Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na kamehla boitlamo bo entsoeng ho Molimo bo tlameha ho phethahatsoa?
Ho latela Mangolo, boitlamo ke tšepiso e tiileng e lebisitsoeng ho Molimo ea ho phetha ketso, ho etsa nyehelo, ho kenela tšebeletso kapa boemo bo itseng, kapa ho ila lintho tse itseng leha tsona ka botsona li sa haneloe ke molao. Ka Bibeleng ho na le litlaleho tsa boitlamo bo neng bo itšetlehile ka maemo kaha bo ne bo kopanyelletsa tšepiso ea ho nka tsela e itseng e boletsoeng haeba Molimo a ne a ka etsa ntho e ’ngoe pele. Ka mohlala, Anna, ’mè oa moprofeta Samuele, o ile “a tsoela pele ho etsa boitlamo ’me a re: ‘Jehova oa mabotho, haeba . . . u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.’” (1 Samuele 1:11) Bibele e boetse e hlalosa boitlamo e le bo etsoang ka boithaopo. Boitlamo bo etsoang ho Molimo bo tlama hakae?
Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha.” O phaella ka ho re: “U phethe boitlamo boo u bo etsang. Ho molemo hore u se ke ua etsa boitlamo ho feta hore u etse boitlamo ’me u se ke ua bo phetha.” (Moeklesia 5:4, 5) Molao o neng o filoe Iseraele ka Moshe o re: “Haeba u itlama ka boitlamo ho Jehova Molimo oa hao, u se ke ua lieha ho bo phetha, kahobane ruri Jehova Molimo oa hao o tla bo batla ho uena, ’me u tla be u entse sebe.” (Deuteronoma 23:21) Ho hlakile hore ho etsa boitlamo ho Molimo ke taba e tebileng. Bo lokela ho etsoa ka lebaka le letle, ’me motho ea bo etsang ha aa lokela ho ba le pelaelo mabapi le bokhoni ba hae ba ho phetha eng kapa eng eo a e tšepisang boitlamong. Haeba ho se joalo, ho molemo hore a se ke a etsa boitlamo. Leha ho le joalo, na hang ha motho a entse boitlamo ba mofuta ofe kapa ofe o tlameha ho bo phetha?
Ho thoe’ng haeba motho a ne a entse boitlamo ba ho etsa ntho e ’ngoe eo hamorao a ithutang hore e ne e se tumellanong le thato ea Molimo? Ho thoe’ng haeba mohlomong boitlamo boo bo ne bo tla kopanya boitšoaro bo litšila le borapeli ba ’nete ka tsela e itseng? (Deuteronoma 23:18) Ka ho hlakileng, motho ha aa tlameha ho phetha boitlamo bo joalo. Ho feta moo, tlas’a Molao oa Moshe boitlamo bo neng bo entsoe ke mosali bo ne bo ka thibeloa ke ntat’ae kapa monna o hae.—Numere 30:3-15.
Nahana hape ka motho ea entseng boitlamo ho Molimo ba ho lula a sa nyala ’me hamorao a iphumana a lokela ho khetha pakeng tsa ho bo phetha le ho se bo phethe. Boitlamo ba hae bo mo behile boemong boo ho bona a ikutloang hore ho bo phetha ho mo lebisa ntlheng ea ho tlōla litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. Na o ntse a lokela ho ikitlaelletsa ho phetha boitlamo ba hae? Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemong oa hae ho itšireletsa khahlanong le ho ba molato oa ho kopanela boitšoarong bo bobe ka hore a se phethe boitlamo ba hae ’me ho fapana le hoo, a etse thapeli ho fumana mohau oa Molimo le ho kōpa tšoarelo ka tieo? Ke eena feela ea ka etsang qeto tabeng ena. Ha ho motho e mong ea ka mo etsetsang qeto ena.
Ho thoe’ng haeba motho a entse boitlamo ’me hamorao a lemoha hore o bile lepotlapotla? Na o ntse a lokela hore a leke ho phetha boitlamo ba hae? Ho ne ho se bonolo ho Jafeta ho phethahatsa boitlamo boo a neng a bo entse ho Molimo, empa ka lebaka la letsoalo la hae o ile a bo phetha. (Baahloli 11:30-40) Ho hlōleha ha motho ho phetha boitlamo ba hae ho ka fella ka hore Molimo a ‘halefe’ ’me ha senya seo motho eo a seng a se finyeletse. (Moeklesia 5:6) Ho nka taba ea ho phethahatsa boitlamo habobebe ho ka fella ka ho se fumane mohau oa Molimo.
Jesu Kreste o itse: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.” (Matheu 5:37) Mokreste ha aa lokela ho ameha feela ka ho phetha boitlamo ho Molimo, empa hape le ka ho ipaka a tšepahala mantsoeng ’ohle a hae—ho Molimo le ho batho. Ho thoe’ng haeba a iphumana a le maqakabetsing ka ho etsa tumellano eo pele e neng e bonahala e le molemo le motho e mong empa ha a e lekolisisa a lemoha hore o e entse ka booatla? Ha aa lokela ho talima litaba tse joalo habobebe. Empa ka lebaka la puisano e tiileng, motho eo a entseng tumellano le eena a ka ’na a etsa qeto ea ho mo lokolla tlamong eo.—Pesaleme ea 15;4; Liproverbia 6:2, 3.
Mabapi le boitlamo le lintho tse ling kaofela, ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho ameha ka eona ke efe? A re batleng ho boloka kamano e ntle le Jehova Molimo ka linako tsohle.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30, 31]
Anna ha aa ka a tsilatsila ho phetha boitlamo ba hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 30, 31]
Jafeta o ile a phetha boitlamo ba hae, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le thata