Kamoo U ka Hlōlang ho Nyahama Kateng
● Asafe o ile a belaela: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato. Ke ile ka otloa letsatsi lohle, ke khalemeloa hoseng ho hong le ho hong.”—Pesaleme ea 73:13, 14.
● Baruke o ile a feheloa: “Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka, ’me ha kea fumana sebaka sa phomolo.”—Jeremia 45:3.
● Naomi o ile a belaela: “Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo. Ke ne ke tletse ha ke e-ea, ’me Jehova o entse hore ke khutle ke sa nka letho. Le mpitsetsa’ng Naomi, ha e le Jehova ea nkokobelitseng le Ea Matla ’Ohle ea mpaketseng tlokotsi?”—Ruthe 1:20, 21.
BIBELE e na le mehlala e mengata ea barapeli ba tšepahalang ba Jehova bao ka linako tse ling ba neng ba apareloa ke maikutlo a ho nyahama. ’Nete ke hore joaloka batho ba sa phethahalang kaofela re ba le maikutlo a joalo nako le nako. Ba bang ba rōna ba ka ’na ba nyahama habonolo haholo—mohlomong ba bile ba e-na le ho iqenehela ho itseng—ho feta ba bang ka lebaka la hobane ba phetse har’a liketsahalo tse bohloko.
Leha ho le joalo, haeba maikutlo ana a sa laoloe, a ka ’na a senya kamano ea hao le ba bang le Jehova Molimo. Mosali e mong oa Mokreste ea iqenehelang habonolo o re: “Ke hanne ka makhetlo a mangata ha ke memeloa libokeng tsa boithabiso hobane ke ne ke ikutloa hore ha ke motsoalle ea tšoanelehang oa ba ka phuthehong.” Maikutlo a joalo a ka ba le phello e senyang hakaakang bophelong ba motho! U ka etsa’ng ho a loantša?
Atamela Haufi le Jehova
Ho Pesaleme ea 73, Asafe o ile a ngola ka ho toba ka tsieleho ea hae. Ha a bapisa boemo ba hae le bophelo ba boiketlo ba ba khopo, o ile a ba mohono. O ile a hlokomela hore ba sa tšabeng Molimo baa ikhohomosa ebile ba mabifi, ’me ho bonahala ba sa ahloloe. Joale, Asafe o ntša lipelaelo tsa hae mabapi le hore na ebe ke habohlokoa ho phehella bophelo bo khabane.—Pesaleme ea 73:3-9, 13, 14.
Na uena, joaloka Asafe, u bone seo ho bonahalang eka ke katleho ea ba khopo ba sa pateng liketso tse mpe tsa bona? Asafe o ile a hlōla ho nyahama joang? O tsoela pele: “Ke ile ka ’na ka nahana e le hore nka tseba sena; e ne e le khathatso mahlong a ka, ho fihlela ke kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo. Ke ne ke batla ho lemoha bokamoso ba bona.” (Pesaleme ea 73:16, 17) Asafe o ile a nka khato e ntle ka ho retelehela ho Jehova ka thapelo. Ka mantsoe ao moapostola Pauluse a ileng a a sebelisa hamorao, Asafe o ile a hatella “motho oa nama” ka ho tsosa “motho oa moea” ea ka ho eena. Ka pono e nchafetseng ea moea, o ile a utloisisa hore Jehova o hloile bobe le hore ka nako ea teng ba khopo ba tla ahloloa.—1 Bakorinthe 2:14, 15.
Ke habohlokoa hakaakang hore u tlohelle Bibele e u thuse ho tobana le bophelo kamoo bo leng kateng! Jehova o re hopotsa hore o elelloa se etsoang ke batho ba khopo. Bibele ea ruta: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule . . . Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle.” (Bagalata 6:7-9) Jehova o tla beha ba khopo “moo ho thellang”; o tla ‘ba lihela tšenyehong.’ (Pesaleme ea 73:18) Qetellong, toka ea Molimo e tla hlōla kamehla.
Lenaneo la ho iphepa moeeng kamehla tafoleng ea Jehova le ho kopanela le batho ba Molimo ka mokhoa o hahang li tla u thusa hore u matlafatse tumelo ea hao le hore u hlōle ho nyahama. (Baheberu 10:25) Ka ho atamela haufi le Molimo, u tla fumana tšehetso e lerato ea hae, joaloka Asafe. Asafe o tsoela pele: “Ke na le uena kamehla; u tšoere letsoho la ka le letona. U tla ntsamaisa ka keletso ea hao, ka mor’a moo u tla nkisa khanyeng.” (Pesaleme ea 73:23, 24) Mokreste e mong ea ileng a tšoaroa hampe ha e le ngoana o ile a ithuta bohlale ba mantsoe ana. O re: “Ho kopanela haufi le phutheho ho ile ha fetola maikutlo a ka ka bophelo. Ke ile ka bona ka ho hlaka hore baholo ba Bakreste ba lerato, hore hase mapolesa empa ke balisa.” E, baholo ba qenehelang ba Bakreste ba phetha karolo ea bohlokoa ho lelekeng maikutlo a senyang.—Esaia 32:1, 2; 1 Bathesalonika 2:7, 8.
Amohela Keletso ea Jehova
Baruke, mongoli oa moprofeta Jeremia, o ile a feheloa ka lebaka la mosebetsi oa hae o imelang kelello. Leha ho le joalo, Jehova ka mosa o ile a hlokomelisa Baruke ’nete. “‘Ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.’”—Jeremia 45:2-5.
Ka puo e tobileng, Jehova o ile a hlalosa hore Baruke o ferekanngoa ke ho phehella lintho tsa boithati. Baruke o ne a ke ke a thabela mosebetsi oo a o filoeng ke Molimo empa ka nģa e ’ngoe a ntse a ipatlela lintho tse khōlō. Le uena u ka ’na ua fumana hore bohato bo atlehang ka sebele ba ho hlōla ho nyahama ke ho qoba litšitiso le ho amohela khotso ea kelello e tlisoang ke ho khotsofalla lintho tsa Molimo.—Bafilipi 4:6, 7.
Mohlolohali Naomi ha aa ka a itšehla thajana Moabe ka lebaka la matšoenyeho ha monna oa hae le bara ba hae ba babeli ba e-shoa. Leha ho le joalo, ho na le se bontšang hore ka nakoana o ile a utloa bohloko haholo ka boemo ba hae le ba lingoetsi tsa hae tse peli. Naomi o ile a li khutlisa ka ho re: “Ho bohloko haholo ho ’na ka lebaka la lōna, hore ebe letsoho la Jehova le tsoile khahlanong le ’na.” Hape, ha a fihla Bethlehema o ile a tsitlella: “Le se ke la mpitsa Naomi [“Thabo ea Ka”]. Le mpitse Mara [“Bohloko”], kaha Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo.”—Ruthe 1:13, 20.
Leha ho le joalo, Naomi ha aa ka a itšehla thajana a siame—thōko le Jehova le batho ba hae. O ne a utloile a le Moabe hore “Jehova o ne a lebisitse tlhokomelo ea hae ho sechaba sa hae ka ho se fa bohobe.” (Ruthe 1:6) O ile a utloisisa hore sebaka se molemo ka ho fetisisa bakeng sa hae e ne e le har’a batho ba Jehova. Ka mor’a moo, Naomi o ile a khutlela Juda le ngoetsi ea hae Ruthe, ’me ka bohlale a mo tataisa hore na a itšoare joang malebana le mong ka bona Boaze, eo e neng e le morekolli oa hae.
Le kajeno, batho ba tšepahalang ba shoetsoeng ke balekane ba bona ba loana ka katleho le ho imeloa kelellong ka hore ba phathahane ka phuthehong ea Bokreste. Joaloka Naomi, ba tsoela pele ho ikitlaetsa litabeng tsa moea, letsatsi le letsatsi ba bala Lentsoe la Molimo.
Melemo ea ho Sebelisa Bohlale ba Molimo
Litlaleho tsena tsa Bibele li fa motho temoho ea hore na a ka loana ka katleho joang le liphello tsa ho nyahama. Asafe o ile a batla thuso sehalalelong sa Jehova ’me ka mamello a letela Jehova. Baruke o ile a nka khato ka keletso eo a neng a e filoe ’me a qoba litšitiso tsa lintho tse bonahalang. Naomi o ile a ba mahlahahlaha har’a batho ba Jehova, a lokisetsa Ruthe e monyenyane litokelo tsa hae borapeling ba Molimo oa ’nete.—1 Bakorinthe 4:7; Bagalata 5:26; 6:4.
U ka hlōla ho nyahama ka ho nahana hore nakong e fetileng Jehova o ’nile a etsa hore batho ba hae ba hlōle, e le batho ka bomong le ka sehlopha. Ho finyella sena, nahanisisa ka ketso ea lerato ea Jehova e khōlō ka ho fetisisa ea hore a u lokisetse thekollo. Ananela lerato la ’nete la mokhatlo oa bara ba motho oa Bokreste. Tsitsisa bophelo ba hao lefatšeng le lecha la Molimo le tla tla haufinyane. E se eka u ka nka khato e tšoanang le ea Asafe ha a re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova e le ho bolela mesebetsi eohle ea hao.”—Pesaleme ea 73:28.