo tsa litereke tse tharo tsa Senyesemane le tse tharo tsa Sepanishe, setereke ka seng se na le lipotoloho tse leshome!

Ka ho panya ha leihlo e ne e le October 1949, ’me re ne re le tseleng e eang Japane ka sekepe seo pele e neng e le sa masole. Karolo e ’ngoe e ka thōko ea sekepe sena e ne e le ea banna feela ’me e ’ngoe e le ea basali le bana feela. Letsatsi feela pele re fihla Yokohama, re ile ra thulana le leholiotsoana. Ka sebele le ile la etsa hore leholimo le hlake, hobane ha letsatsi le chaba letsatsing le latelang, la 31 October, re ne re khona ho bona Thaba ea Fuji ka botle bohle ba eona. Re ile ra amoheloa ka tsela e hlollang hakaakang kabelong ea rōna e ncha!

Ho Sebetsa le Majapane

Ha re atamela boema-kepe, re ile ra bona batho ba makholo ba moriri o motšo. ‘Ke batho ba lerata hakaakang!’ ke kamoo re ileng ra nahana kateng ha re utloa lerata le thibang litsebe. E mong le e mong o ne a roetse lieta tsa mapolanka tse butsoeng ’me a koatlatsa ka tsona fulurung ea mapolanka boema-kepeng. Ha re tsoha Yokohama, re ile ra palama terene ho ea Kobe kabelong ea rōna ea boromuoa. Don Haslett, ea neng a le sehlopheng sa rōna sa Gileade ea neng a fihlile Japane likhoeli tse seng kae pejana, o ne a hirile lehae la baromuoa sebakeng seo. E ne e le ntlo e ntle e khōlō ea mekato e ’meli ea mohaho oa linaha tsa ka Bophirimela—e ne e se na thepa!

Re ne re etsa materase ka joang bo bolelele boo re bo helang jareteng ’me re bo ala fatše. Re qalile bophelo ba rōna ba boromuoa joalo, re se na letho haese thōtō ea rōna. Re ile ra batla maifo a mashala a lifate, a bitsoang hibachi, bakeng sa ho futhumatsa ntlo le ho pheha. Bosiung bo bong Lloyd o ile a fumana baromuoa-’moho le rōna ba babeli, e leng Percy le Ilma Iszlaub ba akhehile. O ile a khona ho ba tsosa ka ho bula lifensetere e le hore moea o pholileng o ka kena. Le ’na nkile ka akheha ha ke ntse ke pheha maifong ana a mashala a lifate. Ho ile ha nka nako hore re tloaelane le lintho tse ling!

Ho ithuta puo e bile eona ntho ea pele, ’me re ne re ithuta Sejapane ka lihora tse 11 ka letsatsi ka nako e etsang khoeli. Ka mor’a moo re ile ra qala ho ea tšebeletsong re ngotse polelo e le ’ngoe kapa tse peli bakeng sa ho qalisa moqoqo. Letsatsing la pele feela ke tsoile, ke ile ka kopana le mofumahali ea ratehang, Miyo Takagi, ea ileng a nkamohela ka mosa. Ha ke ntse ke boela ho eena re ne re sokola ’me re thusoa ke lidikishinari tsa Sejapane le Senyesemane ho fihlela re qalisa thuto ea Bibele e tsoelang pele. Ka 1999, ha re le nehelong ea mehaho e atolositsoeng ea lekala la Japane, ke ile ka bona Miyo hape, hammoho le baratuoa ba bang ba bangata bao ke ileng ka ithuta le bona. Ho fetile lilemo tse 50, empa e sa ntse e le baboleli ba ’Muso ba chesehang, ba etsang sohle seo ba ka se khonang ho sebeletsa Jehova.

Ha re le Kobe ka la 1 April, 1950, ba ka bang 180 ba ile ba e-ba teng tšebeletsong ea rōna ea Sehopotso sa lefu la Kreste. Re ile ra makala hoseng ha letsatsi le latelang ha batho ba 35 ba e-ba teng bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Moromuoa ka mong o ile a tsamaea le ba bararo kapa ba bane ho bana ba bacha tšebeletsong. Beng ba matlo ba ne ba sa bue le ’na—molichaba ea neng a sa tsebe Sejapane hantle—empa ho e-na le hoo ba ne ba bua le Majapane ana a bileng teng Sehopotsong a neng a tsamaea le ’na. Ba ile ba bua lolololo, empa ke ne ke sa utloisise seo ba buang ka sona. Ke thabela ho bolela hore ba bang ho bana ba bacha ba ile ba tsoela pele tsebong ’me ba tsoetse pele mosebetsing oa ho bolela ho fihlela kajeno.

