Jehova o re Bontša Kamoo re Lokelang ho bala Matsatsi a Rōna Kateng
“Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale.”—PESALEME EA 90:12.
1. Ke hobane’ng ha ho loketse ho kōpa Jehova hore a re bontše kamoo re lokelang ho “bala matsatsi a rōna” kateng?
JEHOVA MOLIMO ke ’Mōpi oa rōna le Monehi-Bophelo oa rōna. (Pesaleme ea 36:9; Tšenolo 4:11) Kahoo, ha ho na motho e mong hape ea neng a ka ba boemong bo molemo ba ho re bontša kamoo re lokelang ho sebelisa lilemo tsa bophelo ba rōna kateng ka tsela e bohlale. Kahoo, mopesaleme o ne a nepile ha a kōpa Molimo a re: “Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale.” (Pesaleme ea 90:12) Ha ho pelaelo hore re lokela ho hlahloba ka hloko Pesaleme ea 90, eo re fumanang thapeli eo ho eona. Leha ho le joalo, ka bokhutšoanyane a re qaleng ka tlhahlobo e akaretsang ea pina ena e bululetsoeng ke Molimo.
2. (a) Ho boleloa hore moqapi oa Pesaleme ea 90 ke mang, ’me ho ka etsahala hore ebe e ngotsoe neng? (b) Pesaleme ea 90 e lokela ho ama pono ea rōna ka bophelo joang?
2 Sehlooho sa Pesaleme ea 90 se re ke “thapelo ea Moshe, monna oa Molimo oa ’nete.” Kaha pesaleme ena e totobatsa hore bophelo ba motho bo bokhutšoanyane, ho ka etsahala hore ebe e qapiloe ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe botlamuoeng Egepeta le nakong ea leeto la bona la lilemo tse 40 lefeelleng, moo moloko o se nang tumelo o ileng oa fela ha batho ba e-shoa ka limilione. (Numere 32:9-13) Ho sa tsotellehe hore na e qapiloe neng, Pesaleme ea 90 e bontša hore bophelo ba batho ba sa phethahalang bo bokhutšoanyane. Joale, ho hlakile hore re lokela ho sebelisa matsatsi a rōna a bohlokoa ka bohlale.
3. Pesaleme ea 90 e hlile e bua ka eng?
3 Pesalemeng ea 90, temana ea 1 ho ea ho ea 6 ho tsebahatsoa Jehova e le sebaka sa rōna sa bolulo sa ka ho sa feleng. Temaneng ea 7 ho ea ho ea 12 ho bontšoa seo re se hlokang e le hore re sebelise lilemo tsa bophelo ba rōna tse fetang ka potlako ka mokhoa o amohelehang ho eena. Joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 13 ho ea ho ea 17, ka sebele re lakatsa ho amohela mosa o lerato oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae. ’Nete ke hore pesaleme ena ha e bolele esale pele liphihlelo tsa rōna ka bomong re le bahlanka ba Jehova. Leha ho le joalo, re lokela ho nka ka botebo maikutlo a borapeli a bontšitsoeng pesalemeng ena. Kahoo, ka hloko a re ke re talimeng Pesaleme ea 90 ka tsela eo batho ba inehetseng ho Molimo ba e talimang ka eona.
Jehova ke “Sebaka sa Rōna sa Bolulo sa Sebele”
4-6. Ke joang Jehova e leng “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele”?
4 Mopesaleme o qala ka mantsoe ana: “Jehova, u bile sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong. Pele lithaba li tsoaloa, kapa u qala ho hlahisa lefatše le naha e behang joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi, esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.”—Pesaleme ea 90:1, 2.
5 Jehova, “Molimo ea sa feleng,” ke “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele”—e leng setšabelo sa moea. (Baroma 16:26) Re ikutloa re sireletsehile, hobane kamehla o teng ho re thusa e le “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Kaha re lahlela matšoenyeho a rōna ho Ntat’a rōna oa leholimo ka Mora oa hae ea ratoang, ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello.’—Bafilipi 4:6, 7; Matheu 6:9; Johanne 14:6, 14.
6 Re thabela tšireletseho ea moea hobane, ka puo ea tšoantšetso, Jehova ke “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele.” O boetse o lokiselitse ‘likamore tsa ka hare’—tseo mohlomong li amanang haufi le liphutheho tsa batho ba hae—e le libaka tsa setšabelo tsa moea, moo balisa ba lerato ba tlatsetsang ka matla hore re ikutloe re sireletsehile. (Esaia 26:20; 32:1, 2; Liketso 20:28, 29) Ho feta moo, ba bang ba rōna re litho tsa malapa ao e leng khale a sebeletsa Molimo ’me ka borōna re fumane hore ke eena ‘sebaka sa bolulo sa sebele molokong o mong ka mor’a o mong.’
7. Lithaba li ‘tsoetsoe’ ka kutloisiso efe ’me lefatše le hlahisitsoe joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi” joang?
7 Jehova o bile teng pele lithaba li “tsoaloa” kapa pele lefatše le hlahisoa joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi.” Ponong ea motho, ho hlahisa lefatše lena le sohle se ho lona, metsoako ea lona le maranrang ao le sebetsang ka ’ona, ho ile ha hloka boikitlaetso bo boholo haholo. Ha mopesaleme a bolela hore lithaba li ile tsa “tsoaloa” le hore lefatše le ile la hlahisoa joalokaha eka ke ka “bohloko ba pelehi,” o bontša hore o tsota mosebetsi oo Jehova a ileng a kena ho oona ha a ne a bōpa lintho tsena. Na ha rea tšoanela ho tsota le ho ananela ka tsela e tšoanang mosebetsi o tsoileng matsoho oa ’Mōpi?
Jehova o Lula a Loketse ho re Thusa
8. Ho boleloa eng ka poleloana e reng Jehova ke Molimo “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang”?
8 Mopesaleme o ile a bina, a re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” “Nako e sa lekanyetsoang” e ka bolela lintho tse felang empa tseo nako ea tsona e sa boleloang ka ho hlaka. (Exoda 31:16, 17; Baheberu 9:15) Leha ho le joalo, ho Pesaleme ea 90:2 le libakeng tse ling ka Mangolong a Seheberu, “nako e sa lekanyetsoang” e bolela “nako e sa feleng.” (Moeklesia 1:4) Likelello tsa rōna li ke ke tsa utloisisa hore na ho khoneha joang hore ebe Molimo esale a le teng. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a ba le qaleho ’me a ke ke a ba le qetello. (Habakuke 1:12) O tla phela kamehla ’me o lula a loketse ho re thusa.
9. Mopesaleme o lekanya lilemo tse sekete tsa ho phela ha motho le eng?
9 Mopesaleme o ile a bululeloa hore a lekanye lilemo tse sekete tsa ho phela ha motho le nako e khutšoanyane haholo ho ’Mōpi oa ka ho sa feleng. Ha a bua le Molimo, o ile a ngola: “U khutlisetsa motho ea shoang nthong e silakantsoeng, u re: ‘Khutlang, lōna bara ba batho.’ Etsoe lilemo tse sekete mahlong a hao li feela joaloka letsatsi la maobane ha le fetile, le joaloka tebelo ea bosiu.”—Pesaleme ea 90:3, 4.
10. Molimo o ‘khutlisetsa motho nthong e silakantsoeng’ joang?
10 Motho oa shoa, ’me Molimo o mo ‘khutlisetsa nthong e silakantsoeng.’ Ke hore, motho o khutlela “lerōleng,” e le mobu o silakantsoeng le o tutsoeng. Ha e le hantle, Jehova o re: ‘Khutlelang lerōleng leo le entsoeng ka lona.’ (Genese 2:7; 3:19) Sena se sebetsa ho bohle—ba matla le ba fokolang, ba ruileng le ba futsanehileng—etsoe ha ho motho ea sa phethahalang ‘eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae e le hore a ka phela ka ho sa feleng.’ (Pesaleme ea 49:6-9) Empa re leboha hakaakang hore ebe ‘Molimo o fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng’!—Johanne 3:16; Baroma 6:23.
11. Ke hobane’ng ha re ka re nako e telele ho rōna e khutšoanyane haholo ho Molimo?
11 Ponong ea Jehova, le eena Methusela ea lilemo li 969 o phetse nako e ka tlaase ho letsatsi le le leng. (Genese 5:27) Ho Molimo lilemo tse sekete li tšoana le letsatsi la maobane—e leng nako ea lihora tse 24 feela—ha le fetile. Mopesaleme o boetse o bolela hore ho Molimo lilemo tse sekete li tšoana le lihora tse ’nè tsa molebeli nakong ea bosiu liahelong. (Baahloli 7:19) Joale, ho hlakile hore nako e telele ho rōna e khutšoanyane haholo ho Jehova, Molimo oa ka ho sa feleng.
12. Molimo o ‘hohola’ batho joang?
12 Ha ho bapisoa le hore Molimo o phela ka ho sa feleng, bophelo ba motho ba hona joale bo bokhutšoanyane ka sebele. Mopesaleme o re: “U ba felisitse; ba fetoha boroko feela; hoseng ba joalo feela ka joang bo botala bo fetohang. Hoseng bo hlahisa lithunthung ’me bo tla fetoha; ka shoalane boa pona ’me ka sebele boa omella.” (Pesaleme ea 90:5, 6) Moshe o bone ha Baiseraele ba shoa ka likete lefeelleng, Molimo a ba ‘hohola’ joalokaha eka ke ka moroallo. Karolo ena ea pesaleme e fetoletsoe ka tsela ena: “U hohola batho borokong ba lefu.” (New International Version) Ka lehlakoreng le leng, nako e pheloang ke batho ba sa phethahalang ke “boroko feela” ba nakoana—e tšoana le ho robala bosiu bo le bong feela.
13. Re ‘joalo feela ka joang bo botala’ joang, ’me see se lokela ho ama monahano oa rōna joang?
13 Re ‘joalo feela ka joang bo botala bo hlahisang lithunthung hoseng’ empa bo pona ka shoalane ka lebaka la lebatama la letsatsi. Ha ho pelaelo hore bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane joaloka joang bo ponang ka letsatsi le le leng. Kahoo, a re se keng ra senya letlotlo lena la bohlokoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho batla tataiso ea Molimo bakeng sa kamoo re lokelang ho sebelisa lilemo tsa rōna tse setseng tsamaisong ena ea lintho.
Jehova o re Thusa “ho Bala Matsatsi a Rōna”
14, 15. Pesaleme ea 90:7-9 e phethahetse joang ho Baiseraele?
14 Tabeng ea Molimo, mopesaleme oa phaella: “Re felile ka bohale ba hao, re ferekantsoe ke khalefo ea hao. U behile liphoso tsa rōna ka pel’a hao, lintho tsa rōna tse patiloeng u li behile ka pel’a sefahleho sa hao se khanyang. Etsoe matsatsi ’ohle a rōna a fokotsehile khalefong ea hao; re qetile lilemo tsa rōna feela joaloka mohoeshetso.”—Pesaleme ea 90:7-9.
15 Baiseraele ba se nang tumelo ‘ba ile ba fela bohaleng ba Molimo.’ Ba ile ba ‘ferekanngoa ke khalefo ea hae,’ kapa ba ‘tšosoa ke bohale ba hae.’ (New International Version) Ba bang ba ‘ile ba rapalatsoa lefeelleng’ ka lebaka la likahlolo tsa Molimo. (1 Bakorinthe 10:5) Jehova o ile a ‘beha liphoso tsa bona ka pel’a hae.’ O ile a nka hore baa ikarabella ka liphoso tsa bona tseo ba li etsang pontšeng, empa le ‘lintho tsa bona tse patiloeng,’ kapa libe tse patiloeng, li ne li le ‘ka pel’a sefahleho sa hae se khanyang.’ (Liproverbia 15:3) Kaha Molimo o ne a halefetse Baiseraele ba sa bakeng, ba ile ba ‘qeta lilemo tsa bona feela joaloka mohoeshetso.’ Ka lebaka leo, nako e khutšoanyane eo re e phelang e tšoana le phefumoloho e tsoang melomong ea rōna joaloka mohoeshetso feela tjee.
16. Haeba ho e-na le ba etsang sebe ka lenyele, ba lokela ho etsa’ng?
16 Haeba har’a rōna ho e-na le ba ka itloaetsang ho etsa sebe ka lenyele, ho ka etsahala hore ka nakoana re patele batho ba bang boitšoaro bo joalo. Empa phoso ea rōna e patiloeng e tla ba ‘ka pel’a sefahleho se khanyang sa Jehova,’ ’me liketso tsa rōna li ka senya kamano ea rōna le eena. Hore re boele re atamelane le Jehova, ho tla hlokahala hore re rapelle hore a re tšoarele, re furalle liphoso tsa rōna, ’me ka teboho re amohele thuso ea moea ea baholo ba Bakreste. (Liproverbia 28:13; Jakobo 5:14, 15) Hoo ho tla ba molemo hakaakang ho feta ho ‘qeta lilemo tsa rōna joalo ka mohoeshetso feela,’ tšepo ea rōna ea bophelo bo sa feleng e le kotsing!
17. Ho tloaelehile hore ka kakaretso batho ba phele nako e kae, ’me lilemo tsa rōna li tletse eng?
17 Mabapi le nako eo batho ba sa phethahalang ba e phelang, mopesaleme o re: “Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi; etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.” (Pesaleme ea 90:10) Ho tloaelehile hore batho ka kakaretso ba phele lilemo tse 70, ’me Kalebe o ile a bua ka matla a hae a khethehileng ha a le lilemo li 85. Ho bile le mekhelo, e kang Arone (123), Moshe (120) le Joshua (110). (Numere 33:39; Deuteronoma 34:7; Joshua 14:6, 10, 11; 24:29) Empa molokong o sa tšepahaleng o ileng oa tsoa Egepeta, ba lilemo li 20 ho ea holimo ba neng ba ngolisitsoe ba ile ba shoa nakong ea lilemo tse 40. (Numere 14:29-34) Kajeno, linaheng tse ngata nako ea ho phela ha batho e lutse tekanyetsong e fanoeng ke mopesaleme. Lilemo tsa rōna li tletse ‘khathatso le lintho tse kotsi.’ Li feta ka potlako “’me rea fofa.”—Jobo 14:1, 2.
18, 19. (a) “Ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale” ho bolela eng? (b) Ho sebelisa bohlale ho tla re susumelletsa ho etsa’ng?
18 Ka mor’a moo mopesaleme oa bina: “Ke mang ea tsebang matla a bohale ba hao le khalefo ea hao ho ea ka tšabo ea hao? Re bontše kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rōna ka tsela eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale.” (Pesaleme ea 90:11, 12) Ha ho le ea mong ea tsebang ka botlalo matla a bohale ba Molimo kapa boholo ba khalefo ea hae, ’me sena se lokela ho eketsa tšabo e nang le tlhompho eo re nang le eona ho Jehova. Ha e le hantle, e lokela ho re susumelletsa ho mo botsa hore na ‘re ka bala matsatsi a rōna ka tsela efe eo ka eona re ka fumanang pelo e bohlale.’
19 Mantsoe a mopesaleme ke thapelo ea hore Jehova a rute batho ba hae kamoo ba ka bang bohlale e le hore ba ananele le ho sebelisa matsatsi a ba saletseng ka tsela e amohelehang ho Molimo. Ha motho a lebeletse ho phela lilemo tse 70, o na le tšepo ea ho phela matsatsi a 25 500. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, ‘ha re tsebe hore na bophelo ba rōna bo tla ba joang hosasane, etsoe re moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.’ (Jakobo 4:13-15) Kaha ‘bohle re hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang,’ re ke ke ra bolela hore na re tla phela halelele hakae. Kahoo, a re rapelleng bohlale ba ho sebetsana le liteko, ho tšoara ba bang ka tšoanelo le ho etsa sohle se matleng a rōna tšebeletsong ea Jehova hona joale—e leng kajeno! (Moeklesia 9:11; Jakobo 1:5-8) Jehova o re tataisa ka Lentsoe la hae, moea oa hae, le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Matheu 24:45-47; 1 Bakorinthe 2:10; 2 Timothea 3:16, 17) Ho sebelisa bohlale ho re susumelletsa ho ‘batla ’Muso oa Molimo pele’ le ho sebelisa matsatsi a rōna ka tsela e tla tlotlisa Jehova le ho thabisa pelo ea hae. (Matheu 6:25-33; Liproverbia 27:11) Ha e le hantle, ho mo rapela ka pelo eohle ho ke ke ha tlosa mathata ’ohle a rōna, empa ka sebele ho fella ka thabo e khōlō.
Tlhohonolofatso ea Jehova e re Tlisetsa Thabo
20. (a) Ke ka tsela efe Molimo a ‘ikutloang a soabile’? (b) Jehova o tla re tšoara joang ha re etsa phoso e tebileng empa re bontša pako ea ’nete?
20 E tla ba ho hotle hakaakang haeba re ka thaba bophelong bohle ba rōna! Ntlheng ena, Moshe oa ipiletsa: “Khutla, Jehova! E tla ba halelele hakae? U ikutloe u soabile ka lebaka la bahlanka ba hao. Re khotsofatse hoseng ka mosa oa hao o lerato [kapa, “lerato le tšepahalang”], e le hore re ka hoeletsa ka thabo ’me ra nyakalla matsatsing ’ohle a rōna.” (Pesaleme ea 90:13, 14; NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Molimo ha a etse liphoso. Leha ho le joalo, o ‘ikutloa a soabile’ ebe o ‘khutla’ bohaleng ba hae le ho phethahatseng kahlolo ha temoso ea hae ea hore o tla nka bohato bo joalo e fetola boikutlo le boitšoaro ho bafosi ba bakileng. (Deuteronoma 13:17) Kahoo, le haeba re ne re ka etsa phoso e tebileng empa ra bontša pako ea ’nete, Jehova o ne a tla ‘re khotsofatsa ka mosa oa hae o lerato,’ ’me re ne re tla ba le lebaka la ho “hoeletsa ka thabo.” (Pesaleme ea 32:1-5) Ha re phehella ho phela ka tsela e lokileng, re tla utloa hore Molimo o re rata ka lerato le tšepahalang ’me re tla “nyakalla matsatsing ’ohle a rōna”—e, bophelong bohle ba rōna.
21. Ka mantsoe a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 90:15, 16, e ka ’na eaba Moshe o ne a kōpa eng?
21 Mopesaleme o rapela ka tieo, o re: “Re thabise ka ho lekanang le matsatsi ao u re hlorisitseng ka ’ona, lilemo tseo re boneng tlokotsi ka tsona. E se eka mosebetsi oa hao o ka bonahala ho bahlanka ba hao le bokhabane ba hao bo bonahale ho bara ba bona.” (Pesaleme ea 90:15, 16) Mohlomong Moshe o ne a kōpa Molimo hore a hlohonolofatse Baiseraele ka nyakallo e lekanang kapa e nkang matsatsi a lekanang le matsatsi a bona a mahloriso le lilemo tseo ba oetsoeng ke tlokotsi ka tsona. O ile a kōpa hore “mosebetsi” oa Molimo oa ho hlohonolofatsa Baiseraele o bonahale ho bahlanka ba Hae le hore bokhabane ba Hae bo bonahale ho bara ba bona, kapa bana ba bona. Ho nepahetse hore re rapelle hore lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng ho tšolleloe litlhohonolofatso ho moloko oa batho o mamelang.—2 Petrose 3:13.
22. Ho ea ka Pesaleme ea 90:17, ho nepahetse hore re rapelle eng?
22 Pesaleme ea 90 e phethela ka thapeli ena: “Thabo ea Jehova Molimo oa rōna e ke e be holim’a rōna, u tiise mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata holim’a rōna. E, mosebetsi oa matsoho a rōna, u o tiise ka thata.” (Pesaleme ea 90:17) Mantsoe ana a bontša hore ho nepahetse hore re rapelle hore Molimo a hlohonolofatse boiteko ba rōna tšebeletsong ea hae. Re le Bakreste ba tlotsitsoeng kapa metsoalle ea bona ea “linku tse ling,” re thabela hore “thabo ea Jehova” e ho rōna. (Johanne 10:16) Re thaba hakaakang hore ebe Molimo ‘o tiisitse mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata’ re le baboleli ba ’Muso le hore o boetse o o tiisitse ka litsela tse ling!
A re Tsoeleng Pele ho Bala Matsatsi a Rōna
23, 24. Re ka rua molemo joang ka ho nahanisisa ka Pesaleme ea 90?
23 Ho nahanisisa ka Pesaleme ea 90 ho lokela ho eketsa ho itšetleha ha rōna ka Jehova, “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele.” Ha re nahana ka mantsoe a eona mabapi le hore bophelo bo bokhutšoanyane, re lokela ho lemoha ka matla hore re hloka tataiso ea Molimo ha re bala matsatsi a rōna. ’Me haeba re mamella ha re batla bohlale ba bomolimo le ha re bo sebelisa, ha ho pelaelo hore re tla amohela mosa o lerato oa Jehova le tlhohonolofatso ea hae.
24 Jehova o tla tsoela pele ho re bontša kamoo re ka balang matsatsi a rōna kateng. Haeba re ikokobelletsa taeo ea hae, re tla tseba ho ’na re bala matsatsi a rōna ka ho sa feleng. (Johanne 17:3) Leha ho le joalo, haeba re batla bophelo bo sa feleng e le kannete, Jehova o tlameha ho ba setšabelo sa rōna. (Juda 20, 21) Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, taba ena e hlakisoa haholo mantsoeng a khothatsang a Pesaleme ea 91.
U ka Araba Joang?
•Ke joang Jehova e leng “sebaka sa rōna sa bolulo sa sebele”?
•Ke hobane’ng ha re ka bolela hore ka linako tsohle Jehova o lula a loketse ho re thusa?
•Jehova o re thusa ho “bala matsatsi a rōna” joang?
•Ke eng se etsang hore re ‘nyakalle matsatsing ’ohle a rōna’?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jehova esale e le Molimo “pele lithaba li tsoaloa”
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ponong ea Jehova, Methusela ea lilemo li 969 o phetse nako e ka tlaase ho letsatsi le le leng
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Jehova o ‘tiisitse mosebetsi oa matsoho a rōna ka thata’