Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Molimo”
“TSOANG ho eena, sechaba sa ka.” Eo ke phatlalatso ea lengeloi eo moapostola Johanne a ileng a e utloa lekholong la pele la lilemo C.E. Mehleng ea rōna batho ba limilione ba lipelo li tšepahalang ba arabetse ’me ba balehile “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:1-4) E mong oa bona ke Wilner oa Haiti, ea phetang phihlelo ea hae.
“Ke hlahile ka 1956, ke hlahela lelapeng la Mak’hatholike a popota a motsaneng oa St. Marc, Haiti. U ka inahanela thabo eo lelapa leso le bileng le eona ha ’na, hammoho le ba bang ba babeli ba motseng oa heso, re ne re khetheloa ho kena sekolo seminaring ea St. Michel de l’Atalaye, Haiti. Ka mor’a moo, ka 1980, re ile ra romeloa Stavelot, Belgium, bakeng sa koetliso e eketsehileng. Le hona moo re ile ra kena univesithing ea K’hatholike.
“Qalong ke ne ke chesehela ho ba moprista. Ka letsatsi le leng ha re le ka phaposing ea lijo tsa motšehare, moprista ea neng a ikarabella sehlopheng sa rōna o ile a nkōpa hore ke sale ka metsotso e ’maloa hobane ho ne ho e-na le seo a neng a batla ho mpolella sona. U ka inahanela kamoo ke ileng ka tšoha kateng ha a mpolella hore o batla ho robala le ’na! Ke ile ka hana kōpo ea hae empa ka felloa ke tšepo ka ho feletseng. Ke ile ka ngolla hae ka ba bolella ka ketsahalo ena ’me ka mor’a likhoeli tse seng kae ka tloha seminaring, le hoja ba ne ba sa thaba. Ke ile ka fumana bolulo motseng o mong eaba ke tsoela pele ho ithutela mosebetsi o mong.
“Ha ke khutlela St. Marc, ke ne ke se ke sa thahaselle Kereke e K’hatholike. Leha ho le joalo, ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo, empa ke ne ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa. Ke ile ka ea kerekeng ea Sabatha, ea Ebenezer le ea Mormon. Ke ne ke hlahlathela moeeng.
“Eaba ke hopola hore ha ke ne ke le seminaring Belgium, ke ne ke tloaetse ho bala Bibele ea Crampon. Ke ile ka fumana lebitso la Molimo ka har’a eona. Kahoo, ke ’mitsa ka lebitso, ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse ho fumana bolumeli ba ’nete.
Kapele ka mor’a moo, Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa fallela sebakeng seo ke neng ke lula ho sona. E ne e le batho ba bonolo, ba nang le tlhompho ebile ba e-na le seriti. Ke ne ke khahloa ke tsela eo ba phelang ka eona. Ka letsatsi le leng, e ’ngoe ea Lipaki tsena tse peli e ile ea ’memela ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ke ile ka thabela seboka seo haholo hoo ke ileng ka lumela ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla le Lipaki. Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ka mor’a moo, ke ile ka kholiseha hore ke fumane tsela ea ’nete ea ho sebeletsa Molimo. Ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa ka la 20 November, 1988.”
Ka mor’a nako e itseng, Wilner o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Kajeno o sebeletsa e le moholo oa phutheho. Eena le mosali oa hae, hammoho le bana ba bona ba babeli, ba sebeletsa ka thabo ka phuthehong.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka ho bala Bibele, Wilner o ile a fumana hore lebitso la Molimo ke Jehova