Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 3/15 leq. 19
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • E Bile ea Hauhetsoeng Haholo ke Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 3/15 leq. 19

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho se phethahale ha moroetsana Maria ho bile le phello e mpe kemolong ea Jesu?

Ka “tsoalo ea Jesu,” tlaleho e bululetsoeng e re: “Nakong eo ho neng ho tšepisitsoe hore Maria ’m’ae o tla nyalana le Josefa, o ile a fumanoa a imme ka moea o halalelang pele ba kopana.” (Matheu 1:18) Ka sebele moea o halalelang oa Molimo o ile oa phetha karolo ea bohlokoa boimaneng ba Maria.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Maria? Na sele ea lehe la hae e ile ea phetha karolo leha e le efe boimaneng ba hae? Motheong oa litšepiso tsa Molimo ho baholo-holo ba Maria—Abrahama, Isaka, Jakobo, Juda le Morena Davida—lesea le tsoaloang e ne e lokela ho ba setloholo sa bona sa ’nete. (Genese 22:18; 26:24; 28:10-14; 49:10; 2 Samuele 7:16) Ke joang ngoana ea tsoetsoeng ke Maria a neng a ka fetoha mojalefa ea loketseng oa litšepiso tseo tsa Molimo? E ne e lokela ho ba mora oa hae oa sebele.—Luka 3:23-34.

Lengeloi la Jehova le ne le ile la hlaha ho moroetsana Maria, la re: “U se ke ua tšaba, Maria, kaha u fumane kamohelo ho Molimo; bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.” (Luka 1:30, 31) Kemolo e hloka hore lehe le be boemong ba ho fetoha lesea. Ka ho totobetseng, Jehova Molimo o ile a etsa hore lehe le ka pōpelong ea Maria le be boemong ba ho fetoha lesea, ’me o ile a phetha sena ka ho tlosa bophelo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši sebakeng sa moea a bo tlisa lefatšeng.—Bagalata 4:4.

Na ngoana ea emotsoeng ka tsela ee ke mosali ea sa phethahalang e ka ba ea phethahetseng ’me ’mele oa hae oa nama oa hloka sebe? Melao ea lefutso e sebetsa joang ha ho kopane se phethahetseng le se sa phethahalang? Hopola hore moea o halalelang o ile oa sebelisoa ho fetisa matla a bophelo a Mora oa Molimo le ho hlahisa kemolo ena. Sena se ile sa tlosa ho se phethahale leha e le hofe ho neng ho le leheng la Maria, kahoo sa hlahisa liphatsa tsa lefutso tse phethahetseng ho tloha qalong.

Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala joang hore lehe leo le be boemong ba ho fetoha lesea, re ka kholiseha hore tšebetso ea moea o halalelang oa Molimo ka nako eo e ile ea tiisa hore morero oa Molimo oa atleha. Lengeloi Gabriele le ne le ile la hlalosetsa Maria: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) E, kamoo ho ka boleloang kateng, moea o halalelang oa Molimo o ile oa etsa lerako e le hore ho se ke ha e-ba le ho se phethahale kapa matla a kotsi a ka silafatsang lesea le hōlang ka pōpelong ho tloha ha le emoloa ho ea pele.

Ka ho hlakileng, Jesu o ne a filoe bophelo ba hae bo phethahetseng e le motho ke Ntate oa hae oa leholimo, eseng ke motho leha e le ofe. Jehova ‘o ile a mo lokisetsa ’mele,’ ’me ho tloha ha Jesu a emoloa ho ea pele, ruri ‘o ne a sa silafala, o ne a arohile ho baetsalibe.’—Baheberu 7:26; 10:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

“U tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela