Emang le Feletse le ka Kholiseho e Tiileng
Ho Thusa Bacha ka Taeo e Nakong
EPAFRASE e ne e le Mokreste oa lekholong la pele la lilemo ea neng a ile a etela Roma. Leha ho le joalo, ka lebaka le utloahalang o ne a ntse a nahana ka Kolose, motse o Asia Minor. O ne a ile a etsa mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo moo ’me ha ho pelaelo hore o ne a ile a thusa Bakolose ba bang hore e be barutuoa ba Jesu Kreste. (Bakolose 1:7) Epafrase o ne a amehile ka ho teba ka balumeli-’moho le eena ba Kolose, joalokaha ho ka bonoa lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a ba ngolla lona ha a le Roma, moo a reng: “Epafrase . . . o le romela litumeliso, kamehla a ikitlaetsa molemong oa lōna lithapelong tsa hae, e le hore qetellong le ka ema le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.”—Bakolose 4:12.
Ka ho tšoanang, bo-ntate le bo-’mè ba Bakreste ba kajeno ka tieo ba rapella boiketlo ba moea ba bana ba bona. Batsoali bana ba leka ho kenya lerato la Molimo ka lipelong tsa bana ba bona e le hore ba ka tiea ’neteng.
Bacha ba bangata ba Bakreste ba ile ba kōpa thuso e le hore ba ka sebetsana le mathata ao ba tobanang le ’ona sekolong le libakeng tse ling. Moroetsana e mong ea lilemo li 15 o ile a re: “Mathata a rōna a ntse a eketseha le ho feta. Bophelo bo tšosa e le kannete. Re hloka thuso!” Na likōpo tsa bacha ba joalo le lithapelo tsa batsoali ba tšabang Molimo li arabetsoe? E! Ho ile ha fanoa ka taeo e thehiloeng Bibeleng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Sehlooho sena se bua ka tse ling tsa libuka tse ileng tsa thusa bacha ba makholo a likete hore ba ‘eme ba feletse le ka kholiseho e tiileng.’ A re ke re hlahlobeng tse ’maloa tsa lingoliloeng tsena.
“Bonang . . . ke Lipaki Tse Ncha Tse 15 000!”
Ka August 1941, bamameli ba 115 000 ba ile ba bokana hammoho St. Louis, Missouri, U.S.A., bakeng sa kopano e khōlōhali ea Lipaki tsa Jehova e ileng ea tšoaroa nakong eo. Letsatsing la ho qetela la kopano eo—“Letsatsi la Bana”—bana ba ka bang 15 000 ba neng ba lutse haufi le sethala ba ne ba mametse ka hloko ha Joseph F. Rutherford a bua ka sehlooho se reng “Bana ba Morena.” Qetellong ea puo ea hae, Rutherford ea neng a se a le lilemo li 71 ka lentsoe le bonolo o ile a re:
“Kaofela ha lōna . . . bana ba lumetseng ho utloa Molimo le Morena ea behiloeng ke eena, ka kōpo emang.” Bana ba ile ba raohela hong. Mor’abo rōna Rutherford o ile a hooa: “Bonang, ke lipaki tse ncha tse fetang 15 000 tsa ’Muso!” Ho ile ha utloahala litlatse feela. Sebui se ile sa phaella ka ho re: “Kaofela ha lōna ba tla etsa seo le ka se khonang ho bolella ba bang ka ’muso oa Molimo, ke kōpa le re E.” Bana ba ile ba arabela ka “E!” e utloahalang. Ka mor’a moo o ile a lokolla buka e ncha ea Children, e ileng ea amoheloa ka litlatse tse ileng tsa nka nako e telele.
Ka mor’a puo ena e susumetsang, mokoloko o molelele oa bana o ile oa hloella sethaleng moo Mor’abo rōna Rutherford a neng a ba fa mpho ea buka ena e ncha. Batho ba bangata ba ile ba lla ha ba bona sena. Paki e boneng ka mahlo e ile ea re: “Ke motho feela ea se nang maikutlo kapa kutloisiso ea neng a ke ke a sisinngoa ke ho bona bacha ba [bonahatsa] tšepo le tumelo e feletseng ho Molimo oa bona, Jehova.”
Kopanong eo e sa lebaleheng, bacha ba 1 300 ba ile ba kolobetsoa e le ha ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova. Ba bangata ba bona ba lutse ba tiile linneteng ho fihlela lena le holimo. Ba tšehetsa liphutheho tsa bona, ke baithaopi ba Bethele, kapa ba sebeletsa e le baromuoa linaheng lisele. Ka sebele, “Letsatsi la Bana” hammoho le buka e bitsoang Children li bile le tšusumetso e sa feleng lipelong tsa bacha ba bangata!
“Li Bonahala li Tla ka Nako e Tšoanetseng”
Lilemong tsa bo-1970, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa libuka tse ling hape tse tharo tse ileng tsa ama lipelo tsa bacha ba makholo a likete. Tsona ke Ho Mamela Mosuoe e Moholo, Bocha ba Hao—Ho fumana se Molemohali ho Bona le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ho tloha ka 1982 lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ile tsa qala ho hlaha makasineng ea Tsoha! Lihlooho tsena li tsositse thahasello e itseng lipelong tsa bacha le batho ba hōlileng. Mocha e mong ea lilemo li 14 o ile a re: “Bosiu bo bong le bo bong ke leboha Molimo hore ebe lia phatlalatsoa.” Mocha e mong ea lilemo li 13 o re: “Ke rata lihlooho tsena, li bonahala li tla ka nako e tšoanetseng.” Batsoali le baholo ba khethiloeng ba Bakreste baa lumela hore lihlooho tsena li ’nile tsa tla ka nako e tšoanetseng ebile li ruisa molemo.
Ka 1989 ho ne ho se ho hlahile lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” tse 200 ka hare ho Tsoha! Selemong sona seo Kopanong ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo,” ho ile ha lokolloa buka e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Na e thusitse bacha hore ba lule ba tiile ’neteng? Bacha ba bararo ba ile ba ngola: “Buka ena e bile letlotlo le hlollang ebile e re thusitse ho utloisisa mathata a rōna le ho etsa se nepahetseng ha re thulana le mathata. Re le leboha haholo ka ho thahasella boiketlo ba rōna.” Bacha ba bangata lefatšeng ho pota ba lumellana le sena.
“E Kholisitse Litlhoko Tsa Rōna”
Selemong sa 1999, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlahisa mofuta o mong oa taeo e fanoang ka nako e tšoanetseng bakeng sa bacha—video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? E ile ea tsosa thahasello ea batho ba bangata. Mocha e mong ea lilemo li 14 o ile a re: “Video ena e ile ea ama pelo ea ka.” ’Mè e mong eo e leng motsoali a le mong o ile a re: “E tla ba karolo ea kamehla ea lijo tsa rōna tsa moea.” Moroetsana e mong eena o ile a re: “Hoa thabisa ho tseba hore Motsoalle oa rōna e moholo Jehova, kannete oa rata o bile o tsotella bacha bohle ba mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng lefatšeng ka bophara.”
Ke eng se finyeletsoeng ke video ee? Bacha ba re: “E nthusitse ho lebela setsoalle sa ka, ho atoloha ka phuthehong, le ho etsa Jehova motsoalle.” “E nthusitse ho tobana le lithaka tsa ka ka sebete.” “E entse hore ke tiee e le hore nka sebeletsa Jehova hamolemo kamoo nka khonang kateng.” Le banyalani ba bang ba ile ba ngola: “Re le leboha ho tloha botebong ba lipelo tsa rōna ka lebaka la ho re fa ‘lijo’ tsa moea. E kholisitse litlhoko tsa rōna.”
Tumellanong le thōmo eo le e fuoeng ke Molimo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” la batlotsuoa le fane ka lijo tsa moea tse nakong bakeng sa bohle ba li amohelang. ’Me ke thabo e kaakang ho bona kamoo taeo e joalo ea Mangolo e thusang bacha hore ba ‘eme ba feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo!’