Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa?
Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
• “Matla a ho nahana” a ka ipaka e le tšireletso joang? (Liproverbia 1:4)
A ka etsa hore re lemohe likotsi tsa moea le ho re susumelletsa hore re lokisetse ho nka khato e loketseng, e kang ho qoba liteko tsa ho kopanela liphate mosebetsing. A re thusa ho hlokomela hore Bakreste-’moho le rōna ha baa phethahala, e leng se ka re thusang ho qoba ho etsa lintho ka lepotlapotla ha ba bang ba re khopisa. A ka boela a re thusa ho qoba likhatello tsa lintho tse bonahalang tse ka re faposang tseleng ka kutloisiso ea moea.—8/15, leqepheng la 21-4.
• Motho e ka ba moahelani oa bohlokoa joang?
Litsela tse peli tsa ho ba moahelani ea molemo ke ka ho ba mofani ea molemo le ho ba moamoheli ea nang le teboho. Ke habohlokoa ho ba moahelani ea molemo ha ho hlaha tlokotsi. Lipaki Tsa Jehova li loanela ho ba baahelani ba molemo ka ho hlokomelisa ba bang ka ketsahalo e tla etsahala haufinyane, e leng ketso ea Molimo ea ho felisa bokhopo.—9/1, leqepheng la 4-7.
• Ho latela Bibele, bahalaleli ba ’nete ke bo-mang, hona ba tla thusa moloko oa batho joang?
Bakreste bohle ba pele e ne e le bahalaleli ba ’nete, ’me ba entsoe bahalaleli ke Molimo, eseng batho kapa mekhatlo. (Baroma 1:7) Hang ha ba tsoselitsoe bophelong ba leholimo, bahalaleli ba tla sebetsa le Kreste hore ba hlohonolofatse ba tšepahalang lefatšeng. (Baefese 1:18-21)—9/15, leqepheng la 5-7.
• Ke habohlokoa hakae ho Mokreste ho tseba ho hong ka lipapali tsa baatlelete tsa Greece ea boholo-holo?
Mangolo a moapostola Petrose le a moapostola Pauluse a na le lipapiso tse thehiloeng kapa tse buang ka mokhoa o sa tobang ka lipapali tsa boholo-holo. (1 Bakorinthe 9:26; 1 Timothea 4:7; 2 Timothea 2:5; 1 Petrose 5:10) Ho moatlelete oa mehleng ea boholo-holo, e ne e le habohlokoa hore a be le mokoetlisi ea hloahloa, hore a sebelise boitšoaro le ho ela hloko tsela eo a sebelisang matla a hae ka eona. Ke ’nete le ka tsela eo ka eona Bakreste ba sebelisang matla a bona a moea kajeno.—10/1, leqepheng la 28-31.
• Ho hōlisetsa bana naheng esele ho na le mathata afe le meputso efe?
Bana ba bangata ba ithuta puo e ncha ka potlako ho feta batsoali ba bona, ba ka ’nang ba thatafalloa ke ho utloisisa tsela eo bana ba bona ba nahanang ka eona le tsela eo ba itšoarang ka eona. ’Me bana ba ka ’na ba se ke ba utloisisa lithuto tsa Bibele habonolo ka puo ea batsoali ba bona. Leha ho le joalo, maqhama a lelapa a ka tiisoa ha batsoali ba ruta bana ba bona puo ea bona, bao ka tsela eo ba ka ’nang ba tseba lipuo tse peli ’me ba ikutloa e le karolo ea litso tse peli.—10/15, leqepheng la 22-6.
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ithuta ho kōpa tšoarelo?
Hangata ho kōpa tšoarelo ka tieo ke tsela ea ho lokisa kamano e senyehileng. Bibele e fana ka mehlala ea hore na ho kōpa tšoarelo ho ka ba le matla a makae. (1 Samuele 25:2-35; Liketso 23:1-5) Hangata, ha batho ba babeli ba sa utloane, ka bobeli ba molato. Kahoo, ho hlokahala hore ka bobeli ba lumele hore ba molato ’me ba kōpane tšoarelo.—11/1, leqepheng la 4-7.
• Ke hobane’ng ha ho bapala papali ea chelete, esita le ka chelete e fokolang, ho fosahetse?
Papali ea chelete e ka susumelletsa ho ipolelisa, moea oa tlhōlisano le meharo, tseo Bibele e li nyatsang. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ba bangata ba lemaletseng ho becha ba qalile ho becha ba sa le banyenyane ka ho becha ka chelete e nyenyane.—11/1, leqepheng la 31.
• Kaha libuka tse ngata tsa Bibele li ne li ngotsoe ka Segerike, ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore Bibele e fetoleloe Segerikeng, hona ho bile le liphello life?
Segerike sa morao-rao tjena se batla se fapane haholo le Segerike sa phetolelo ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu le ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Makholong a lilemo a morao tjena ho bile le liteko tse ngata tsa ho fetolela likarolo tse ling tsa Bibele kapa Bibele eohle Segerikeng se buuoang kajeno. Kajeno, ho na le liphetolelo tse ka bang 30 tsa Bibele, e feletse kapa e sa fella, tseo Bagerike ba tloaelehileng ba ka li balang habonolo, e tsebahalang haholo ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ka 1997.—11/15, leqepheng la 26-9.
• Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore Bakreste ba ntše karolo ea leshome?
Tlas’a Molao o neng o filoe Iseraele ea boholo-holo, ho ntša karolo ea leshome e ne e le mokhoa oa ho tšehetsa leloko la Levi le ho hlokomela ba hlokang. (Levitike 27:30; Deuteronoma 14:28, 29) Lefu la Jesu la sehlabelo le ile la felisa Molao ka ho feletseng le tlhokahalo ea oona ea ho ntša karolo ea leshome. (Baefese 2:13-15) Phuthehong ea pele, mokhoa o neng o sebelisoa ke oa hore Mokreste e mong le e mong a fane ho latela seo a nang le sona le kamoo a entseng qeto e tiileng kateng pelong ea hae. (2 Bakorinthe 9:5, 7)—12/1, leqepheng la 4-6.
• Na Tšenolo 20:8 e bolela hore tekong ea ho qetela, Satane o tla khelosa matšoele-tšoele?
Temana ena e re ba tla khelosoa ba tla ba “kaalo ka lehlabathe la leoatle.” Ka Bibeleng, hangata polelo eo e bolela palo e sa tsejoeng, e sa fane ka maikutlo a hore ke palo e khōlō. Peō ea Abrahama, e neng e lokela ho ba “joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle,” e ipakile e le batho ba 144 000, ntle ho Jesu Kreste. (Genese 22:17; Tšenolo 14:1-4)—12/1, leqepheng la 29.