Molimo ke Mang?
THE Encyclopedia Americana e re: “Molimo ke lebitso le tloaelehileng leo ka lona ho bitsoang moetsi e moholohali le ea matlahali oa bokahohle ’me ke eena ea rapeloang.” Molimo ke motho ea phahameng ka ho fetisisa kapa e moholohali. Motho ea hlollang ka mokhoa o tšosang hakaalo ke oa sebōpeho sa mofuta ofe?
Na Molimo ke matla feela a itseng kapa ke motho oa sebele? Na o na le lebitso? Na ke batho ba bararo mothong a le mong joalokaha ba bang ba lumela? Re ka tseba Molimo joang? Bibele e fana ka likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang lipotsong tsena. Ha e le hantle, e re khothalletsa ho batla Molimo, e re: “[Ha a] hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27.
Na ke Matla Feela a Itseng Kapa ke Motho oa Sebele?
Batho ba bangata ba lumelang ho Molimo ba nahana hore hase motho empa ke matla feela a itseng. Ka mohlala, batho ba litso tse ling ba ’nile ba bolela hore matla a tlhaho ke melimo. Ba bang ba ’nileng ba hlahloba bopaki bo bokeletsoeng liphuputsong tsa saense mabapi le sebōpeho sa bokahohle le lintlha tse ikhethang tsa bophelo bo lefatšeng ba fihletse qeto ea hore lintho tse teng li na le Sesosa. Leha ho le joalo, ba tsilatsila ho lumela hore Sesosa sena ke motho.
Leha ho le joalo, ho rarahana ha pōpo ho bontša hore e tlameha ebe Sesosa sena se bohlale ka ho fetisisa. Bohlale bo hloka kelello. Kelello e khōlō e ikarabellang bakeng sa pōpo eohle ke ea Molimo. Ha ho pelaelo hore Molimo o na le ’mele, ’me ke ’mele oa moea eseng oa nama joaloka oa rōna. Bibele e re: “Haeba ho na le ’mele oa nama, ho boetse ho na le oa moea.” (1 Bakorinthe 15:44) Ha Bibele e hlalosa boleng ba Molimo, ka ho hlaka e re: “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Moea o na le bophelo bo fapaneng hōle le ba rōna, ’me ha o bonahale mahlong a batho. (Johanne 1:18) Ho boetse ho na le libōpuoa tsa moea tse sa bonahaleng. Ke mangeloi—“bara ba Molimo oa ’nete.”—Jobo 1:6; 2:1.
Kaha Molimo ke motho ea sa bōptjoang ea nang le ’mele oa moea, hoa utloahala hore o na le sebaka seo a lulang ho sona. Ha Bibele e bua ka sebaka sa bolulo sa meea, e re bolella hore maholimo ke “sebaka sa [Molimo] sa bolulo se tiisitsoeng.” (1 Marena 8:43) Hape, mongoli oa Bibele Pauluse o re: ‘Kreste o kene leholimong ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.’—Baheberu 9:24.
Lentsoe “moea” le sebelisoa ka Bibeleng ka kutloisiso e ’ngoe hape. Mopesaleme o ile a lebisa thapelo ho Molimo a re: “Ha u romela moea oa hao, lia bōptjoa.” (Pesaleme ea 104:30) Moea ona hase Molimo ka boeena empa ke matla ao Molimo a a romelang, kapa ao a a sebelisang, ho phetha eng kapa eng eo a e lakatsang. Ka oona, Molimo o ile a bōpa maholimo, lefatše le lintho tsohle tse phelang. (Genese 1:2; Pesaleme ea 33:6) Moea oa hae o bitsoa moea o halalelang. Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho bululela batho ba ngotseng Bibele. (2 Petrose 1:20, 21) Kahoo, moea o halalelang ke matla a sa bonahaleng a sebetsang ao Molimo a a sebelisetsang ho phetha merero ea hae.
Molimo o na le Lebitso le Ikhethang
Mongoli oa Bibele Agure o ile a botsa: “Ke mang ea bokeletseng moea liatleng tse peli? Ke mang ea phuthetseng metsi seaparong sa ka holimo? Ke mang ea emisitseng lipheletso tsohle tsa lefatše? Lebitso la hae ke mang ’me lebitso la mora oa hae ke mang?” (Liproverbia 30:4) Ha e le hantle, Agure o ne a botsa: ‘Na u tseba lebitso kapa lesika la motho ofe kapa ofe ea entseng lintho tsee?’ Ke Molimo feela ea nang le matla a ho laola matla a tlhaho. Le hoja pōpo e paka ka matla hore Molimo o teng, ha e bolele lebitso la Molimo. Ha e le hantle, re ne re ke ke ra tseba lebitso la Molimo ha Molimo a ne a sa re senolela lona. ’Me o le senotse. ’Mōpi o re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”—Esaia 42:8.
Lebitso le ikhethang la Molimo, Jehova, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu feela. Jesu Kreste o ile a le tsebisa ba bang ’me a le rorisa ka pel’a bona. (Johanne 17:6, 26) Lebitso leo le fumanoa bukeng ea ho qetela ea Bibele e le karolo ea polelo “Haleluja,” e bolelang “Rorisang Jah.” ’Me “Jah” ke khutsufatso ea “Jehova.” (Tšenolo 19:1-6, Bibele—Phetolelo e Ncha) Empa, Libibele tse ngata tsa mehleng ena li sebelisa lebitso lena seoelo. Hangata li sebelisa “MORENA” kapa “MOLIMO,” li ngotsoe ka litlhaku tse khōlō kaofela ho li khetholla litlotleng tse tloaelehileng e leng “Morena” le “Molimo.” Litsebi tse ling li bolela hore lebitso la Molimo le ne le bitsoa ka hore ke Yahweh.
Ke hobane’ng ha ho e-na le maikutlo a sa tšoaneng hakaale ka Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng? Bothata bo qalile makholong a fetileng a lilemo ha Bajuda ba latela tumela-khoela ’me ba tlohela ho bitsa lebitso la Molimo ’me bakeng sa lona ba qala ho sebelisa lentsoe la Seheberu bakeng sa “Morena ’Musi” neng le neng ha ba fihla lebitsong la Molimo ha ba bala Mangolo. Kaha Seheberu sa Bibele se ne se ngoloa ntle ho liluma-noosi, ha ho khonehe ho tseba hantle hore na Moshe, Davida le batho ba bang ba mehleng ea khale ba ne ba bitsa litlhaku tsa lebitso la Molimo joang. Leha ho le joalo, mokhoa oo le bitsoang ka oona ka Sesotho e le Jehova, o sebelitse ka lilemo-lemo, ’me mokhoa oo le bitsoang ka oona ka lipuo tse ngata oa tsebahala kajeno.—Exoda 6:3; Esaia 26:4, Bibele ea Sesotho.
Le hoja ho sa hlaka hore na lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang ka Seheberu sa boholo-holo, tlhaloso ea lona eona ea tsejoa. Lebitso la hae le bolela “O Etsa Hore ho be.” Kahoo Jehova Molimo o itsebahatsa e le Moreri e Moholo. Kamehla o phethahatsa merero ea hae le litšepiso tsa hae. Ke Molimo oa ’nete feela ea nang le matla a ho etsa sena le eo ho nepahetseng hore a bitsoe ka lebitso leo.—Esaia 55:11.
Ha ho pelaelo hore lebitso Jehova le sebeletsa ho khetholla Molimo ea Matla ’Ohle ho melimo e meng kaofela. Ke ka lebaka leo lebitso lena le hlahang hangata hakana Bibeleng. Leha Libibele tse ngata li sa sebelise lebitso la Molimo, Pesaleme ea 83:18 ka ho hlaka e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Nakong ea tšebeletso ea Jesu Kreste, o ile a ruta balateli ba hae, a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’” (Matheu 6:9) Joale, re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo ha re rapela, ha re bua le eena leha re mo rorisa ka pel’a ba bang.
Na Jesu ke Molimo?
Jehova Molimo o tsebahatsa Mora oa hae ka mokhoa o hlakileng. Tlaleho ea Kosepele ea Matheu e bolela hore ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, ho ile “ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’” (Matheu 3:16, 17) Jesu Kreste ke Mora oa Molimo.
Leha ho le joalo, batho ba bang ba bolumeli ba re Jesu ke Molimo. Ba bang ba re Molimo ke Boraro-bo-bong. Ho latela thuto ena, “Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo le Moea o Halalelang ke Molimo, ’me leha ho le joalo hase Melimo e meraro empa ke Molimo a le mong.” Ho boleloa hore boraro ba bona “ha ba na qalo le qetello ’me baa lekana.” (The Catholic Encyclopedia) Na maikutlo a joalo a nepahetse?
Mabapi le Jehova, Mangolo a bululetsoeng a re: “Esita le ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang u Molimo.” (Pesaleme ea 90:2) Ke “Morena oa bosafeleng”—ha a na qalo kapa qetello. (1 Timothea 1:17) Ka lehlakoreng le leng, Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle,” “tšimoloho ea pōpo ea Molimo.” (Bakolose 1:13-15; Tšenolo 3:14) Ha a bolela hore Molimo ke Ntat’ae, Jesu o itse: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Jesu o ile a hlalosa le hore ho na le lintho tse ling tseo eena kapa mangeloi ba sa li tsebeng tse neng li tsejoa ke Molimo feela. (Mareka 13:32) Ho feta moo, Jesu o ile a rapela Ntat’ae a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:42) O ne a rapela mang haeba a ne a sa rapele Motho ea phahameng ho mo feta? Hape, ke Molimo ea ileng a tsosa Jesu bafung, Jesu ha aa ka a itsosa.—Liketso 2:32.
Joale, ho ea ka Mangolo, Jehova ke Molimo ea Matla ’Ohle, ’me Jesu ke Mora oa hae. Bobeli ba bona ba ne ba sa lekane pele Jesu a tla lefatšeng leha a ntse a phela lefatšeng; ebile Jesu ha aa ka a lekana le Ntat’ae ka mor’a hore a tsosetsoe leholimong. (1 Bakorinthe 11:3; 15:28) Joalokaha re bone, seo ho thoeng ke motho oa boraro ho Boraro-bo-bong, e leng moea o halalelang, hase motho. Ho e-na le hoo, ke matla ao Molimo a a sebelisang ho etsa eng kapa eng eo a e lakatsang. Kahoo, thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo.a Bibele e re: “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”—Deuteronoma 6:4.
Tseba Molimo Haholoanyane
E le hore re rate Molimo ’me re inehele ho eena a ’notši joalokaha ho mo tšoanela, re tlameha ho tseba boleng ba hae ba sebele. Re ka tseba Molimo haholoanyane joang? Bibele e re: “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Tsela e ’ngoe ea ho tseba Molimo haholoanyane ke ka ho lemoha le ho nahanisisa ka kananelo ka pōpo ea hae.
Leha ho le joalo, pōpo ha e re bolelle sohle seo re tlamehang ho se tseba ka Molimo. Ka mohlala, e le hore re utloisise hore ke Motho oa sebele oa moea ea nang le lebitso le ikhethang, ho hlokahala hore re bale Bibele. Ha e le hantle, ho ithuta Bibele ke tsela e molemo haholo ea ho tseba Molimo hamolemo. Ka Mangolong, Jehova o re bolella ho eketsehileng ka hore na ke Molimo oa mofuta ofe. O re senolela le merero ea hae, hape o re ruta litsela tsa hae. (Amose 3:7; 2 Timothea 3:16, 17) Re thaba hakaakang hore ebe Molimo o batla hore re “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete” e le hore re ka rua molemo litokisetsong tsa hae tse lerato! (1 Timothea 2:4) Ka lebaka leo, a re ikitlaetseng ka hohle ho ithuta sohle seo re ka se khonang ka Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e qaqileng ea taba ena, bona bukana e bitsoang Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Molimo o sebelisitse moea oa hae o halalelang ho bōpa lefatše le ho bululela batho hore ba ngole Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lentsoe le tsoang maholimong le ile la re: “Enoa ke Mora oa ka”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o ile a rapela Molimo—Motho ea mo phahametseng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o ile a tsebisa ba bang lebitso la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Re ka tseba Molimo hamolemo