Ke Mang ea Tla Pholoha Letsatsi la Jehova?
“Letsatsi lea tla le chesang joaloka sebōpi.”—MALAKIA 4:1.
1. Malakia o hlalosa bofelo ba tsamaiso ee e khopo joang?
MOLIMO o ile a bululela moprofeta Malakia hore a tlalehe boprofeta ba liketsahalo tse hlollang tse tla etsahala haufinyane. Liketsahalo tsena li tla ama motho e mong le e mong lefatšeng. Malakia 4:1 e bolela esale pele, e re: “‘Bonang! letsatsi lea tla le chesang joaloka sebōpi, ’me bohle ba iketelletsang pele le bohle ba etsang bokhopo ba tla ba joaloka litlhaka. Ka sebele letsatsi le tlang le tla ba timetsa,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘hoo le ke keng la ba siela leha e le motso kapa lekala.’” Timetso ea tsamaiso ee e khopo ea lintho e tla ba e phethahetseng hakae? E tla ba joaloka sefate se sentsoeng metso hoo se ke keng sa hlola se hōla.
2. Mangolo a mang a hlalosa letsatsi la Jehova joang?
2 U ka ’na ua botsa, ‘Ke “letsatsi” lefe leo moprofeta Malakia a le bolelang esale pele?’ Ke letsatsi le tšoanang le leo ho buuoang ka lona ho Esaia 13:9, e reng: “Bonang! Letsatsi la Jehova lea tla, le sehlōhō ka lebaka la khalefo le bohale bo tukang, e le ho etsa hore naha e be ntho e makalloang, le hore le ka felisa baetsalibe ba naha eo.” Sofonia 1:15 e fana ka tlhaloso ena, e re: “Letsatsi leo ke letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo, letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo, letsatsi la maru le la botšo bo boholo.”
“Matšoenyeho a Maholo”
3. Letsatsi la Jehova” ke eng?
3 Phethahatsong e khōlō ea boprofeta ba Malakia, “letsatsi la Jehova” ke nako e khetholloang ka “matšoenyeho a maholo.” Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Nahana ka matšoenyeho ao lefatše le a boneng, haholo-holo ho tloha ka 1914. (Matheu 24:7-12) E, Ntoeng ea II ea Lefatše feela ho ile ha bolaoa batho ba fetang limilione tse 50! Leha ho le joalo, ‘matšoenyehong a maholo’ ho tla ba le liketsahalo tse fetang likhathatso tse joalo hōle. Matšoenyeho ao a maholo, e leng ntho e tšoanang le letsatsi la Jehova, a fella ka Armagedone, a phetha mehla ea bofelo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho.—2 Timothea 3:1-5, 13; Tšenolo 7:14; 16:14, 16.
4. Ho tla be ho etsahetse’ng qetellong ea letsatsi la Jehova?
4 Qetellong ea letsatsi leo la Jehova, ho tla be ho felisitsoe lefatše la Satane le batšehetsi ba lona. Ntho ea pele e tla felisoa ke bolumeli bohle ba bohata. Joale Jehova o tla ahlola tsamaiso ea Satane ea lipolotiki le ea moruo. (Tšenolo 17:12-14; 19:17, 18) Ezekiele oa profeta o re: “Ba tla lahlela silevera ea bona literateng, ’me khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova.” (Ezekiele 7:19) Mabapi le letsatsi leo Sofonia 1:14 e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” Ka lebaka la seo Bibele e se bolelang ka letsatsi la Jehova, re lokela ho ikemisetsa ho sebetsa tumellanong le litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo.
5. Ba tšabang lebitso la Jehova ba fumana’ng?
5 Ka mor’a ho bolela esale pele hore na letsatsi la Jehova le tla etsa’ng ka lefatše la Satane, Malakia 4:2 e tlaleha hore Jehova o itse: “Ka sebele ho lōna ba tšabang lebitso la ka letsatsi la ho loka le tla khanya, le e-na le pholiso mapheong a lona; le tla ea ’me le tile fatše joaloka manamane a nontšitsoeng.” “Letsatsi la ho loka” ke Jesu Kreste. Ke eena ‘leseli la moea la lefatše.’ (Johanne 8:12) Jesu o khanya ka ho folisa, o qala ka pholiso ea moea, eo re e fumanang kajeno, e ntan’o ba pholiso ea sebele e feletseng, lefatšeng le lecha. Joalokaha Jehova a bolela, ba folisitsoeng ba tla ‘ea ’me ba tile fatše joaloka manamane a nontšitsoeng’ a thalang le a thabetseng ho lokolloa moo a koaletsoeng teng.