Litokelo Tse Ngata le Likabelo

Re ile ra tsoela pele mosebetsing oa rōna oa boromuoa Kobe ho fihlela ka 1952, e leng nako eo ka eona re ileng ra fuoa kabelo ea ho ea Tokyo, moo Lloyd a ileng a abeloa ho ba molebeli oa ofisi ea lekala. Ka mor’a nako e itseng, mosebetsi oa hae o ile oa etsa hore a tsamaee Japane eohle le linaha tse ling. Hamorao, ha a ne a etetse Tokyo ka lekhetlo le leng, Nathan H. Knorr oa ntlo-khōlō ea lefatše o ile a re ho ’na: “Na ua tseba hore monna oa hao o ea hokae leetong le latelang la libaka? Australia le New Zealand.” O ile a eketsa ka ho re: “Le uena u ka tsamaea, haeba u ka itefella ho ea moo.” A thabo e kaakang! Etsoe e ne e se e le lilemo tse robong re tlohile hae.

Re ile ra ngolla mahae ka potlako. ’Mè o ile a nthusa ho fumana tekete. ’Na le Lloyd re ne re phathahane likabelong tsa rōna, ’me re ne re se na chelete ea ho etela malapa abo rōna. Ka hona, ena e ne e le karabo ea lithapelo tsa ka. U ka inahanela hore na ’Mè o ne a thabile hakae ha a mpona. O ile a re, “Ka sebele ke tla boloka chelete ea hore u tle hape ka mor’a lilemo tse tharo.” Re ile ra arohana re hopotse seo, empa ka masoabi, o ile a hlokahala ka July selemong se latelang. Ke na le tšepo ea hore re tla thabelana hakaakang ha re kopana hape lefatšeng le lecha!

Ho fihlela ka 1960 mosebetsi oa boromuoa e ne e le eona feela kabelo ea ka, empa joale ke ile ka fumana lengolo le reng: “Ho tloha kajeno ho entsoe tokisetso ea hore u hlatsoe liaparo tsa lelapa lohle la Bethele u be u li aene.” Ka nako eo lelapa la rōna le ne le e-na le litho tse ka bang 12, ka hona, ke ne ke khona ho etsa mosebetsi ona le oa boromuoa.

Ka 1962 lehae la rōna la mohaho oa Sejapane le ile la heletsoa, ’me Lehae la Bethele le lecha la mekato e tšeletseng la phethoa hona setšeng seo selemong se latelang. Ke ile ka abeloa ho thusa barab’abo rōna ba bacha ba Bethele hore ba boloke likamore tsa bona li le makhethe li bile li hloekile. Ka tloaelo, bashanyana ba Japane ba ne ba sa rutoe ho etsa letho malapeng abo bona. Thuto ea sekolo e ne e le eona ntho e ka sehloohong, ’me bo-’m’a bona ba ba etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba ile ba ithuta kapele hore ha ke na ho etsa seo bo-’m’a bona ba neng ba se etsa. Ka mor’a nako e itseng, ba bangata ba ile ba tsoela pele ho fuoa likabelo tse ncha, tsa boikarabelo ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng.

Ka letsatsi le leng le chesang haholo la lehlabula, seithuti se seng sa Bibele se ile sa nka leeto la ho bona mehaho ea rōna, ’me se ile sa bona ke koropa fuluru ka lishaoareng. Se ile sa re, “Ke kōpa hore u bolelle mookameli hore nka rata ho lefella hore ho be le mosebeletsi oa mosali ea ka u etsetsang mosebetsi ona.” Ke ile ka mo hlalosetsa hore le hoja ke ananela mohopolo oa hae o bontšang mosa, ke ikemiselitse ka ho feletseng ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo ke o fuoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.

Hoo e ka bang ka nako ena, ’na le Lloyd re ile ra memeloa ho ba sehlopheng sa bo39 sa Gileade! E bile tokelo e kaakang hore ka 1964, ha ke le lilemo li 46, ke ee sekolong hape! Thupelo ena e ne e fanoa ka ho khetheha bakeng sa ho thusa ba sebeletsang liofising tsa makala ho phetha boikarabelo ba bona. Ka mor’a thupelo ea likhoeli tse leshome, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Japane hape. Ka nako ena, re ne re e-na le baboleli ba ’Muso ba fetang 3 000 naheng eo.

Khōlo e ile ea potlaka hoo ka 1972 ho neng ho e-na le Lipaki tse fetang 14 000, ’me ho ile ha hahuoa ofisi ea lekala e ncha e mekato e mehlano Numazu, ka boroa ho Tokyo. Ha re le mehahong ea rōna, re ne re khona ho bona Thaba ea Fuji hantle haholo. Ho ile ha qalisoa khatiso ea limakasine tse fetang milione ka khoeli ka puo ea Sejapane mochineng o mocha o moholo oa khatiso. Empa re ne re tla tloha re fuoa kabelo e ’ngoe.

Qetellong ea 1974, Lloyd o ile a amohela lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn le neng le mo memela ho ba setho sa Sehlopha se Busang. Pele ke ile ka nahana: ‘Ka sebele ho felile. Kaha Lloyd o na le tšepo ea ho phela leholimong ’me ’na ke na le tšepo ea ho phela lefatšeng, ho ntse ho tšoana kaha re tla tlameha ho arohana neng-neng. Mohlomong Lloyd o tla ea Brooklyn a le mong.’ Empa ke ile ka lokisa monahano oa ka kapele ’me ka ikemisetsa ho tsamaea le Lloyd ka March 1975.

Litlhohonolofatso Tsa Ntlo-khōlō

Leha Lloyd a se a le Brooklyn, pelo ea hae e ne e ntse e le tšimong ea Japane, ’me o ne a atisa ho bua ka liphihlelo tseo re neng re bile le tsona moo. Empa joale ho ne ho e-na le menyetla ea ho atolosa lerato. Ka lilemo tsa ho qetela tse 24 tsa bophelo ba hae, Lloyd o ile a sebelisoa haholo mosebetsing oa ho etela libaka, o neng o akarelletsa ho nka maeto a eang lefatšeng lohle. Ke ne ke tsamaea le eena ho pota lefatše ka makhetlo a mangata.

Ho etela barab’abo rōna ba Bakreste linaheng tse ling ho ile ha nthusa ho lemoha maemo ao bongata ba bona bo phelang le ho sebetsa ho ’ona. Ha ke sa tla lebala sefahleho sa Entellia ea lilemo li leshome, e leng ngoanana eo ke ileng ka kopana le eena ka leboea ho Afrika. O ne a rata lebitso la Molimo ’me hore a be teng libokeng tsa Bokreste o ne a tsamaea hora le halofo ho ea feela. Ho sa tsotellehe mahloriso a matla a lelapa labo, Entellia o ne a inehetse ho Jehova. Ha re ne re etetse phutheho ea habo, ho ne ho e-na le tleloubu e le ’ngoe feela e lerootho e fanyehiloeng ka holim’a kemiso ea sebui—ntle le moo, ka moo liboka li neng li tšoaretsoe ka teng ho ne ho le lefifi. Lefifing leo lohle, ho ne ho hlolla ho utloa ’mino o monate oa bara le barali babo rōna.

Se ikhethang bophelong ba rōna e bile ha ’na le Lloyd re le har’a ba neng ba le Likopanong tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” Cuba ka December 1998. Re ile ra khahloa hakaakang ke kananelo le thabo tseo bara le barali babo rōna ba moo ba ileng ba li bontša bakeng sa ho eteloa ke ba itseng ba tsoang ntlo-khōlō e Brooklyn! Ke ananela mehopolo ea ha ke kopana le baratuoa bao ka cheseho ba lebisang thoriso ho Jehova ka mantsoe a phahameng.

Ho Phutholoha Har’a Batho ba Molimo

Le hoja ke tsoaletsoe Australia, ke ile ka rata batho hohle moo mokhatlo oa Jehova o neng o nkisa teng. Ho bile joalo Japane, ’me joale kaha ke bile United States ka lilemo tse fetang 25, ke bona ho tšoana le mona. Ha monna oa ka a ne a hlokahala, ke ile ka nahana hore ke se ke ka khutlela Australia, empa ke lule Bethele ea Brooklyn, moo Jehova a nkabetseng hore ke be teng.

Hona joale ke lilemong tsa bo-80. Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 61, ke sa ntse ke ikemiselitse ho sebeletsa Jehova hohle moo a bonang ho loketse. Ka sebele o ntlhokometse hamolemo. Ke ananela lilemo tse fetang 57 tseo ke khonneng ho kopanela bophelo ba ka le molekane oa ka ea ratoang ea neng a rata Jehova. Ke kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho re hlohonolofatsa, ’me kea tseba hore A ke ke a lebala mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae.—Baheberu 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa October 1, 1999, leqepheng la 16 le la 17.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ke na le ’Mè ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke na le Lloyd le sehlopha sa bahoeletsi ba Majapane mathoasong a bo-1950

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ke na le seithuti sa ka sa pele sa Bibele Japane, e leng Miyo Takagi, mathoasong a bo-1950 le ka 1999

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ke na le Lloyd mosebetsing oa ho aba limakasine Japane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela