Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/15 maq. 15-20
  • Jehova ke Setšabelo sa Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Setšabelo sa Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sireletseha ‘Sebakeng se Sephiring sa Molimo’
  • ‘Re ke ke ra Tšoha’
  • ‘Ha ho Tlokotsi e Tla re Hlahela’
  • Jehova ke Mohloli oa Poloko ea Rōna
  • Jehova Qhobosheane ea Rōna
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Jehova ke Setšabelo sa Rona
    Binelang Jehova le Thabile
  • Jehova ke Setšabelo sa Rōna
    Binelang Jehova
  • Ho ba Batho ba Jehova ke Mosa o sa Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/15 maq. 15-20

Jehova ke Setšabelo sa Rōna

“Kahobane u itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka,’ . . . ha ho tlokotsi e tla u hlahela.”—PESALEME EA 91:9, 10.

1. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke setšabelo sa rōna?

JEHOVA ke setšabelo sa ’nete bakeng sa batho ba hae. Ha re inehetse ka ho feletseng ho eena, re ka ’na ra ‘petetsoa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ra se ke ra patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; ra tsieleha, empa e se hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa; ra hlorisoa, empa ra se ke ra tloheloa kherehloa; ra akheloa fatše, empa ra se ke ra timetsoa.’ Hobane’ng? Hobane Jehova o re fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7-9) Ha ho pelaelo hore Ntat’a rōna oa leholimo o re thusa ho phehella bophelo ba bomolimo, ’me re ka nka ka botebo mantsoe a mopesaleme a reng: “Kahobane u itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka,’ u entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo; ha ho tlokotsi e tla u hlahela.”—Pesaleme ea 91:9, 10.

2. Ho ka thoe’ng ka Pesaleme ea 91 le seo e se tšepisang?

2 Ho ka etsahala hore ebe mantsoe ao a Pesaleme ea 91 a ngotsoe ke Moshe. Sehlooho sa pesaleme se bontša hore Pesaleme ea 90 e qapiloe ke eena, ’me Pesaleme ea 91 e latela ntle ho polelo e kenellang e supang mongoli e mong. Mohlomong Pesaleme ea 91 e ne e binoa ka ho neheletsanoa; ke hore, ho ka etsahala hore ebe motho a le mong o ne a phokola (91:1, 2), ebe sehlopha sea e lumela (91:3-8). Mohlomong ho ne ho latela sebini se le seng (91:9a) ebe sehlopha sea kenella (91:9b-13). Mohlomong ka mor’a moo sebini se le seng se ne se bina mantsoe a qetellang (91:14-16). Leha ho le joalo, Pesaleme ea 91 e tšepisa Bakreste bohle ba tlotsitsoeng tšireletseho ea moea ’me e fana ka tiiso e tšoanang bakeng sa metsoalle eohle ea bona e inehetseng.a A re hlahlobeng pesaleme ena re bua ka bahlanka bao bohle ba Jehova.

Ho Sireletseha ‘Sebakeng se Sephiring sa Molimo’

3. (a) ‘Sebaka se sephiring sa ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke eng? (b) Re fumana eng ka ‘ho lula tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle’?

3 Mopesaleme oa bina: “Mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla iphumanela bolulo tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle. Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka, eo ke tla mo tšepa.’” (Pesaleme ea 91:1, 2) ‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke sebaka sa tšoantšetso sa tšireletso bakeng sa rōna, haholo-holo bakeng sa batlotsuoa, bao e leng bona bao Diabolose a ba hlaselang ka ho khethehileng. (Tšenolo 12:15-17) O ne a ka re timetsa kaofela hoja e ne e se ka lebaka la tšireletso eo re e thabelang joaloka ba lulang le Molimo re le baeti ba moea. Ka ho ‘lula tlas’a moriti oa Ea Matla ’Ohle,’ re fumana moriti o sireletsang oa Molimo. (Pesaleme ea 15:1, 2; 121:5) Ha ho na setšabelo se sireletsehileng kapa qhobosheane e sa keneheng ho feta Jehova, Morena ’Musi oa rōna.—Liproverbia 18:10.

4. “Ea tšoasang linonyana,” e leng Satane, o sebelisa mano afe, ’me re phonyoha joang?

4 Mopesaleme oa phaella: “[Jehova] o tla u lopolla sefing sa ea tšoasang linonyana, lefung la seoa le bakang litsietsi.” (Pesaleme ea 91:3) Hangata motšoasi oa linonyana oa Iseraele ea boholo-holo o ne a li tšoasa ka lifi kapa maraba. Har’a maraba a “ea tšoasang linonyana,” e leng Satane, ke mekhatlo ea hae e khopo le “maqiti” a hae. (Baefese 6:11) Ho na le maraba a patiloeng a behiloeng tseleng ea rōna a etselitsoeng ho re hulela bokhopong le ho re senya moeeng. (Pesaleme ea 142:3) Leha ho le joalo, kaha re hlobohile ho se loke ‘meea ea rōna e joaloka nonyana e phonyohang sefing.’ (Pesaleme ea 124:7, 8) Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o re lopolla ho ea khopo “ea tšoasang linonyana”!—Matheu 6:13.

5, 6. Ke ‘lefu lefe la seoa’ le bakileng “litsietsi,” empa ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba sa inehele ho lona?

5 Mopesaleme o bua ka ‘lefu la seoa le bakang litsietsi.’ Joaloka lefu la seoa le tšoaetsanoang, ho na le se bakang “litsietsi” bakeng sa batho le bakeng sa batšehetsi ba bobusi ba Jehova. Ntlheng ena, rahistori Arnold Toynbee o ile a ngola, a re: “Ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše bochaba bo ekelitse palo ea linaha tse ipusang habeli . . . Maikutlo a hona joale a moloko oa batho a ntse a baka karohano e eketsehileng.”

6 Ka makholo a lilemo, babusi ba bang ba ’nile ba matlafatsa lintoa tsa machaba tse bakang karohano. Ba boetse ba batla hore tlhompho e lebisoe ho bona kapa ho litšoantšo tse fapa-fapaneng kapa matšoao. Empa ha ho mohla Jehova a ileng a tlohella hore batho ba tšepahalang ba hae ba inehele ‘lefung le joalo la seoa.’ (Daniele 3:1, 2, 20-27; 6:7-10, 16-22) Re le mokhatlo oa machaba oa bara ba motho o nang le lerato, re inehetse ka ho khetheha ho Jehova, re latela taelo ea Mangolo ea hore re se jele paate, ’me ntle ho leeme re lumela hore ‘sechabeng se seng le se seng motho ea tšabang [Molimo] le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.’ (Liketso 10:34, 35; Exoda 20:4-6; Johanne 13:34, 35; 17:16; 1 Petrose 5:8, 9) Le hoja joaloka Bakreste re hlokofatsoa ke “litsietsi” tse tlang e le mahloriso, re thabile ’me re sireletsehile moeeng “sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.”

7. Jehova o re sireletsa joang “ka masiba a hae”?

7 Kaha Jehova ke setšabelo sa rōna, re tšelisoa ke mantsoe ana: “Ka masiba a hae o tla thibela hore u se ke ua atameloa, u tla tšabela tlas’a mapheo a hae. ’Nete ea hae e tla ba thebe e khōlō le lerako la tšireletso.” (Pesaleme ea 91:4) Molimo oa re sireletsa, feela joalokaha nonyana e okaokela malinyane a eona ho a sireletsa. (Esaia 31:5) ‘O thiba tsela e eang ho rōna ka masiba a hae.’ Ka kakaretso, “masiba” a nonyana ke mapheo a eona. Nonyana e koahela malinyane a eona ka ’ona, e a sireletsa ho tse jang nama. Joaloka malinyane, re sireletsehile ka tlas’a masiba a tšoantšetso a Jehova kahobane re tšabetse mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng oa ’nete oa Bokreste.—Ruthe 2:12; Pesaleme ea 5:1, 11.

8. Ke joang “’nete” ea Jehova e leng thebe e khōlō le tšireletso?

8 Re tšepa “’nete,” kapa botšepehi. E tšoana le thebe e khōlō ea boholo-holo, hangata e ne e le sephara ’me e le khōlō ho lekana hore e sireletse ’mele oohle oa motho. (Pesaleme ea 5:12) Ho kholiseha ka tšireletso e joalo ho re lokolla tšabong. (Genese 15:1; Pesaleme ea 84:11) Joaloka tumelo ea rōna, ’nete ea Molimo ke thebe e khōlō e sireletsang e thibang metsu e tukang ea Satane le e qhelang litebele tsa sera. (Baefese 6:16) Hape ke tšireletso, tutulu e tiileng ea tšireletso eo re emeng re tiile ka mor’a eona.

‘Re ke ke ra Tšoha’

9. Ke hobane’ng ha bosiu e ka ba nako e tšosang, empa ke hobane’ng ha re sa tšabe?

9 Ka lebaka la tšireletso ea Molimo, mopesaleme o re: “U ke ke ua tšoha letho le tšabehang bosiu, kapa motsu o fofang motšehare, leha e le lefu la seoa le tsamaeang lefifing, kapa timetso e tlatlapang har’a motšehare.” (Pesaleme ea 91:5, 6) Kaha liketso tse ngata tsa bokhopo li etsoa lefifing, bosiu e ka ba nako e tšosang. Lefifing la moea le aparetseng lefatše hona joale, lira tsa rōna li atisa ho sebelisa liketso tse poteletseng ha li leka ho senya bomoea ba rōna le ho emisa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Empa ‘ha re tšohe letho le tšabehang bosiu’ hobane Jehova o re sirelelitse.—Pesaleme ea 64:1, 2; 121:4; Esaia 60:2.

10. (a) Ho bonahala “motsu o fofang motšehare” o bolela’ng, ’me re itšoara joang malebana le oona? (b) ‘Lefu la seoa le tsamaeang lefifing’ ke la mofuta ofe, ’me ke hobane’ng ha re sa le tšabe?

10 Ho bonahala “motsu o fofang motšehare” o bolela lipolelo tse hlaselang. (Pesaleme ea 64:3-5; 94:20) Ha re phehella ho fana ka boitsebiso ba ’nete, khanyetso e totobetseng joalo ea tšebeletso ea rōna e halalelang ke ea lefeela. Ho feta moo, ha re tšabe “lefu la seoa le tsamaeang lefifing.” Lena ke lefu la seoa la tšoantšetso le hlahileng lefifing la lefatše lena le kulang boitšoarong le bolumeling le leng tlas’a matla a Satane. (1 Johanne 5:19) Le etsa hore batho ba be le likelello le lipelo tse bolaeang, tse ba sieang ba sa tsebe Jehova, ba sa tsebe merero ea hae le litokisetso tsa hae tse lerato. (1 Timothea 6:4) Ha re tšabe lefifing lena, kaha re thabela leseli le lengata la moea.—Pesaleme ea 43:3.

11. Ho etsahala’ng ho ba ‘tlatlapuoang har’a motšehare’?

11 “Timetso e tlatlapang har’a motšehare” le eona ha e re tšose. Poleloana e reng “har’a motšehare” e ka ’na ea bolela seo lefatše le se bitsang tlhahiso-leseling. Ba inehelang maikutlong a lona a ho rata lintho tse bonahalang ba timela moeeng. (1 Timothea 6:20, 21) Ha re ntse re bolela molaetsa oa ’Muso ka sebete, ha ho na sera sa rōna seo re se tšabang, hobane Jehova ke Mosireletsi oa rōna.—Pesaleme ea 64:1; Liproverbia 3:25, 26.

12. Ba likete ba ‘oela’ lehlakoreng la bo-mang, hona e le ka tsela efe?

12 Mopesaleme o tsoela pele: “Ba sekete ba tla oa lehlakoreng la hao ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona; e ke ke ea atamela ho uena. U tla talima feela ka mahlo a hao u bone tefetso ea ba khopo.” (Pesaleme ea 91:7, 8) Kaha ba bangata ba hlōleha ho etsa Jehova setšabelo sa bona, ba ‘oela’ lefung la moea “lehlakoreng” la rōna. Ha e le hantle, ba “likete tse leshome” ba oetse ka ‘letsohong le letona’ la Baiseraele ba moea ba kajeno. (Bagalata 6:16) Empa ebang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa re metsoalle ea bona e inehetseng, re sireletsehile “sebakeng se sephiring” sa Molimo. Re ‘talima feela ho bona tefetso ea ba khopo,’ ba kotulang khathatso khoebong, bolumeling, le ka litsela tse ling.—Bagalata 6:7.

‘Ha ho Tlokotsi e Tla re Hlahela’

13. Ha re oeloe ke litlokotsi life, hona hobane’ng?

13 Le hoja tšireletseho ea lefatše lena e ntse e putlama, re etelletsa Molimo pele ’me re betefatsoa ke mantsoe a mopesaleme a reng: “Kahobane u itse: ‘Jehova ke setšabelo sa ka,’ u entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo; ha ho tlokotsi e tla u hlahela, esita le lefu le ke ke la atamela tenteng ea hao.” (Pesaleme ea 91:9, 10) Ha ho pelaelo hore Jehova ke setšabelo sa rōna. Leha ho le joalo, re boetse re etsa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ‘sebaka sa rōna sa bolulo’ seo re fumanang tšireletso ho sona. Re roka Jehova joaloka ’Musi oa Bokahohle, re ‘lula’ ho eena e le Mohloli oa tšireletseho ea rōna, ’me re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. (Matheu 24:14) Kahoo, litlokotsing tse hlalositsoeng pejana pesalemeng ena, ‘ha ho tlokotsi e tla re hlahela.’ Esita le hoja joaloka batho ba bang re oeloa ke litlokotsi tse kang litšisinyeho tsa lefatše, maholiotsoana, meroallo, litlala le tšenyo ea ntoa, lintho tsena ha li senye tumelo ea rōna kapa tšireletseho ea rōna ea moea.

14. Re le bahlanka ba Jehova, ke hobane’ng ha re sa tšoaetsoe ke mafu a bolaeang?

14 Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšoana le bajaki ba lulang litenteng ka ntle ho tsamaiso ena ea lintho. (1 Petrose 2:11) ‘Esita le lefu ha le atamele litente tsa bona.’ Ebang tšepo ea rōna ke ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, ha re karolo ea lefatše, ’me ha rea tšoaetsoa ke mafu a bolaeang moeeng a kang boitšoaro bo bobe, lerato la lintho tse bonahalang, bolumeli ba bohata, le borapeli ba “sebata” le “setšoantšo” sa sona, e leng Machaba a Kopaneng.—Tšenolo 9:20, 21; 13:1-18; Johanne 17:16.

15. Ke ntlheng efe moo re thabelang thuso ea mangeloi?

15 Mabapi le tšireletso eo re e thabelang, mopesaleme o phaella ka ho re: “[Jehova] o tla fa mangeloi a hae taelo malebana le uena, hore a u lebele litseleng tsohle tsa hao. A tla u kakasa ka matsoho, e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe leha e le lefe.” (Pesaleme ea 91:11, 12) Mangeloi a filoe matla a ho re sireletsa. (2 Marena 6:17; Pesaleme ea 34:7-9; 104:4; Matheu 26:53; Luka 1:19) A re sireletsa ‘litseleng tsohle tsa rōna.’ (Matheu 18:10) Re le baboleli ba ’Muso, re thabela tataiso le tlhokomelo ea mangeloi ’me ha re khothometsehe moeeng. (Tšenolo 14:6, 7) Esita le ‘majoe’ a kang ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna ha aa re khothomelletsa ka ntle ho mohau oa Molimo.

16. “Taoana” le “masumu” li hlasela ka mekhoa e fapaneng joang, ’me re itšoara joang ha re hlaseloa?

