Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 4/1 maq. 21-24
  • Molimo o Amohela Lichaba Tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Amohela Lichaba Tsohle
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Boholo-holo
  • Ho Amohela Basamaria le Bao e Seng Bajuda
  • Pauluse—Sejana se Khethiloeng ho ea Lichabeng
  • Ho Thusa Batho ba Lichaba Tsohle Tsa Lefatše
  • O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Thuto Mabapi le Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 4/1 maq. 21-24

Molimo o Amohela Lichaba Tsohle

HA John a e-ea Mali ka lekhetlo la pele, o ile a angoa maikutlo ke kamohelo e mofuthu ea baeti ea Mamadou le ba lelapa la hae. Ha John a lula fatše ’me a sokola ho ja ka letsoho ha ho ntse ho jelloa ka sejaneng se le seng, o ne a ntse a ipotsa hore na ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa eo ka eona a ka fang mong’a ntlo mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng litaba tse molemo tsa ’Muso tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Le hoja a ne a tseba Sefora, e leng puo ea Mali, John o ile a ipotsa hore na o tla buisana joang le lelapa le neng le e-na le bolumeli bo fapaneng le ba hae ka ho feletseng le bo nahanang ka tsela e fapaneng le ea hae ka ho feletseng.

Ha ho makatse hore ebe John o ile a hopola tlaleho ea Bibele ea motse oa Babele. Molimo o ile a ferekanya puo ea batho ba marabele sebakeng seo. (Genese 11:1-9) Ka lebaka la seo, likarolong tse ngata tsa lefatše ho hlahile lichaba tse nang le lipuo tse fapaneng, malumeli le mekhoa ea ho nahana. Kajeno, ha ho eta le ho falla e le lintho tse tloaelehileng, ba bangata ba tobana le phephetso e kang ea John, esita leha ba le metseng ea habo bona: Ba ka bolella batho ba semelo se fapaneng le sa bona tšepo ea bona e thehiloeng Bibeleng joang?

Mohlala oa Boholo-holo

Joaloka baprofeta ba bang Iseraele, Jonase o ne a bua haholo-holo le Baiseraele. O ile a profeta nakong ea ha ’muso oa marabele oa meloko e leshome o kopanela ka ho pepenene mekhoeng e hlomphollang Molimo. (2 Marena 14:23-25) Ak’u nahane kamoo Jonase a ileng a ikutloa kateng ha a fuoa thōmo e khethehileng ea hore a tlohe naheng ea habo a ee Assyria ho ea bolela ho baahi ba Ninive, batho ba nang le bolumeli le setso se fapaneng le sa hae. Ho ka etsahala hore ebe Jonase o ne a sa bue puo ea Baninive, mohlomong ka mokhoa o phollatsi. Ebang ho joalo kapa che, kamoo ho bonahalang kateng, Jonase o ile a fumana thōmo eo e le boima, eaba oa baleha.—Jonase 1:1-3.

Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala hore Jonase a tsebe hore Jehova Molimo ha a talime tšobotsi feela empa o hlahloba pelo. (1 Samuele 16:7) Ka mor’a ho pholosa Jonase ka mohlolo hore a se ke a khangoa ke metsi, Jehova o ile a mo laela ka lekhetlo la bobeli hore a bolele ho baahi ba Ninive. Jonase o ile a utloa, ’me ka lebaka leo Baninive ba ile ba baka ba le bangata. Leha ho le joalo, Jonase ha aa ka a ba le pono e nepahetseng. Ka thuto e matla ea mohlala, Jehova o ile a mo ruta hore ho hlokahala hore a fetole boikutlo ba hae. Jehova o ile a botsa Jonase: “Na ha kea tšoanela ho utloela Ninive motse o moholo bohloko, oo ho oona ho nang le batho ba fetang likete tse lekholo le mashome a mabeli bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali?” (Jonase 4:5-11) Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Ke joang re ka thusang batho ba semelo se fapaneng le sa rōna?

Ho Amohela Basamaria le Bao e Seng Bajuda

Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa. (Matheu 28:19) Sena se ne se se bonolo ho bona. Barutuoa ba Jesu e ne e le Bajuda, ’me joaloka Jonase, ba ne ba tloaetse ho buisana feela le batho ba nang le semelo le setso sa bona. Joalokaha ho ka lebelloa, ba ne ba boetse ba susumetsoa ke leeme le neng le atile ka nako eo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsamaisa litaba hoo bahlanka ba hae ba ileng ba lemoha thato ea hae ho bona butle-butle.

Bohato ba pele e ne e le ho hlōla leeme pakeng tsa Bajuda le Basamaria. Bajuda ba ne ba sa sebelisane le Basamaria. Leha ho le joalo, ka makhetlo a fetang le le leng, Jesu o ile a bula tsela ea hore nakong e tlang Basamaria ba amohele litaba tse molemo. O ile a bontša hore o hloka leeme ka ho bua le mosali oa Mosamaria. (Johanne 4:7-26) Ketsahalong e ’ngoe, ha a sebelisa papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani, o ile a bontša Mojuda oa molumeli hore le batho bao e seng Bajuda ba khona ho bontša lerato ho moahelani. (Luka 10:25-37) Ha ho fihla nako ea hore Jehova a tlise Basamaria ka phuthehong ea Bokreste, Filipi, Petrose le Johanne—bao kaofela e leng Bajuda—ba ile ba bolela ho baahi ba Samaria. Molaetsa oa bona o ile oa tlisa thabo e khōlō motseng oo.—Liketso 8:4-8, 14-17.

Haeba Bakreste ba Bajuda ba ne ba thatafalloa ke ho rata Basamaria, bao ha e le hantle ba neng ba amana le Bajuda le hoja e ne e se beng ka bona ba haufi-ufi, e tlameha ebe ho ne ho le thata haholo hore ba bontše lerato la boahelani ho batho bao e seng Bajuda, kapa ho Balichaba, ba neng ba nyelisoa le ho hlouoa ke Bajuda. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu, lerako le pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le Balichaba le ile la tlosoa. (Baefese 2:13, 14) E le ho thusa Petrose hore a amohele tokisetso ena e ncha, Jehova o ile a mo bontša pono eo ho eona A ileng a mo bolella hore a ‘khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.’ Eaba moea oa Jehova o mo isa ho Molichaba ea bitsoang Korneliase. Ha Petrose a utloisisa pono ea Molimo—hore a se ke a re monna eo oa molichaba o silafetse hobane Molimo o ne a mo hloekisitse—tlas’a pululelo o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:9-35) Petrose o ile a makala hakaakang ha Molimo a bontša hore o amohetse Korneliase le lelapa la hae ka ho ba tšollela moea o halalelang!

Pauluse—Sejana se Khethiloeng ho ea Lichabeng

Tšebeletso ea Pauluse ke mohlala o totobetseng oa kamoo Jehova butle-butle a lokisetsang bahlanka ba hae hore ba rate ba be ba thuse batho ba mefuta eohle. Ha Pauluse a sokoloha, Jesu o ile a re Pauluse e tla ba sejana se khethiloeng hore se jare lebitso la Hae ho ea lichabeng. (Liketso 9:15) Joale Pauluse o ile a ea Arabia, mohlomong ho ea thuisa ka morero oa Molimo oa ho mo sebelisa ho phatlalatsa litaba tse molemo lichabeng.—Bagalata 1:15-17.

Leetong la hae la pele la boromuoa, Pauluse o ile a bontša cheseho ha a pakela batho bao e seng Bajuda. (Liketso 13:46-48) Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa Pauluse, e leng bopaki ba hore moapostola enoa o ne a etsa lintho tumellanong le tokisetso ea Jehova. Pauluse o ile a bontša hore o utloisisa ka botlalo pono ea Jehova ha ka sebete a khalemela Petrose, ea neng a bontšitse leeme ka ho qoba ho ikopanya le bara babo bao e seng Bajuda.—Bagalata 2:11-14.

Bopaki bo eketsehileng ba hore Molimo o ne a tataisa boiteko ba Pauluse bo bonoa leetong la hae la bobeli la boromuoa ha moea o halalelang o ne o thibela Pauluse ho bolela profinseng ea Roma ea Bithynia. (Liketso 16:7) Ka ho totobetseng nako e ne e sa lokela. Leha ho le joalo, hamorao, batho ba bang ba Bithynia ba ile ba fetoha Bakreste. (1 Petrose 1:1) Ponong, motho e mong oa Macedonia o ile a kōpa Pauluse ka tieo a re: “Tšelela Macedonia ’me u re thuse.” Pauluse o ile a etsa qeto ea hore o lokela ho fetola tsela ea hae e le hore a bolele litaba tse molemo profinseng eo ea Roma.—Liketso 16:9, 10.

Bokhoni ba Pauluse ba ho lumellana le maemo bo ile ba lekoa haholo nakong ea ha a ne a bolela ho batho ba Athene. Molao oa Bagerike le Baroma o ne o thibela ho buelloa ha melimo esele le litloaelo tse ncha tsa bolumeli. Lerato la Pauluse ho batho le ile la mo susumetsa hore a nahane ka botebo ka litloaelo tsa bona tsa bolumeli. Ha a le Athene, o ile a bona aletare e ngotsoeng “ho Molimo ea sa Tsejoeng.” O ile a bolela ntlha ena mosebetsing oa hae oa bopaki. (Liketso 17:22, 23) E bile tsela e babatsehang hakaakang ea ho fana ka molaetsa oa hae ka tsela e mosa le e bontšang tlhompho!

E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang ha a nahana ka liphello tsa mosebetsi oa hae e le moapostola lichabeng! O ile a thusa hore ho thehoe liphutheho tse entsoeng ka Bakreste ba bangata bao e seng Bajuda Korinthe, Filipi, Thesalonika le litoropong tsa Galatia. O ile a thusa banna le basali ba nang le tumelo, joaloka Damarise, Dionysiase, Sergiase Pauluse le Tite. E bile tokelo e kaakang ho bona batho ba neng ba sa tsebe Jehova kapa Bibele ba amohela ’nete ea Bokreste! Malebana le karolo ea hae ho thuseng bao e seng Bajuda hore ba tsebe ’nete, Pauluse o ile a re: “Ka sebele, ka tsela ena, sepheo sa ka e bile hore ke se ke ka bolela litaba tse molemo moo Kreste a neng a se a boletsoe, . . . empa, feela joalokaha ho ngoliloe: ‘Bao ho sa etsoang tsebiso ea letho ho bona mabapi le eena ba tla bona, ’me ba sa utloang ba tla utloisisa.’” (Baroma 15:20, 21) Na re ka kopanela ho bolela litaba tse molemo ho batho bao e seng ba setso sa rōna?

Ho Thusa Batho ba Lichaba Tsohle Tsa Lefatše

Solomone o ile a rapela Jehova malebana le batho bao e seng Baiseraele, ba neng ba tla tla rapela tempeleng e Jerusalema. O ile a kōpa ka matla: “E se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona; e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso la hao.” (1 Marena 8:41-43) Baboleli ba likete ba ’Muso linaheng tse ngata kajeno ba na le maikutlo a tšoanang le ana. Ba kopana le batho ba kang Baninive, bao ka kutloisiso ea moea, “ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.” Baboleli ba ’Muso ba thahasella ho ba le karolo phethahatsong ea boprofeta bo mabapi le ho bokelloa ha barapeli ba ’nete lichabeng tse ngata tse fapaneng.—Esaia 2:2, 3; Mikea 4:1-3.

Feela joalokaha batho ba tsoang Bokreste-’mōtoaneng ba amohetse molaetsa oa Bibele oa tšepo, le batho ba tsoang malumeling a mang ba etsa joalo. See se lokela ho u ama joang? Itlhahlobe ka botšepehi. Haeba u ikutloa hore leeme le metse ka botebo ka ho uena, le motsule ka ho hlaolela lerato.a U se ke ua lahla batho bao Molimo a ikemiselitseng ho ba amohela.—Johanne 3:16.

Lokisa kelello ea hao pele u buisana le batho ba semelo se seng. Tseba litumelo tsa bona, lintho tseo ba amehileng ka tsona, mokhoa oa bona oa ho nahana; ebe u batla seo le lumellanang ka sona. Bontša ba bang molemo le qenehelo. Qoba likhang, tenyetseha ’me u be le pono e nepahetseng. (Luka 9:52-56) Ha u etsa joalo, u tla be u thabisa Jehova, “eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

Re thabile hakaakang hore ebe liphuthehong tsa rōna re na le batho ba tsoang limelong tse ngata tse fapaneng! (Esaia 56:6, 7) Kajeno ho thabisa hakaakang ho utloa eseng feela mabitso a kang ’Matjaka, Thabang, Lerato le Teboho empa hape le a kang Mzwandile, Moyo, Naidoo le Lai! Ka sebele, re “buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakorinthe 16:9) E se eka re ka sebelisa hamolemo menyetla e re bulehetseng ea ho fetisa memo e fanoang ke Jehova, Molimo ea se nang leeme, re amohele batho ba lichaba tsohle!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! ea July 8, 1996, leqepheng la 5-7, “Marako a Sitisang Puisano.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Pauluse o ile a bolella batho litaba tse molemo hohle ka ho lumellana le maemo

. . . Athene

. . . Filipi

. . . ha a le maetong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela