Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?
BILL o ne a le mocha, a le mahlahahlaha, a rutehile ’me a eme hantle licheleteng. Empa o ne a sa khotsofala. O ne a se na morero bophelong, ’me seo se ne se mo tšoenya haholo. E le moo a lekang ho fumana morero bophelong, o ile a hlahloba malumeli a fapa-fapaneng, empa ha aa ka a fumana seo a neng a se batla. Ka 1991, o ile a kopana le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ea ileng a mo siela buka e tšohlang se buuoang ke Bibele ka morero oa bophelo. Ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele e le hore Bill a ka hlahloba taba ena le tse ling.
Bill o sa hopola: “Re ile ra ba le thuto ea rōna ea pele, ’me kaha re ile ra phetla Bibele hangata, ke ile ka tseba hore sena ke sona seo ke neng ke ntse ke se batla. Ke ile ka thabela likarabo tse ka Bibeleng haholo. Ka mor’a thuto eo, ke ile ka khanna vene ea ka ka ea lithabeng, ka tsoa ka har’a eona ’me ka lla haholo ka lebaka la thabo. Ke ne ke thabetse hore ebe qetellong ke ne ke tseba likarabo tsa lipotso tsa ka.”
Ke ’nete hore hase e mong le e mong ea fumanang ’nete ea Bibele ea llisoang ke thabo. Leha ho le joalo, ba bangata ba thabisoa ke ho tseba likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong. Ba ikutloa ba tšoana le monna oa papisong ea Jesu ea ileng a fumana letlotlo le patiloeng tšimong. Jesu o ile a re: “Ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me a rekise lintho tseo a nang le tsona ’me a reke tšimo eo.”—Matheu 13:44.
Senotlolo se Isang Bophelong bo Nang le Morero
Bill o ne a ile a nahana ka potso ena ea motheo, Morero oa bophelo ke eng? Bo-rafilosofi, baruti ba thuto ea bolumeli le bo-rasaense ba ’nile ba leka ho fumana karabo ea potso eo ka lilemo tse likete. Batho ba lekang ho arabela potso eo ba ’nile ba ngola libuka tse se nang palo. Boiteko ba bona e bile ba lefeela, ’me ba bangata ba fihletse qeto ea hore potso eo ha e na karabo. Leha ho le joalo, karabo e teng. Le hoja e tebile, ha e thata. E hlalosoa ka Bibeleng. Senotlolo se isang bophelong bo thabileng le bo nang le morero ke sena: Re lokela ho ba le kamano e ntle le Jehova, ’Mōpi oa rōna le Ntate oa rōna oa leholimo. See re se finyella joang?
Ho na le lintlha tse peli tseo ho bonahalang eka lia ikhanyetsa mabapi le ho atamela haufi le Molimo. Ba etsang joalo baa mo tšaba ebile baa mo rata. A re hlahlobeng mangolo a mabeli a tšehetsang polelo eo. Khale-khale, Morena Solomone ea bohlale o ile a ithuta moloko oa batho ka hloko ’me a tlaleha seo a se fumaneng bukeng ea Bibele ea Moeklesia. Ha a akaretsa seo a se lemohileng, o ile a ngola: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” (Moeklesia 12:13) Makholo a lilemo hamorao, ha Jesu a ne a botsoa hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong o neng o nehiloe Moshe ke efe, o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Na ho bonahala ho makatsa ho uena hore ebe re lokela ho tšaba Molimo re be re mo rate? A re hlahlobeng bohlokoa ba tšabo le lerato le hore na li kopana joang ho etsa hore motho a be le kamano e khotsofatsang le Molimo.
Se Boleloang ke ho Tšaba Molimo
Tšabo e nang le tlhompho ea hlokahala e le hore re tle re rapele Molimo ka mokhoa o amohelehang. Bibele e re: “Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale.” (Pesaleme ea 111:10) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “A re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona ka ho amohelehang re ka etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.” (Baheberu 12:28) Ka ho tšoanang, lengeloi leo moapostola Johanne a ileng a le bona ponong le le bohareng ba leholimo, le ile la qala ho phatlalatsa litaba tse molemo ka mantsoe a reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.”—Tšenolo 14:6, 7.
Ho tšaba Molimo ka tsela ena, hoo e leng habohlokoa hakana hore bophelo bo be le morero, ha ho tšoane le tšabo e mpe. Re ka ’na ra tšoha ha re sokeloa ke senokoane se sehlōhō le se kotsi. Empa ho tšaba Molimo ke ho ba le tšabo e nang le tlhompho e tebileng ho ’Mōpi. Ho boetse ho akarelletsa ho ba le tšabo e loketseng ea ho halefisa Molimo kahobane e le Moahloli ea Phahameng le Ea Matla ’Ohle, ea nang le matla le tokelo ea ho fana ka kotlo ho ba sa mameleng.
Tšabo le Lerato Lia Sebelisana
Leha ho le joalo, Jehova ha a batle hore batho ba mo sebeletse hobane feela baa mo tšaba. Ho totobetse hore Jehova ke Molimo ea lerato. Moapostola Johanne o ile a susumelletseha hore a ngole: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova Molimo o sebetsane ka lerato haholo le moloko oa batho, ’me o batla hore batho ba arabele ka hore le bona ba mo rate. Leha ho le joalo, lerato le joalo le lumellana joang le ho tšaba Molimo? Ha e le hantle, lintho tsena tse peli lia amana. Mopesaleme o ile a ngola: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 25:14.
Ak’u nahane ka tlhompho le tšabo eo ngoana a nang le eona ho ntat’ae oa senatla le ea bohlale. Ho ntse ho le joalo, ngoana ea joalo o tla arabela leratong la ntat’ae. Ngoana enoa o tla tšepa ntat’ae ’me a batle tataiso ea hae, a kholisehile hore tataiso ena e tla mo tsoela molemo. Ka tsela e tšoanang, haeba re rata Jehova re bile re mo tšaba, re tla mamela tataiso ea hae, ’me sena se tla re tsoela molemo. Hlokomela seo Jehova a ileng a se bua mabapi le sechaba sa Iseraele: “Hoja se ne se ka etsa hore lipelo tsena tsa sona li ntšabe ’me li boloke litaelo tsohle tsa ka kamehla, e le hore lintho li ka se tsamaela hantle le bara ba sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang!”—Deuteronoma 5:29.
E, ho tšaba Molimo ho isa tokolohong eseng botlamuoeng, thabong eseng masoabing. Esaia o ile a profeta ka Jesu, a re: “O tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:3) Mopesaleme eena o ile a ngola: “Ho thaba motho ea tšabang Jehova, ea khahloang haholo ke litaelo tsa hae.”—Pesaleme ea 112:1.
Ho hlakile hore re ke ke ra tšaba Molimo kapa ra mo rata haeba re sa mo tsebe. Ke ka lebaka leo ho ithuta Bibele e leng habohlokoa hakana. Thuto e joalo e re thusa ho utloisisa botho ba Molimo le ho ananela bohlale ba ho latela tataiso ea hae. Ha re ntse re atamela haufi le Molimo, re batla ho etsa thato ea hae ’me re susumelletseha ho boloka litaelo tsa hae, re tseba hore li tla re tsoela molemo.—1 Johanne 5:3.
Hoa thabisa ha motho a tseba hore o phela ka tsela e nepahetseng. Bill, eo ho buuoeng ka eena qalong, o ikutloa joalo. Morao tjena o itse: “Ha ke sheba lilemo tse fetileng tse robong ho tloha thutong ea ka ea pele ea Bibele, kamano ea ka le Jehova e hōlile. Thabo eo ke bileng le eona lekhetlong la pele e fetohile tsela e nyakallisang ka sebele ea bophelo. Ke na le pono e ntle kamehla bophelong. Ke qeta matsatsi a ka ke etsa mosebetsi o nang le morero, eseng ke batla menyaka ka tsela e sa utloahaleng. Jehova o fetohile motho oa sebele ho ’na, ’me kea tseba hore o mpatlela lintho tse molemo feela.”
Sehloohong se latelang, re tla hlahloba ka ho eketsehileng kamoo tsebo ea Jehova e tlisang thabo kateng le melemo ho ba e sebelisang bophelong ba bona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ho atamela haufi le Molimo ho bolela hore rea mo rata ebile rea mo tšaba
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Jesu o ne a thabela ho tšaba Jehova