16 Mopesaleme o tsoela pele o re: “U tla hata taoana le masumu; u tla hatakela taoana e moetse le noha e khōlō.” (Pesaleme ea 91:13) Feela joalokaha taoana e khoroha ’me e hlasela ka ho toba, lira tse ling tsa rōna li bontša khanyetso ea tsona phatlalatsa ka ho etsa melao e lokiselitsoeng ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho bolela. Empa re boetse re hlaseloa ka litlhaselo tse sa lebelloang tse kang tsa masumu e hlaselang e le sebakeng se ipatileng. Ka linako tse ling baruti ba re hlasela ba ipatile ka baetsi ba melao, baahloli le ba bang. Empa ka tšehetso ea Jehova, ka khotso re batla topollo makhotleng, kahoo re ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafilipi 1:7; Pesaleme ea 94:14, 20-22.

17. Re hatakela “taoana e moetse” joang?

17 Mopesaleme o bua ka ho hatakela “taoana e moetse le noha e khōlō.” Taoana e moetse e ka ba bohale haholo, ’me noha e khōlō e ka ba sehahabi se seholohali. (Esaia 31:4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na taoana e moetse e ka ba bohale hakae ha e khoroha, re e hatakela ka tsela ea tšoantšetso ka ho mamela Molimo ho e-na le batho ba kang litau kapa mekhatlo e kang litau. (Liketso 5:29) Kahoo “tau” e tšosang ha e re ntše kotsi moeeng.

18. “Noha e khōlō” e ka re hopotsa mang, ’me ho hlokahala hore re etse’ng ha re hlaseloa?

18 Ho Septuagint ea Segerike, “noha e khōlō” e bitsoa “drakone.” Sena se ka ’na sa re hopotsa “drakone e khōlō . . . noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšenolo 12:7-9; Genese 3:15) O tšoana le sehahabi se seholohali se ka bjabjaretsang phofu ea sona sa ba sa e metsa. (Jeremia 51:34) Ha Satane a leka ho re thatela ka mahlaahlela a hae, ho re bjabjaretsa le ho re metsa ka likhatello tsa lefatše lena, a re itokolleng botlamuoeng ba hae ’me re hatakele ‘noha ena e khōlō.’ (1 Petrose 5:8) Masala a tlotsitsoeng a lokela ho etsa sena e le hore a tle a kopanele phethahatsong ea Baroma 16:20.

Jehova ke Mohloli oa Poloko ea Rōna

19. Ke hobane’ng ha re tšabela ho Jehova?

19 Mabapi le morapeli oa ’nete, mopesaleme o emela Molimo e le ea reng: “Kahobane o behile boikutlo ba hae bo mofuthu ho ’na, ke tla boela ke mo pholose. Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.” (Pesaleme ea 91:14) Poleloana e reng, “ke tla mo sireletsa” ka ho toba e re, “ke tla mo beha phahameng,” ke hore, moo ho sa fihleloeng. Lebaka le leholo leo re tšabelang ho Jehova ka lona re le barapeli ba hae ke hobane ‘re behile boikutlo ba rōna bo mofuthu ho eena.’ (Mareka 12:29, 30; 1 Johanne 4:19) Ho feta moo, Molimo ‘o re pholosa’ ho lira tsa rōna. Le ka mohla re ke ke ra felisoa lefatšeng. Ho e-na le hoo, re tla pholosoa hobane re tseba lebitso la Molimo ’me re ipiletsa ho lona ka tumelo. (Baroma 10:11-13) Hape re ikemiselitse ho ‘tsamaea ka lebitso la Jehova ka ho sa feleng.’—Mikea 4:5; Esaia 43:10-12.

