Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 7/1 maq. 20-22
  • Na U Ruta ka Katleho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ruta ka Katleho?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ithuta Mohlaleng oa Esdrase
  • “Esdrase o ne a Lokisitse Pelo ea Hae”
  • “Hore a Bale Molao oa Jehova”
  • ‘Balang Molao oa Jehova’ le le Lelapa
  • “Ho o Phetha”
  • “Ho Ruta Molao oa Tsamaiso le Toka Iseraele”
  • Buka ea Bibele ea 15—Esdrase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Esdrase o Ruta Batho Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esdrase
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lula u Tšepile Jehova Linakong Tsa Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 7/1 maq. 20-22

Na U Ruta ka Katleho?

BATSOALI, baholo, baboleli ba litaba tse molemo—bohle ho hlokahala hore e be mesuoe. Batsoali ba ruta bana ba bona, baholo ba ruta litho tsa phutheho ea Bokreste, baboleli ba litaba tse molemo bona ba ruta batho ba sa tsoa thahasella. (Deuteronoma 6:6, 7; Matheu 28:19, 20; 1 Timothea 4:13, 16) U ka etsa joang hore u rute ka katleho haholoanyane? Tsela e ’ngoe e ka ba ka hore u etsise mohlala le mokhoa oa mesuoe e nang le bokhoni e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Esdrase e ne e le mosuoe ea joalo.

Ho Ithuta Mohlaleng oa Esdrase

Esdrase e ne e le moprista oa lesika la Arone ea neng a phela Babylona lilemong tse ka bang 2 500 tse fetileng. Selemong sa 468 B.C.E., o ile a ea Jerusalema ho ea ntšetsa pele borapeli bo hloekileng har’a Bajuda ba phelang moo. (Esdrase 7:1, 6, 12, 13) Mosebetsi ona o ne o mo hloka hore a rute batho Molao oa Molimo. Esdrase o ile a etsa’ng hore a rute ka katleho? O ile a nka mehato e mengata e hlokahalang. Hlokomela mehato ena joalokaha e tlalehiloe ho Esdrase 7:10:

“Esdrase o ne [1] a lokisitse pelo ea hae [2] hore a bale molao oa Jehova le [3] ho o phetha le [4] ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.” Ka bokhutšoanyane feela a re ke re hlahlobeng o mong le o mong oa mehato ena ’me re bone hore na re ka ithuta’ng ho eona.

“Esdrase o ne a Lokisitse Pelo ea Hae”

Feela joalokaha molemi a qala ka ho lokisa mobu ka mohoma pele a jala peō, Esdrase o ile a lokisa pelo ea hae ka thapelo hore e amohele lentsoe la Molimo. (Esdrase 10:1) Ka mantsoe a mang, o ile a ‘sekamisetsa pelo ea hae’ thutong ea Jehova.—Liproverbia 2:2.

Ka ho tšoanang, Bibele e bolela hore Morena Josafate ‘o ile a lokisa pelo ea hae hore e batle Molimo oa ’nete.’ (2 Likronike 19:3) Ha ho bapisoa, moloko oa Baiseraele “o neng o sa lokisa lipelo tsa oona” o hlalosoa e le “o manganga le o tletseng borabele.” (Pesaleme ea 78:8) Jehova o bona “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:4) Ka sebele, “o tla ruta ba bonolo tsela ea hae.” (Pesaleme ea 25:9) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang kajeno hore mesuoe e latele mohlala oa Esdrase ka hore e qale ka ho rapela hore lipelo tsa eona li be boemong bo tšoanelehang!

“Hore a Bale Molao oa Jehova”

Esdrase o ile a bala Lentsoe la Molimo e le hore e be mosuoe ea nang le bokhoni. Haeba u ne u ka ea ngakeng ho ea batla keletso, na u ne u ke ke ua mamela ka hloko le ho tiisa hore u utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ngaka e e buang kapa e u laelang eona? Ha ho pelaelo hore u ne u tla mamelisisa hobane bophelo ba hao bo kotsing. Kahoo, lintho tseo Jehova a re bolellang tsona, kapa a re laelang tsona, ka Lentsoe la hae, Bibele, le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” re lokela ho li mamela ka hloko ho feta moo. Re lokela ho li ela hloko hobane keletso ea hae e ama bophelo ba rōna! (Matheu 4:4; 24:45-47) Ha ho pelaelo hore ngaka e ka ’na ea fosa, empa “molao oa Jehova [oona] o phethahetse.” (Pesaleme ea 19:7) Ha ho mohla ho tla hlokahala hore re batle maikutlo a mang.

Libuka tsa Bibele tsa Likronike (tseo qalong Esdrase a li ngotseng e le moqolo o le mong) li bontša hore Esdrase e ne e hlile e le seithuti se hloahloa. E le hore a ngole libuka tseo, o ile a batla boitsebiso mehloling e mengata.a Bajuda, ba neng ba sa tsoa lokolloa Babylona, ba ne ba batla tlaleho e pharaletseng ea histori ea sechaba sa habo bona. Ba ne ba e-na le tsebo e fokolang ea mekete ea bolumeli ba bona, ea tšebeletso ea ka tempeleng le ea mesebetsi ea Balevi. Litlaleho tsa meloko e ne e le tsa bohlokoa haholo ho bona. Esdrase o ile a ela litaba tsena hloko ka ho fetisisa. Ho fihlela Mesia a fihla, Bajuda ba ne ba lokela ho lula ba e-na le naha ea bona, tempele, boprista le ’musi. Ka lebaka la boitsebiso bo neng bo bokeletsoe ke Esdrase, ho ne ho ka bolokoa bonngoe le borapeli ba ’nete.

Mekhoa ea hao ea ho ithuta e joang ha e bapisoa le ea Esdrase? Ha u ithuta Bibele ka khothalo, sena se tla u thusa ho ruta Bibele ka katleho.

‘Balang Molao oa Jehova’ le le Lelapa

Ho bala molao oa Jehova ha ho felle feela ka thuto ea botho. Thutong ea lelapa le teng ho hlaha monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho o bala.

Jan le Julia, banyalani ba bang ba Netherlands, ba ’nile ba balla bara ba bona ba babeli ka lentsoe le phahameng ho tloha ha bana bana ba hlaha. Kajeno, Ivo o na le lilemo tse 15 ’me Edo o na le tse 14. Hang ka beke ba sa ntsane ba e-ba le thuto ea lelapa. Jan oa hlalosa: “Sepheo sa rōna hase ho buisana ka taba e ngata nakong ea thuto empa ke hore bashemane bana ba utloisise seo ho buuoang ka sona.” O phaella ka ho re: “Bashemane ba etsa lipatlisiso haholo. Ba batla mantsoe ao ba sa a tsebeng le batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng—hore na ba phetse neng, ke bo-mang, hore na mosebetsi oa bona e ne e le eng le tse ling. Haesale ba tseba ho bala, ba batla boitsebiso libukeng tse kang Insight on the Scriptures, libuka tse hlalosang mantsoe le li-encyclopedia. Sena se etsa hore thuto ea lelapa e be e thabisang haholo. Kamehla ba letela thuto ea lelapa ka thabo.” Molemo o eketsehileng ke hore hona joale litlelaseng tseo ba leng ho tsona sekolong ba hlaha boemong ba pele tsebong ea lipuo.

John le Tini ke banyalani ba bang ba Netherlands, ba ne ba ithuta le mora oa bona, Esli, (hona joale o lilemo li 24 ’me o bula maliboho phuthehong e ’ngoe) le morali oa bona, Linda (hona joale o lilemo li 20 ’me o nyetsoe ke mora e mong oabo rōna ea tsoellang hantle). Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba ithute buka e itseng ka mokhoa o tloaelehileng oa lipotso le likarabo, ba ne ba etsa hore thuto ea lelapa e lumellane le lilemo le litlhoko tsa bana. Ba ne ba sebelisa mokhoa ofe?

John o hlalosa hore mora oa hae le morali ba ne ba khetha taba e thahasellisang ho “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” (Molula-Qhooeng) le “Pono ea Bibele” (Tsoheng!). Hamorao, ba ne ba bua ka seo ba se lokiselitseng, ’me kamehla sena se ne se fella ka lipuisano tse thabisang tsa lelapa. Ka tsela ena bana ba ne ba rua tsebo ha ba etsa lipatlisiso le ha ba qoqa ka seo ba ithutileng sona. Na u ‘bala molao oa Jehova’ le bana ba hao? Sena ha se na ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho ruta feela empa hape se tla thusa bana ba hao hore e be mesuoe a atlehang haholoanyane.

“Ho o Phetha”

Esdrase o ile a sebelisa seo a ithutileng sona. Ka mohlala, ha a ntse a le Babylona, mohlomong o ne a phela bophelo bo sa rarahanang. Leha ho le joalo, ha a hlokomela hore a ka ea thusa sechaba sa habo se hōle, o ile a khetha ho siea bophelo ba boiketlo ba Babylona a ee motseng o hōle oa Jerusalema, o neng o tletse litšitiso, mathata le maqakabetsi. Ho hlakile hore Esdrase o ne a bokelletse tsebo ea Bibele ebile e le malala-a-laotsoe ho sebelisa seo a ithutileng sona.—1 Timothea 3:13.

Hamorao, ha Esdrase a ntse a lula Jerusalema, o ile a boela a bontša hore o sebelisa seo a ithutileng sona le seo a se rutang. Sena se ile sa hlaka ha a utloela hore banna ba Baiseraele ba nyetse basali ba bahetene. Tlaleho ea Bibele e re bolella hore o ile a ‘hahola seaparo sa hae le seaparo sa hae se se nang matsoho, eaba o qala ho hlotha moriri o mong oa hlooho ea hae le litelu, ’me a ’na a lula a tsielehile ho fihlela ka shoalane.’ O bile a ikutloa a ‘hlajoa ke lihlong ’me a soabile ho phahamisetsa sefahleho sa hae’ ho Jehova.—Esdrase 9:1-6.

Ho ithuta ha hae Molao oa Molimo ho ne ho mo amme ka matla hakaakang! Esdrase o ne a e-na le pono e hlakileng ea liphello tse kotsi tsa ho se mamele ha sechaba. Palo ea Bajuda ba khutlileng e ne e le nyenyane. Haeba ba ne ba nyalana le lichaba tse ling, mohlomong hamorao ba ne ba ka ’na ba tsoakana le lichaba tsa bahetene tse ba potolohileng, ’me borapeli bo hloekileng bo ne bo ka fela habonolo lefatšeng!

Ho thabisang ke hore mohlala oa Esdrase oa tšabo le cheseho tse etsoang ka boinehelo o ile oa susumelletsa Baiseraele ho lokisa litsela tsa bona. Ba ile ba leleka basali ba bona ba basele. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea lokisoa ka likhoeli tse tharo. Botšepehi ba Esdrase Molaong oa Molimo bo ile ba atlehisa ho ruta ha hae haholo.

Sena ke ’nete kajeno. Ntate e mong oa Mokreste o ile a re: “Bana ha ba etse seo u se buang; ba etsa seo u se etsang!” Molao-motheo o tšoanang oa sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. Baholo ba behang mohlala o motle ba ka ’na ba lebella hore phutheho e tla arabela thutong ea bona.

“Ho Ruta Molao oa Tsamaiso le Toka Iseraele”

Ho na le lebaka le leng hape la hore ebe Esdrase o ne a ruta ka katleho. O ne a sa rute likhopolo tsa hae, empa o ne a ruta “molao oa tsamaiso le toka.” Ke hore, melao ea tsamaiso, kapa melao, ea Jehova. Sena e ne e le boikarabelo ba hae ba boprista. (Malakia 2:7) Hape o ne a ruta toka, ’me a etsa mohlala oa seo a se rutang ka ho khomarela se nepahetseng ka tsela e seng leeme, ho ea ka molao-motheo. Ha ba boholong ba bontša toka, ho ba le botsitso ’me ho hlaha litholoana tse sa feleng. (Liproverbia 29:4) Ka ho tšoanang, baholo ba Bakreste, batsoali le baboleli ba ’Muso ba tsebang Lentsoe la Molimo hantle ba tla etsa hore ho be le ho tsitsa moeeng ha ba ruta melao ea Jehova ea tsamaiso le toka ka phuthehong, ka malapeng a bona le ho ba thahasellang.

Na ua lumela hore u ka ruta ka katleho haholo haeba ka ho feletseng u etsisa mohlala oa Esdrase ea tšepahalang? Kahoo, ‘lokisa pelo ea hao, bala molao oa Jehova, u phethe ’me u rute molao oa Jehova oa tsamaiso le toka.’—Esdrase 7:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lethathamo la mehloli e 20 eo ho nkiloeng litaba ho eona le ka fumanoa ho Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 444-5, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

HO RUTA HA ESDRASE HO ILE HA ATLEHISOA KE ENG?

1. O ile a tlisa pelo ea hae boemong bo loketseng

2. O ne a bala Molao oa Jehova

3. O ne a beha mohlala o motle oa ho sebelisa seo a ithutileng sona

4. O ne a ikitlaelletsa ho ruta se ka Mangolong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela