U Sebetsana le Boikaketsi Joang?
HA A le serapeng sa Gethesemane, Judase Iskariota o ile a ea ho Jesu “’me a mo aka ka lerato.” Hona e ne e le pontšo e tloaelehileng ea boikutlo bo mofuthu. Empa ketso ea Judase e ne e le ea boikaketsi feela e khethollang Jesu bakeng sa ba tlil’o mo tšoara bosiu. (Matheu 26:48, 49) Judase e ne e le moikaketsi—motho ea iketsang seo a seng sona, motho ea patang sepheo sa hae se sebe ka ho ikhakanya ka hore oa tšepahala. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “moikaketsi” le bolela “motho ea arabelang” ’me hape le bolela motšoantšisi oa papali sethaleng. Ka mor’a nako e itseng, lentsoe leo le ile la sebelisoa ho bolela motho leha e le ofe ea ikhakanyang ka hore ke seo a seng sona e le hore a ka qhekella ba bang.
U arabela joang mabapi le boikaketsi? Ka mohlala, na ua halefa ha u bona barekisi ba lisakerete ba li buella ho sa tsotellehe bopaki ba phekolo ea meriana bo bontšang hore sakerete e kotsi? Na u tuka ke bohale ka lebaka la boikaketsi ba bahlokomeli ba hlekefetsang ba behiloeng tlhokomelong ea bona? Na u utloa bohloko ha motho eo u neng u nahana hore ke motsoalle oa ’nete a u fetohela? Boikaketsi ba bolumeli bo u ama joang?
“Ho Malimabe Lōna . . . Baikaketsi!”
Ak’u nahane ka boemo ba bolumeli bo neng bo le teng ha Jesu a sa le lefatšeng. Bangoli le Bafarisi ba ne ba ikhakanya ka hore ke matichere a tšepahalang a Molao oa Molimo, empa ha e le hantle ba ne ba tlatsa likelello tsa batho ka lithuto tsa batho tse neng li tlosa tlhokomelo ea bona ho Molimo. Bangoli le Bafarisi ba ne ba tsitlella ka hohle-hohle hore ho bolokoe molao joalokaha o ngotsoe, empa ba ne ba iphapanyetsa melao-motheo ea sehlooho e neng e bontša lerato le qenehelo. Ha ba le har’a batho ba ne ba ikhakanya ka hore ba inehetse ho Molimo, empa moo ba leng bang ba ne ba tletse bokhopo. Ba ne ba sa etse seo ba se buang. Ba ne ba etsa lintho ka sepheo sa “hore ba bonoe ke batho.” Ba ne ba le joaloka “mabitla a soeufalitsoeng, ao ka sebele a bonahalang a le matle ka ntle empa ka hare a tletse masapo a batho ba shoeleng le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong.” Ha a pepesa boikaketsi ba bona ka sebete, ka makhetlo Jesu o ile a re ho bona: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi!”—Matheu 23:5, 13-31.
Haeba u ne u phela mehleng eo, joaloka batho ba bang ba lipelo li tšepahalang mohlomong u ne u tla khopisoa ke boikaketsi bo joalo ba bolumeli. (Baroma 2:21-24; 2 Petrose 2:1-3) Empa na u ne u tla lumella boikaketsi ba bangoli le Bafarisi ho u halefisa ho ea bohōleng boo u neng u ka qhelela thōko bolumeli ka kakaretso, ho akarelletsa boo Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba neng ba bo ruta ba bile ba bo sebelisa? Na ho etsa joalo ho ne ho ke ke ha u beha ka mosing?
Boikaketsi ba batho ba bolumeli bo ka ’na ba etsa hore re ngale bolumeli hobane re khopisehile. Leha ho le joalo, ho etsa joalo ho ne ho tla re sitisa ho bona botšepehi ba barapeli ba ’nete. Marako ao re a hahang bakeng sa ho itšireletsa khahlanong le boikaketsi, ha e le hantle, a ka re sitisa ho ba le metsoalle ea ’nete. Ka lebaka leo, tsela eo re sebetsanang ka eona le boikaketsi e lokela ho ba e utloahalang le e leka-lekaneng.
“Lulang le Butse Mahlo”
Pele, re lokela ho ithuta ho lemoha baikaketsi. Hona ha ho bonolo kamehla. Lelapa le leng le ile la ithuta ho etsa joalo le se le lahlehetsoe haholo. ’Mè o ne a ile le mailiili ka nako e telele. Ha lelapa leo le qosa sepetlele lekhotleng la molao ka lebaka la ho hlōleha ho mo phekola ka mokhoa o nepahetseng, le ile la hira ’muelli oa molao eo hape e neng e le moruti oa kereke e sebakeng seo. Le hoja sepetlele se ile sa lefa limilione tsa liranta tse 27,2 bakeng sa litšenyehelo, mathata a lelapa leo a ile a mpefala. ’Mè eo o ile a shoa e le mofutsana, ’me ho ne ho se na chelete ea ho lefella lepato. Hobane’ng? Hobane ’muelli ke eena ea ileng a inkela boholo ba chelete eo. Koranta e ’ngoe ea molao ha e bua ka ’muelli eo e re: “Haeba liketso tsa hae li ne li lumellana le seo a se bolelang . . . , molaetsa oa hae e ka be e le o reng: nonyana e hahela ka tšiba tsa e ’ngoe.” Re ka itšireletsa joang ho batho ba joalo?
Ha a buisana le batho ba mehleng ea hae ba neng ba thulana le boikaketsi ba bolumeli, Jesu o ile a eletsa ka ho re: “Lulang le butse mahlo.” (Matheu 16:6; Luka 12:1) E, re lokela ho ba hlokolosi. Batho ba ka ’na ba tšepisa lintho tse babatsehang ’me ba itsebahatsa e le ba tšepahalang, empa re lokela ho ba masene ’me re se ke ra ea le khongoana holimo ke ho latela ponahalo ea ka ntle. Na re ne re ke ke ra hlahloba chelete ea rōna haeba re ne re tseba hore chelete e iqapetsoeng e tletse hohle?
Baikaketsi ba ’nile ba hlaha esita le ka har’a phutheho ea Bokreste ba ’nete. Morutuoa Juda o ile a lemosa ka bona, a re: “Ke mafika a patiloeng ka tlas’a metsi meketeng ea lōna ea lerato ha ba ntse ba keteka le lōna, ke balisa ba iphepang ntle ho tšabo; ke maru a se nang metsi a isoang koana le koana ke meea; ke lifate qetellong ea lehoetla, empa tse se nang litholoana.”—Juda 12.
Ho ‘lula re butse mahlo’ ho bolela ho qoba ho qhekelloa ke motho ea iketsang eka o lerato empa ha e le hantle e le moithati a bile a hlohlelletsa mehopolo e sa thehoang Lentsoeng la Molimo. Joaloka lefika le sehang le ka tlas’a metsi a khutsitseng, motho ea joalo a ka etsa hore sekepe sa moea sa ba sa falimehang se soahlamane. (1 Timothea 1:19) Moikaketsi a ka tšepisa lintho li hana ho fela mabapi le ho fana ka khatholoho ea moea empa qetellong a be joaloka ‘leru le se nang metsi’—le sa neseng pula. Joaloka sefate se se nang litholoana, mothetsi ha a behe litholoana tsa sebele tsa Bokreste. (Matheu 7:15-20; Bagalata 5:19-21) E, re lokela ho itebela khahlanong le bathetsi ba joalo. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa joalo ntle le ho belaella sepheo sa motho e mong le e mong.
“Khaotsang ho Ahlola”
Ho bonolo hakaakang bakeng sa batho ba sa phethahalang hore ba bone liphoso tsa batho ba bang empa tsa bona ba li hlokomoloha! Leha ho le joalo, tšekamelo ena e etsa hore re hlaseloe habonolo ke boikaketsi. Jesu o ile a re: “Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele, joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa ka leihlong la mor’eno.” E ka ba hantle ha re ka mamela keletso ea hae: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona . . . Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao?”—Matheu 7:1-5.
Ka linako tse ling ha ba bang ba etsa lintho tse bonahalang eka ke boikaketsi, re lokela ho hlokomela hore re se potlakele ho ba bitsa baikaketsi. Ka mohlala, moapostola Petrose o ile a “qala ho tloha le ho ikhetha” ho balumeli-’moho le eena ba Balichaba Antioke e le hore a ka khahlisa baeti ba Bajuda ba tsoang Jerusalema. Barnabase le eena ‘o ile a hulanngoa le Petrose le ba bang boikaketsing bona.’ Petrose o ile a etsa joalo ho sa tsotellehe hore o ne a bile le tokelo e khethehileng ea ho bulela Balichaba tsela ea hore ba amoheloe ka phuthehong ea Bokreste. (Bagalata 2:11-14; Liketso 10:24-28, 34, 35) Empa ka sebele phoso ena ea Barnabase le Petrose ha ea ka ea ba beha boemong bo tšoanang le ba bangoli le Bafarisi kapa Judase Iskariota.
“Lerato la Lōna e ke e be le se Nang Boikaketsi”
Jesu o ile a eletsa: “Ha u etsetsa ba bang ketso e molemo, u se ke ua hira moletsi oa terompeta hore a tsamaee ka pel’a hao—joaloka batšoantšisi bane ba ka lisynagogeng le literateng ba etsang bonnete ba hore ba tlotlisoa ke batho.” (Matheu 6:2, Phillips) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lerato la lōna e ke e be le se nang boikaketsi.” (Baroma 12:9) O ile a khothalletsa Timothea e monyenyane hore a be le “lerato le tsoang pelong e hloekileng . . . le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.” (1 Timothea 1:5) Haeba lerato le tumelo ea rōna e le tsa sebele—li sa silafatsoa ke boithati le qhekello—ba bang ba tla re tšepa. Re tla ba mohloli oa matla a sebele le khothatso ho bohle ba re pota-potileng. (Bafilipi 2:4; 1 Johanne 3:17, 18; 4:20, 21) Ka holim’a tsohle, re tla amoheloa ke Jehova.
Ka lehlakoreng le leng, pheletso ea boikaketsi ke hore bo tla bolaea bohle ba bo tloaetseng. Qetellong, boikaketsi bo tla pepesoa phatlalatsa. Jesu Kreste o ile a re: “Ha ho letho le koahetsoeng le ke keng la koaholloa, le leo e leng sephiri le ke keng la tsejoa.” (Matheu 10:26; Luka 12:2) Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.”—Moeklesia 12:14.
Ka nako e tšoanang, ke hobane’ng ha re lokela ho lumella boikaketsi ba ba bang hore bo re ame ho fihlela bohōleng boo ho bona re itimang lerato la sebele la metsoalle ea ’nete? Re ka ba hlokolosi kantle le hore re belaelle ba bang ka ho fetisisa. ’Me ka hohle-hohle, a re bolokeng lerato la rōna le tumelo ea rōna e le tse se nang boikaketsi.—Jakobo 3:17; 1 Petrose 1:22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]
Na u ne u ka lumella boikaketsi ba bangoli le Bafarisi ho u khelosa ho Jesu Kreste le barutuoa ba hae?