20. Ke eng seo Jehova a se tšepisang mohlanka oa hae ea tšepahalang ha Pesaleme ea 91 e phetheloa?

20 Ha Pesaleme ea 91 e phetheloa, Jehova o bolela sena ka mohlanka oa hae ea tšepahalang: “O tla ipiletsa ho ’na, ’me ke tla mo araba. Ke tla ba le eena mahlomoleng. Ke tla mo pholosa ’me ke mo tlotlise. Ke tla mo khotsofatsa ka matsatsi a malelele, ke tla etsa hore a bone poloko ea ka.” (Pesaleme ea 91:15, 16) Ha re ipiletsa ho Molimo ka thapelo tumellanong le thato ea hae, oa re araba. (1 Johanne 5:13-15) Re se re fetile matšoenyehong a mangata ka lebaka la lehloeo le fehloang ke Satane. Empa mantsoe a reng, “Ke tla ba le eena mahlomoleng” a re lokisetsa liteko tsa ka moso ’me a re tiisetsa hore Molimo o tla re matlafatsa ha tsamaiso ena e khopo e senngoa.

21. Batlotsuoa ba se ba tlotlisitsoe joang?

21 Ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea Satane, palo e feletseng ea batlotsuoa ba har’a rōna e tla tlotlisoa leholimong ka nako e tšoanetseng ea Jehova ’me e le ka mor’a “matsatsi a malelele” lefatšeng. Leha ho le joalo, ho pholosa ho tsotehang ha Molimo ho se ho tlotlisitse batlotsuoa moeeng. ’Me ba filoe tlotla e kaakang ea ho etella pele e le Lipaki tsa Jehova lefatšeng mehleng ee ea qetello! (Esaia 43:10-12) Pholoso e khōlō eo Jehova a tla e etsetsa batho ba hae e tla ba ntoeng e khōlō ea Armagedone ha a tlosa qoso bobusing ba hae ’me a halaletsa lebitso la hae le halalelang.—Pesaleme ea 83:18; Ezekiele 38:23; Tšenolo 16:14, 16.

22. Ke bo-mang ba tla ‘bona poloko e tsoang ho Jehova’?

22 Ebang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa re metsoalle ea bona e inehetseng, re lebeletse poloko ho Molimo. Nakong ea “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova,” ba sebeletsang Molimo ka botšepehi ba tla pholosoa. (Joele 2:30-32) Rōna bao re tla ba “bongata bo boholo” bo pholohelang lefatšeng le lecha la Molimo le ba tla lula ba tšepahala nakong ea teko ea ho qetela, o tla ‘re khotsofatsa ka matsatsi a malelele’—e leng bophelo bo sa feleng. Ntho e ’ngoe hape, o tla tsosa matšoele. (Tšenolo 7:9; 20:7-15) Ha ho pelaelo hore Jehova o tla nyakallela ho ‘etsa hore re bone poloko’ ka Jesu Kreste. (Pesaleme ea 3:8) Kaha re lebeletse lintho tse khōlō joalo, a re tsoeleng pele ho kōpa thuso ho Molimo hore re mo tlotlise ka tsela eo re balang matsatsi a rōna ka eona. E se eka ka mantsoe a rōna le liketso tsa rōna re ka tsoela pele ho bontša hore Jehova ke setšabelo sa rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ha baa ka ba tšohla Pesaleme ea 91 ba bua ka boprofeta ba Mesia. Ha e le hantle, Jehova e ne e le setšabelo le qhobosheane ea Jesu Kreste, feela joalokaha “nakong [ena] ea bofelo” e le Eena setšabelo le qhobosheane ea balateli bohle ba tlotsitsoeng ba Jesu le metsoalle ea bona e inehetseng.—Daniele 12:4.

U ka Araba Joang?

•‘Sebaka se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa’ ke eng?

•Ke hobane’ng ha re sa tšabe?

•Ke hobane’ng ha ‘ho se tlokotsi e tla re hlahela’?

•Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke mohloli oa poloko ea rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na u tseba kamoo ’nete ea Jehova e leng thebe e khōlō kateng bakeng sa rōna?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Jehova o thusa bahlanka ba hae ho etsa tšebeletso ea bona ho sa tsotellehe litlhaselo tse sa lebelloang le khanyetso e totobetseng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cobra: A. N. Jagannatha Rao, Trustee, Madras Snake Park Trust

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela