Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 3/15 maq. 26-28
  • U ka Hlōla Bolutu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Hlōla Bolutu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Itšetlehe ka Jehova
  • “Tsoelang Pele ho Jarelana Meroalo”
  • “E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro oa Hae”
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Jeoa ke Bolutu
    Tsoha!—2004
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bolutu—Bohloko bo Siretseng
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 3/15 maq. 26-28

U ka Hlōla Bolutu

KE MANG ea ka bolelang hore ha a e-s’o utloe mahlomola a bakoang ke bolutu? Lintho tse ngata li ka etsa hore re jeoe ke bolutu. Leha ho le joalo, bolutu ba basali ba e-s’o nyaloe kapa ba bahlolohali kapa ba hlaliloeng, bo ka ba matla haholo.

Ka mohlala, mosali e mocha oa Mokreste ea bitsoang Frances o re: “Ha ke e-ba lilemo li 23, ho ne ho bonahala eka metsoalle eohle ea ka e nyetsoe, ’me ke ne ke setse ke le mong.”a Ho ikutloa u le mokhelo ho ka ’na ha eketseha ha lilemo li ntse li feta ’me monyetla oa ho nyaloa o fokotseha ka ho eketsehileng. Sandra, eo hona joale a habang lilemo tse 40, o re: “Ha ho mohla nkileng ka ikemisetsa ho ba lesoha, ’me ke ntse nka thabela ho nyaloa haeba monyetla o ka hlaha.” Angela ea lilemong tsa bo-50, o re: “Ke ne ke sa etsa qeto ea ho ba lesoha, empa ke kamoo lintho li bileng kateng. Ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba fokolang haholo sebakeng seo ke neng ke abetsoe ho sona ke le pula-maliboho ea khethehileng.”

Ho babatsehang ke hore basali ba bangata ba Bakreste ba khetha hore ba se ke ba nyaloa hobane ka botšepehi ba ela hloko keletso ea Jehova ea hore ba nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Ba bang ba itloaelanya le boemo ba bosoha hantle, empa ba bang ba fumana hore ha lilemo li ntse li feta, takatso ea ho nyaloa le ho ba le bana ea eketseha. Sandra o re: “Kamehla ke ikutloa ke sa khotsofala maikutlong ka lebaka la ho hloka molekane oa lenyalo.”

Mabaka a mang, a kang ho hlokomela batsoali ba hōlileng, a ka eketsa bolutu. Sandra o re: “Kaha ha kea nyaloa, lelapa leso le ne le lebeletse hore ke hlokomele batsoali ba rōna ba hōlileng. Ke jere boholo ba boikarabelo bona ka lilemo tse 20, le hoja re le bana ba tšeletseng lapeng. Bophelo bo ka be bo bile bonolo ka ho eketsehileng hoja ke ne ke e-na le monna ea ka beng a ile a ntšehetsa.”

Frances o bolela taba e ’ngoe e totisang bolutu ba hae. O re: “Ka linako tse ling batho ba mpotsa ka ho toba, ‘Ha ua nyaloa ke’ng?’ Lipuo tse joalo li etsa hore ke nke hore ka tsela e itseng ke molato oa ka hore ebe ke lesoha. Lechatong le leng le le leng leo ke eang ho lona, ho na le motho ea mpotsang potso ena e thata, ‘Uena u tla nyaloa neng?’ Joale ke ee ke qale ho nahana, ‘Kaha barab’abo rōna ba sekametseng linthong tsa moea ha ba nthate, mohlomong ha ke na litšoaneleho tse hlokahalang tsa Bokreste kapa mohlomong ke mobe.’”

Ho nahana hore u mokhelo le ho jeoa ke bolutu li ka hlōloa joang? Ba bang ba ka etsa eng ho thusa?

Itšetlehe ka Jehova

Mopesaleme o ile a bina: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:22) Lentsoe “moroalo” tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ha e le hantle le bolela “kabelo,” ’me le bolela mathata le matšoenyeho ao e ka ’nang ea e-ba kabelo ea rōna bophelong. Jehova o tseba meroalo ena ho feta motho leha e le ofe e mong ’me a ka re fa matla a ho sebetsana le eona. Angela o ile a thusoa ke ho tšepa Jehova Molimo hore a khone ho sebetsana ka katleho le bolutu. Ha a bua ka tšebeletso ea hae ea nako e tletseng, o sa hopola: “Ha ke qala ho bula maliboho, ’na le pula-maliboho eo ke neng ke sebetsa le eena re ne re lula hōle haholo le phutheho e haufinyane. Re ile ra ithuta hore re itšetlehe ka ho feletseng ka Jehova, ’me ho itšetleha ka eena ho nthusitse bophelong bohle ba ka. Ha ke e-ba le maikutlo a ho felloa ke tšepo, ke bua le Jehova ’me oa nthusa. Pesaleme ea 23 e ’nile ea e-ba matšeliso a maholo kamehla, ’me ke e bala khafetsa.”

Moapostola Pauluse o ne a e-na le moroalo o khethehileng oo a neng a lokela ho o jara. Bonyane ka makhetlo a mararo, o ile a ‘kōpa Morena ka tieo hore moutloa o nameng ea hae o ka tloha ho eena.’ Pauluse ha aa ka a thusoa ka mokhoa oa mohlolo, empa o ile a fuoa tšepiso ea hore mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tla mo tšehetsa. (2 Bakorinthe 12:7-9) Pauluse o ile a boela a sibolla sephiri sa ho khotsofala. Hamorao o ile a ngola: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:12, 13.

Motho a ka fumana matla a tsoang ho Molimo joang ha a ikutloa a nyahame kapa a jeoa ke bolutu? Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Sandra o sebelisa keletso ena. Oa hlalosa: “Kaha ke lesoha, ke qeta nako e ngata ke le mong. Sena se mpha nako e ngata ea ho rapela Jehova. Ke ikutloa ke atametse ho eena haholo ’me nka bua le eena ka bolokolohi ka mathata a ka le lintho tse nthabisang.” Frances o re: “Ke ntoa e sa khaotseng hore ’na ka bonna ke loantše maikutlo a ho felloa ke tšepo. Empa ho phetlela Jehova sefuba ho nthusa haholo. Ke kholisehile hore Jehova o thahasella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka amang thabo ea ka moeeng le maikutlong.”—1 Timothea 5:5.

“Tsoelang Pele ho Jarelana Meroalo”

Ka har’a mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste, ha ho hlokahale hore motho a jare moroalo a le mong. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa: “Tsoelang pele ho jarelana meroalo, kahoo le phethahatse molao oa Kreste.” (Bagalata 6:2) Ha re kopana le Bakreste-’moho le rōna, re ka amohela “lentsoe le molemo” la khothatso le ka bebofatsang moroalo oa bolutu.—Liproverbia 12:25.

Hape, nahana hore na Mangolo a re’ng ka morali oa Moahloli oa Iseraele, Jafeta. Pele a hlōla mabotho a lira a Ammone, Jafeta o ile a ikana hore o tla fa Jehova motho oa pele ho ba lelapa la hae ea neng a tla mo khahlametsa ho tla mo lebohela ha a hlōtse. E ile ea e-ba morali oa hae. (Baahloli 11:30, 31, 34-36) Le hoja sena se ne se bolela hore morali oa Jafeta o tla lula e le lesoha ’me a tele takatso ea tlhaho ea ho ba le lelapa, ka boikemisetso o ile a ikokobelletsa kano ena ’me a sebeletsa sehalalelong se Shilo bophelo bohle ba hae. Na boitelo ba hae e bile ba lefeela? Che, ho e-na le hoo: “Selemo le selemo barali ba Iseraele ba ne ba ea ho babatsa morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo.” (Baahloli 11:40) E, pabatso e ka khothatsa ba e fuoang. Ka hona, a re se keng ra hlōleha ho babatsa ba tšoanelehang.

Ho boetse ho molemo ho hlahloba mohlala oa Jesu. Le hoja e ne e se tloaelo ea Bajuda hore banna ba buisane le basali, Jesu o ile a qeta nako e itseng le Maria le Maretha. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le bahlolohali kapa basali ba sa nyaloang. Jesu o ne a batla hore ka bobeli ba fumane melemo ea moea ea botsoalle ba hae. (Luka 10:38-42) Re ka etsisa mohlala oa Jesu ka ho kopanyelletsa baralib’abo rōna ba moea ba sa nyaloang meketeng le ka ho etsa litokisetso tsa ho kopanela le bona mosebetsing oa boboleli. (Baroma 12:13) Na ba ananela tlhokomelo e joalo? Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Kea tseba hore barab’eso baa nthata ebile ba nkuka ke le oa bohlokoa, empa ke ananela ha ba mpontša thahasello e eketsehileng ea botho.”

Sandra oa hlalosa: “Kaha ha re na malapa a rōna, re na le tlhoko e eketsehileng ea ho ratoa, ho ikutloa re le karolo ea lelapa la bara le barali babo rōna ba moea.” Ka ho hlakileng, Jehova o hlokomela ba joalo, ’me re sebelisana le eena ha re etsa hore ba ikutloe hore baa hlokoa le ho ratoa. (1 Petrose 5:6, 7) Kameho e joalo e ke ke ea e-ba ea lefeela, etsoe “ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me [Jehova Molimo] O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.”—Liproverbia 19:17.

“E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro oa Hae”

Le hoja ba bang ba ka thusa, ’me tšehetso ea bona e ka khothatsa haholo, “e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, ha re jara mojaro oa bolutu, ho hlokahala hore re hlokomele likotsi tse ling. Ka mohlala, bolutu bo ka re hlōla haeba re sa lokolohe ho bua le ba bang. Ka lehlakoreng le leng, re ka hlōla bolutu ka lerato. (1 Bakorinthe 13:7, 8) Ho fana le ho abelana lintho ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho fumana thabo—ho sa tsotellehe maemo a rōna. (Liketso 20:35) Morali e mong oabo rōna ea sebetsang ka thata oa pula-maliboho o re: “Ha ke na nako ea ho nahana ka bolutu ba ka. Ha ke tseba hore ke na le thuso ’me ke tšoarehile, ha ke ikutloe ke jeoa ke bolutu.”

Hape re lokela ho hlokomela hore bolutu bo se ke ba re qobella ho kena kamanong e seng bohlale. Ka mohlala, e tla ba ho soabisang hakaakang ho lumella hore takatso ea lenyalo e re foufaletse mathata a mangata a bakoang ke ho nyaloa ke motho ea sa lumelang ’me haholo-holo e re foufaletse keletso ea Mangolo ea ho qoba joko e joalo! (2 Bakorinthe 6:14) Mosali e mong ea hlaliloeng oa Mokreste o ile a re: “Ho na le ntho e mpe ho feta ho ba lesoha. Ke ho nyaloa ke motho ea fosahetseng.”

Ho ka ’na ha hlokahala hore bothata bo ke keng ba rarolloa bo mamelloe, bonyane hona joale. Ka thuso ea Molimo, bolutu bo ka mamelloa. Ha re tsoela pele ho sebeletsa Jehova, e se eka re ka kholiseha hore ka letsatsi le leng litlhoko tsohle tsa rōna li tla khotsofatsoa ka tsela e molemo ka ho fetisisa.—Pesaleme ea 145:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a basali bao ho buuoeng ka bona a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Bolutu bo ka hlōloa ka ho fana le ho abelana lintho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela