Litlhohonolofatso Tsa Litaba Tse Molemo
“Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, . . . ho tšelisa bohle ba siameng.”—ESAIA 61:1, 2.
1, 2. (a) Jesu o ile a itšenola hore ke eng, hona joang? (b) Litaba tse molemo tse boleloang ke Jesu li ile tsa tlisa litlhohonolofatso life?
KA LETSATSI le leng la Sabatha qalehong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ne a le synagogeng ea Nazaretha. Ho latela tlaleho, ‘o ile a nehoa moqolo oa moprofeta Esaia, ’me a bula moqolo oo a fumana sebaka seo ho sona ho neng ho ngoliloe: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke [bolele] . . . litaba tse molemo.”’ Jesu o ile a tsoela pele ho bala karolo e eketsehileng ea boprofeta boo. Eaba o lula fatše ’me o re: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”—Luka 4:16-21.
2 Ka tsela ena, Jesu o ile a senola hore ke eena moevangeli, e leng ’moleli oa litaba tse molemo le motšelisi eo ho profetiloeng ka eena. (Matheu 4:23) Litaba tseo Jesu a neng a li bolela e ne e le tse molemo hakaakang! O ile a tsebisa bamameli ba hae sena: “Ke ’na leseli la lefatše. Ea ntatelang ho hang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” (Johanne 8:12) O ile a boela a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) E, Jesu o ne a e-na le “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:68, 69) Leseli, bophelo, tokoloho—litlhohonolofatso tsena li lokela ho baballoa e le ruri!
3. Barutuoa ba Jesu ba ne ba bolela litaba life tse molemo?
3 Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa Jesu oa ho bolela evangeli. Ba ne ba bolela “litaba . . . tse molemo tsa ’muso” ho Baiseraele le ho batho ba lichaba. (Matheu 24:14; Liketso 15:7; Baroma 1:16) Ba neng ba nka khato ba ne ba tseba Jehova Molimo. Ba ne ba lokolloa bokhobeng ba bolumeli ’me e e-ba karolo ea sechaba se secha sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo,” eo litho tsa eona li lebeletseng ho busa ka ho sa feleng leholimong le Morena oa tsona, Jesu Kreste. (Bagalata 5:1; 6:16; Baefese 3:5-7; Bakolose 1:4, 5; Tšenolo 22:5) Litlhohonolofatso tseo e ne e le tsa bohlokoa ka sebele!
Boevangeli Kajeno
4. Thōmo ea ho bolela litaba tse molemo e phethahatsoa ka tsela efe kajeno?
4 Kajeno teng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoela pele ho phethahatsa thōmo ea boprofeta e fanoeng ka lekhetlo la pele ho Jesu, ’me ba tlatsitsoe ke “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” bo ntseng bo eketseha. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Ka lebaka leo, litaba tse molemo li boleloa ka tekanyo e e-s’o bonoe. Lipaki tsa Jehova li ile linaheng le libakeng tse 235, hore li “bolelle ba bonolo litaba tse molemo . . . , [li] tlamise ba robehileng lipelo, [li] phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batšoaruoa; ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng.” (Esaia 61:1, 2) Kahoo, mosebetsi oa Bokreste oa boevangeli o tsoela pele ho tlisetsa ba bangata litlhohonolofatso le ho tlisetsa “ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe” matšeliso a sebele.—2 Bakorinthe 1:3, 4.
5. Mabapi le ho boleloa ha litaba tse molemo, Lipaki tsa Jehova li fapana kae le likereke tsa Bokreste-’mōtoana?
5 Ke ’nete hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana li tšehetsa mefuta e sa tšoaneng ea boevangeli. Tse ngata li romela baromuoa ho ea etsa basokolohi linaheng tse ling. Ka mohlala, The Orthodox Christian Mission Center Magazine e tlaleha ka mosebetsi oa baromuoa ba Orthodox Madagascar, Afrika e ka boroa, Tanzania le Zimbabwe. Leha ho le joalo, Kerekeng ea Orthodox, joaloka likerekeng tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, litho tse ngata tsa eona ha li kopanele mosebetsing o joalo. Ha ho bapisoa, bohle bao e leng Lipaki tsa Jehova tse inehetseng ba leka ho kopanela ho boleleng evangeli. Ba hlokomela hore ho bolela litaba tse molemo ke bopaki ba hore tumelo ea bona ke ea ’nete. Pauluse o ile a re: “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” Ha e le hantle, tumelo e sa susumelletseng motho liketsong, e shoele.—Baroma 10:10; Jakobo 2:17.
Litaba Tse Molemo Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tsa ka ho sa Feleng
6. Litaba tse molemo tse boleloang kajeno ke life?
6 Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo ka ho fetisisa. Li phetla Libibele tsa tsona ’me li bontša ba sekametseng ho lokeng hore Jesu o tetse bophelo ba hae hore a fe batho tsela ea ho atamela Molimo, ea tšoarelo ea libe le ea tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16; 2 Bakorinthe 5:18, 19) Li phatlalatsa hore ’Muso oa Molimo o hlomiloe leholimong tlas’a Jesu Kreste, Morena ea tlotsitsoeng, le hore haufinyane o tla tlosa bokhopo lefatšeng ’me o laole ho tsosolosoa ha Paradeise. (Tšenolo 11:15; 21:3, 4) Phethahatsong ea boprofeta ba Esaia, li tsebisa baahelani ba tsona hore hona joale ke “selemo sa Jehova sa kamohelo” seo ka sona moloko oa batho o sa ntsaneng o ka nka khato ka litaba tse molemo. Li boetse li lemosa hore haufinyane ho tla tla “letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna” leo ka lona Jehova a tla felisa bafosi ba sa bakeng.—Pesaleme ea 37:9-11.
7. Ke phihlelo efe e bontšang bonngoe ba Lipaki tsa Jehova, hona ke hobane’ng ha li thabela bonngoe bo joalo?
7 Lefatšeng le hlasetsoeng ke litlokotsi le matšoenyeho, ke tsona feela litaba tse molemo tse nang le melemo ea ka ho sa feleng. Ba li amohelang ba fetoha karolo ea mokhatlo o bonngoeng oa bara ba motho oa lefatše ka bophara oa Bakreste ba sa lumeleng ho arohanngoa ke bochaba, bomorabe kapa maemo a sa tšoaneng a moruo. Ba ‘ikapesitse lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.’ (Bakolose 3:14; Johanne 15:12) Sena se ile sa bonoa selemong se fetileng naheng e ’ngoe ea Afrika. Hoseng ho hong batho ba ile ba tsosoa ke molumo oa lithunya motse-moholo. E ne e le teko ea ho liha ’muso. Ha litlhaselo li fetoha tsa bomorabe, lelapa le leng la Lipaki le ile la nyatsoa ka ho sireletsa Lipaki tsa habo lona tsa sehlopha sa morabe osele. Lelapa leo le ile la araba la re: “Ke Lipaki tsa Jehova feela tse lulang ka lelapeng la rōna.” Ho litho tsa lelapa lena, ho se tšoane ka morabe e ne e se ntho ea bohlokoa; ntho ea bohlokoa e ne e le lerato la Bokreste—ho fana ka matšeliso ho ba hlokang. Mong ka lelapa leo eo e seng Paki o ile a re: “Litho tsa malumeli a mang kaofela li ile tsa eka barapeli ba habo tsona. Ke Lipaki tsa Jehova feela tse sa kang tsa etsa joalo.” Liketsahalo tse ngata tse joalo tse tlalehoang ho tsoa linaheng tse arohantsoeng ke likhohlano tsa lehae li bontša hore Lipaki tsa Jehova ‘li na le lerato la mokhatlo oohle oa bara ba motho.’—1 Petrose 2:17.
Litaba Tse Molemo li Fetola Batho
8, 9. (a) Ba amohelang litaba tse molemo ba etsa liphetoho life? (b) Ke liphihlelo life tse bontšang matla a litaba tse molemo?
8 Litaba tse molemo li amana le seo Pauluse a ileng a se bitsa “bophelo ba hona joale le . . . bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Ha li fane feela ka tšepo e babatsehang le e tiileng bakeng sa bokamoso empa li boetse li ntlafatsa “bophelo ba hona joale.” Paki ka ’ngoe ea Jehova e tataisoa ke Lentsoe la Molimo, Bibele, ho etsa hore bophelo ba eona bo lumellane le thato ea Molimo. (Pesaleme ea 119:101) Botho ba tsona bo nchafala ha li hōlisa litšoaneleho tse kang ho loka le botšepehi.—Baefese 4:24.
9 Nahana ka mohlala oa Franco. Bothata ba hae e ne e le bohale. Ha ho ne ho etsahala phoso, o ne a befa ka bohale ebe o pshatla lintho. Mosali oa hae o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me mohlala oa tsona oa Bokreste o ile oa thusa Franco butle-butle hore a bone hore o tlameha ho fetoha. O ile a ithuta Bibele le tsona ’me qetellong a khona ho bonahatsa litholoana tsa moea o halalelang tsa khotso le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Ke e mong oa ba 492 ba ileng ba kolobetsoa Belgium selemong sa tšebeletso sa 2001. Hape, nahana ka Alejandro. Mohlankana enoa o ile a lemalla lithethefatsi hoo a ileng a inehella ho sela moo ho qhalloang lithōle teng, a phutha eng kapa eng eo a ka e fumanang e le hore a e rekise le hore a lefelle lithethefatsi tseo a li lemaletseng. Ha a le lilemo li 22, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kōpa Alejandro hore a ithute Bibele, ’me o ile a lumela. O ne a bala Bibele letsatsi le leng le le leng ’me a e-ba teng libokeng tsa Bokreste. O ile a hloekisa bophelo ba hae kapele hoo a ileng a khona ho kopanela mosebetsing oa boevangeli pele ho fela likhoeli tse tšeletseng—e le e mong oa ba 10 115 ba ileng ba etsa joalo selemong se fetileng Panama.
Litaba Tse Molemo ke Tlhohonolofatso ho ba Bonolo
10. Ke bo-mang ba nkang khato ka litaba tse molemo, ’me pono ea bona e fetoha joang?
10 Esaia o ile a profeta hore litaba tse molemo li tla bolelloa ba bonolo. Baa ba bonolo ke bo-mang? Ke ba hlalositsoeng bukeng ea Liketso hore ‘ba na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Liketso 13:48) Ke baikokobetsi ba fumanoang maemong ’ohle a sechaba ’me ba bula lipelo tsa bona hore li amohele molaetsa oa ’nete. Ba ithuta hore ho etsa thato ea Molimo ho tlisa litlhohonolofatso tse enneng ho feta ntho efe kapa efe eo lefatše lena le ka fanang ka eona. (1 Johanne 2:15-17) Leha ho le joalo, mosebetsing oa tsona oa boevangeli, Lipaki tsa Jehova li finyella lipelo joang?
11. Ho ea ka Pauluse, litaba tse molemo li lokela ho boleloa joang?
11 Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse, ea ileng a ngolla Bakorinthe a re: “Le ’na, ha ke tla ho lōna, barab’eso, ha kea ka ka tla ka puo kapa bohlale bo feteletseng ke le bolella sephiri se halalelang sa Molimo. Etsoe ke ile ka etsa qeto ea ho se tsebe letho har’a lōna haese Jesu Kreste, le eena e le ea ileng a khokhotheloa thupeng.” (1 Bakorinthe 2:1, 2) Pauluse ha aa ka a leka ho susumetsa bamameli ba hae ka thuto ea hae. O ile a ruta feela linnete tse tiisitsoeng ke Molimo, e leng linnete tse tlalehiloeng ka Bibeleng kajeno. Hape, hlokomela khothatso ea Pauluse ho moevangeli-’moho le eena Timothea ha a re: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella.” (2 Timothea 4:2) Timothea o ne a lokela ho bolela “lentsoe,” e leng molaetsa oa Molimo. Pauluse o ile a boela a ngolla Timothea a re: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Timothea 2:15.
12. Lipaki tsa Jehova kajeno li ela hloko mantsoe a Pauluse le mohlala oa hae joang?
12 Lipaki tsa Jehova li ela hloko mohlala oa Pauluse, hammoho le mantsoe a hae ho Timothea. Li lemoha matla a Lentsoe la Molimo ’me li le sebelisa hamolemo ha li ntse li batla ho bontša baahelani ba tsona mantsoe a loketseng a tšepo le matšeliso. (Pesaleme ea 119:52; 2 Timothea 3:16, 17; Baheberu 4:12) Ke ’nete hore li sebelisa lingoliloeng tsa Bibele hamolemo e le hore ba thahasellang ba ka rua tsebo ea Bibele habonolo. Empa kamehla li batla ho bontša batho mantsoe a Mangolo. Lia tseba hore Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le tla susumetsa lipelo tsa baikokobetsi. ’Me ha li le sebelisa ka tsela ena, le tsona tumelo ea tsona ea matlafala.
‘Tšelisang Bohle ba Siameng’
13. Selemong sa 2001, ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore ho be le tlhokahalo e sabaletseng ea ho fana ka matšeliso ho ba siameng?
13 Selemo sa 2001 se bile le matšoenyeho, ’me ka lebaka leo, ba bangata ba ne ba hloka matšeliso. Selemong se fetileng ka September ho ile ha bonoa mohlala o hlahelletseng United States ka litlhaselo tsa bokhukhuni World Trade Center (Setsi sa Lefatše sa Khoebo) e New York le Pentagon haufi le Washington, D.C. Naha kaofela e ile ea nyaroha hakaakang ke litlhaselo tseo! Maemong a joalo, Lipaki tsa Jehova li loanela ho phethahatsa thōmo ea tsona ea ho “tšelisa bohle ba siameng.” Liphihlelo tse seng kae li tla bontša kamoo li etsang sena kateng.
14, 15. Liketsahalong tse peli tse sa tšoaneng, Lipaki li ile tsa khona joang hore li atlehe ho sebelisa mangolo ho tšelisa ba siameng?
14 Paki e ’ngoe ea moevangeli oa nako e tletseng e ile ea atamela mofumahali e mong ea neng a eme tseleng ea maoto ’me ea mo botsa hore na o nahana’ng ka tlhaselo ea bokhukhuni e sa tsoa etsahala. Mofumahali eo o ile a qala ho lla. O ile a bolela hore o utloa bohloko ’me o lakatsa eka a ka thusa ka tsela e itseng. Paki e ile ea mo bolella hore Molimo o re thahasella kaofela, ’me ea mo balla Esaia 61:1, 2. Mantsoe ana a bululetsoeng ke Molimo a ile a utloahala ho mosali enoa, ea ileng a bolela hore motho e mong le e mong o siame. O ile a amohela pampitšana ’me a kōpa Paki eo hore e mo etele ha hae.
15 Lipaki tse peli tse neng li tšoarehile mosebetsing oa ho bolela evangeli li ile tsa kopana le monna ea neng a ntse a sebetsa ka ntlong ea hae ea polokelo. Ka lebaka la tlokotsi e neng e sa tsoa etsahala World Trade Center, li ile tsa ithaopela ho mo bontša mantsoe a tšelisang a tsoang ka Mangolong. Ka tumello ea hae li ile tsa bala 2 Bakorinthe 1:3-7, e akarelletsang mantsoe ana: “Matšeliso . . . a ata ka Kreste.” Monna enoa o ile a ananela hore baahelani ba hae ba Lipaki ba bolella ba bang ntho e ’ngoe e tšelisang ’me a re: “E se eka Molimo a ka hlohonolofatsa mosebetsi o babatsehang oo le o etsang.”
16, 17. Ke liphihlelo life tse peli tse bontšang matla a Bibele a ho thusa batho ba saretsoeng kapa ba tšoenyehileng ka lebaka la litlokotsi?
16 Paki e ’ngoe e neng e boetse ho batho ba thahasellang e ile ea kopana le mora oa mosali ea neng a bontšitse thahasello nakong e fetileng ’me ea hlalosa hore e amehile ka hore na baahelani ba ikutloa joang ka mor’a tlokotsi e sa tsoa etsahala. Monna enoa o ile a makalla hore Paki e sebelisa nako ea eona ho etela batho le ho bona hore na ba tsoella joang. O ile a bolela hore o ne a sebetsa haufi le World Trade Center ha ho hlaseloa ’me o bone ketsahalo eo kaofela ha eona. Ha a botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola, Paki e ile ea bala litemana tse tsoang Bibeleng, ho akarelletsa Pesaleme ea 37:39, e reng: “Poloko ea ba lokileng e tsoa ho Jehova; ke qhobosheane ea bona nakong ea mahlomola.” Monna enoa o ile a botsa hore na Paki ena le lelapa la eona ba tsoella joang, a e kōpa hore e khutle, ’me a bontša kananelo e tebileng bakeng sa ketelo eo.
17 E mong oa ba likete ba siameng ba ileng ba tšelisoa ke Lipaki tsa Jehova matsatsing a latelang tlhaselo ea bokhukhuni ke mofumahali eo Lipaki li ileng tsa kopana le eena ha li ntse li etela baahelani ba tsona. O ne a ferekane haholo ka lebaka la se etsahetseng ’me o ile a mamela ha li bala Pesaleme ea 72:12-14: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.” Mantsoe ao a ne a e-na le moelelo o matla hakaakang! Mofumahali enoa o ile a kōpa Lipaki hore li bale litemana tseo hape ’me a li kōpa hore li kene ka tlung hore ho tsoeloe pele ka puisano. Ha moqoqo o fela, thuto ea Bibele e ne e qalisitsoe.
18. Paki e ile ea thusa baahelani ba eona joang ha e ne e kōptjoa hore e ba rapelle?
18 Paki e ’ngoe e sebetsa reschorenteng tikolohong e tsoetseng pele eo ho eona batho ba neng ba sa bontše thahasello e khōlō litabeng tse molemo tsa ’Muso. Ka mor’a litlhaselo tsa bokhukhuni, baahi ba mona ba ile ba bonahala ba ferekane. Mantsiboeeng a Labohlano ka mor’a tlhaselo, mookameli oa reschorente o ile a kōpa e mong le e mong hore a tsoele ka ntle ’me a tšoare likerese, e le mokhoa oa ho lla mosoanng. Ka lebaka la ho hlompha maikutlo a bona, Paki e ile ea tsoela ka ntle ’me ea ema e khutsitse tseleng ea maoto. Mookameli o ne a tseba hore ke e mong oa basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova, kahoo ka mor’a nako eo ea ho lla mosoanng, o ile a mo kōpa hore a rapelle bohle. Paki e ile ea lumela. Thapelong ea eona, e ile ea bua ka ho siama ho sabaletseng hohle empa ea bolela hore ba siameng ha ho hlokahale hore ba lle ntle ho tšepo. E ile ea bua ka nako eo ka eona lintho tse tšosang joalo li sa tl’o hlola li etsahala ’me ea bolela hore bohle ba ka atamela haufi le Molimo oa matšeliso ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele. Ha e qeta ho re “Amen,” mookameli o ile a tla ho Paki eo, a e leboha, a e kopa ka liatla a bolela hore thapelo eo ke e molemo ka ho fetisisa eo a kileng a e utloa, ’me ka mor’a hae ho ile ha tla batho ba fetang 60 ba neng ba le ka ntle ho reschorente ba ileng ba mo etsisa.
Ke Tlhohonolofatso Motseng
19. Ke phihlelo efe e bontšang hore ba bang ba hlokomela litekanyetso tse phahameng tsa Lipaki tsa Jehova?
19 Ka ho khethehileng mehleng ena, metse eo Lipaki tsa Jehova li leng mafolofolo ho eona e rua molemo ka boteng ba tsona—joalokaha ba bangata ba ’nile ba bolela. E, batho ba buellang khotso, botšepehi le boitšoaro bo hloekileng ka sebele ke tšusumetso e molemo. Naheng e ’ngoe ea Asia Bohareng, Lipaki li ile tsa kopana le molaoli e mong ea seng a phomotse mosebetsing oa lekhotla la tšireletso la naha la nakong e fetileng. O ile a bolela hore o kile a abeloa mosebetsi oa ho batlisisa mekhatlo e fapa-fapaneng ea bolumeli. Ha a batlisisa Lipaki tsa Jehova, o ile a khahloa ke botšepehi ba tsona le boitšoaro ba tsona bo botle. O ne a khahloa ke tumelo ea tsona e tiileng le ’nete ea hore lithuto tsa tsona li thehiloe Mangolong. Monna enoa o ile a amohela thuto ea Bibele.
20. (a) Mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li o tlalehileng bakeng sa selemo se fetileng o bontša’ng? (b) Ke’ng se bontšang hore ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa, ’me re talima tokelo ea rōna ea ho bolela evangeli joang?
20 Har’a liphihlelo tse likete tse ka beng li boletsoe, ho boletsoe tse seng kae feela sehloohong sena ho hlakisa hore Lipaki tsa Jehova li ne li tšoarehile haholo selemong sa tšebeletso sa 2001.a Li buile le batho ba limilione, li tšelisitse ba bangata ba neng ba siame, ’me mosebetsi oa tsona oa ho bolela evangeli o ile oa hlohonolofatsoa. Ke ba 263 431 ba ileng ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka hore ba kolobetsoe. Lefatšeng ka bophara, palo ea baevangeli e ile ea eketseha ka karolo ea 1,7 lekholong. ’Me ’nete ea hore ba 15 374 986 ba bile teng Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Jesu e bontša hore ho sa na le mosebetsi o mongata haholo o lokelang ho etsoa. (1 Bakorinthe 11:23-26) E se eka re ka tsoela pele ho batla ba bonolo ba nkang khato ka litaba tse molemo. Hafeela selemo sa Jehova sa kamohelo se ntse se tsoela pele, e se eka re ka tsoela pele ho tšelisa “ba robehileng lipelo.” Re na le tokelo e khotsofatsang hakaakang! Ke ’nete hore kaofela re pheta mantsoe a Esaia a reng: “Ruri ke tla ithabela ho Jehova. Moea oa ka o tla ithabela ho Molimo oa ka.” (Esaia 61:10) E se eka Molimo a ka tsoela pele ho re sebelisa ha a phethahatsa mantsoe ana a boprofeta a reng: “’Musi Morena Jehova o tla etsa hore ho mele ho loka le thoriso ka pel’a lichaba tsohle.”—Esaia 61:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Chate e leqepheng la 19 ho ea ho 22 e fana ka tlaleho ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova selemong sa tšebeletso sa 2001.
Na U sa Hopola?
• Ba bonolo ba ne ba hlohonolofatsoa joang ka litaba tse molemo tseo Jesu a neng a li bolela?
• Ke litlhohonolofatso life tse ileng tsa tlela ba ileng ba nka khato ka mosebetsi oa ho bolela evangeli oa barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo?
• Ba sekametseng ho lokeng kajeno ba hlohonolofalitsoe joang ka litaba tse molemo?
• Re talima tokelo ea rōna ea ho ba baevangeli joang?
[Chate e leqepheng la 19-22]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2001 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Lipaki tsa Jehova kamehla li hopola boikarabelo ba tsona ba ho bolela evangeli
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ba nkang khato ka litaba tse molemo ba fetoha karolo ea mokhatlo oa lefatše ka bophara oa bara ba motho ba bonngoeng