Ho Leba Pele Tlhōlong ea ho Qetela!
“Bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.”—TŠENOLO 6:2.
1. Ponong Johanne o ile a bona liketsahalo life tse neng li tla etsahala nakong e tlang?
KA PULULELO ea Molimo, moapostola Johanne o ile a khona ho bona se neng se tla etsahala lilemong tse tlang tse ka bang 1 800 le ho hlalosa ho behoa teroneng ha Kreste e le Morena. Ho ne ho hlokahala hore Johanne a be le tumelo e le hore a tle a kholoe seo a se boneng ponong. Kajeno re na le bopaki bo hlakileng ba hore ho behoa teroneng hona ho boletsoeng esale pele ho etsahetse ka 1914. Ka mahlo a tumelo re bona Jesu Kreste “a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.”
2. Diabolose o ile a nka khato efe ha ’Muso o tsoaloa, ’me see ke bopaki ba eng?
2 Ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso, Satane o ile a lelekoa leholimong, e leng se ileng sa etsa hore a loane ka matla haholoanyane le ka khalefo e khōloanyane empa e le hore ho hang a ke ke a atleha. (Tšenolo 12:7-12) Khalefo ea hae e entse hore maemo a lefatše a be mahlonoko le ho feta. Ho bonahala moloko oa batho o ntse o senyeha. Ho Lipaki tsa Jehova sena ke bopaki bo hlakileng ba hore Morena oa tsona o leba pele ‘ho phetheng tlhōlo ea hae.’
Ho Etsoa Mokhatlo oa Lefatše le Lecha
3, 4. (a) Ho entsoe liphetoho life tsa tlhophiso phuthehong ea Bokreste ho tloha ha ’Muso o tsoaloa, ’me ke hobane’ng ha li ne li hlokahala? (b) Liphetoho tsee li bile le molemo ofe, joalokaha Esaia a boletse esale pele?
3 Hang ha ’Muso o tsoetsoe, e ne e le nako ea ho etsa hore phutheho ea Bokreste e tsosolositsoeng—eo joale e neng e e-na le boikarabelo bo eketsehileng ba ’Muso—e lumellane haholoanyane le mohlala oa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Kahoo, tokollong ea oona ea June 1 le 15, 1938, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hlahloba kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste o lokelang ho sebetsa kateng. Hamorao, tokollo ea Molula-Qhooa oa May 15, 1972, e ile ea tsebahatsa Sehlopha se Busang sa kajeno ka ho hlakileng haholoanyane sehloohong se reng “Sehlopha se Busang joale ka ha se Arohile ho Tšebelisano ea Molao.” Ka 1972, lihlopha tsa baholo li ile tsa khethoa hore li fane ka thuso le tataiso liphuthehong tseo li leng ho tsona.
4 Ho tsosolosoa ha bolebeli bo loketseng ho ile ha matlafatsa phutheho ea Bokreste haholo. E ile ea matlafatsoa hape le ke litokisetso tse ileng tsa etsoa ke Sehlopha se Busang bakeng sa ho rupela baholo mesebetsing ea bona, ho kopanyelletsa le ho ba koetlisa litabeng tsa boahloli. Khatelo-pele e etsoang mohato ka mohato ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lefatšeng le liphello tsa eona tse ntle e ile ea boleloa esale pele ho Esaia 60:17: “Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” Liphetoho tsena tse ntle li ile tsa bonahatsa tlhohonolofatso ea Molimo ’me ea e-ba bopaki ba hore Molimo o amohela ba tšehetsang ’Muso oa hae phatlalatsa le ka cheseho.
5. (a) Satane o ile a nka khato efe ha Jehova a hlohonolofatsa batho ba Hae? (b) Tumellanong le Bafilipi 1:7, batho ba Jehova ba ile ba arabela joang khalefong ea Satane?
5 Satane o ile a lemoha tlhokomelo e lerato le tataiso tseo Molimo a ileng a li fa batho ba hae ha ’Muso o qeta ho tsoaloa. Ka mohlala, ka 1931 sehlopha sena se senyenyane sa Bakreste se ile sa phatlalatsa hore e ne e se feela Liithuti tsa Bibele. Tumellanong le Esaia 43:10, e ne e le Lipaki tsa Jehova! Ebang ke ka mokhoa oa tšohanyetso kapa che, lefatšeng ka bophara Diabolose o ile a lokolla mahloriso a mangata ao ho neng ho se mohla a kileng a e-ba teng. Esita le linaheng tseo ka tloaelo li tsebahalang ka tokoloho ea bolumeli joaloka United States, Canada le Jeremane, Lipaki li ile tsa qobelloa ka makhetlo hore li hlahlele linyeoe e le hore li ’ne li be le tokoloho ea borapeli. Ka 1988, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la United States le ne le se le sebelitse linyeoe tse 71 tse amang Lipaki tsa Jehova, tseo ho tsona li ileng tsa hlōla tse etsang karolo ea bobeli ho tse tharo. Kajeno, ho pholletsa le lefatše, ho ’nile ha hlahleloa linyeoe e le hore joaloka lekholong la pele la lilemo, ho ka ‘sireletsoa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafilipi 1:7.
6. Na lithibelo le litšitiso li ile tsa sitisa batho ba Jehova hore ba hatele pele? Etsa mohlala.
6 Lilemong tsa bo-1930, matsatsing a etellang pele Ntoa ea II ea Lefatše, mebuso ea bompoli e ile ea thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova kapa ea o sitisa Jeremane, Spain, le Japane, ha re bolela e meraro feela. Empa ka selemo sa 2000, linaha tsena tse tharo feela li ne li e-na le bahoeletsi ba mafolofolo ba ’Muso oa Molimo ba ka bang 500 000. Ena e ne e ka ba palo e imenang haleshome ea Lipaki tse neng li le teng lefatšeng lohle ka 1936! Ho hlakile hore lithibelo le litšitiso li ke ke tsa sitisa batho ba Jehova hore ba hatele pele tlas’a Moeta-pele oa bona ea hlōlang, Jesu Kreste.
7. Ke eng e hlaheletseng e ileng ea etsahala ka 1958, ’me ho bile le phetoho efe e khōlō ho tloha ka nako eo?
7 E bile ponahatso e khōlō hakaakang ea khatelo-pele ee ha ka 1958 New York City, ho e-ba le kopano e khōlō ka ho fetisisa eo Lipaki tsa Jehova li neng li kile tsa e-ba le eona, e leng Kopano ea Machaba ea Thato ea Molimo, ’me ba bileng teng ba etsa tlhōrō ea ba 253 922! Ka 1970, mosebetsi oa tsona o ne o lokolotsoe linaheng tse tharo tse boletsoeng ka holimo, ntle ho naha e neng e tsejoa e le Jeremane Bochabela ka nako eo. Empa Lipaki li ne li ntse li thibetsoe naheng e khōlōhali ea Soviet Union le lichabeng tseo e neng e le metsoalle ea eona Selekaneng sa Warsaw. Kajeno, lichabeng tsena tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi, ho na le Lipaki tse mafolofolo tse fetang halofo ea milione hōle.
8. Phello ea tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae e bile efe, hona Molula-Qhooa oa 1950 o ile oa re’ng ka see?
8 Lipaki tsa Jehova li hlohonolofalitsoe ka keketseho hobane li ’nile tsa ‘batla ’muso pele le ho loka ha [Molimo].’ (Matheu 6:33) Boprofeta ba Esaia bo se bo phethahetse ka ho toba: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) ’Me keketseho ena e sa tsoela pele. Lilemong tse leshome feela tse fetileng, palo ea babuelli ba mafolofolo ba puso ea ’Muso e ile ea eketseha ka batho ba fetang 1 750 000. Ka boithaopo, bana ba fetohile karolo ea sehlopha seo Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa 1950 o ileng oa re ka sona: “Hona joale Molimo o lokisa mokhatlo oa lefatše le lecha. . . . Sehlopha sena se tla pholoha Armagedone, . . . e be sa pele se kenang tšebetsong ‘lefatšeng le lecha’ . . . , se hlophisitsoeng ho latela puso ea Molimo, se tsebang tlhophiso.” Sehlooho seo se ile sa phetha ka ho re: “Kahoo, kaofela ha rōna a re tsoeleng pele, mohato ka mohato, re le mokhatlo oa lefatše le lecha!”
9. Lintho tseo Lipaki tsa Jehova li ithutileng tsona ho theosa le lilemo li ipakile li le molemo joang?
9 Ho sa le joalo, mokhatlo ona oa lefatše le lecha o ntseng o hōla o fumane tsebo e ipakileng e le ea bohlokoahali kajeno ’me mohlomong e tla ’ne e be ea bohlokoahali le mosebetsing oa tsosoloso oa ka mor’a Armagedone. Ka mohlala, Lipaki li ithutile ho hlophisa likopano tse khōlō, ho fana ka liphallelo ka potlako, le ho haha kapele. Mosebetsi ona o entse hore ba bangata ba tsote Lipaki tsa Jehova ’me ba li hlomphe.
Ho Lokisa Maikutlo a Fosahetseng
10, 11. Etsa mohlala oa kamoo maikutlo a fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova a ’nileng a lokisoa kateng.
10 Leha ho le joalo, ho na le batho ba qosang Lipaki tsa Jehova ka hore ha li sebelisane le sechaba. Lebaka la sena haholo-holo ke boemo ba Lipaki bo thehiloeng Bibeleng litabeng tse kang litšelo tsa mali, ho se nke lehlakore, ho tsuba le boitšoaro. Empa batho ba se ba qala ho lumela ka ho eketsehileng hore pono ea Lipaki ke ea bohlokoa. Ka mohlala, ngaka e ’ngoe ea Poland e ile ea founela ofisi ea tsamaiso ea Lipaki tsa Jehova ’me ea bolela hore eona hammoho le basebetsi-’moho le eona sepetlele ba ile ba pheha khang ka lihora tse ’maloa ka taba ea litšelo tsa mali. Puisano eo e ile ea hlohleletsoa ke sehlooho se ileng sa hlaha letsatsing leo ho Dziennik Zachodni ea Sepolishe. Ngaka ena e ile ea lumela, ea re: “Ke soabile hore ebe mali a sebelisoa hampe phekolong. Sena se tlameha ho fetoha, ’me ke thabetse hore ebe ho na le e mong ea tekileng taba ena. Nka thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng.”
11 Sebokeng se ileng sa tšoaroa selemong se fetileng, litsebi ho tsa bongaka Canada, Europe, Iseraele le United States li ile tsa tšohla boitsebiso bo etselitsoeng ho thusa lingaka hore li phekole bakuli li sa sebelise mali. Sebokeng sena se neng se tšoaretsoe Switzerland, ho ile ha bontšoa hore ho fapana le maikutlo a atileng, ha e le hantle bakuli ba shoang ba tšetsoe mali ba bangata ho feta bakuli ba shoang ba sa tšeloa mali. Hangata bakuli ba Lipaki ba ne ba khona ho tsoa sepetlele kapele ho feta ba ileng ba phekoloa ka mali, e leng seo hangata se fokotsang litšenyehelo tsa phekolo.
12. Fana ka mohlala oa kamoo batho ba tummeng ba ’nileng ba rorisa boemo bo nkiloeng ke Lipaki tsa Jehova kateng mabapi le ho se nke lehlakore lipolotiking.
12 Ho ’nile ha etsoa le litlhaloso tse ngata tse ntle mabapi le boemo ba ho se nke lehlakore ba Lipaki tsa Jehova pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le nakong ea ha e ntse e loana ha li ne li mameletse ka tlas’a Manazi. Video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault, e entsoeng ke Lipaki tsa Jehova le eo ka ho loketseng e ileng ea bontšoa ka lekhetlo la pele kampong ea mahloriso ea Ravensbrück Jeremane ka la 6 November, 1996, e entse hore ho be le litlhaloso tse ngata tse ntle. Ha e ne e bontšoa ka mokhoa o tšoanang kampong ea mahloriso e tummeng hampe ea Bergen-Belsen ka la 18 April, 1998, motsamaisi oa Setsi sa Thuto ea Lipolotiki Lower Saxony, Dr. Wolfgang Scheel, o ile a lumela, a re: “E ’ngoe ea linnete tse soabisang tsa histori ke hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa lahla Bonazi ka boikemisetso bo fetang ba likereke tsa Bokreste hōle. . . . Ho sa tsotellehe hore na re ka ikutloa joang ka lithuto le cheseho ea bolumeli ea Lipaki tsa Jehova, ho tiea ha tsona nakong ea puso ea Bonazi ho re qobella hore re ho hlomphe.”
13, 14. (a) Ke mantsoe afe a nang le kelello ao motho e mong eo ho neng ho sa lebelloa hore a ka a bua a ileng a a bua molemong oa Bakreste ba pele? (b) Fana ka mehlala ea litlhaloso tse ntle tse ’nileng tsa etsoa molemong oa batho ba Molimo kajeno.
13 Ha batho ba hlahelletseng kapa liqeto tsa lekhotla, ba emela Lipaki tsa Jehova litabeng tse tsosang khang, ho ka ’na ha fokotsa leeme ’me ha etsa hore Lipaki li nkoe ka tsela e ntle haholoanyane. Hangata sena se li fa monyetla oa hore li bue le batho bao pele ba neng ba sa ikemisetsa ho mamela. Ka hona, liketso tse joalo lia amoheleha, ’me Lipaki tsa Jehova li li ananela e le kannete. Sena se re hopotsa se ileng sa etsahala lekholong la pele la lilemo Jerusalema. Ha Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda le ne le batla ho bolaea Bakreste ka lebaka la boboleli ba bona bo chesehang, Gamaliele, “mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle,” o ile a fana ka temoso ’me a re: “Banna ba Iseraele, ikeleng hloko hore na le rera ho etsa’ng ka banna bana. . . . Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha;) ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”—Liketso 5:33-39.
14 Joaloka Gamaliele, morao tjena batho ba tummeng ba bueletse tokoloho ea bolumeli ea Lipaki tsa Jehova. Ka mohlala, eo e kileng ea e-ba molula-setulo oa Sekolo sa Machaba sa Tokoloho ea Bolumeli le Tumelo o ile a pheha khang a re: “Bolumeli ha boa lokela ho haneloa ka litokelo tsa bolumeli kahobane feela sechaba se nka hore litumelo tsa bona ha li amohelehe kapa ha lia tloaeleha.” Hape, moprofesa oa thuto ea saense ea bolumeli univesithing ea Leipzig o ile a botsa potso e loketseng mabapi le komisi ea ’muso oa Jeremane e thehiloeng ka morero oa ho etsa liphuputso mabapi le se bitsoang lihlopha tsa bokhelohi tsa bolumeli, a re: “Ke hobane’ng ha ho hlahlobisisoa malumeli a manyenyane feela empa ho sa hlahlobisisoe likereke tse peli tse khōlō [Kereke ea Roma e K’hatholike le Kereke ea Lutere]?” Re ka fumana karabo habonolo mantsoeng a eo e kileng ea e-ba ofisiri ea Jeremane, ea ileng a ngola, a re: “Ha ho pelaelo hore sephiring, litho tse chesehang tsa kereke ke tsona tse neng li laola tsela ea bopolotiki e ileng ea nkoa ke komisi ea ’muso.”
Re Lebeletse Thuso ea Mang?
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ketso ea Gamaliele e sa ka ea khona ho finyella sohle se hlokahalang? (b) Ke joang batho ba bang ba bararo ba tummeng ba sa kang ba khona ho etsa sohle seo ba se batlang molemong oa Jesu?
15 Seo Gamaliele a se boletseng se mpa se totobatsa ntlha ea hore mosebetsi o tšehetsoang ke Molimo ho hang o ke ke oa hlōleha. Ha ho pelaelo hore Bakreste ba pele ba ile ba rua molemo mantsoeng a hae ho Sanhedrine, empa ha baa ka ba lebala hore le mantsoe a Jesu a hore balateli ba hae ba tla hlorisoa e ne e le ’nete. Ketso ea Gamaliele e ile ea nyopisa merero ea baeta-pele ba bolumeli ea ho ba bolaea, empa ha ea ka ea felisa mahloriso ka ho feletseng, kaha rea bala: “Eaba ba mo ela hloko, ’me ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu, eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.”—Liketso 5:40.
16 Ha Jesu a le nyeoeng, Ponse Pilato o ile a leka ho lokolla Jesu ha a mo fumana a se molato. Empa ha aa ka a atleha. (Johanne 18:38, 39; 19:4, 6, 12-16) Esita le litho tse peli tsa Sanhedrine, Nikodemase le Josefa oa Arimathea, tse neng li rata Jesu, ha lia ka tsa khona ho etsa sohle seo li se batlang ho thibela lekhotla ho ahlola Jesu. (Luka 23:50-52; Johanne 7:45-52; 19:38-40) Thuso eo batho ba fanang ka eona ha ba emela batho ba Jehova—ho sa tsotellehe sepheo sa bona—e na le phello e lekanyelitsoeng. Lefatše le tla tsoela pele ho hloea balateli ba ’nete ba Kreste, feela joalokaha le ile la mo hloea. Thuso e feletseng e ka tsoa ho Jehova feela.—Liketso 2:24.
17. Lipaki tsa Jehova li na le pono efe e utloahalang, empa ke hobane’ng ha li sa fokolisoe boikemisetsong ba tsona ba ho tsoela pele li bolela litaba tse molemo?
17 Ka ho utloahalang, Lipaki tsa Jehova li lebeletse hore mahloriso a tsoele pele. Khanyetso e tla khaotsa feela mohlang tsamaiso ea Satane e qetellang e felisitsoe. Leha ho le joalo, mahloriso ana, le hoja a sa thabise, ha a thibele Lipaki ho phetha thōmo ea tsona ea ho bolela ka ’Muso. A ka li sitisa joang, athe li tšehelitsoe ke Molimo? Li tšepile Moeta-pele oa tsona ea sebete, Jesu Kreste, e le mohlala o loketseng.—Liketso 5:17-21, 27-32.
18. Ke bothata bofe bo ntseng bo larile ka pel’a batho ba Jehova, empa ba kholisehile ka phello efe?
18 Ho tloha ha bo qala feela, bolumeli ba ’nete bo ’nile ba tobana le khanyetso e matla. Haufinyane, bo tla hlaseloa ka ho feletseng ke Gogo, e leng Satane boemong ba hae bo eisehang haesale a lelekoa leholimong. Empa bolumeli ba ’nete bo tla pholoha. (Ezekiele 38:14-16) “Marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” tlas’a tataiso ea Satane, a “tla loana le Konyana, empa konyana e tla [a] hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena.” (Tšenolo 16:14; 17:14) E, Morena oa rōna o lebile pele tlhōlong ea ho qetela ’me haufinyane o tla ‘phetha tlhōlo ea hae.’ Ke tokelo e kaakang ho leba pele le eena, re tseba hore haufinyane ha ho mohla le ea mong a tla boela a hanyetse barapeli ba Jehova ha ba re: ‘Molimo o eme le rōna’!—Baroma 8:31; Bafilipi 1:27, 28.
Na U ka Hlalosa?
•Jehova o entse’ng ho matlafatsa phutheho ea Bokreste ho tloha ha ’Muso o tsoaloa?
•Satane o entse’ng ho leka ho etsa hore Kreste a hlōlehe ho phetha tlhōlo ea hae, hona e le ka liphello life?
•Re lokela ho ba le pono efe e leka-lekaneng mabapi le khato e ntle e nkoang ke batho bao e seng Lipaki?
•Haufinyane Satane o tla etsa’ng, hona ka phello efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Likopano ke pontšo ea khatelo-pele ea batho ba Jehova
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Ho se nke lehlakore ha Lipaki Ntoeng ea II ea Lefatše ho sa ntse ho tlisetsa Jehova thoriso