6. Bahlanka ba Jehova ba tla thabela mokete ofe oa tlhōlō?
6 Ho thoe’ng ka batho ba hlokomolohang litlhokahalo tsa Jehova? Malakia 4:3 e re: “‘Ka sebele [lōna, bahlanka ba Molimo] le tla hatakela ba khopo, kaha ba tla ba joaloka phofo tlas’a bohato ba maoto a lōna ka letsatsi leo ka lona ke nkang bohato,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” Batho ba rapelang Molimo ba ke ke ba kopanela timetsong ea lefatše la Satane. Ho e-na le hoo, ka tsela ea tšoantšetso ba “hatakela ba khopo” ka ho kopanela moketeng oa tlhōlo o latelang letsatsi la Jehova. Ho ile ha latela mokete o moholo ka mor’a ho timetsoa ha mabotho a Faro Leoatleng le Lefubelu. (Exoda 15:1-21) Ka ho tšoanang, ho felisoa ha Satane le lefatše la hae matšoenyehong a maholo, ho tla lateloa ke mokete oa tlhōlo. Baphonyohi ba tšepahalang ba letsatsi la Jehova ba tla hooa ba re: “A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.” (Esaia 25:9) Ho tla ba le nyakallo e kaakang ha ho tlosoa qoso bobusing ba Jehova ’me lefatše le hloekisoa hore ho hahoe ho lona ka khotso!
Bokreste-’mōtoana bo Etsisa Sechaba sa Iseraele
7, 8. Hlalosa boemo ba moea ba Baiseraele mehleng ea Malakia.
7 Mohau oa Jehova o fumanoa ke ba mo sebeletsang, eseng ba sa mo sebeletseng. Ho tšoana le nakong eo ka eona Malakia a ileng a ngola buka ea hae. Ka 537 B.C.E., masala a Baiseraele a ne a tsosolositsoe ka mor’a lilemo tse 70 tsa ho ba kholehong Babylona. Leha ho le joalo, lilemong tse lekholo tse latelang, sechaba se tsosolositsoeng se ile sa qala ho khelohela bokoenehing le bokhopong. Batho ba bangata ba ne ba hlompholla lebitso la Jehova; ba iphapanyetsa melao ea hae e lokileng; ba silafatsa tempele ea hae ka ho tlisa liphoofolo tse foufetseng, tse holofetseng le tse kulang hore ho etsoe mahlabelo ka tsona; ’me ba hlala basali ba bocha ba bona.
8 Kahoo, Jehova o ile a re ho bona: “Ke tla atamela haufi le lōna bakeng sa kahlolo, ’me ke tla ba paki e potlakang khahlanong le baloi, le khahlanong le bafebi, le khahlanong le ba hlapanyang ka bohata, le khahlanong le ba etsang bolotsana ka moputso oa ea sebeletsang moputso, ka mohlolohali le ka moshanyana ea se nang ntate, le ba lelekang mojaki, empa ba sa ka ba ntšaba, . . . etsoe ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:5, 6) Leha ho le joalo, Jehova o ile a mema bohle ba neng ba tla furalla litsela tsa bona tse mpe a re: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.”—Malakia 3:7.
9. Boprofeta ba Malakia bo ile ba phethahala joang qalong?
9 Mantsoe ana a ile a phethahala hape lekholong la pele la lilemo C.E. Masala a Bajuda a ile a sebeletsa Jehova ’me a fetoha karolo ea “sechaba” se secha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, seo ka nako ea teng se ileng sa akarelletsa le Balichaba. Empa bongata ba Baiseraele ba tlhaho bo ile ba hana Jesu. Ka lebaka leo Jesu o ile a bolella sechaba seo sa Iseraele a re: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:38; 1 Bakorinthe 16:22) Ka 70 C.E., joalokaha Malakia 4:1 e ne e boletse esale pele, “letsatsi . . . le chesang joaloka sebōpi” le ile la tlela Baiseraele ba nama. Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa timetsoa ’me ho tlalehoa hore batho ba fetang milione ba ile ba shoa ka lebaka la tlala, tseko ea puso le litlhaselo tsa mabotho a Roma. Leha ho le joalo, ba sebeletsang Jehova ba ile ba pholoha matšoenyeho ao.—Mareka 13:14-20.
10. Batho ka kakaretso le baruti ba etsisa Baiseraele ba lekholong la pele la lilemo ka tsela efe?
10 Moloko oa batho, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, o ’nile oa etsisa sechaba sa Iseraele sa lekholong la pele la lilemo. Baeta-pele le sechaba ka kakaretso Bokreste-’mōtoaneng, ba khetha lithuto tsa bona tsa bolumeli ho e-na le ho khetha linnete tsa Molimo tse rutiloeng ke Jesu. Baruti ke bona haholo-holo ba molato. Ba hana ho sebelisa lebitso la Jehova, ebile ba le ntša liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Ba hlompholla Jehova ka lithuto tseo e seng tsa Mangolo, tse kang tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele, Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le khopolo ea ho iphetola ha lintho. Kahoo ba amoha Jehova thoriso e mo tšoanelang, ba etsisa baprista ba mehleng ea Malakia.
11. Malumeli a lefatše a bontša joang hore na ke mang eo a hlileng a mo sebeletsang?
11 Ha mehla ea bofelo e qala ka 1914, malumeli a lefatše lena, a eteletsoeng pele ke ba ipolelang hore ke Bakreste, a ile a bontša hore na a hlile a sebeletsa mang. Lintoeng tse peli tsa lefatše, a ile a khothalletsa litho tsa ’ona ho ea ntoeng ka lebaka la liqhoebeshano tsa lichaba, esita le haeba ho ne ho bolela ho bolaea batho ba bolumeli ba ’ona. Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka ba mamelang Jehova le ba sa mo mameleng, ha le re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong, hore re lokela ho ratana; eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo.”—1 Johanne 3:10-12.
Ho Phethahatsa Boprofeta
12, 13. Bahlanka ba Molimo ba phethahalitse boprofeta bofe mehleng ea rōna?
12 Qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918, bahlanka ba Jehova ba ne ba ka bona hore Molimo o ahlotse Bokreste-’mōtoana hammoho le bolumeli bohle ba bohata. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ho ’nile ha tsoa mohoo o eang ho batho ba lipelo li lokileng, o reng: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.” (Tšenolo 18:4, 5) Ba neng ba hlile ba lakatsa ho sebeletsa Jehova ba ile ba qala ho hloekisoa mesaletseng ea bolumeli ba bohata ’me ba qala ho bolela lefatšeng lohle litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng, e leng mosebetsi o lokelang ho phethoa pele bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo tla.—Matheu 24:14.
13 Ka tsela eo ho ile ha phethahala boprofeta ba Malakia 4:5, moo Jehova a boletseng a re: “Bonang! Ke romela moprofeta Elia ho lōna pele ho tla letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele mosebetsing oa Johanne Mokolobetsi, ea neng a tšoantšetsoa ke Elia. Johanne o ile a etsa mosebetsi o kang oa Elia ha a kolobetsa Bajuda ba baketseng libe tsa bona tseo ba li entseng khahlanong le selekane sa Molao. Habohlokoahali, Johanne e ne e le selelekela sa Mesia. Leha ho le joalo, mosebetsi oa Johanne e ne e le phethahatso ea pele ea boprofeta ba Malakia. Ha Jesu a ne a bua ka Johanne a re ke Elia oa bobeli, o ile a bontša hore ho tla ba le mosebetsi oa nakong e tlang oa “Elia.”—Matheu 17:11, 12.
14. Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa o lokelang ho etsoa pele tsamaiso ee e fela?
14 Boprofeta ba Malakia bo ile ba bontša hore mosebetsi ona o moholo oa Elia o ne o tla etsoa pele ho “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova.” Letsatsi leo le tla fella ka ntoa e atamelang ka potlako ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle, ka Armagedone. Sena se bolela hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho le qaleho ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea ’Muso oa Molimo oa leholimo tlas’a Jesu Kreste ea busang li ne li tla etelloa pele ke mosebetsi o tšoanang le mosebetsi oa Elia. Tumellanong le boprofeta boo, pele Jehova a timetsa tsamaiso ena e khopo, sehlopha sa kajeno sa Elia, se tšehelitsoeng ke Bakreste-’moho ba limilione ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ka mafolofolo se etsa mosebetsi oa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng, se phahamisa lebitso la Jehova ’me se ruta batho ba kang linku linnete tsa Bibele.
Jehova o Hlohonolofatsa Bahlanka ba Hae
15. Jehova o hopola bahlanka ba hae joang?
15 Jehova o hlohonolofatsa ba mo sebeletsang. Malakia 3:16 e re: “Ka nako eo ba tšabang Jehova ba buisana, e mong le e mong le motsoalle oa hae, ’me Jehova a ’na a ela hloko le ho mamela. Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae bakeng sa ba tšabang Jehova le bakeng sa ba nahanang ka lebitso la hae.” Ho tloha ka Abele, ho bile joalokaha eka Molimo o ’nile a ngola bukeng mabitso a batho bao a tlang ho ba hopola hore a ba fe bophelo bo sa feleng. Jehova o re ho bona: “Tlisang likarolo tsohle tsa leshome ka tlung ea polokelo, hore ho be le lijo ka tlung ea ka; ka kōpo, ntekeng tabeng ena . . . hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”—Malakia 3:10.
16, 17. Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae le mosebetsi oa bona joang?
16 Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse ba mo sebeletsang. Joang? Tsela e ’ngoe ke ka kutloisiso e eketsehileng ea merero ea hae. (Liproverbia 4:18; Daniele 12:10) E ’ngoe ke ka ho ba fa litholoana tse hlollang mosebetsing oa bona oa boboleli. Batho ba bangata ba lipelo li lokileng ba ikopantse le bona borapeling ba ’nete ’me kaofela ke ‘bongata bo boholo, . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, . . . bo ntseng bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.”’ (Tšenolo 7:9, 10) Bongata bona bo boholo bo bonahetse ka tsela e hlollang, ’me ba sebeletsang Jehova ka mafolofolo hona joale ba feta limilione tse tšeletseng liphuthehong tse fetang 93 000 lefatšeng lohle!
17 Tlhohonolofatso ea Jehova e boetse e bonahala ka hore Lipaki tsa Jehova li hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse ajoang ho feta neng kapa neng. Hona joale, ho hatisoa likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse limilione tse 90 khoeli le khoeli, Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 144, Tsoha! ka tse 87. Ho ile ha ajoa likopi tse limilione tse 107 ka lipuo tse 117 tsa buka ea ho ithuta Bibele e bitsoang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ka 1969. U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e lokolotsoeng ka 1982, e bile le likopi tse fetang limilione tse 81 ka lipuo tse 131. Ho fihlela joale ho hatisitsoe likopi tse limilione tse ka bang 85 ka lipuo tse ka bang 154 tsa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e lokolotsoeng ka 1995. Ho se ho abuoe likopi tse ka bang limilione tse 150 ka lipuo tse ka bang 244 tsa bukana e bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, e hatisitsoeng ka 1996.
18. Ke hobane’ng ha re thabela katleho ea moea ho sa tsotellehe khanyetso?
18 Ho thabetsoe katleho ena ea moea ho sa tsotellehe khanyetso e matla ka ho fetisisa le ea nako e telele e tsoang lefatšeng la Satane. Sena se bontša ’nete ea Esaia 54:17 e reng: “‘Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na,’ ho bolela Jehova.” Ke ho khothatsang hakaakang ho bahlanka ba Jehova ho tseba hore ho phethahala ho hoholo ha Malakia 3:17 ho etsahala ho bona, e re: “‘Ka sebele e tla ba ba ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘ka letsatsi la ha ke hlahisa thepa e khethehileng.’”
Ho Sebeletsa Jehova ka Thabo
19. Ba sebeletsang Jehova le ba sa mo sebeletseng ba fapana joang?
19 Phapang pakeng tsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang le batho ba lefatše la Satane e ntse e hlaka ka ho eketsehileng ha nako e ntse e feta. Malakia 3:18 e boletse sena esale pele: “Ka sebele le tla boela le bone phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” Har’a tse ling, phapang e ’ngoe ke hore ba sebeletsang Jehova ba etsa joalo ka thabo e khōlō. Le leng la mabaka ana ke tšepo e babatsehang eo ba nang le eona. Ba tšepa Jehova ka ho feletseng ha a re: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong. Empa thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang.”—Esaia 65:17, 18; Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Tšenolo 21:4, 5.
20. Ke hobane’ng ha re le batho ba thabileng?
20 Re lumela tšepiso ea Jehova ea hore batho ba hae ba tšepahalang ba tla pholoha letsatsi la hae le leholo ’me ba kenngoe lefatšeng le lecha. (Sofonia 2:3; Tšenolo 7:13, 14) Esita le hoja ba bang ba ka shoa pele ho moo ka lebaka la botsofali, ho kula kapa likotsi, Jehova o tšepisa hore o tla ba tsosa ba e-na le tebello ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 5:28, 29; Tite 1:2) Kahoo, le hoja kaofela re e-na le mathata le liphephetso, ha re ntse re atamela letsatsi lena la Jehova, re na le mabaka ’ohle a ho ba batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng.
U Araba Joang?
• “Letsatsi la Jehova” ke eng?
• Malumeli a lefatše a etsisa Baiseraele ba boholo-holo joang?
• Bahlanka ba Jehova ba phethahatsa boprofeta bofe?
• Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo e ne e ‘chesa joaloka sebōpi’
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jehova o hlokomela ba mo sebeletsang
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ka lebaka la tšepo ea bona e hlollang, bahlanka ba Jehova ba thabile e le kannete