Ke Molato oa Mang oa Hao Kapa oa Liphatsa Tsa Hao Tsa Lefutso?
BO-RASAENSE ba sebetsa ka thata ho leka ho fumana bopaki ba hore liphatsa tsa lefutso li baka bokhoba ba tahi, bosodoma, boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali, pefo, boitšoaro bo bong bo sa tloaelehang esita le lefu. Na ho ke ke ha re imolla ho fumana hore ha re ikarabelle bakeng sa liketso tsa rōna re mpa feela re le liphofu tsa liphatsa tsa lefutso? Ka tlhaho motho o rata ho beha motho e mong kapa ntho e ’ngoe molato bakeng sa liphoso tsa hae.
Haeba ke molato oa liphatsa tsa lefutso, bo-rasaense ba bolela hore ho na le monyetla oa ho li fetola, ho felisa mekhoa e sa rateheng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso. Katleho e bileng teng haufinyane ea ho lokolisa liphatsa tsohle tsa lefutso e entse hore ho bonahale eka sena se tla atleha.
Leha ho le joalo, monyetla ona o thehiloe khopolong ea hore liphatsa tseo re li filoeng tsa lefutso ke tsona tse ikarabellang bakeng sa libe le liphoso tsohle tsa rōna. Na mafokisi a bo-rasaense a fumane bopaki bo lekaneng ba ho hlahlela nyeoe khahlanong le liphatsa tsa rōna tsa lefutso? Ho hlakile hore karabo e tla ama ka botebo kamoo re italimang kateng le bokamoso ba rōna. Leha ho le joalo, pele re hlahloba bopaki, ho hlahloba tšimoloho ea batho ho tla re beha leseling.
Motso oa Bothata
Batho ba bangata ba tloaelane le tlaleho ea ho oela sebeng ha batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, tšimong ea Edene, kapa bonyane ba utloetse ka eona. Na ho tloha qalong feela ba ne ba kentsoe liphatsa tsa lefutso tse nang le bofokoli bo itseng, sekoli se pōpehong ea bona se ileng sa ba susumetsa hore ba etse sebe ’me ba hloke kutlo?
’Mōpi oa bona, Jehova Molimo, eo mesebetsi eohle ea hae e phethahetseng, o ile a bolela hore ha a phetha pōpo ea hae ea lefatšeng, e ne e le “molemo haholo.” (Genese 1:31; Deuteronoma 32:4) E le bopaki bo eketsehileng ba hore o ne a khotsofaletse mosebetsi oa hae, o ile a hlohonolofatsa batho ba babeli ba pele ’me a ba laela hore ba ngatafale, ba tlatse lefatše ka batho, le hore ba hlokomele pōpo ea hae e lefatšeng—ka sebele tsena hase lintho tse ka etsoang ke motho ea sa tšepeng mosebetsi oa hae.—Genese 1:28.
Mabapi le ho bōptjoa ha batho ba pele ba babeli, Bibele ea re bolella: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” (Genese 1:27) Sena ha se bolele hore batho ba entsoe hore ba tšoane le Molimo ka ponahalo, hobane “Molimo ke Moea.” (Johanne 4:24) Ho e-na le hoo, ho bolela hore batho ba ne ba filoe litšoaneleho tsa Molimo, le matla a laolang boitšoaro, e leng letsoalo. (Baroma 2:14, 15) Ba ne ba boetse ba e-na le boikhethelo, ba khona ho sekaseka taba le ho etsa qeto ea hore na ba etse eng.
Leha ho le joalo, batsoali ba rōna ba pele ba ne ba filoe melao e ba tataisang. Ba ne ba lemositsoe ka liphello tsa ho etsa phoso. (Genese 2:17) Kahoo bopaki bo bontša hore ha Adama a tobane le ho etsa qeto e amang boitšoaro, o ile a khetha se neng se bonahala ho eena se le molemo kapa se lokile ka nako eo. O ile a latela mosali oa hae phosong ho e-na le hore a nahanele kamano ea hae le ’Mōpi oa hae kapa liphello tsa nako e telele tsa ketso ea hae. Hamorao o ile a boela a leka ho beha Jehova molato, a bolela hore mosali eo A faneng ka eena o mo khelositse.—Genese 3:6, 12; 1 Timothea 2:14.
Seo Molimo a ileng a se etsa ka lebaka la sebe sa Adama le Eva se re beha leseling. Ha aa ka a leka ho lokisa ‘sekoli se pōpehong’ ea liphatsa tsa bona tsa lefutso. Ho e-na le hoo, o ile a phetha seo a neng a ba boleletse hore e tla ba liphello tsa liketso tsa bona, e leng se ileng sa qetella ka lefu la bona. (Genese 3:17-19) Histori ena ea pele e re thusa hore re utloisise boitšoaro ba batho hamolemo.a
Bopaki Khahlanong le Liphatsa Tsa Lefutso
Ka nako e telele, bo-rasaense ba ’nile ba sebetsa ka thata ho fumana sesosa sa maloetse a batho le boitšoaro ba bona tse bakoang ke liphatsa tsa lefutso le hore na ho ka sebelisoa liphatsa tsa lefutso joang e le pheko. Ka mor’a mosebetsi oa lilemo tse leshome tsa lihlopha tse tšeletseng tsa bafuputsi, ho ile ha fumanoa phatsa ea lefutso e amanang le lefu la Huntington, le hoja ho hang bafuputsi ba sa tsebe hore na phatsa ena ea lefutso e baka lefu lena joang. Leha ho le joalo, ha Scientific American e fana ka tlaleho phuputsong ena, e ile ea qotsa Evan Balaban, setsebi sa baeloji sa Harvard, ea ileng a bolela hore ho tla “ba thata ka ho eketsehileng ho fumana liphatsa tsa lefutso tse bakang boitšoaro bo sa tloaelehang.”
Ha e le hantle, phuputso e etsoang ho leka ho hokahanya liphatsa tse itseng tsa lefutso le boitšoaro ba batho ha ea atleha. Ka mohlala, ho Psychology Today, tlaleho e entsoeng mabapi le boiteko ba ho fumana hore na liphatsa tsa lefutso li baka ho tepella ha maikutlo e re: “Boitsebiso bo mabapi le ho nama ha lefu le thibelo ea lona sechabeng mabapi le mafu a maholo a kelello e hlakisa hore ho ke ke ha thoe feela a bakoa ke lintho tse amanang le liphatsa tsa lefutso.” Tlaleho ena e fana ka mohlala: “Maamerika a etsang karolo ea 1 lekholong a hlahileng pele ho 1905 a ne a tepeletse maikutlo ha a e-ba lilemo li 75. Har’a Maamerika a hlahileng lilemong tse 50 hamorao, a etsang karolo ea 6 lekholong a ile a tepella maikutlo ha a e-ba lilemo li 24!” Kahoo e phetha ka hore liphetoho tse khōlō joalo ka nakoana e kaalo li ka tlisoa feela ke lintho tse ka ntle ho motho kapa tse amanang le maemo a bophelo.
Liphuputso tsee le tse ling tse ngata li re bolella eng? Le hoja liphatsa tsa lefutso li ka phetha karolo e itseng ho haheng botho ba rōna, ho hlakile hore ho na le litšusumetso tse ling. Tšusumetso e khōlō ke tikoloho ea rōna, e fetohileng haholo mehleng ea kajeno. Ha buka ea Boys Will Be Boys e bua ka seo bacha ba kajeno ba se pepeselitsoeng boithabisong bo tloaelehileng, e bolela hore ho tla ba thata hore bana ba be le melao-motheo e nepahetseng ea boitšoaro ha ba “hōla ba shebella mananeo a TV ka lihora tse mashome a likete le lifilimi tseo ho tsona batho ba futuheloang, ba thunngoang, ba hlajoang, ba ntšoang mala, ba pongoang likoto, ba mumuloang letlalo, kapa ba retloang, ha bana ba hōla ba mamela ’mino o tlotlisang peto, ho ipolaea, lithethefatsi, tahi le leeme.”
Ka ho hlakileng, Satane, “’musi oa lefatše lena,” o entse hore ho be le tikoloho e nolofaletsang motho hore a phethe litakatso tse tšabehang ka ho fetisisa. Ke mang ea ka latolang hore kaofela ha rōna re tlas’a tšusumetso e matla e bakoang ke tikoloho e joalo?—Johanne 12:31; Baefese 6:12; Tšenolo 12:9, 12.
Motso oa Mathata a Batho
Joalokaha re se re bone, mathata a batho a qalile ha batho ba pele ba babeli ba etsa sebe. Phello e bile efe? Le hoja meloko ea bana ba Adama e sa ikarabelle bakeng sa sebe sa Adama, leha ho le joalo bohle ba tsoetsoe ba futsitse sebe, ho se phethahale le lefu. Bibele ea hlalosa: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
Ho se phethahale ha motho ruri ho mo beha ka mosing. Empa sena ha se etse hore ebe ho hang ha a sa ikarabella boitšoarong. Bibele e bontša hore ba behang tumelo tokisetsong ea Jehova ea hore ba fumane bophelo ’me ba etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le litekanyetso tsa Molimo, o tla ba amohela. Ka mosa oa hae o lerato, Jehova o entse tokisetso e mohau ea ho lopolla batho, joalokaha eka o reka hape se lahliloeng ke Adama. Tokisetso ena ke sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae ea phethahetseng, Jesu Kreste, ea itseng: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16; 1 Bakorinthe 15:21, 22.
Moapostola Pauluse o ile a bolela hore o ananela tokisetso ena ka botebo. O ile a bua ka matla a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee? Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Baroma 7:24, 25) Pauluse o ne a tseba hore haeba a ka inehela sebeng ka lebaka la ho fokola, o ne a ka kōpa tšoarelo ho Molimo motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste.b
Joaloka lekholong la pele la lilemo, ba bangata kajeno bao pele ba neng ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe kapa ba neng ba le boemong boo ho seng tšepo ka bona ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele, ba etsa liphetoho tse hlokahalang ’me ba mocheng oa ho amohela tlhohonolofatso ea Molimo. Ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho tseo ba li entseng, ’me ba bangata ho ntse ho hlokahala hore ba loantše mekhoa e mebe. Empa ka thuso ea Molimo, ba khona ho boloka botšepehi ’me ba fumana thabo ea ho mo sebeletsa. (Bafilipi 4:13) Nahana ka mohlala o le mong feela oa motho ea ileng a etsa liphetoho tse khōlō hore a thabise Molimo.
Phihlelo e Khothatsang
“Ha ke sa le moshemane ke le sekolong se nang le bolulo, ke ile ka kopanela mekhoeng ea bosodoma, le hoja ke ne ke sa inke ke le mosodoma. Batsoali ba ka ba ne ba hlalane, ’me ke ne ke labalabela lerato la botsoali leo ho seng mohla nkileng ka le fumana. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka etsa tšebetso e tlamang ea sesole. Ho ne ho e-na le sehlopha sa basodoma liahelong tsa sesole tse haufi le tsa ka. Ke ile ka khalla mokhoa oa bona oa bophelo, kahoo ke ile ka qala ho ba tloaela. Ka mor’a ho ba tloaela ka nako e etsang selemo, ke ile ka qala ho inka ke le mosodoma. Ke ne ke re: ‘Ke tsela eo ke leng ka eona, ’me ha ho seo nka se etsang.’
“Ke ile ka qala ho ithuta puo ea basodoma le ho ea ho li-club tsa basodoma, moo lithethefatsi le joala li neng li bapala bana. Le hoja ka ntle sohle seo se ne se bonahala se thabisa se bile se ipiletsa, ho bua ’nete, se ne se nyonyeha. Botebong ba pelo ke ne ke utloa hore kamano ea mofuta ona hase ea tlhaho ’me ha e na bokamoso.
“Toropong e ’ngoe e nyenyane, ke ile ka bona Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova nakong eo liboka li ntseng li tsoela pele. Ke ile ka kena ’me ka mamela puo, e neng e bua ka maemo a tlang a Paradeise. Ha liboka li tsoa ke ile ka kopana le Lipaki tse ling ’me ka memeloa kopanong. Ke ile ka ea, ’me ka makalla ho bona malapa a thabileng a rapela hammoho. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki.
“Le hoja ho ne ho nyolosetsa, ke ile ka qala ho sebelisa seo ke ithutang sona Bibeleng. Ke ile ka khona ho itokolla mekhoeng eohle ea ka e litšila. Ka mor’a ho ithuta ka likhoeli tse 14, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka fumana metsoalle ea sebele. Ke khonne ho thusa ba bang hore ba ithute ’nete ea Bibele, ’me hona joale ke sebeletsa ke le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea Bokreste. Ruri Jehova o ntlhohonolofalitse.”
Rea Ikarabella
Ho leka ho rolela molato oohle oa liphoso tsa rōna ho liphatsa tsa rōna tsa lefutso ho hang hase tharollo. Ho e-na le hore ho rarolle mathata a rōna, Psychology Today e re ho etsa joalo “ho ka ’na ha re ruta boikutlo ba hore ha re na mokhoa oa ho ithusa boo e leng bona motso oa mathata a rōna. Ho e-na le ho fokotsa mathata ana, sena se bonahala se a eketsa.”
Ke ’nete hore re lokela ho loana le matla a maholo a bohloko, ho kopanyelletsa le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe le boiteko ba Satane ba ho re sitisa ho utloa Molimo. (1 Petrose 5:8) Hape ke ’nete hore liphatsa tsa rōna tsa lefutso li ka re susumetsa ka litsela tse fapaneng. Empa sena ho hang ha se bolele hore ha re na mokhoa oa ho ithusa. Bakreste ba ’nete ba na le balekane ba matla—Jehova, Jesu Kreste, moea o halalelang oa Molimo, Lentsoe la hae Bibele le phutheho ea Bokreste.—1 Timothea 6:11, 12; 1 Johanne 2:1.
Pele sechaba sa Iseraele se kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a hopotsa sechaba hore se ikarabella ho Molimo, a re: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Deuteronoma 30:19, 20) Ka ho tšoanang kajeno, motho ka mong ea nang le boikarabelo o tlameha ho etsa qeto ea botho ea ho sebeletsa Molimo le ho phetha seo a se hlokang. Khetho ke ea hao.—Bagalata 6:7, 8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 62-9, e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Na Adama le Eva ba ne ba susumelitsoe hore ba etse sebe ka lebaka la phoso e itseng e liphatseng tsa bona tsa lefutso?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Na motho e mong le e mong o lokela ho jara boikarabelo bakeng sa liqeto tsa hae?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Drug user: Godo-Foto
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Boiteko ba ho fumana bopaki ba hore boitšoaro ba motho bo susumetsoa ke liphatsa tsa lefutso ha boa atleha
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ho sebelisa se boleloang ke Bibele ho ka thusa ba tšepahalang hore ba fetohe